Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Bakreste ba Lokela ho Kopanela Meketeng ea Selemo se Secha?
    Tsoha!—2002 | January 8
    • Bibele e khothalletsa Bakreste ho ‘tsamaea ka mokhoa o hlomphehang, eseng meketeng e lerata le ho inehelleng botahoa.’a (Baroma 13:12-14; Bagalata 5:19-21; 1 Petrose 4:3) Kaha mekete ea Selemo se Secha e atisa ho tsejoa ka ho fetelletsa lintho ho nyatsuoang ke Bibele, Bakreste ha ba kopanele ho eona. Sena ha se bolele hore Bakreste ha ba thabele linako tsa monyaka. Ho fapana le moo, baa tseba hore ka makhetlo Bibele e bolella barapeli ba Molimo oa ’nete hore ba thabe—’me ho na le mabaka a mangata a hore ba thabe. (Deuteronoma 26:10, 11; Pesaleme ea 32:11; Liproverbia 5:15-19; Moeklesia 3:22; 11:9) Bibele e boetse e bolela hore lijo le lino li tsamaisana le ho thaba.—Pesaleme ea 104:15; Moeklesia 9:7a.

  • Na Bakreste ba Lokela ho Kopanela Meketeng ea Selemo se Secha?
    Tsoha!—2002 | January 8
    • a Ho ka etsahala hore ebe ha Pauluse a ne a bua ka ‘mekete e lerata le ho inehella botahoa’ o ne a akarelletsa mekete ea Selemo se Secha, hobane e ne e tloaelehile Roma lekholong la pele la lilemo.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela