Le ’ne le Ratane ka Lerato la Bara ba Motho
“Le tsoele pele ho tsamaea leratong, feela joalokaha Kreste le eena a ile a le rata.”—BAEF. 5:2.
1. Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba ne ba tla tsejoa ka tšobotsi efe ea bohlokoa?
LIPAKI TSA JEHOVA li tsebahala ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, Kreste Jesu o ile a khetha tšobotsi e fapaneng ea Bokreste hore e be eona e bontšang hore na barutuoa ba hae ba ’nete ke bafe. O ile a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Joh. 13:34, 35.
2, 3. Lerato la rōna la bara ba motho le ama batho ba bang teng libokeng tsa rōna tsa Bokreste joang?
2 Ha ho na lerato le tšoanang le leo mokhatlo oa ’nete oa Bakreste oa bara ba motho o nang le lona. Feela joalokaha makenete e hula tšepe, lerato le lona le hulela batho ba lipelo li ntle borapeling ba ’nete ebile le momahanya bahlanka ba Jehova. Ka mohlala, nahana ka monna e mong oa Cameroon ea bitsoang Marcelino, ea ileng a foufala a le mosebetsing. Ka mor’a hore a hlaheloe ke kotsi eo, menyenyetsi e ile ea re o foufetse hobane e ne e le moloi. Ho e-na le hore moruti oa hae le litho tse ling tsa kereke ea habo ba mo khothatse, ba ile ba mo leleka phuthehong. Ha Paki e ’ngoe ea Jehova e ne e mema Marcelino hore a tle sebokeng, o ile a tsilatsila. O ne a sa batle hore a boele a hobosoe.
3 Marcelino o ile a makatsoa ke se ileng sa etsahala Holong ea ’Muso. O ile a amoheloa ka liatla tse peli ’me lithuto tsa Bibele tseo a ileng a li utloa li ile tsa mo khothatsa. O ile a qala ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho, a hatela pele ha a ntse a ithuta Bibele, ’me a kolobetsoa ka 2006. Hona joale o bolella ba lelapa la hae le baahelani ’nete ’me o se a qalile lithuto tsa Bibele tse ngata. Marcelino o batla hore batho bao a ithutang Bibele le bona ba utloe lerato leo le eena a le utloileng har’a batho ba Molimo.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka ka botebo keletso ea Pauluse ea hore ‘re tsoele pele ho tsamaea leratong’?
4 Lerato lena la rōna la bara ba motho lea hohela ’me ha rea lokela ho le nka hasesaane. Nahana ka mollo o besitsoeng ka ntle bosiu, o hohelang batho ka lebaka la malakabe a oona a mofuthu le a tukelang tlaase. O tla tima haeba batho ba o orileng ba sa o rotetse. Ka tsela e tšoanang, tlamahano e babatsehang ea lerato eo re nang le eona ka phuthehong e tla khoehla haeba rōna re le Bakreste ka bomong re sa sebeletse ho e tiisa. Re ka e tiisa joang? Moapostola Pauluse o araba ka ho re: “Le tsoele pele ho tsamaea leratong, feela joalokaha Kreste le eena a ile a le rata ’me a inehela bakeng sa lōna e le nyehelo le sehlabelo ho Molimo bakeng sa monko o lephoka le monate.” (Baef. 5:2) Potso eo re batlang ho e hlahloba ke e reng, Nka tsoela pele ke tsamaea leratong ka litsela life?
“Le Lōna, le Atolohe”
5, 6. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khothalletsa Bakreste ba Korinthe hore ba “atolohe”?
5 Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Korinthe ea boholo-holo, o ile a re: “Melomo ea rōna e le ahlametse, Bakorinthe, lipelo tsa rōna li atolohile. Ha lea patisana ka ho rōna hoo ho seng sebaka, empa le patisane hoo ho seng sebaka leratong la lōna le mofuthu. Kahoo, e le puseletso—ke bua joalokaha ho buuoa le bana—le lōna, le atolohe.” (2 Bakor. 6:11-13) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khothalletsa Bakorinthe hore ba atolose lerato la bona?
6 Nahana hore na phutheho ea Korinthe ea boholo-holo e ile ea qala joang. Moapostola Pauluse o ile a fihla Korinthe ka hoetla ka 50 C.E. Le hoja mosebetsi oa hae oa boboleli sebakeng seo o ile oa qala ka thata, ha aa ka a nyahama. Ka mor’a nako e seng kae, batho ba bangata ba motseng oo ba ile ba lumela litaba tse molemo. Pauluse o ile a qeta “selemo le likhoeli tse tšeletseng” a ntse a ruta phutheho ena e ncha a bile a e matlafatsa. Ho hlakile hore o ne a rata Bakreste ba Korinthe haholo. (Lik. 18:5, 6, 9-11) Le bona ba ne ba e-na le mabaka ’ohle a ho mo rata le ho mo hlompha. Leha ho le joalo, ba bang ka phuthehong ba ile ba ikhula ho eena. Mohlomong ba seng bakae ba ne ba sa rate likeletso tsa hae tse sa hlatheng koana le koana. (1 Bakor. 5:1-5; 6:1-10) Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba ne ba mametse likeletso tsa ‘baapostola ba lokileng ho tlōla.’ (2 Bakor. 11:5, 6) Pauluse o ne a batla hore bara le barali babo ba mo rate ka lerato la ’nete. Kahoo, o ile a ba kōpa ka tieo hore ba “atolohe” ka ho atamela ho eena le balumeli-’moho le bona.
7. Re ka ‘atoloha’ joang tabeng ea ho bontša lerato la bara ba motho?
7 Rōna re ka ‘atoloha’ joang tabeng ea ho bontša lerato la bara ba motho? Ka tlhaho, batho bao e leng lithaka kapa ba morabe o le mong, ba ka ’na ba ratana. Le batho ba thahasellang boikhathollo bo tšoanang, hangata ba qeta nako e ngata hammoho. Empa haeba lintho tseo rōna le Bakreste ba bang re li thahasellang li re arohanya le ba bang, re lokela ho ‘atoloha.’ Re lokela ho ipotsa: ‘Na ke ka seoelo ke kopanelang tšebeletsong kapa boithabisong le bara le barali beso bao e seng metsoalle ea ka e haufi? Ha ke le Holong ea ’Muso, na ke ikamahanya hanyenyane le batho ba sa tsoa kopanela hobane ke nahana hore ba tlameha ho sebetsa ka thata pele e ka ba metsoalle ea ka? Na ke lumelisa batho ba baholo le ba banyenyane ka phuthehong?’
8, 9. Keletso ea Pauluse e tlalehiloeng ho Baroma 15:7 e ka re thusa joang hore re lumelisane ka tsela e eketsang lerato la rōna la bara ba motho?
8 Tabeng ea ho lumelisana, mantsoe ao Pauluse a ileng a a ngolla Baroma a ka re thusa hore re be le maikutlo a matle ka balumeli-’moho le rōna. (Bala Baroma 15:7.) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “amohela” le bolela “ho amohela ka mosa kapa ka liatla tse peli, ho amohela motho sehlopheng le setsoalleng sa rōna.” Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, ha motho ea amohelang baeti ka liatla tse peli a ne a amohela metsoalle lelapeng la hae, o ne a e bolella hore o thabetse ho ba le eona. Kreste le eena o re amohetse ka phuthehong ea Bokreste, ’me re khothalletsoa hore re mo etsise ka hore re amohele balumeli-’moho le rōna.
9 Ha re ntse re lumelisa barab’abo rōna Holong ea ’Muso le libakeng tse ling, re ka ipha nako ea hore re be le bao e leng nakoana re sa ba bone kapa bao re qetetseng ho buisana le bona khajana. Ho ka ba joang ha u ka qoqa le bona ka nakoana? Sebokeng se latelang, re ka boetse ra qoqa le ba bang. Ka nakoana feela re tla be re qoqile hamonate le bara le barali babo rōna ba bangata. Ha ho hlokahale hore re tšoenyehe haeba re sa bue le e mong le e mong ka letsatsi le le leng. Ha ho ea lokelang ho hlabeha haeba re sa khone ho mo lumelisa sebokeng se seng le se seng.
10. Bohle ka phuthehong ba na le menyetla efe ea bohlokoa, hona re ka e sebelisa joang ka botlalo?
10 Ho lumelisa batho ba bang ke mohato oa pele oa ho ba amohela. Ke mohato o ka etsang hore re qoqe hamonate ’me re be le setsoalle sa nako e telele. Ka mohlala, ha batho ba ileng likopanong tse khōlō le tse nyenyane ba itsebisa ba bang ’me ba qala ho qoqa, ba labalabela ho bonana hape. Hangata baithaopi ba hahang Liholo Tsa ’Muso hammoho le ba etsang mosebetsi oa liphallelo e ba metsoalle ea hlooho ea khomo hobane ba qetella ba tsebelana makhabane ha ba ntse ba etsa lintho hammoho. Ka mokhatlong oa Jehova ho na le menyetla e mengata ea ho ba le setsoalle sa nako e telele. Ha re ‘atoloha,’ metsoalle ea rōna e tla eketseha, ’me sena se tla tiisa lerato le re momahanyang borapeling ba ’nete.
Iphe Nako ea Batho ba Bang
11. Joalokaha ho bontšitsoe ho Mareka 10:13-16, Jesu o ile a beha mohlala ofe?
11 Bakreste bohle ba ka loanela hore ba be botsoalle joaloka Jesu. Hlokomela hore na Jesu o ile a re’ng ha barutuoa ba hae ba ne ba leka ho thiba batsoali hore ba se ke ba tlisa bana ba bona ho eena. O ile a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela, etsoe ’muso oa Molimo ke oa ba joaloka bona.” Eaba “o sika bana bao ’me o qala ho ba hlohonolofatsa, a ba beha matsoho.” (Mar. 10:13-16) Nahana feela hore na bana bao ba tlameha ba ile ba thaba hakaakang ha Mosuoe e Moholo a bontša hore oa ba rata!
12. Ke eng e ka re sitisang ho qoqa le batho ba bang?
12 Mokreste e mong le e mong o lokela ho ipotsa, ‘Na ke ipha nako ea batho ba bang kapa ke atisa ho bonahala ke le maphathaphathe haholo?’ Ka linako tse ling, mekhoa e sa fosahalang e ka ’na ea thibela moqoqo. Ka mohlala, haeba re atisa ho sebelisa selefouno kapa ho mamela lintho tse itseng ka li-earphone ha re le har’a batho, re ka ’na ra fana ka maikutlo a hore ha re thabele ho ba le bona. Haeba hangata batho ba bona re tšoarehile k’homphieutheng e fellang ka letsohong, ba ka ’na ba nahana hore ha re thahaselle ho bua le bona. Ho hlakile hore ho na le “nako ea ho khutsa.” Empa ha re e-na le batho, hangata ke “nako ea ho bua.” (Moek. 3:7) Ba bang ba ka ’na ba re, “’Na ke rata ho thōla” kapa “Ke tsoafa ho bua esale hoseng.” Leha ho le joalo, ho qoqa le batho ka mosa esita leha re tsoafa ho etsa joalo, ke bopaki ba lerato ‘le sa batleng lithahasello tsa lona.’—1 Bakor. 13:5.
13. Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore a nke bara le barali babo ba Bakreste joang?
13 Pauluse o ile a khothalletsa Timothea ea neng a sa le mocha lilemong hore a hlomphe litho tsohle tsa phutheho. (Bala 1 Timothea 5:1, 2.) Le rōna re lokela ho tšoara Bakreste ba baholo ho rōna joalokaha eka ke bo-’mè ba rōna le bo-ntate ba rōna ’me ba banyenyane re ba tšoare joaloka banab’abo rōna. Ha re e-na le maikutlo ao, ha ho na bara kapa barali babo rōna ba tla utloa ba sa phutholoha ha ba e-na le rōna.
14. Melemo ea ho qoqa le ba bang ka lintho tse hahang ke efe?
14 Ha re ntse re qoqa le ba bang ka lintho tse hahang, re ka etsa hore ba matlafale moeeng ba be ba hlasimolohe. Mora e mong oabo rōna ea sebetsang ofising ea lekala, o hopola ka thabo kamoo batho ba bangata ba hōlileng ba sebetsang Bethele ba neng ba lula ba ipha nako ea ho bua le eena ha a sa tsoa fihla Bethele. Likhothatso tsa bona li ile tsa etsa hore a ikutloe hore le eena ke e mong oa basebetsi ba Bethele e le kannete. Hona joale o latela mohlala oa bona ka ho qoqa le basebetsi ba bang ba Bethele.
Boikokobetso bo re Thusa Hore re Bōpe Khotso
15. Ke eng e bontšang hore re tla qabana ka linako tse ling?
15 Kamoo ho bonahalang kateng, Evodia le Syntike, bao e neng e le Bakreste ba Filipi ea boholo-holo, ba ne ba thatafalloa ke ho rarolla bothata bo neng bo le teng pakeng tsa bona. (Bafil. 4:2, 3) Khang e khōlō e ileng ea hlaha pakeng tsa Pauluse le Barnabase e ile ea tsebahala ’me ea etsa hore ba khaohane ka nakoana. (Lik. 15:37-39) Litlaleho tsena li bontša hore barapeli ba ’nete ba tla qabana ka linako tse ling. Jehova o re file lintho tse re thusang ho rarolla liqabang le ho tsosa setsoalle. Empa o batla hore le rōna re etse ho hong.
16, 17. (a) Boikokobetso ke ba bohlokoa ka tsela efe tabeng ea ho rarolla liqabang? (b) Tlaleho ea kamoo Jakobo a ileng a atamela Esau kateng e bontša joang hore boikokobetso ke ba bohlokoa?
16 Nka hore uena le motsoalle oa hao le tlil’o nka leeto ka koloi. Pele le ka qala leeto la lōna, u lokela ho kenya senotlolo u be u se sothe e le hore u lumise koloi. Bohato ba ho rarolla liqabang le bona bo na le senotlolo. Senotlolo seo ke boikokobetso. (Bala Jakobo 4:10.) Joalokaha mohlala o latelang o tsoang Bibeleng o bontša, senotlolo seo se thusa batho ba qabaneng hore ba qale ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.
17 Ho ne ho se ho fetile lilemo tse mashome a mabeli Esau a koatetse hore ebe tokelo ea hae ea tsoalo e ile ea mo phonyoha eaba e fuoa lefahla le eena, e leng Jakobo, ’me o ne a batla ho mo bolaea. Ba ne ba tla tloha ba kopana hape ka mor’a nako eo e telele, “eaba Jakobo o tšoha haholo ’me oa tšoenyeha.” O ne a nahana hore ho ne ho e-na le monyetla o moholo oa hore Esau a ka mo hlasela. Empa ha ba kopana, Jakobo o ile a etsa ntho eo Esau a neng a sa e lebella. O ile “a inama” ha a atamela moholoane oa hae. Ka mor’a moo ho ile ha etsahala joang? “Esau a matha ho mo khahlanyetsa, ’me a qala ho mo kopa le ho itihela molaleng oa hae le ho mo aka, eaba ba itšela ka meokho.” Ba ile ba qoba ntoa. Boikokobetso ba Jakobo bo ile ba roba Esau litho hoo a ileng a tlohela lehloeo leha e lefe leo e ka ’nang eaba o ne a le koetlile.—Gen. 27:41; 32:3-8; 33:3, 4.
18, 19. (a) Ha re qabana le batho ba bang, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ithaopele ho sebelisa keletso ea Mangolo? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tela haeba motho e mong a sa itšoare hantle qalong?
18 Bibele e na le keletso e babatsehang ea ho rarolla liqabang. (Mat. 5:23, 24; 18:15-17; Baef. 4:26, 27)a Leha ho le joalo, ho tla ba thata hore re bōpe khotso haeba re sa sebelise keletso eo ka boikokobetso. Bothata bo ke ke ba rarolloa ke hore re emele motho e mong hore a bontše boikokobetso empa le rōna re ka ’na ra bo bontša.
19 Haeba ka mabaka a itseng boiteko ba rōna ba pele ba ho bōpa khotso bo sa atleha, ha rea lokela ho tela. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe motho eo e mong o hloka ho bua le maikutlo a hae pele. Barab’abo Josefa ba ile ba mo etsetsa bolotsana. Ho ile ha feta nako e telele pele ba mo bona, ’me ka nako eo e ne e se e le tona-khōlō ea Egepeta. Leha ho le joalo, qetellong lipelo tsa bona li ile tsa fetoha eaba ba kōpa tšoarelo. Josefa o ile a ba tšoarela, ’me bara ba Jakobo e ile ea e-ba sechaba se nang le tlotla ea ho bitsoa ka lebitso la Jehova. (Gen. 50:15-21) Ha re lula re e-na le khotso le bara le barali babo rōna, re etsa hore ho rene bonngoe le thabo ka phuthehong.—Bala Bakolose 3:12-14.
A re Rateng “ka Ketso le ’Nete”
20, 21. Re ka ithuta’ng tabeng ea hore Jesu o ile a hlatsoa maoto a baapostola ba hae?
20 Nakoana pele a e-shoa, Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lōna, le ka etsa ka ho tšoanang.” (Joh. 13:15) O ne a sa tsoa hlatsoa maoto a baapostola ba 12. Seo Jesu a ileng a se etsa e ne e se moetlo feela kapa ketso feela e mosa. Pele Johanne a hlalosa tlaleho e amanang le ho hlatsuoa ha maoto, o ile a ngola a re: “Jesu, kaha a ratile ba hae ba neng ba le lefatšeng, o ile a ba rata ho isa bofelong.” (Joh. 13:1) Lerato leo Jesu a neng a rata barutuoa ka lona, ke lona le ileng la mo susumelletsa hore a etse tšebeletso eo hangata e neng e etsoa ke lekhoba. Joale ba ne ba tlameha ho etsetsana lintho tse bontšang lerato. Ka sebele, lerato la ’nete la bara ba motho le lokela ho re susumelletsa hore re hlokomele bara le barali bohle babo rōna ba Bakreste re be re ba tsotelle.
21 Moapostola Petrose, eo Mora oa Molimo a ileng a mo hlatsoa maoto, o ile a utloisisa seo Jesu a ileng a se etsa. Kahoo o ile a ngola a re: “Kaha joale le hloekisitse meea ea lōna ka ho mamela ha lōna ’nete phello e le lerato la bara ba motho le se nang boikaketsi, le ratane ka matla haholo ho tloha pelong.” (1 Pet. 1:22) Moapostola Johanne, eo le eena Morena a ileng a mo hlatsoa maoto, o ile a ngola a re: “Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.” (1 Joh. 3:18) E se eka lipelo tsa rōna li ka re susumelletsa hore re bontše lerato la rōna la bara ba motho ka liketso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova leqepheng la 144-150.
Na U sa Hopola?
• Re ka ‘atolosa’ lerato leo re ratanang ka lona ka litsela life?
• Ke eng e tla re thusa hore re iphe nako ea batho ba bang?
• Boikokobetso bo ameha joang tabeng ea ho bōpa khotso?
• Ke eng e lokelang ho re susumelletsa hore re hlokomele balumeli-’moho le rōna?
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Amohela balumeli-’moho le uena ka liatla tse peli
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
U se ke ua fetoa ke menyetla ea ho ipha nako ea batho ba bang