-
’Musi oa Lefatše ea Sebetsang ka Sekhukhu oa PepesoaMolula-Qhooa—2011 | September 1
-
-
Ho tloha ka nako eo, Diabolose oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane pele a timetsoa. Le hoja “lefatše lohle le rapaletse matleng” a hae, ho na le batho ba limilione kajeno ba sa kang ba khelosoa ke boiteko ba hae ba ho ba laola. Bibele e ba senoletse hore na ha e le hantle ke mang, le hore na merero ea hae ke efe. (2 Bakorinthe 2:11) Ba ba le tšepo ha ba bala mantsoe ao Pauluse a ileng a a ngolla Bakreste-’moho le eena a reng: “Molimo ea fanang ka khotso o tla silakanya Satane ka tlas’a maoto a lōna haufinyane.”b—Baroma 16:20
-
-
’Musi oa Lefatše ea Sebetsang ka Sekhukhu oa PepesoaMolula-Qhooa—2011 | September 1
-
-
b Mantsoe ana a Pauluse a lumellana le a boprofeta ba pele ba Bibele bo tlalehiloeng ho Genese 3:15, bo bontšang hore Diabolose o tla timetsoa qetellong. Ha Pauluse a hlalosa ketsahalo eo, o sebelisa lentsoe la Segerike le bolelang “ho robokella, ho pshatla, ho thuha, ho khaola ntho likoto ka ho e silakanya.”—Vine’s Complete Expository Dictionary of Old and New Testament Words.
-