“Bontšanang Kamohelo ea Baeti”
FIBI, Mokreste oa lekholong la pele la lilemo, o ne a e-na le bothata. O ne a le leetong le tlohang Senkrea, Greece, a e-ea Roma, empa o ne a sa tsebe balumeli-’moho le eena motseng oo. (Baroma 16:1, 2) Mofetoleli oa Bibele Edgar Goodspeed o re, “Roma [ea mehleng eo] e ne e le lefatše le khopo le le sehlōhō, ’me matlo a baeti a ne a tumme hampe ebile e ne e se libaka tse loketseng bakeng sa mosali ea itšoereng hantle, haholo-holo mosali oa Mokreste.” Kahoo Fibi o ne a tla robala hokae?
Mehleng ea Bibele, batho ba ne ba tsamaea haholo. Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba ile ba tsamaea haholo e le hore ba bolele litaba tse molemo ho pholletsa Judea le Galilea. Kapele ka mor’a moo, baromuoa ba Bakreste ba kang Pauluse ba ne ba isa molaetsa likarolong tse sa tšoaneng ho potoloha leoatle la Mediterranean, ho akarelletsa Roma, e leng motse-moholo oa ’Muso oa Roma. Ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tsamaea, ebang ke ka hare ho naha ea Bajuda kapa ka ntle ho eona, ba ne ba lula hokae? Ba ile ba thulana le mathata afe ha ba batla libaka tsa bolulo? Re ka ithuta eng ho bona tabeng ea ho amohela baeti ka mofuthu?
“Kajeno ke Tla Lula ka Tlung ea Hao”
Barapeli ba ’nete ba Jehova ba ’nile ba tsebahala ka ho amohela baeti. Ka mohlala, Abrahama, Lota le Rebeka ba ne ba le joalo. (Genese 18:1-8; 19:1-3; 24:17-20) Ha mopatriareka Jobo a bua ka boikutlo ba hae ka batho basele o ile a re: “Ha ho mojaki ea neng a hlola bosiu ka ntle; ke ile ka boloka mamati a ka a bulehetse tseleng.”—Jobo 31:32.
Hore baeti ba amoheloe ka mofuthu ke Baiseraele ba habo bona, hangata ho ne ho hlokahala feela hore ba lule fatše lepatlelong la motse ’me ba letele ea tla ba amohela. (Baahloli 19:15-21) Ka tloaelo ba amohelang baeti ba ne ba hlatsoa baeti ba bona maoto ba bile ba ba neha lijo le lino, ba fa le liphoofolo tsa bona furu. (Genese 18:4, 5; 19:2; 24:32, 33) Baeti ba neng ba sa batle ho ba moroalo ho ba ba amohetseng ba ne ba itlela le lintho tseo ba tla li hloka—e leng bohobe le veine le furu bakeng sa liesele tsa bona. Ba ne ba ipatlela feela moo ba ka robalang teng bosiu.
Le hoja Bibele e sa bue ka ho toba hore na Jesu o ne a fumana joang sebaka sa marobalo ha a ntse a le maetong a hae a boboleli, eena le barutuoa ba hae ba ne ba tlameha ho ba le moo ba robalang teng. (Luka 9:58) Ha Jesu a ne a etetse Jeriko, habonolo feela o ile a re ho Zakiase: “Kajeno ke tla lula ka tlung ea hao.” Zakiase o ile a amohela moeti oa hae “ka thabo.” (Luka 19:5, 6) Jesu o ne a atisa ho etela Bethani ha metsoalle ea hae e leng Maretha, Maria, le Lazaro. (Luka 10:38; Johanne 11:1, 5, 18) ’Me kamoo ho bonahalang kateng, ha Jesu a le Kapernauma, o ne a lula le Simone Petrose.—Mareka 1:21, 29-35.
Litaelo tsa tšebeletso tseo Jesu a ileng a li fa baapostola ba hae ba 12 li senola ho hoholo mabapi le tsela eo ba neng ba ka lebella hore ba amoheloe ka eona Iseraele. Jesu o ile a re ho bona: “Le se ke la iphumanela khauta kapa silevera kapa koporo bakeng sa lipache tsa lōna tsa senyepa, kapa mokotla oa lijo bakeng sa leeto, kapa liaparo tsa ka tlaase tse peli, kapa meqathatso kapa lere; kaha mosebetsi o tšoaneloa ke lijo tsa hae. Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang, ’me le lule moo ho fihlela le tloha.” (Matheu 10:9-11) O ne a tseba hore batho ba pelo li lokileng ba ne ba tla amohela barutuoa ba hae, ba ba fe lijo, bolulo le lintho tse ling tse hlokahalang.
Leha ho le joalo, ho ne ho tla tla nako eo ka eona baevangeli ba tsamaeang ba neng ba tla lokela ho iphumanela lintho tseo ba li hlokang le ho lefella litšenyehelo tsa bona. Ka lebaka la lehloeo leo balateli ba hae ba neng ba tla talimana le lona le ho atolosetsoa ha mosebetsi oa boboleli libakeng tse ka ntle ho Iseraele, Jesu o ile a re: “Ea nang le sepache a ke a se nke, le mokotla oa lijo ka ho tšoanang.” (Luka 22:36) Ho tsamaea le ho fumana sebaka sa marobalo e ne e tla ba lintho tsa bohlokoahali bakeng sa ho hasa litaba tse molemo.
“Latelang Mokhoa oa ho Amohela Baeti”
Kaha ho ne ho e-na le khotso ka tsela e itseng le mebila e mengata e hlophisitsoeng hantle e katiloeng ka majoe ho pholletsa le ’Muso oa Roma lekholong la pele la lilemo, batho ba ne ba tsamaea haholo.a Kaha baeti ba ne ba tsamaea ka bongata ho ne ho hlokahala libaka tse ngata tsa marobalo. Bothata bona bo ile ba felisoa ke matlo a baeti a neng a le haufi le mebila e meholo a neng a arohane ka bohōle ba leeto la letsatsi. Leha ho le joalo, The Book of Acts in Its Graeco-Roman Setting e re: “Seo libuka li se buang ka mehaho ena hase thabise ho hang. Libuka tse leng teng le bopaki ba baepolli ba lintho tsa khale ka kakaretso li tiisa hore libaka tseo li ne li sohlokehile li bile li sa hloeka, li se na thepa ho hang, li e-na le litšitšili, lijo le lino tsa teng e le tsa boleng bo tlaase, beng ba mehaho eo le basebeletsi ba teng ba ne ba sa tšepahale, le boitšoaro ba batho ba kōpang marobalo moo bo ne bo belaetsa, ka kakaretso batho ba ne ba itšoere hampe.” Ho hlakile hore moeti ea itšoereng hantle o ne a tla qoba ho lula matlong a joalo a baeti neng kapa neng ha ho ne ho ka khoneha.
Joale, ha ho makatse ha khafetsa Mangolo a eletsa Bakreste hore ba amohele baeti. Pauluse o ile a phehella Bakreste ba Roma a re: “Arolelanang le bahalaleli ho ea ka tseo ba li hlokang. Latelang mokhoa oa ho amohela baeti.” (Baroma 12:13) O ile a hopotsa Bakreste ba Bajuda a re: “Le se ke la lebala ho amohela baeti, etsoe ka ho etsa joalo ba bang, ba sa tsebe, ba ile ba amohela mangeloi.” (Baheberu 13:2) Petrose o ile a phehella barapeli-’moho le eena hore ba ‘bontšane kamohelo ea baeti ba sa honothe.’—1 Petrose 4:9.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le maemo ao ho ’ona e neng e ke ke ea e-ba ho loketseng ho amohela baeti. Mabapi le “e mong le e mong ea iketelletsang pele ’me a sa lule thutong ea Kreste,” moapostola Johanne o ile a re: “Le ka mohla le se ke la mo amohela ka malapeng a lōna kapa la mo lumelisa. Etsoe ea mo lumelisang o kopanela mesebetsing ea hae e khopo.” (2 Johanne 9-11) Mabapi le baetsalibe ba sa bakeng, Pauluse o ile a ngola: “Le khaotse ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rōna eo e leng sehlola kapa motho ea meharo kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo.”—1 Bakorinthe 5:11.
E tlameha ebe baikhakanyi le ba bang ba ile ba leka ho sebelisa hampe mosa oa Bakreste ba ’nete. Tokomane eo e seng ea Bibele ea lekholong la bobeli la lilemo C.E. ea tumelo ea Bokreste e tsejoang e le The Didache, kapa Teaching of the Twelve Apostles, e buella hore ’moleli ea tsamaeang a amoheloe ka “letsatsi le le leng, kapa haeba ho hlokahala a amoheloe le ka le leng hape.” Ka mor’a moo, ha a tsamaea, “a fuoe bohobe feela . . . Haeba a kōpa chelete, ke moprofeta oa bohata.” Tokomane ena e tsoela pele ka ho re: “Haeba a batla ho lula le lōna ’me a tseba mosebetsi o itseng, o lokela ho sebeletsa bohobe ba hae. Haeba ho se mosebetsi oo a o tsebang le mo hlokomele ka lintho tseo a li hlokang ho ea kamoo le bonang kateng, e le hore ho se be le motho ea tla phela har’a lōna a sa sebetse hobane e le Mokreste. Empa haeba a sa etse joalo, o hoeba ka Kreste; le mo hlokomele.”
Moapostola Pauluse o ne a le hlokolosi hore e se ke ea e-ba moroalo o boima ho batho ba neng ba mo amohetse metseng e itseng eo a neng a lula halelele ho eona. O ne a iphelisa ka ho etsa litente. (Liketso 18:1-3; 2 Bathesalonika 3:7-12) Kamoo ho bonahalang kateng, Bakreste ba pele ba ne ba sebelisa mangolo a puello, a kang lengolo leo Pauluse a neng a buella Fibi ka lona, e le hore ba thuse baeti ba tšoanelehang har’a bona. Pauluse o ile a ngola a re: “Ke buella ho lōna Fibi morali’abo rōna, . . . e le hore le ka mo amohela Moreneng . . . le hore le ka mo thusa tabeng leha e le efe eo a ka le hlokang ho eona.”—Baroma 16:1, 2.
Litlhohonolofatso Tsa ho Amohela Baeti
Baromuoa ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tšepile hore Jehova o tla ba hlokomela ka lintho tsohle tseo ba li hlokang. Empa na ba ne ba ka lebella hore balumeli-’moho le bona ba ba amohele ka mofuthu? Lydia o ile a bulela Pauluse le ba bang ntlo ea hae. Moapostola enoa o ile a lula le Akuila le Prisilla ha a le Korinthe. Molebeli oa teronko oa Filipi o ile a beha tafole ka pel’a Pauluse le Silase. Jasone o ile a amohela Pauluse ka mofuthu ha a le Thesalonika, a amoheloa ke Filipi ha a le Cesarea, ’me ha a le tseleng a tsoa Cesarea a lebile Jerusalema a amoheloa ke Mnasone. Ha Pauluse a le tseleng a ea Roma, o ile a amoheloa ke barab’abo rōna ba Puteoli. E tlameha ebe tsee e ne e le linako tse matlafatsang hakaakang ho ba neng ba mo amohela!—Liketso 16:33, 34; 17:7; 18:1-3; 21:8, 16; 28:13, 14.
Setsebi Frederick F. Bruce se re: “Metsoalle ena le basebetsi-’moho, le banna le basali ba amohelang baeti, ba ne ba thusa Pauluse hobane ba ne ba mo rata ba bile ba rata le Monghali eo a neng a mo sebeletsa. Ba ne ba tseba hore ha ba sebeletsa [Pauluse] ho tšoana leha ba ne ba sebeletsa [Monghali].” Sena ke sepheo se setlehali sa ho amohela baeti.
Le kajeno ho sa ntse ho hlokahala hore ho amoheloe baeti. Baemeli ba tsamaeang ba Lipaki Tsa Jehova ba amoheloa ka mofuthu ke balumeli-’moho le bona. Baboleli ba bang ba ’Muso ba itefella litšenyehelo tsa ho tsamaea hore ba il’o bolela libakeng tseo ho tsona litaba tse molemo li boleloang ka seoelo. Ho amohela batho ba joalo mahaeng a rōna ho fella ka melemo e mengata, ho sa tsotellehe hore na ke a boemo bo tlaase hakae. Kamohelo e mofuthu ea baeti e ka ’nang ea akarelletsa lijonyana feela tse bobebe e fana ka monyetla o motle haholo oa “ho khothatsana” le oa ho bontša lerato ho barab’abo rōna le ho Molimo. (Baroma 1:11, 12) Menyetla e joalo e tlisa melemo e meholo ho ba amohelang baeti, etsoe “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho hakanngoa hore ka selemo sa 100 C.E., ho ne ho e-na le mebila ea Baroma e katiloeng ka majoe e bolelele ba lik’hilomithara tse 80 000.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bakreste ba ‘latela mokhoa oa ho amohela baeti’