Molimo le Sesare
“Ka mekhoa eohle, he, le lefe lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.”—LUKA 20:25.
1. (a) Boemo ba Jehova bo phahameng ke bofe? (b) Re kolota Jehova eng eo le ka mohla re ke keng ra e neha Sesare?
HA Jesu Kreste a ne a fana ka taelo eo, ho ne ho se pelaelo kelellong ea hae hore seo Molimo a se hlokang ho bahlanka ba Hae se tla pele ho ntho leha e le efe eo Sesare, kapa Naha e ka ’nang ea e hloka ho bona. Jesu o ne a tseba bonnete ba thapelo ea mopesaleme ho Jehova hamolemo ho feta motho leha e le ofe: “’Muso oa hao ke ’muso oa ka mehla eohle, ’me borena [bobusi]a ba hao bo hlola ho isa melokong e sa feleng.” (Pesaleme ea 145:13) Ha Diabolose a ne a etsa tlhahiso ea ho fa Jesu matla a ho laela mebusong eohle ea lefatše leo ho ahiloeng ho lona, Jesu o ile a araba: “Ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela, ’me ke eena feela eo u lokelang ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang.’” (Luka 4:5-8) Borapeli bo ne bo ke ke ba nehoa “Sesare” le ka mohla, ho sa tsotellehe hore na Sesare ke moemphera oa Roma, ’musi e mong oa motho kapa Naha ka boeona.
2. (a) Boemo ba Satane ke bofe mabapi le lefatše lee? (b) Satane o boemong ba hae ka tumello ea mang?
2 Jesu ha aa ka a hana hore mebuso ea lefatše ke ea Satane. Hamorao, o ile a bitsa Satane “’musi oa lefatše lena.” (Johanne 12:31; 16:11) Ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., moapostola Johanne o ile a ngola: “Rea tseba hore re simoloha ho Molimo, empa lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Sena ha se bolele hore Jehova o nyahlalitse bobusi ba hae ba lefatšeng. Hopola hore Satane, ha a etsa tlhahiso ea ho fa Jesu bobusi mebusong ea lipolotiki, o ile a re: “Ke tla u fa matla ana ’ohle a ho laela . . . hobane ke a nehiloe.” (Luka 4:6) Satane o sebelisa matla a ho laela mebusong ea lefatše feela ka tumello ea Molimo.
3. (a) Mebuso ea lichaba e na le boemo bofe ka pel’a Jehova? (b) Re ka bolela joang hore ho ipeha tlas’a mebuso ea lefatše lena ha ho bolele hore re ipeha tlas’a Satane, molimo oa lefatše lee?
3 Ka ho tšoanang, Naha e sebelisa matla a eona a ho laela feela hobane Molimo joaloka ’Musi ea Matla a Phahameng ka ho Fetisisa a e lumella ho etsa joalo. (Johanne 19:11) Kahoo, “ba leng teng ba nang le matla a ho laela” ho ka boleloa hore “ba lutse ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.” Ha a bapisoa le matla a ho laela a Jehova a phahameng ka ho fetisisa, matla a bona a ho laela a fokola haholo. Leha ho le joalo, ke “mosebeletsi oa Molimo,” “bahlanka ba Molimo sechabeng,” kaha ba etsa litšebeletso tse hlokahalang, ba boloka molao le taolo le ho otla ba etsang bobe. (Baroma 13:1, 4, 6) Ka hona ho hlokahala hore Bakreste ba utloisise hore kaha Satane ke ’musi ea sa bonahaleng oa lefatše lena kapa tsamaiso ena, ha ba ipehe tlas’a hae ha ba lumela ho ipeha tlas’a Naha ka ho lekanyelitsoeng. Ba mamela Molimo. Selemong sena sa 1996, Naha ea lipolotiki e ntse e le karolo ea “tokisetso ea Molimo,” tokisetso ea nakoana eo Molimo a lumellang hore e be teng, ’me bahlanka ba Jehova ba lefatšeng ba lokela ho e hlokomela e le joalo.—Baroma 13:2.
Bahlanka ba Jehova ba Boholo-holo le Naha
4. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Josefa ho ba ea hlaheletseng ’musong oa Egepeta?
4 Mehleng ea pele ho Bokreste, Jehova o ile a lumella bahlanka ba bang ba hae ho ba boemong bo hlaheletseng lipusong tsa Linaha. Ka mohlala, lekholong la bo18 la lilemo B.C.E., Josefa e ile ea e-ba tona-khōlō ea Egepeta, e le Faro ea busang feela ea mo phahametseng. (Genese 41:39-43) Liketsahalo tse ileng tsa latela li ile tsa hlakisa hore Jehova o ile a etsa hore sena se etsahale e le hore Josefa a ka sebeletsa e le kofuto mabapi le ho boloka ‘peō ea Abrahama,’ litloholo tsa hae, e le hore merero ea Hae e phethahale. Ha e le hantle ke ntho e lokelang ho hopoloa hore Josefa o ile a rekisoa bokhobeng Egepeta, ’me o ile a phela nakong eo ka eona bahlanka ba Molimo ba neng ba se na Molao oa Moshe kapa “molao oa Kreste.”—Genese 15:5-7; 50:19-21; Bagalata 6:2.
5. Ke hobane’ng ha batlamuoa ba Bajuda ba ile ba laeloa ho ‘batlela Babylona khotso’?
5 Makholo a lilemo hamorao Jehova o ile a bululela moprofeta ea tšepahalang Jeremia hore a bolelle batlamuoa ba Bajuda ho ikokobeletsa babusi ha ba le botlamuoeng Babylona ba be ba rapelle khotso ea motse oo. Lengolong la hae le eang ho bona, o ile a ngola: “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele, ho ba kholehong kaofela, . . . Le ke le batlele motse oo ke le isitseng kholehong teng khotso, le o rapelle ho Jehova, hobane khotsong ea oona le tla ba le khotso le lōna.” (Jeremia 29:4, 7) Ka linako tsohle batho ba Jehova ba na le lebaka la ho ‘batla khotso,’ bakeng sa bona le sechaba seo ba phelang ho sona, e le hore ba ka lokoloha ho rapela Jehova.—1 Petrose 3:11.
6. Le hoja Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ne ba beiloe boemong bo phahameng ’musong, ke ka litsela life ba ileng ba hana ho sekisetsa Melao ea Jehova?
6 Nakong ea botlamuoa ba Babylona, Daniele le Bajuda ba bang ba bararo ba tšepahalang bao e neng e le batlamuoa bokhobeng ba Babylona ba ile ba inehela koetlisong ea Naha ’me ea e-ba bahlanka ba ’muso ba phahameng Babylona. (Daniele 1:3-7; 2:48, 49) Leha ho le joalo, esita le nakong ea koetliso ea bona, ba ile ba nka boemo bo tiileng litabeng tsa lijo tse ka beng li entse hore ba tlōle Molao oo Molimo oa bona, Jehova, a neng a fane ka oona ka Moshe. Ba ile ba hlohonolofaletsoa sena. (Daniele 1:8-17) Ha Morena Nebukadnezare a ne a emisa setšoantšo sa Naha, metsoalle ea Daniele e meraro ea Baheberu ho bonahala e ile ea qobelloa ho ba teng moketeng oo le balaoli-’moho le bona Naheng eo. Leha ho le joalo, ba ile ba hana ho ‘khumama, le ho rapela’ setšoantšo seo sa Naha. Jehova o ile a boela a putsa botšepehi ba bona. (Daniele 3:1-6, 13-28) Ka ho tšoanang kajeno, Lipaki tsa Jehova li hlompha folakha ea naha eo li lulang ho eona, empa li ke ke tsa e etsetsa ketso ea borapeli.—Exoda 20:4, 5; 1 Johanne 5:21.
7. (a) Daniele o ile a nka boemo bofe bo botle, ho sa tsotellehe boemo ba hae bo phahameng tokisetsong ea puso ea Babylona? (b) Ho bile le liphetoho life mehleng ea Bokreste?
7 Ka mor’a ho oa ha babusi ba latellanang ba Neo-Babylonia, Daniele o ile a fuoa boemo bo phahameng ba puso ’musong o mocha oa Medo-Persia o ileng oa nkela o oeleng sebaka Babylona. (Daniele 5:30, 31; 6:1-3) Empa ha aa ka a lumella boemo ba hae bo phahameng ho mo etsa hore a sekisetse botšepehi ba hae. Ha molao oa Naha o ne o hloka hore a rapele Morena Dariuse ho e-na le Jehova, o ile a hana. Ka lebaka la sena o ile a akheloa litaung, empa Jehova o ile a mo lopolla. (Daniele 6:4-24) Ho hlakile hore sena se etsahetse mehleng ea pele ho Bokreste. Hang ha phutheho ea Bokreste e thehiloe, bahlanka ba Molimo ba ile ba ba “tlas’a molao mabapi le Kreste.” Lintho tse ngata tse neng li lumelloa tlas’a tsamaiso ea Sejuda li ne li lokela ho talingoa ka tsela e fapaneng, ho itšetlehiloe ka tsela eo ka eona Jehova a neng a sebetsana le batho ba hae ka nako eo.—1 Bakorinthe 9:21; Matheu 5:31, 32; 19:3-9.
Maikutlo a Jesu Mabapi le Naha
8. Ke ketsahalo efe e bontšang hore Jesu o ne a ikemiselitse ho qoba ho ameha lipolotiking?
8 Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a behela balateli ba hae litekanyetso tse phahameng, ’me o ile a hana ho kenella leha e le hofe litabeng tsa lipolotiki kapa tsa sesole. Ka mor’a hore Jesu ka mohlolo a fepe batho ba likete tse ’maloa ka mahobe a seng makae le litlhapi tse nyenyane tse peli, Bajuda ba ne ba batla ho mo tšoara ebe ba mo etsa morena oa lipolotiki. Empa Jesu o ile a ba koekoetla ka hore kapele a tlohe a ee lithabeng. (Johanne 6:5-15) Mabapi le ketsahalo ena, The New International Commentary on the New Testament e re: “Ho ile ha e-ba le litaba-tabelo tse mabifi tsa bochaba har’a Bajuda ba mehleng eo, ’me ha ho pelaelo hore ba bangata ho ba boneng mohlolo oo ba ile ba ikutloa hore enoa ke moeta-pele ea amohelehang ho Molimo, eo ha e le hantle e leng eena ea lokelang ho ba etella pele khahlanong le Baroma. Kahoo ba ne ba ikemiselitse ho mo etsa morena.” E eketsa ka hore Jesu o ile a “hana ka tieo” mpho ena ea boeta-pele ba lipolotiki. Kreste ha aa ka a tšehetsa phetohelo leha e le efe ea Bajuda khahlanong le puso ea Roma. Ka sebele, o ile a bolela esale pele seo e neng e tla ba phello ea phetohelo e neng e tla etsahala ka mor’a lefu la hae—e leng bomalimabe bo boholohali bakeng sa baahi ba Jerusalema le timetso ea motse oo.—Luka 21:20-24.
9. (a) Jesu o ile a hlalosa kamano ea ’Muso oa hae le lefatše joang? (b) Jesu o ile a fa balateli ba hae tataiso efe mabapi le litšebelisano tsa bona le mebuso ea lefatše?
9 Pejana ho lefu la hae, Jesu o ile a bolella moemeli ea khethehileng oa moemphera oa Roma Judea: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlokomeli ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, kamoo ho leng kateng, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 18:36) Ho fihlela ’Muso oa Kreste o felisa puso ea mebuso ea lipolotiki, barutuoa ba hae ba latela mohlala oa hae. Ba mamela ba behiloeng boemong ba ho ba le matla a ho laela, empa ha ba kena-kenane le tšebetso ea bona ea lipolotiki. (Daniele 2:44; Matheu 4:8-10) Jesu o ile a siela barutuoa ba hae melao e tataisang, a re: “Ka hona, le lefe lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.” (Matheu 22:21) Pejana, Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ne a ile a re: “Haeba e mong ea matleng a ho laela a u qobella tšebeletsong bakeng sa maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” (Matheu 5:41) Tabeng e potolohileng thuto ena, Jesu o ne a bontša molao-motheo oa ho ikokobetsa ka boithatelo litlhokong tse loketseng, ebang ke likamanong tsa batho kapa seo mebuso e se hlokang se tumellanong le molao oa Molimo.—Luka 6:27-31; Johanne 17:14, 15.
Bakreste le Sesare
10. Ho ea ka rahistori e mong, ke boemo bofe mabapi le Sesare boo Bakreste ba pele ba ileng ba bo nka ka lebaka la matsoalo a bona?
10 Melao ena e tataisang e mekhutšoanyane e ne e lokela ho laola kamano pakeng tsa Bakreste le Naha. Bukeng ea hae ea The Rise of Christianity, rahistori E. W. Barnes o ile a ngola: “Neng le neng, makholong a latelang a lilemo, Mokreste ha a ne a e-na le pelaelo tabeng ea boikarabelo ba hae mabapi le Naha, o ne a retelehela thutong ea Kreste e nang le matla a ho laela. O ne a lefa makhetho: seo a neng a lokela ho se lefa se ne se ka ’na sa e-ba boima—e ile ea e-ba se sa mamelleheng pele ’Muso o ka Bophirimela o e-oa—empa Mokreste o ne a tla se mamella. Ka ho tšoanang o ne a tla jara boikarabelo ba litlamo tse ling tsohle tsa Naha, hafeela ho sa hlokoe hore a fe Sesare lintho tseo e neng e le tsa Molimo.”
11. Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba sebetsane le babusi ba lefatše joang?
11 Tumellanong le sena, lilemong tse ka holimonyana ho tse 20 ka mor’a lefu la Kreste, moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Roma: “Soule e ’ngoe le e ’ngoe a e ipehe tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela.” (Baroma 13:1) Lilemong tse ka bang leshome hamorao, pejana ho hore a kenngoe teronkong ka lekhetlo la bobeli le hore a ahloleloe lefu Roma, Pauluse o ile a ngolla Tite: “Tsoela pele ho ba hopotsa [Bakreste ba Kreta] ho ipeha tlaase le ho mamela mebuso le ba nang le matla a ho laela e le babusi, ho lokela mosebetsi o mong le o mong o molemo, ho se bue ka mokhoa o kotsi ka le ea mong, ho se rate ntoa, ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.”—Tite 3:1, 2.
Kutloisiso e Tsoelang Pele ea “ba Phahameng ba Nang le Matla a ho Laela”
12. (a) Charles Taze Russell o ile a talima boemo bo loketseng ba Bokreste e le bofe kamanong le ba busang ba nang le matla a ho laela? (b) Mabapi le ho sebeletsa mabothong a hlometseng, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba ba le maikutlo afe a sa tšoaneng Ntoeng ea I ea Lefatše?
12 Khale koana ka 1886, Charles Taze Russell o ile a ngola bukeng ea The Plan of the Ages: “Leha e le Jesu kapa Baapostola ha baa ka ba kena-kenana le babusi ba lefatše ka tsela leha e le efe. . . . Ba ile ba ruta Kereke ho mamela melao, le ho hlompha ba nang le matla a ho laela ka lebaka la boemo ba bona, . . . ho lefa makhetho ao ba a behileng, ’me ntle le moo e hohlanang le melao ea Molimo (Lik. 4:19; 5:29) ba se ke ba hanyetsa melao efe kapa efe e behiloeng. (Baroma 13:1-7; Mat. 22:21) Jesu le Baapostola le kereke ea pele kaofela ba ne ba boloka molao, le hoja ba ne ba arohile ebile e se karolo ea mebuso ea lefatše lena.” Ka nepo buka ena e ile ea tsebahatsa “ba matla ba phahameng,” kapa “ba phahameng ba nang le matla a ho laela,” bao moapostola Pauluse a buileng ka bona, e le batho ba busang ba nang le matla a ho laela. (Baroma 13:1, King James Version) Ka 1904 buka ea The New Creation e ile ea bolela hore Bakreste ba ’nete “ba lokela ho fumanoa har’a ba bolokang molao ka ho fetisisa nakong ea joale—e se be ba fehlang morusu, ba likhathatso, ba tšoaea-tšoaeang liphoso.” Ba bang ba ile ba utloisisa hore sena se bolela ho ikokobeletsa babusi ka ho feletseng, esita le ho isa bohōleng ba ho amohela tšebeletso mabothong a hlometseng Ntoeng ea I ea Lefatše. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba talima sena e le se khahlanong le polelo ea Jesu: “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Ho totobetse hore ho ne ho hlokahala kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea boikokobetso ba Bokreste ho ba phahameng ba nang le matla a ho laela.
13. Ka 1929 ho ile ha hlahisoa phetoho efe mabapi le hore na ba matla ba phahameng ke bo-mang, ’me see se ile sa ipaka se le molemo joang?
13 Ka 1929, nakong ea ha melao ea mebuso e fapaneng e ne e qala ho hanela lintho tseo Molimo a li laelang kapa e batla lintho tseo melao ea Molimo e li hanelang, ho ne ho lumeloa hore ba matla ba phahameng e tlameha ebe ke Jehova Molimo le Jesu Kreste.b Ena e ne e le kutloisiso eo bahlanka ba Jehova ba neng ba e-na le eona nakong ea bohlokoa ka ho fetisisa pele ho Ntoa ea II ea Lefatše le nakong eo e loanoang le ho kenella Ntoeng ea Mantsoe, ka ho leka-lekanya tšabo ha eona le ho itlhomella ha mabotho. Ha ho hetloa morao, ho totobetse hore pono ena ea lintho, joalokaha e ne e phahamisa puso ea Jehova le Kreste oa hae, e ile ea thusa batho ba Molimo ho boloka boemo ba ho se jele paate ba tiile ho pholletsa le nako ena e thata.
Boikokobetso bo Lekanyelitsoeng
14. Ka 1962, leseli le eketsehileng le ile la khantšoa joang mabapi le Baroma 13:1, 2 le mangolo a mang a amanang le eona?
14 Ka 1961 New World Translation of the Holy Scriptures e ile ea phethoa. Ho lokisoa ha eona ho ile ha hloka boithuto bo tebileng ba puo ea taba e ngotsoeng ea Mangolo. Phetolelo e nepahetseng ea mantsoe a sa sebelisoang ho Baroma khaolo ea 13 feela empa le litemaneng tse kang Tite 3:1, 2 le 1 Petrose 2:13, 17 e ile ea etsa hore ho totobale hore polelo “ba phahameng ba nang le matla a ho laela” e ne e sa bolele Ea Phahameng ka ho Fetisisa Ea Nang le Matla a ho Laela, e leng Jehova, le Mora oa hae Jesu, empa e ne e bolela batho ba busang ba nang le matla a ho laela. Ho ella qetellong ea 1962, ho ile ha hatisoa lihlooho ka har’a Molula-Qhooa tse neng li fana ka tlhaloso e nepahetseng ea Baroma khaolo ea 13 hape li ne li fana ka pono e hlakileng haholoanyane ho feta e neng e le teng mehleng ea C. T. Russell. Lihlooho tsena li ne li bontša hore ho ipeha ha Bokreste tlas’a ba nang le matla a ho laela e ke ke ea e-ba ho feletseng. Ho tlameha ho lekanyetsoa, ho itšetlehiloe ka hore ho se etsoe hore bahlanka ba Molimo ba hohlane le molao oa Molimo. Lihlooho tse eketsehileng ho Molula-Qhooa li totobalitse ntlha ena ea bohlokoa.c
15, 16. (a) Kutloisiso e ncha ea Baroma khaolo ea 13 e ile ea lebisa ponong efe e leka-lekaneng hamolemonyana? (b) Ke lipotso life tse lokelang ho arajoa?
15 Senotlolo sena sa kutloisiso e nepahetseng ea Baroma khaolo ea 13 se nolofalelitse batho ba Jehova ho leka-lekanya tlhompho e loketseng ba nang le matla a ho laela a lipolotiki le boemo bo sa sekisetseng mabapi le melao-motheo ea bohlokoa ea Mangolo. (Pesaleme ea 97:11; Jeremia 3:15) Se ba lumeletse ho ba le pono e loketseng ea kamano ea bona le Molimo le litšebelisano tsa bona le Naha. Se tiisitse hore ha ba lefa lintho tsa Sesare ho Sesare, ha baa lokela ho hlokomoloha ho lefa lintho tsa Molimo ho Molimo.
16 Empa ha e le hantle lintho tsa Sesare ke life? Naha e ka batla lintho life ka ho loketseng ho Mokreste? Lipotso tsena li tla hlahlojoa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Pesaleme ea 103:22, bapisa le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.
b The Watchtower, June 1 le 15, 1929.
c Bona Molula-Qhooa, May 1 le 15, June 1, 1963; November 1, 1990; February 1, 1993; July 1, 1994.
Ho thahasellisang, ha a hlalosa Baroma khaolo ea 13, Moprofesa F. F. Bruce oa ngola: “Ho hlakile boitsebisong bo haufi le taba, joalokaha ho le joalo boitsebisong bo akaretsang bo potolohileng taba ba mangolo a baapostola, hore naha ka nepo e ka laela hore e mameloe feela ka har’a meeli ea merero eo Molimo a e thehileng ka lebaka la eona—ka ho khethehileng, hase feela hore naha e ka ’na ea hanyetsoa empa e tlameha ho hanyetsoa ha e batla boinehelo bo loketseng Molimo feela.”
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke hobane’ng ha ho ipeha tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela ho sa bolele ho ipeha tlas’a Satane?
◻ Jesu o ne a e-na le maikutlo afe ka lipolotiki tsa mehleng ea hae?
◻ Jesu o ile a fa balateli ba hae keletso efe mabapi le litšebelisano tsa bona le Sesare?
◻ Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba sebetsane le babusi ba lichaba joang?
◻ Kutloisiso ea hore na ba phahameng ba nang le matla a ho laela ke bo-mang e tsoetse pele joang ho theosa le lilemo?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ha Satane a ne a neha Jesu matla a ho laela a lipolotiki, Jesu o ile a hana
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Russell o ile a ngola hore Bakreste ba ’nete “ba lokela ho fumanoa har’a ba bolokang molao ka ho fetisisa nakong ea joale”