Litlhohonolofatso Tse Khōloanyane ka Selekane se Secha
“Jesu . . . hape [ke] mokena-lipakeng oa selekane seo ka ho tšoanang se leng molemonyana.”—BAHEBERU 8:6.
1. Ke mang ea ipakileng e le ‘peō ea mosali’ e tšepisitsoeng Edene, ’me o ile a ‘longoa serethe’ joang?
KA MOR’A hore Adama le Eva ba etse sebe, Jehova o ile a ahlola Satane, ea ileng a thetsa Eva, a re: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Genese 3:15) Ha Jesu a ne a kolobetsoa Nōkeng ea Jordane ka 29 C.E., Peō e tšepisitsoeng Edene e ile ea qetella e hlahile. Lefung la hae thupeng ea tlhokofatso ka 33 C.E., karolo ea boprofeta boo ba boholo-holo e ne e phethahetse. Satane o ne a ‘lōmme serethe’ sa Peō eo.
2. Ho latela mantsoe a Jesu, lefu la hae le ruisa moloko oa batho molemo joang?
2 Hoa thabisa hore ebe leqeba leo, le hoja le ne le le bohloko bo otlang pelo, ha lea ka la tšoarella. Jesu o ile a tsosoa bafung e le moea o sa shoeng ’me a nyolohela ho Ntate oa hae leholimong, moo a ileng a nyehela molemo oa mali a hae a tšolotsoeng joaloka “thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” Kahoo, mantsoe a hae e ile ea e-ba ’nete: “Mora oa motho o lokela ho phahamisoa, e le hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a ka ba le bophelo bo sa feleng. Etsoe Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Matheu 20:28; Johanne 3:14-16; Baheberu 9:12-14) Selekane se secha se phetha karolo e ka sehloohong phethahatsong ea boprofeta ba Jesu.
Selekane se Secha
3. Ke neng ha ka lekhetlo la pele ho bonoa hore selekane se secha sea sebetsa?
3 Pejana ho lefu la hae, Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore mali a hae a tšolotsoeng ke “mali a selekane [se secha].” (Matheu 26:28; Luka 22:20) Matsatsi a leshome ka mor’a hore a nyolohele leholimong, ho ile ha hlokomeloa hore selekane se secha sea sebetsa ha moea o halalelang o ne o tšolleloa holim’a barutuoa ba ka bang 120 ba bokaneng ka kamoreng e ka holimo Jerusalema. (Liketso 1:15; 2:1-4) Ho kenngoa ha barutuoa bana ba 120 selekaneng se secha ho ne ho bontša hore selekane “sa pele,” e leng selekane sa Molao, joale se feletsoe ke nako.—Baheberu 8:13.
4. Na selekane sa khale se ile sa hlōleha? Hlalosa.
4 Na selekane sa khale se ne se hlōlehile? Le hanyenyane. Ke ’nete hore kaha joale se ne se nketsoe sebaka, Iseraele ea nama e ne e se e se sechaba sa Molimo se khethehileng. (Matheu 23:38) Empa ho bile joalo ka lebaka la ho se mamele ha Iseraele le ho lahla ha eona Motlotsuoa oa Jehova. (Exoda 19:5; Liketso 2:22, 23) Leha ho le joalo, pele Molao o nkeloa sebaka, o ile oa finyella se sengata. Ka makholo a lilemo o ile oa fana ka tsela ea ho atamela Molimo le tšireletseho bolumeling ba bohata. O ne o e-na le litšobotsi tse neng li tšoantšetsa selekane se secha ’me, ka mahlabelo a oona a etsoang khafetsa, o ne o bontša hore motho o hloka ka matla ho lopolloa sebeng le lefung. Ka sebele, Molao e ne e le “motataisi . . . ea isang ho Kreste.” (Bagalata 3:19, 24; Baroma 3:20; 4:15; 5:12; Baheberu 10:1, 2) Leha ho le joalo, ke ka selekane se secha tlhohonolofatso e tšepisitsoeng Abrahama e neng e tla phethahatsoa ka ho feletseng.
Lichaba li Hlohonolofatsoa ka Peō ea Abrahama
5, 6. Phethahatsong ea moea ea motheo ea selekane sa Abrahama, Peō ea Abrahama ke mang, ’me ke sechaba sefe seo e bileng sa pele se ileng sa amohela tlhohonolofatso ka eena?
5 Jehova o ile a tšepisa Abrahama: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa [peōng ea, NW] hao.” (Genese 22:18) Tlas’a selekane sa khale, batho ba bonolo ba linaha lisele ba ile ba hlohonolofatsoa ka bolekane ba bona le Iseraele, peō ea Abrahama ea sechaba. Leha ho le joalo, phethahatsong ea eona ea moea ea motheo, Peō ea Abrahama e ne e le motho a le mong ea phethahetseng. Pauluse o ile a hlalosa sena ha a ne a re: “Litšepiso li ile tsa buuoa ho Abrahama le ho peō ea hae. Le re, eseng: ‘Le ho lipeō,’ joaloka tabeng ea tse ngata tse joalo, empa joaloka tabeng ea e le ’ngoe: ‘Le ho peō ea hao,’ e leng Kreste.”—Bagalata 3:16.
6 E, Jesu ke Peō ea Abrahama, ’me ka Eena lichaba li fumana tlhohonolofatso e phahametseng hōle ntho efe kapa efe e ka khonehang bakeng sa Iseraele ea nama. Ka sebele, sechaba sa pele se ileng sa amohela tlhohonolofatso ena e bile Iseraele. Nakoana ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ile a re ho sehlopha sa Bajuda: “Le bara ba baprofeta le ba selekane seo Molimo a ileng a se etsa le baholo-holo ba lōna, a re ho Abrahama, ‘’Me ka peō ea hao malapa ’ohle a lefatše a tla hlohonolofatsoa.’ Ka mor’a ho hlahisa Mohlanka oa hae, Molimo o ile a mo romela ho lōna pele, ho le hlohonolofatsa ka ho tlosa e mong le e mong liketsong tsa lōna tse khopo.”—Liketso 3:25, 26.
7. Ke lichaba life tse ileng tsa hlohonolofatsoa ka Jesu, e leng Peō ea Abrahama?
7 Kapele tlhohonolofatso ena e ile ea atolosetsoa ho Basamaria, ea ntan’o ba ho Balichaba. (Liketso 8:14-17; 10:34-48) Neng-neng pakeng tsa 50 le 52 C.E., Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Galatia e Asia Minor a re: “Lengolo, ka ho bona esale pele hore Molimo o ne a tla bolela batho ba lichaba ba lokile ka lebaka la tumelo, le ile la bolella Abrahama litaba tse molemo esale pele, e leng hore: ‘Ka uena lichaba tsohle li tla hlohonolofatsoa.’ Ka lebaka leo ba khomarelang tumelo ba ntse ba hlohonolofatsoa hammoho le Abrahama ea tšepahalang.” (Bagalata 3:8, 9; Genese 12:3) Le hoja Bakreste ba bangata ba Galatia e ne e le “batho ba lichaba,” ba ile ba hlohonolofatsoa ka Jesu ka lebaka la tumelo ea bona. Ka tsela efe?
8. Ho Bakreste ba mehleng ea Pauluse, ho hlohonolofatsoa ka Peō ea Abrahama ho ne ho akarelletsa eng, ’me qetellong ke ba bakae ba amohelang tlhohonolofatso e joalo?
8 Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Galatia, ba semelo sefe kapa sefe a re: “Haeba le ba Kreste, ka sebele le peō ea Abrahama, majalefa mabapi le tšepiso.” (Bagalata 3:29) Ho Bagalata bao, tlhohonolofatso e tlang ka Peō ea Abrahama e ne e akarelletsa ho kopanela ha bona selekaneng se secha esita le ho ba majalefa hammoho le Jesu, balekane ba Jesu peōng ea Abrahama. Ha re tsebe hore na Iseraele ea boholo-holo e ne e e-na le batho ba bakae ka palo. Re tseba feela hore ba ile ba e-ba “bangata, joalo ka lehlabathe le lebopong la leoatle.” (1 Marena 4:20) Leha ho le joalo, re tseba palo e feletseng ea balekane ba Jesu peōng ea moea—e leng 144 000. (Tšenolo 7:4; 14:1) Bao ba 144000 ba tsoa “molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le sehlopheng se seng le se seng sa batho le sechabeng se seng le se seng” ’me ba kopanela ho abeleng ba bang hape litlhohonolofatso tsa selekane sa Abrahama.—Tšenolo 5:9.
Boprofeta bo Phethahetseng
9. Ba selekaneng se secha ba na le molao oa Jehova ka har’a bona joang?
9 Ha Jeremia a ne a bolela selekane se secha esale pele o ile a ngola: ‘Ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ea Iseraele ka mor’a litšiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao oa ka ka hare ho bona, ke o ngole lipelong tsa bona.’ (Jeremia 31:33) Ba leng selekaneng se secha ba tsebahala ka ho sebeletsa Jehova ka lerato. (Johanne 13:35; Baheberu 1:9) Molao oa Jehova o ngotsoe ka lipelong tsa bona, ’me ba na le takatso e matla ea ho etsa thato ea hae. Ke ’nete hore Iseraeleng ea boholo-holo batho ba bang ba tšepahalang ba ne ba rata molao oa Jehova haholo. (Pesaleme ea 119:97) Empa ba bangata ba ne ba sa o rate. Leha ho le joalo ba ile ba lula e le karolo ea sechaba sena. Ha ho motho ea ka lulang selekaneng se secha haeba molao oa Molimo o sa ngoloa ka pelong ea hae.
10, 11. Ho ba leng selekaneng se secha, Jehova e “ba Molimo oa bona” ka tsela efe, ’me kaofela ba tla mo tseba joang?
10 Ha a tsoela pele, Jehova o ile a re ka ba leng selekaneng se secha: “Ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka.” (Jeremia 31:33) Iseraeleng ea boholo-holo ba bangata ba ne ba rapela melimo ea lichaba, empa ba ile ba lula e le Baiseraele. Motheong oa selekane se secha, Jehova o ile a hlahisa sechaba sa moea, “Iseraele ea Molimo,” ho nkela Iseraele ea nama sebaka. (Bagalata 6:16; Matheu 21:43; Baroma 9:6-8) Leha ho le joalo, ha ho motho ea lulang e le karolo ea sechaba se secha sa moea haeba a khaotsa ho rapela Jehova a ’notši.
11 Jehova o ile a boela a re: “Ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo.” (Jeremia 31:34) Iseraeleng, ba bangata ba ile ba fela ba hlokomoloha Jehova, ba re: “Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.” (Sofonia 1:12) Ha ho motho ea lulang e le karolo ea Iseraele ea Molimo haeba a hlokomoloha Jehova kapa a silafatsa borapeli bo hloekileng. (Matheu 6:24; Bakolose 3:5) Baiseraele ba moea ke “sechaba sa ba tsebang Molimo oa bona.” (Daniele 11:32) Ba thabela ho ‘ithuisa tsebo ka Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka Jesu Kreste.’ (Johanne 17:3) Ho tseba Jesu ho etsa hore tsebo ea bona ka Molimo e tebe kaha Jesu ‘ke eena ea hlalositseng [Molimo]’ ka tsela e khethehileng.—Johanne 1:18; 14:9-11.
12, 13. (a) Ke motheong ofe Jehova a tšoarelang libe tsa ba leng selekaneng se secha? (b) Mabapi le tšoarelo ea libe, selekane se secha se phahametse selekane sa khale joang?
12 Qetellong, Jehova o ile a tšepisa: “Ke tla ba lesella bokhopo ba bona, ’me ha ke sa tla hopola libe tsa bona.” (Jeremia 31:34b) Molao oa Moshe o ne o akarelletsa litaelo tse ngotsoeng tse makholo tseo Baiseraele ba neng ba biletsoa ho li mamela. (Deuteronoma 28:1, 2, 15) Bohle ba neng ba tlōla Molao ba ne ba nyehela mahlabelo bakeng sa ho koahela libe tsa bona. (Levitike 4:1-7; 16:1-31) Bajuda ba bangata ba ile ba lumela hore e ne e ka ba ba lokileng ka mesebetsi ea bona ho latela Molao. Leha ho le joalo, Bakreste ba hlokomela hore le ka mohla ba ke ke ba tšoanelehela ho loka ka mesebetsi ea bona. Ba ke ke ba qoba ho etsa libe. (Baroma 5:12) Selekaneng se secha, ho ka etsahala hore motho a be boemong ba ho loka ka pel’a Molimo motheong oa sehlabelo sa Jesu feela. Leha ho le joalo, boemo bo joalo ke mpho, mosa o sa tšoanelang o tsoang ho Molimo. (Baroma 3:20, 23, 24) Jehova o sa ntse a batla hore bahlanka ba hae ba mo mamele. Pauluse o bolela hore ba leng selekaneng se secha ba “tlas’a molao mabapi le Kreste.”—1 Bakorinthe 9:21.
13 Kahoo, ho na le sehlabelo sa sebe le bakeng sa Bakreste, empa seo e leng sa bohlokoa haholo ho feta mahlabelo a selekane sa Molao. Pauluse o ile a ngola: “Moprista e mong le e mong [tlas’a selekane sa Molao] o ema letsatsi le letsatsi ho etsa tšebeletso ea phatlalatsa le ho nyehela hangata mahlabelo a tšoanang, kaha ana ha ho nako eo ka eona a khonang ho tlosa libe ka ho feletseng. Empa [Jesu] o ile a nyehela sehlabelo se le seng bakeng sa libe ka ho sa feleng eaba o lula ka letsohong le letona la Molimo.” (Baheberu 10:11, 12) Kaha Bakreste ba leng selekaneng se secha ba sebelisa tumelo sehlabelong sa Jesu, Jehova o ba bolela ba lokile, ba se na sebe, ’me kahoo ba le boemong ba ho tlotsoa joaloka bara ba hae ba moea. (Baroma 5:1; 8:33, 34; Baheberu 10:14-18) Ha ba etsa sebe ka lebaka la ho se phethahale ha botho, ba ka kōpa tšoarelo ho Jehova, ’me motheong oa sehlabelo sa Jesu, Jehova oa ba tšoarela. (1 Johanne 2:1, 2) Leha ho le joalo, haeba ba khetha tsela ea sebe sa ka boomo, ba lahleheloa ke boemo ba bona bo lokileng le tokelo ea ho kopanela selekaneng se secha.—Baheberu 2:2, 3; 6:4-8; 10:26-31.
Selekane sa Khale le se Secha
14. Ke lebollo lefe le neng le hlokahala tlas’a selekane sa Molao? tlas’a selekane se secha teng?
14 Ba batona selekaneng sa khale ba ne ba bolotsoa e le pontšo ea hore ba tlas’a Molao. (Levitike 12:2, 3; Bagalata 5:3) Ka mor’a hore phutheho ea Bokreste e thehoe, ba bang ba ile ba ikutloa hore Bakreste bao e seng Bajuda le bona ba lokela ho bolotsoa. Empa baapostola le baholo ba Jerusalema, ba tataisoa ke Lentsoe la Molimo le ke moea o halalelang, ba ile ba lemoha hore sena se ne se sa hlokahale. (Liketso 15:1, 5, 28, 29) Lilemo tse seng kae hamorao, Pauluse o ile a re: “Mojuda hase eo e leng eena ka ntle, leha e le hore lebollo ke se ka ntle nameng. Empa Mojuda ke eo e leng eena ka hare, ’me lebollo la hae ke la pelo ka moea, eseng ka molao o ngotsoeng.” (Baroma 2:28, 29) Lebollo la sebele, esita le la Bajuda ba nama, e ne e se e se la bohlokoa moeeng mahlong a Jehova. Ho ba leng selekaneng se secha ho tlameha ho bolle pelo, eseng nama. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e nahanang, eo ba e lakatsang le e ba susumetsang e sa khahliseng kapa e sa hloekang mahlong a Jehova ba lokela ho e tlohela.a Kajeno ba bangata ke bopaki bo phelang ba hore moea o halalelang o na le matla a ho fetola mokhoa oa ho nahana ka tsela ena.—1 Bakorinthe 6:9-11; Bagalata 5:22-24; Baefese 4:22-24.
15. Iseraele ea nama e tšoana joang le Iseraele ea Molimo tabeng ea puso ea borena?
15 Tokisetsong ea selekane sa Molao, Jehova e ne e le Morena oa Iseraele, ’me ka mor’a nako e itseng o ile a sebelisa bobusi ba hae ka marena a batho Jerusalema. (Esaia 33:22) Jehova e boetse ke Morena oa Iseraele ea Molimo, Iseraele ea moea, ’me ho tloha ka 33 C.E., o ’nile a busa ka Jesu Kreste, ea ileng a amohela “matla ’ohle a ho laela leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18; Baefese 1:19-23; Bakolose 1:13, 14) Kajeno, Iseraele ea Molimo e hlokomela Jesu e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo, o ileng oa thehoa ka 1914. Jesu ke Morena ea molemo haholo ho feta Hezekia, Josia le marena a mang a tšepahalang a Iseraeleng ea boholo-holo.—Baheberu 1:8, 9; Tšenolo 11:15.
16. Iseraele ea Molimo ke boprista ba mofuta ofe?
16 Iseraele e ne e se ’muso feela empa e ne e boetse e e-na le baprista ba tlotsitsoeng. Ka 33 C.E., Iseraele ea Molimo e ile ea nkela Iseraele ea nama sebaka ’me ea e-ba “mohlanka” oa Jehova, “lipaki” tsa hae. (Esaia 43:10) Mantsoe a Jehova ho Iseraele a tlalehiloeng ho Esaia 43:21 le Exoda 19:5, 6 ho tloha ka nako eo a ne a sebetsa ho Iseraele ea Molimo ea moea. Sechaba sa Molimo se secha sa moea joale e ne e le “morabe o khethiloeng, boprista ba borena, sechaba se halalelang, sehlopha sa batho bakeng sa letlotlo le khethehileng,” ba ikarabellang bakeng sa ho ‘bolela hohle makhabane a Jehova a hlomphehang.’ (1 Petrose 2:9) Bohle bao e leng litho tsa Iseraele ea Molimo, banna le basali, ke sehlopha sa baprista. (Bagalata 3:28, 29) Joaloka karolo e tlatsetsang ea peō ea Abrahama, hona joale ba re: “Etsang litlatse tsa thabo, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae.” (Deuteronoma 32:43) Litho tsa Iseraele ea moea tse sa ntseng li le lefatšeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Molimo a ka etsetsoa tšebeletso e halalelang le e amohelehang feela ka ho ikopanya le bona.
’Muso oa Molimo—Phethahatso ea ho Qetela
17. Ba leng selekaneng se secha ba tsoaloa ka tsoalo efe?
17 Baiseraele ba tsoetsoeng ka mor’a 1513 B.C.E. ba ile ba kena selekaneng sa Molao tsoalong. Bao Jehova a ba nkelang selekaneng se secha le bona baa tsoaloa—tabeng ea bona, ke tsoalo ea moea. Jesu o boleletse Nikodema oa Mofarisi sena ha a ne a re: “Kannete-nete ke re ho uena, Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe hape, a ke ke a bona ’muso oa Molimo.” (Johanne 3:3) Batho ba pele ba sa phethahalang ba ileng ba tsoaloa bocha ka Pentekonta ea 33 C.E. ke barutuoa ba 120. Ba ile ba boleloa ba lokile tlas’a selekane se secha ’me ba amohela moea o halalelang e le “pontšo esale pele” ea lefa la bona la borena. (Baefese 1:14) Ba ne ba ‘tsoetsoe ka moea’ hore e be bara ba Molimo ba amohetsoeng, e leng se ileng sa ba etsa barab’abo Jesu ’me ka tsela eo ea e-ba “majalefa hammoho le Kreste.” (Johanne 3:6; Baroma 8:16, 17) Ho ‘tsoaloa hape’ ha bona ho ile ha bula tsela bakeng sa litebello tse babatsehang.
18. Ho tsoaloa hape ho bula monyako bakeng sa litebello life tse babatsehang bakeng sa ba leng selekaneng se secha?
18 Ha a buella selekane se secha, Jesu o ile a etsa selekane se seng hape le balateli ba hae, a re: “Ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.” (Luka 22:29) Selekane sena sa ’Muso se ile sa lokisa tsela bakeng sa ho phethahatsoa ha pono e tsotehang e tlalehiloeng ho Daniele 7:13, 14, 22, 27. Daniele o ile a bona “e mong ea kang mor’a motho” a fuoa matla a borena ke “Moholo oa matsatsi,” Jehova Molimo. Joale, Daniele o ile a bona hore ‘bahalaleli ba amohela ’muso.’ Jesu ke eena “ea kang mor’a motho” eo, ka 1914, a ileng a amohela ’Muso oa leholimo ho Jehova Molimo. Barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng ka moea ke “bahalaleli” ba busang le eena ’Musong oo. (1 Bathesalonika 2:12) Joang?
19, 20. (a) Ho ba leng selekaneng se secha, litšepiso tsa Jehova ho Abrahama li tla qetella li phethahetse ka tsela efe e khanyang? (b) Ho hlokahala hore ho hlahlojoe potso efe e ’ngoe?
19 Ka mor’a lefu la bona, batlotsuoa bana, joaloka Jesu, ba tsosoa bafung e le libōpuoa tsa moea tse sa shoeng hore ba sebeletse le eena e le marena le baprista leholimong. (1 Bakorinthe 15:50-53; Tšenolo 20:4, 6) Ke tšepo e khanyang hakaakang! “Ba tla busa e le marena holim’a lefatše,” eseng naheng ea Kanana feela. (Tšenolo 5:10) Na ba tla ‘rua likhoro tsa lira tsa bona’? (Genese 22:17) E, le hona e le ka tsela e tiileng, ha ba bona ka mahlo timetso ea Babylona e Moholo, seotsoa sa bolumeli seo e leng sera, hape ba bone ha batlotsuoa ba tsositsoeng ba kopanela le Jesu ho liseng lichaba “ka molamu oa tšepe” le ho silakanyeng hlooho ea Satane. Ka tsela eo ba tla ba le karolo ho phethahatseng makolopetso a ho qetela a boprofeta ba Genese 3:15.—Tšenolo 2:26, 27; 17:14; 18:20, 21; Baroma 16:20.
20 Ho ntse ho le joalo, re ka ’na ra botsa, Na selekane sa Abrahama le selekane se secha li akarelletsa feela batho baa ba tšepahalang ba 144 000? Che, ba bang ba seng lilekaneng tsena ka ho toba ba tla hlohonolofatsoa ka bona, joalokaha ho tla bonoa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Insight on the Scriptures, Moqolo oa 1, leqepheng la 470, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na U sa Hopola?
◻ Ke neng ha ka lekhetlo la pele ho bonoa hore selekane se secha sea sebetsa?
◻ Ho ile ha finyelloa eng ka selekane sa khale?
◻ Ka ho khetheha Peō ea Abrahama ke mang, ’me ke ka tatellano efe lichaba li ileng tsa hlohonolofatsoa ka Peō eo?
◻ Ho ba 144 000, phethahatso ea ho qetela ea selekane sa Abrahama le ea selekane se secha ke efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Tšoarelo ea libe e na le moelelo o tebileng haholoanyane ho ba leng selekaneng se secha ho feta ho ba leng selekaneng sa khale