Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Lengolo le Eang ho Baroma
HOO e ka bang ka 56 C.E., moapostola Pauluse o fihla motseng oa Korinthe ha a ntse a le leetong la hae la boraro la boromuoa. O utloile hore ho na le moo Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba ba lulang Roma ba fapanang teng ka maikutlo. Kaha Pauluse o lakatsa hore ba momahane ka ho feletseng ho Kreste, o nka bohato ba ho ba ngolla lengolo.
Lengolong leo le eang ho Baroma, Pauluse o hlalosa kamoo batho ba boleloang ba lokile kateng le hore na batho ba joalo ba lokela ho phela ka tsela efe. Lengolo leo le chorisa tsebo ea rōna ka Molimo le ka Lentsoe la hae, le hatisa mosa o sa tšoanelang oa Molimo le bile le totobatsa karolo eo Kreste a e phethang ho re thusa hore re bolokehe.—Baheb. 4:12.
HO BOLELOA HORE BA LOKILE KA TSELA EFE?
Ha Pauluse a ngola o re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo, ’me ho joaloka mpho e sa lefelloeng hore ebe ka mosa oa [Molimo] o sa tšoanelang ho ntse ho boleloa hore ba lokile ka tokollo e tlisitsoeng ke thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.” Pauluse o boetse o re: “Ho boleloa hore motho o lokile ka tumelo kantle le mesebetsi ea molao.” (Bar. 3:23, 24, 28) Ka ho bontša tumelo ‘ketsong e le ’ngoe ea tokafatso,’ Bakreste ba tlotsitsoeng esita le litho tsa “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” ba ka ‘boleloa hore ba lokile’—batlotsuoa ba tla phela leholimong e le majalefa-’moho le Kreste athe bongata bo boholo bo lebeletse ho pholoha “matšoenyehong a maholo” e le metsoalle ea Molimo.—Bar. 5:18; Tšen. 7:9, 14; Joh. 10:16; Jak. 2:21-24; Mat. 25:46.
Pauluse o botsa potso ena: “Na re tla etsa sebe hobane ha re tlas’a molao empa re tlas’a mosa o sa tšoanelang?” Ha a araba o re: “Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! . . . Le makhoba . . . , ebang ke a sebe ka tebello ea lefu kapa a ho mamela ka tebello ea ho loka.” (Bar. 6:15, 16) O re: “Haeba le bolaea litloaelo tsa ’mele ka moea, le tla phela.”—Bar. 8:13.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:24-32—Ha ho hlalosoa boitšoaro bo bobe moo, na ho ne ho buuoa ka Bajuda kapa Balichaba? Le hoja tlhaloso eo e ne e ka tšoanela sehlopha leha e le sefe lihlopheng tseo ka bobeli, ka ho toba Pauluse o ne a bua ka Baiseraele ba qetileng lilemo tse makholo-kholo e le bakoenehi. Le hoja ba ne ba tseba molao-taelo o lokileng oa Molimo, ‘ha baa ka ba amohela ho ela Molimo hloko ka tsebo e nepahetseng.’ Kahoo, ba ne ba le molato.
3:24, 25—“Thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu” e ne e ka koahela “libe tse etsahetseng nakong e fetileng” pele e lefuoa joang? Boprofeta ba pele bo mabapi le Mesia, bo tlalehiloeng ho Genese 3:15, bo ile ba phethahala ka 33 C.E. ha Jesu a ne a bolaoa thupeng ea tlhokofatso. (Bagal. 3:13, 16) Leha ho le joalo, hang ha Jehova a phatlalatsa boprofeta boo, mahlong a hae ho ne ho tšoana le ha thekollo e se e lefiloe, hobane ha ho letho le ka thibelang Molimo ho phetha seo a se rerileng. Kahoo, motheong oa sehlabelo se neng se tla etsoa ka Jesu Kreste, Jehova o ne a ka tšoarela litloholo tsa Adama libe ha li bontša tumelo tšepisong eo. Thekollo e boetse e bula tsela ea hore batho ba shoeleng pele ho mehla ea Bokreste ba khone ho tsosoa.—Lik. 24:14.
6:3-5—Ho boleloa’ng ha ho thoe motho o kolobetsoa ho kena ho Kreste Jesu le ha ho thoe o kolobetsoa ho kena lefung la hae? Ha Jehova a tlotsa balateli ba Kreste ka moea o halalelang, ba kopanngoa le Jesu ’me e ba litho tsa phutheho eo e leng ’mele oa Kreste, eena e le Hlooho ea oona. (1 Bakor. 12:12, 13, 27; Bakol. 1:18) Sena ke sona se boleloang ha ho thoe ba kolobetsoa ho kena ho Kreste Jesu. Bakreste ba tlotsitsoeng ba boetse ba “kolobetsoa ho kena lefung” la Kreste ka hore ba phela bophelo ba ho intša sehlabelo ebile ba tela tšepo leha e le efe ea bophelo bo sa feleng lefatšeng. Ka hona, lefu la bona ke la sehlabelo joaloka lefu la Jesu, le hoja lefu la bona le se na matla a ho rekolla. Kolobetso ena ea ho kena lefung la Kreste e phethoa ha ba shoa ’me ba tsosetsoa ho ea phela leholimong.
7:8-11—‘Sebe se ile sa amohela tlhohlelletso ka taelo’ joang? Molao o ile oa thusa batho hore ba utloisise ka botlalo hore na sebe se akarelletsa’ng, e leng ho ileng ha ba hlokomelisa le ho feta hore ke baetsalibe. Ka lebaka leo, ba ile ba elelloa liketso tse ngata tseo ba li entseng hobane e le baetsalibe ’me batho ba bangata le ho feta ba ile ba pepesoa hore ke baetsalibe. Kahoo, ho ka thoe sebe se ile sa amohela tlhohlelletso ka Molao.
Seo re Ithutang Sona:
1:14, 15. Ho na le mabaka a mangata ao ka ’ona re lokelang ho bolela litaba tse molemo ka cheseho. Le leng la ’ona ke hore re na le molato ho batho ba rekiloeng ka mali a Jesu ebile re tlameha ho ba thusa moeeng.
1:18-20. Batho ba hlokang bomolimo le ba sa lokang ‘ha ba na boikemelo,’ hobane litšobotsi tsa Molimo tse sa bonahaleng li bonahala ka ho hlaka pōpong.
2:28; 3:1, 2; 7:6, 7. Ka mor’a hore a bue lintho tseo e ka ’nang eaba li ile tsa halefisa Bajuda, Pauluse oa ba kokobetsa. Sena se re behela mohlala oa hore re be masene ’me re bue le batho hantle ha re bua ka litaba tse ka khopisang ba bang.
3:4. Haeba motho a bua ntho e khahlanong le seo Molimo a se buang Lentsoeng la hae, re etsa hore “Molimo a ke a fumanoe a e-na le ’nete” ka hore re tšepe molaetsa oa Bibele re be re etse lintho tse lumellanang le thato ea Molimo. Ha re kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa, re ka thusa ba bang hore ba fumane Molimo a e-na le ’nete.
4:9-12. Abrahama o ile a nkoa a lokile ka lebaka la tumelo ea hae nako e telele pele a bolla a le lilemo li 99. (Gen. 12:4; 15:6; 16:3; 17:1, 9, 10) Ka tsela eo e matla, Molimo o ile a bontša hore na ke eng e ka etsang hore batho e be ba lokileng mahlong a hae.
4:18. Tšepo ke karolo ea bohlokoa ea tumelo. Tumelo ea rōna e thehiloe tšepong.—Baheb. 11:1.
5:18, 19. Kaha o bontša ka tsela e utloahalang kamoo Jesu a tšoanang le Adama kateng, Pauluse o hlalosa ka ho toba kamoo motho a le mong a ka ‘fanang ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Mat. 20:28) Re lokela ho latela mohlala ona oa ho beha mabaka ka tsela e utloahalang le ka bokhutšoanyane ha re ruta.—1 Bakor. 4:17.
7:23. Litho tsa ’mele tse kang matsoho, maoto le leleme li ka ‘re isa re holehiloe molaong oa sebe,’ kahoo re lokela ho qoba ho li sebelisa hampe.
8:26, 27. Ha re thulane le maemo a re emisang hlooho hoo re sa tsebeng seo re lokelang ho se rapella, “moea o re kōpela ka tieo.” Joale Jehova, “Ea Utloang thapelo,” o mamela lithapelo tse loketseng tse tlalehiloeng Lentsoeng la hae ’me o li nka joalokaha eka li tsoa ho rōna.—Pes. 65:2.
8:38, 39. Likoluoa, libōpuoa tse khopo tsa moea le mebuso ea batho li ke ke tsa etsa hore Jehova a khaotse ho re rata; le rōna ha lia lokela ho etsa hore re khaotse ho mo rata.
9:22-28; 11:1, 5, 17-26. Boprofeta bo bongata bo mabapi le ho tsosolosoa ha Iseraele bo phethahatsoa ke phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, eo litho tsa eona li ileng tsa ‘bitsoa eseng feela har’a Bajuda empa le har’a lichaba.’
10:10, 13, 14. Tumelo e matla ho Jehova le litšepisong tsa hae, hammoho le ho rata Molimo le batho ba bang, li ka re susumelletsa hore re kopanele ka cheseho tšebeletsong ea Bokreste.
11:16-24, 33. Ka sebele “mosa le ho tiea ha Molimo” li sebetsa ka tsela e leka-lekaneng! E, “ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka.”—Deut. 32:4.
HO PHELA KA TSELA E LUMELLANANG LE HORE RE BOLETSOE RE LOKILE
Pauluse o re: “Ka lebaka leo ke le kōpa ka tieo ka qenehelo ea Molimo, barab’eso, hore le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo.” (Bar. 12:1) “Ka lebaka leo,” kapa kahobane ho boletsoe hore Bakreste ba lokile ka lebaka la tumelo ea bona, ntlha e latelang eo Pauluse a e buang e lokela ho ama tsela eo ba italimang ka eona, eo ba talimang ba bang ka eona, le eo ba talimang ba boholong ’musong ka eona.
Ha Pauluse a ngola o re: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.” O fana ka keletso ena: “Lerato la lōna e ke e be le se nang boikaketsi.” (Bar. 12:3, 9) “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng.” (Bar. 13:1) O khothalletsa Bakreste hore ‘ba se ke ba ahlolana’ litabeng tseo ho tsona motho a lokelang ho iketsetsa qeto ho ea ka letsoalo la hae.—Bar. 14:13.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
12:20—Re ka “bokella mashala a mollo” hloohong ea sera joang? Mehleng ea Bibele, tšepe e ne e kenngoa ka sebōping sa mollo ho ntoo behoa mashala ka tlas’a eona le ka holim’a eona. Mocheso o matla o ka holim’a tšepe eo o ne o etsa hore e qhibilihe ebe litšila lia tšekeha. Ka ho tšoanang, haeba re tšoara sera ka tsela e mosa, re beha mashala a hlenneng hloohong ea sona, e le hore botho ba sona bo thata bo qhibilihe ebe bo hlahisa litšobotsi tse ntle.
12:21—Re ka tsoela pele ho ‘hlōla bobe ka botle’ joang? Tsela e ’ngoe eo re ka etsang sena ka eona ke ka hore re khomarele mosebetsi oo re o filoeng ke Molimo oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho fihlela o phethiloe kamoo Jehova a batlang kateng.—Mar. 13:10.
13:1—Balaoli ba phahameng “ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng” joang? Ba boholong ’musong “ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng” kahobane Molimo o ba lumeletse ho busa ’me maemong a mang Molimo o ile a bona esale pele hore ba tla busa. Sena se pakoa ke seo Bibele e ileng ea se bolela esale pele mabapi le babusi ba ’maloa.
Seo re Ithutang Sona:
12:17, 19. Ha re iphetetsa re tla be re inkela molao matsohong ka ho etsa seo e leng Jehova feela ea nang le tokelo ea ho se etsa. Ruri re tla be re iketelletsa pele ha re ‘busetsa bobe ka bobe’!
14:14, 15. Ha rea lokela ho bakela mor’abo rōna mesarelo kapa ho mo khopisa ka lijo kapa lino tseo re mo fang tsona.
14:17. Ho ba le kamano e ntle le Molimo ha hoa itšetleha hakaalo ka hore na ke eng seo motho a se jang kapa a se noang kapa seo a sa se jeng le seo a sa se noeng. Ho e-na le hoo, ho tsamaisana le ho loka, le khotso le thabo.
15:7. Re lokela ho amohela bohle ba batlang ’nete ka phuthehong re sa bontše leeme re be re bolelle bohle bao re kopanang le bona molaetsa oa ’Muso.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Na thekollo e ka koahela libe tse entsoeng pele e lefshoa?