Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Re ka Thusoa Ke’ng ho Etsa Liqeto Tse Nepahetseng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 5. Hlompha matsoalo a batho ba bang

      Kaha batho ha ba tšoane, ba etsa liqeto tse fapaneng. Re ka etsa’ng ho bontša hore re hlompha matsoalo a batho ba bang? Hlokomela maemo ana a mabeli:

      Boemo ba pele: Morali oa bo rona e mong ea ratang ho itlotsa ka makeup o fallela phuthehong eo barali ba bo rona ba moo ba tšoenyehang ha ba bona motho a o sebelisa.

      Bala Baroma 15:1 le 1 Bakorinthe 10:​23, 24 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Ho ea ka litemana tsee, morali oa bo rona a ka ’na a etsa qeto efe? U tla etsa’ng ha u e-na le motho eo letsoalo la hae le mo hanelang ho etsa ntho eo letsoalo la hao le u lumellang ho e etsa?

      Boemo ba bobeli: Mora oa bo rona oa tseba hore Bibele ha e thibele ho noa joala, empa o khetha hore a se ke a bo noa ho hang. O mengoa moketjaneng ’me moo o bona bara ba bo rona ba bang ba inoella.

      Bala Moeklesia 7:​16 le Baroma 14:​1, 10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Ho ea ka litemana tsee, mora oa bo rona a ka ’na a etsa qeto efe? U tla etsa’ng ha u bona motho e mong a etsa ntho eo letsoalo la hao le u hanelang ho e etsa?

      Ke mehato efe e tla re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng?

      ’Mè oa rapela.

      1. Kopa Jehova hore a u thuse ho etsa qeto e nepahetseng.​—Jakobo 1:5.

      Eena ’mè eo o boetse o etsa lipatlisiso a sebelisa Bibele, lingoloa tse thehiloeng Bibeleng le k’homphieutha.

      2. Etsa lipatlisiso ka Bibeleng le ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ho fumana melao-motheo e tla u thusa. U ka boela oa buisana le Bakreste ba nang le boiphihlelo.

      ’Mè eo oa nahana.

      3. Nahana ka liphello tsa liqeto tsa hao. Li tla u ama li be li ame le batho ba bang joang?

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 2. Tsela eo re shebahalang ka eona e ka ama balumeli-’moho le rona joang?

      Le hoja re e-na le bolokolohi ba ho khetha hore na re batla ho apara’ng, re lokela ho nahana hore na tsela eo re aparang ka eona e tla ama batho ba bang joang. Re leka kahohle hore ho se ke ha e-ba le motho eo re mo khopisang empa re “khahlise moahelani oa [rona] ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha.”​—Bala Baroma 15:​1, 2.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela