Bacha—Le Tla Etsa’ng Ka Bophelo ba Lōna?
“Hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ea shoeleng, . . . bakeng sa bona.”—2 BAKORINTHE 5:15.
1. Batho ba bang ba entse lipolelo life tsa teboho, hona hobane’ng?
‘KEA leboha! Ke u kolota bophelo ba ka!’ Batho ba pholositsoeng ha ntlo e cha kapa ha ba khangoa ke metsi ba ’nile ba bua joalo ho ba ba pholositseng. Le bacha ba Bakreste ba nang le kananelo ba ’nile ba bua joalo ho batsoali ba bona. Ba ne ba sa buelle feela bophelong ba nama boo ba bo fumaneng ho batsoali ba bona empa haholo-holo tlhokomelong e lerato le thutong e kentseng bacha bana tseleng ea ho amohela “pallo eo a re baletseng eona . . . bophelo bo sa feleng.”—1 Johanne 2:25.
2. Ke leseling la boitsebiso bofe le lokelang ho nahana ka potso ee, Le tla etsa’ng ka bophelo ba lōna?
2 Ke lerato le ileng la susumetsa Jehova Molimo ho etsa hore bophelo bo sa feleng, “bophelo ba sebele,” bo fumanoe ke e mong le e mong oa rōna. Ke “oona o re ratileng, ’me o romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.” (1 Timothea 6:19, NW; 1 Johanne 4:10) Hape, nahana ka lerato leo Mora oa hae Jesu a le bontšitseng ka ho shoa lefu le bohloko e le hore re ka fumana bophelo bo sa feleng! (Johanne 15:13) Leseling la sena, le tla etsa’ng ka bophelo ba lōna?
3. Hangata ke eng se rerang hore na batho ba etsa’ng ka bophelo ba bona?
3 Hangata bacha ba botsoa potso ena, ka tsela e itseng, ke baeletsi ba liithuti sekolong kapa ba bang ba thahasellang bokamoso ba bona. Ke eng se tla rera hore na u arabela joang? Na ho tla reroa feela ke boikhethelo ba botho? Na lebaka leo le etsang qeto ka lona e tla ba ka keletso ea ba batlang hore le fihlele boemo bo sireletsehileng lefatšeng? Kapa seo le tla se etsa ka bophelo ba lōna se tla reroa ke ho nahana ka lintho tsa bohlokoa? Khopotso e bululetsoeng e re: “O shoele bakeng sa bohle hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ea shoeleng, a ba a tsoha bakeng sa bona.” (2 Ba-Korinthe 5:15) E, ke ho hotle hakaakang ha re sebelisa bophelo ba rōna ka tsela e bontšang hore re ananela seo Jesu Kreste le Ntate oa hae ea maholimong ba re etselitseng sona!
Likhalala tse Ratoang
4. Ke likhalala life tse tummeng ka ho fetisisa kajeno?
4 Empa, ke batho bafe ba ratoang haholo kajeno, bao bacha ka kakaretso ba ba nkang e le likhalala? Na hase ba ruileng le ba tsebisahalang lefatšeng, ho sa tsotellehe mekhoa ea bona ea boitšoaro? Ha u sheba ka likamoreng tsa bacha ba bangata, ke litšoantšo tsa bo-mang tseo u fumanang li fanyehiloe maboteng? Hangata ke tsa libini, likhalala tsa libaesekopo, le limathi. Ka tloaelo bacha ba lora ba fihletse katleho e tšoanang lefatšeng ka letsatsi le leng kapa mohlomong ba nyalane le motho e mong ea nang le litšobotsi tsa ’mele tse kang tsa batho bana. Ho thoe’ng ka uena? U batla eng bophelong?
5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ho ka thoe katleho lefatšeng e sitoa ho tlisa khotsofalo ea ’nete? (b) Mohloli oa khotsofalo ea ’nete ke ofe?
5 Haeba u finyelletse katleho ea batho ba tummeng ba ratoang lefatšeng, na u ne u tla hle u thabe le ho khotsofala? E mong oa batšoantšisi ba atlehileng ba Hollywood o itse: “Ke ile ka latsoa leruo le matlotlo ’ohle. Ha li bolele letho. Ngaka ea mafu a hlooho e pota libaka tsohle tsa barui, re se re sa re letho ka litlhalano le bana ba hloileng batsoali ba bona.”—Moeklesia 5:10; 1 Timothea 6:10.
6 Seithuti se hlahelletseng sa semathi, se ileng sa hapa moputso oa tlholisano ea basali ea lebelo la lik’hilomithara tse 10 New York ka 1981, se ile sa tepella hoo se ileng sa leka ho ipolaea. Kamorao ho moo se ile sa ngola, “Ke ithutile linnete tse ngata ka bophelo likhoeling tse seng kae tse fetileng. E ’ngoe ea tsona ke hore khotsofalo ea ’nete ha e fumanehe ka litsela tseo batho ba bangata ba li lelekisang, ho phethahala le ho finyella katleho. Ho ’na khotsofalo ha e ea ka ea tla ka ho ba seithuti se kapele-pele, semathi se hlōtseng sa naha kapa motho ea nang le seemo se setle se khahlehang.” E, batho ba hloka ho ithuta hore khotsofalo ea ’nete e tla feela ka ho ba le kamano ea botho le Molimo, e leng oona feela o ka fanang ka khotso ea sebele le thabo ea sebele.—Pesaleme ea 23:1, 6; 16:11.
7. Mabapi le ho finyella khotsofalo ea ’nete, thuto ea koleche le katleho lefatšeng li bohlokoa hakae?
7 Ka ho hlakileng, ha lea lokela ho batla ho etsisa ba loanelang feela ho fumana boemo bo phahameng le leruo. Esita le bangoli ba lefatše baa hlokomela hore katleho lefatšeng e hlōleha ho tlisa khotsofalo ea ’nete. Mongoli oa koranta, Bill Reel o ngotse: “U tsoa kolecheng u tletse litoro ka bokamoso. Ka bomalimabe, lipakane tsa hao boholo ba tsona li tla fetoha lefeela. Ha ke batle ho u nyahamisa, empa ke hantle hore u utloe ’nete: Ha u fumana maruo ao u a laba-labelang, haeba u a fumana, hape ha u fumana katleho eo u e lelekisang, haeba u e fumana, li ke ke tsa u khotsofatsa. Ho e-na le hoo, ka tsona linako tseo u neng u ka lebella hore u be u khotsofetse ka tlhōlo, u tla ikutloa u lapile ho fapana le ho khora, u tepelletse ho fapana le ho nyakalla, u ferekane ho fapana le ho ba le khotso.”—New York Daily News, ea la 26 Motšeanong, 1983.
8. Ke lebaka lefe le matla la ho se lelekise mosebetsi oa lefatše?
8 Empa ho rōna ba seli ka liketsahalo tsa lefatše leseling la boprofeta ba Bibele, ho na le mabaka a matla a ho se bee lipakane tsa lefatše kapele-pele bophelong. (Mattheu 24:3-14) Re ka ’na ra itšoantša le motho ea bonang mohaho o nang le tsebiso: “Feme Ena E-ea Oa.” Na re ne re tla batla mosebetsi moo? Le hanyenyane! ’Me haeba re ne re sebeletsa feme e joalo, ka bohlale re ne re tla batla mosebetsi sebakeng se seng. E, tsebiso ena e bonahala hohle mekhatlong ea lefatše, “E-ea Oa—Bofelo bo Haufi!” E, Bibele e-ea re tiisetsa, “lefatše lea feta.” (1 Johanne 2:17) Kahoo, ka bohlale re ke ke ra nka ba tetebetseng ka har’a lona e le likhalala.
Keletso E Ka Lateloang
9. Ke keletso efe ea lefatše eo ba bonahalang eka ba u batlela se molemohali ba ka ’nang ba u fa eona?
9 Bophelo ba lōna ha bo fetoloe feela ke bao le ba hlomphang empa hape le beng ka lōna le metsoalle bao, kamoo ba bolelang, ‘ba le batlelang se molemohali.’ Ba ka ’na ba re, ‘le lokela ho iphelisa.’ Kahoo ba ka ’na ba le eletsa hore le fumane thuto ea koleche kapa ea univesithi e le ho itokisetsa hore le tle le fumane mosebetsi o lefang hantle. Ba ka ’na ba bontša hore, ‘mongoli oa Bibele Luka e ne e le ngaka, le hore moapostola Pauluse o ile a rutoa ke moruti oa Molao Gamaliele.’ (Ba-Kolosse 4:14; Liketso 5:34; 22:3) Empa, hlahloba keletso e joalo ka hloko.
10. Ke keletso efe eo Luka le Pauluse ba faneng ka eona, ’me ke eng se ka boleloang ka mosebetsi oa bona oa pele e e-ba Bakreste?
10 Ha ho mohla ngaka Luka a kileng a khothaletsa Bakreste ho latela mosebetsi oa hae oa pele ka ho fetoha ngaka, ho e-na le hoo, Luka o ile a beha kapele bophelo ba Jesu le ba baapostola ba hae e le bo ka etsisoang. Ka ho totobetseng Luka e bile ngaka pele a ithuta ka Kreste ’me kamorao ho moo a bea tšebeletso ea hae ea Bokreste pele bophelong. Ho ne ho le joalo le ka Pauluse. Ho e-na le ho khothaletsa ba bang ho mo etsisa joalokaha a ile a etsisa Gamaliele, Pauluse o ngotse: “Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste.” Pauluse o ne a nka tsebo ea Kreste e le ea bohlokoa hoo a ileng a re o ne a talima lipakane tsa hae tsa pele e le “lithōle.”—1 Ba-Korinthe 11:1; Ba-Filippi 3:8.
11. (a) Petrose o ile a bolella Jesu eng, hona hobane’ng? (b) Jesu o ile a arabela joang?
11 Hopola, hore qenehelo e ka etsa hore esita le ba u ratang ba u fe keletso e bothoto. Ka mohlala, ha Jesu a ne a bua ka se mo letetseng nakong ea tšebeletso ea hae Jerusalema, moapostola Petrose a arabela: “Morena, u ikutloele bohloko: tse joalo li ke ke tsa u hlahela.” Petrose o ne a rata Jesu ’me o ne a sa batle hore a utloisoe bohloko. Empa Jesu o ile a khalemela Petrose hobane O ile a hlokomela hore ho phethahatsa thato ea Molimo ho ne ho tla akarelletsa ho utloisoa bohloko le ho bolaoa ke bahanyetsi.—Mattheu 16:21-23.
12. Batho ba nang le sepheo se setle ba ka ’na ba fa bacha keletso efe, hona hobane’ng?
12 Ka ho tšoanang, batsoali ba bang kapa metsoalle ba ka ’na ba u nyahamisa hore u se ke ua nka tsela ea ho iketsa sehlabelo. Ka baka la qenehelo ena e fosahetseng, ba ka ’na ba ba leqe ho u khothaletsa ho nka kabelo tšebeletsong ea bopula-maliboho ba nako e tletseng, ho sebeletsa joaloka moromuoa, kapa ho etsa mosebetsi oa boithaopo ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova. Ba ka ’na ba re: ‘Ke hobane’ng ha, ho fapana le hoo, u sa nyale ua lula fatše haufi le rōna?’ Kapa, ‘Ua tseba ke eng, mosebetsi o thata Bethele. Mohlomong ho ka ba molemo hore u lule le rōna.’ Ka mantsoe a mang, kamoo Petrose a boletseng kateng, “U ikutloele bohloko.”
13. (a) Ke pono efe e lokisitsoeng eo Petrose a e boletseng? (b) Ke eng se amehang ka ho ba Mokreste oa ’nete?
13 Esita le bahlanka ba Jehova ka linako tse ling ho hlokahala hore ba inahane ka mokhoa o mong. Ho ne ho hlokahala hore Petrose a ho etse ’me ka pono e lokisitsoeng ea litaba, o ngotse: “Hape, ke seo le bilelitsoeng sona; hobane Kreste le eena o utloisitsoe bohloko bakeng sa lōna, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng.” (1 Petrose 2:21) Ho phela bophelo ba ’nete ba Bokreste ho akarelletsa ho iketsa sehlabelo, e, esita le ho hlokofatsoa. Hase tsela e bonolo empa ke eo re e bilelitsoeng joaloka Bakreste. Ho e amohela ho akarelletsa ‘ho se hlole re iphelela, empa ho phelela ea shoeleng bakeng sa rōna.’ (2 Ba-Korinthe 5:15) Ho hopola mehlala e metle ho tla re thusa ho sebelisa bophelo ba rōna ka tsela ena ea ho iketsa sehlabelo.
Mehlala e ka Hopoloang
14. Jesu o beile mohlala ofe?
14 Mohlala oo u lokelang ho o hopola haholo-holo ke oo Jesu a u beileng. E le motho ea phethahetseng, e ka be e bile semathi se hloahloa ka ho fetisisa, sebini, ngaka, kapa ramolao ea fetang bohle bao lefatše le kileng la ba bona. Empa tlhokomelo ea hae e ne e lebisitsoe ho khahliseng Ntate oa hae oa leholimo, esita leha Jesu a sa le mocha. (Luka 2:42-49) Hamorao o ile a re: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” (Luka 4:43) Lehlabuleng la selemo se fetileng, lengolo le neng le le makasineng oa kereke o bitsoang Ministry le ile la hlalosa: “’Moloki oa rōna o ne a rata hore a be hōle le matšoele, e be joale o ea ka ntlo le ntlo—a batla batho. O ne a thabela ho mameloa ke motho a le mong. Joale o ne a ka mo kenya ’nete—lerato la Molimo.”—Luka 10:1-16.
15. (a) Ke hobane’ng ha boboleli ba ntlo le ntlo e le phephetso? (b) Ke eng se bontšang hore tšebeletso ea bacha ea ntlo le ntlo ke e atlehang?
15 Ke ’nete hore, ho bolela ka ntlo le ntlo ha ho bonolo. Ho hloka boithuto bo matla ho utloisisa litaba tse molemo tsa ’Muso le mosebetsi o mongata oa ho lokisetsa linehelano tse nang le moelelo. Hape, mosebetsi ona o hloka sebete, kaha beng ba matlo ba bangata ha ba thahaselle ’me ba bang ba bile baa hanyetsa. Empa, tšebeletso ea ntlo le ntlo ea lōna ba banyenyane e tlisa liphello tse babatsehang, joalokaha ho hlokometsoe makasineng oa kereke oa Italy La Voce. Mongoli o itse: “’Na ka bonna, ke rata Lipaki tsa Jehova,” tseo a hlalositseng hore, “li u etela lapeng ha hao.” A hlalosa hore: “Tseo ke li tsebang li mekhoa e metle haholo, li bua habonolo; hape ke batho ba batle ’me boholo ba bona ke bacha. Ha li bonahatsoa, botle le bocha ke lintho tse susumetsang haholo.”
16. (a) Bacha ba lokela ho babatsoa ka baka la tšebetso efe? (b) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova o ka bapisoa joang le likereke ka ho etsa mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng?
16 Ka sebele, lōna ba banyenyane ba amohelang Kreste e le mohlala ho lōna le lokela ho babatsoa! Bacha ba fetang 12 000, ba lilemo li 25 le ba ka tlaase, ba mosebetsing oa bopula-maliboho United States, ’me ba bang ba mashome a likete ba bula maliboho libakeng tse ling. (Pesaleme ea 110:3) Kholiseha hore ha ho mosebetsi o mong oa bohlokoa oo u ka o etsang! Esita le mongoli oa makasine oa kereke o boletsoeng kaholimo, o itse: “Molimo o re mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa ke ho eta ka ntlo le ntlo—ho batla batho,” empa a tsoela pele, “U re’ng ka see? ’Na le uena re eta hakae? Hase hangata ke eeng ke utloe ho buuoa ka mosebetsi oa mofuta ona TŠEBELETSONG.” Na re ke ke ra leboha hore e be re kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng o hatisang tlhokahalo ea ho etsisa mohlala oa Jesu oa ho bolela?
17. Timothea o ne a ile a finyella eng nakong eo e ka ’nang eaba e ne e ntse e le mocha, ’me ke eng se bontšang hore e ka ’na eaba o ne a ntse a le monyenyane ka nako eo?
17 Kaha seo u tla se etsa ka bophelo ba hao se tla susumetsoa haholo-holo ke bao u ba ratang, hlaolela lerato bakeng sa mohlala o beiloeng ke Timothea e monyenyane. Timothea ea hlahileng pejana ho lefu la Jesu, a tloha lapeng esale mohlankana ’me a tsamaea le moapostola Pauluse leetong la hae la bobeli la boromuoa. Likhoeli tse seng kae hamorao sehlopha sa mahoo-hoo sa qobella Pauluse le Silase ho baleha Thessalonika, empa e ne e se e le kamor’a hore ba etse barutuoa ba bang. (Liketso 16:1-3; 17:1-10, 13-15) Kapele kamor’a moo Pauluse o ile a romela Timothea sebakeng seo se kotsi ho ea tšelisa barutuoa bana litekong tsa bona. (1 Ba-Thessalonika 3:1-3) E ka ’na eaba Timothea o ne a le lilemong tsa hae tsa bocha, hobane hoo e ka bang lilemo tse 12 ho ea ho tse 14 hamorao Pauluse o ile a ’na a bua ka “bocha” ba hae. (1 Timothea 4:12) Na ha u rate mocha ea sebete, le ea ikentseng sehlabelo joaloka eo?
18. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a tla romela Timothea ho Bakorinthe?
18 Lilemo tse hlano kamor’a hore Timothea a abeloe ho ea matlafatsa baena Thessalonika, Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe a le Efese: “Le be baetsisi ba ka. Ke ka lebaka leo ke le rometseng Timothea . . . hore a le hopotse lika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kahohle kerekeng e ’ngoe le e ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 4:16, 17) Kaha a ne a sebelitse le Pauluse ka lilemo tse hlano, Timothea e monyenyane o ne a tloaelane le mekhoa ea Pauluse ea ho ruta. O ne a tseba hore na Pauluse o ile a beha molaetsa joang ho Baefese, ho akarelletsa le kamoo a ileng a ba ruta kateng “pontšeng le ka matlung.” (Liketso 20:20, 21) A koetlisitsoe hantle mekhoeng e joalo ea ho ruta, Timothea e ne e tla ba thuso e kaakang ho liphutheho!
19. Pauluse o ile a re’ng ka Timothea nako e kaholimo ho lilemo tse leshome kamor’a hore ba qale ho sebetsa ’moho?
19 Ho feta lilemo tse ling tse hlano kapa tse tšeletseng, ’me Pauluse o teronkong Roma. Timothea, eo le eena a neng a sa tsoa lokolloa teronkong o na le eena. (Ba-Heberu 13:23) Nahana ka ketsahalo eo: Mohlomong a sebelisa Timothea e le mongoli oa hae, Pauluse o mo bolella seo a lokelang ho se ngolla Bafilippi. A bua ka morero, Pauluse o tsoela pele: “Ke tšepile ho Morena Jesu hobane ke tla phakisa ke le romele Timothea, . . . Hobane ha ke na e mong eo pelo ea hae e tšoanang le ea ka joale ka eena, leha e le ea hlokomelang taba tsa lōna ka sebele joale ka eena . . . le tseba liketso tsa hae, kamoo a ntšebelelitseng Evangeling, joale ka ngoana ha a sebeletsa ntat’ae.”—Ba-Filippi 1:1; 2:19-22.
20. Ke eng e etsang Timothea mohlala o ratehang hakaalo ho bacha?
20 Ka sebele, Timothea e monyenyane ke mohlala o ratehang! E ne e le mosebetsi-’moho ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang ho Pauluse, ea tiiselitseng le eena ho le thata kapa ho le bonolo, a mo tšehelitse mosebetsing oa boboleli, ’me a utloisisa ho sebeletsa hohle moo a romeloang teng. O ile a tela ho boleloang e le bophelo bo tloaelehileng lapeng, empa ke khotsofalo e kaakang eo bophelo ba hae tšebeletsong ea Molimo bo ileng ba mo tlisetsa eona! Ruri Timothea o ne a ‘se a sa hlole a iphelela, empa a phelela Kreste ea shoeleng bakeng sa hae.’ (2 Ba-Korinthe 5:15) Na u susumelletseha ho etsisa mohlala oa hae?
Phelela Lefatše le Lecha la Molimo
21. Ke hobane’ng ha re ka re monahano oa Timothea o ne o sekametse litabeng tsa moea?
21 Ha e le hantle, Timothea o ne a phelela lefatše le lecha la Molimo. O ne a sa nahane feela ka tse teng hona joale empa ka ho sebelisa bophelo ba hae ho hlahisa melemo ea nako e telele. (Mattheu 6:19-21) Kaha ntat’a Timothea e ne e le Mogerike ’me ka ho totobetseng a sa lumela, e ka ’na eaba o ile a phehella Timothea hore a phehelle thuto e phahameng le mosebetsi oa lefatše. Empa ka baka la thupelo ea bomolimo e tsoang ho ’m’ae le nkhono’ae, bophelo ba Timothea bo ne bo pota-potiloe ke phutheho ea Bokreste. O ile a phehella lithahasello tsa moea, ’me kamoo ho bonahalang kateng a lula e le lesoha bonyane ka nakoana, ’me a tšoaneleha ho sebeletsa hammoho le moapostola Pauluse.—2 Timothea 1:5.
22. Ke joang bukana ea Sekolo e totobatsang tsela ea bophelo e tšoanang le ea Timothea ho bacha kajeno?
22 Ho thoe’ng ka uena? Na u tla sebelisa bocha ba hao ka tsela eo Timothea a entseng ka eona? Bukana ea Sekolo le Lipaki tsa Jehova e ne e supa tsela e joalo ea bophelo ha e hlalosa mabapi le bacha ba Lipaki: “Sepheo sa bona se seholo bophelong ke ho ba basebeletsi ba atlehileng ba Molimo, ’me ba ananela hore thuto ea sekolo e ba thusa ho finyella sepheo seo. Kahoo ka kakaretso ba khetha lithuto tse tla ba thusa hore ba iphelise lefatšeng la mehleng ena. Ka baka leo, ba bangata ba nka lithuto tsa mesebetsi ea matsoho kapa ho kena likolong tseo ho fanoang ka thuto ea mosebetsi oa matsoho. Ha ba qeta sekolong takatso ea bona ke hore ba fumane mosebetsi o tla ba nea nako ea ho tebisa tlhokomelo ea bona mosebetsing oa bona o moholo, tšebeletso ea Bokreste.”
23. Ke hobane’ng ha bacha ba Bakreste ba sa lokela ho thatafalloa ke ho arabela potso ee, Ke tla etsa’ng ka bophelo ba ka?
23 Bakeng sa lōna bao kannete le ananelang seo Jehova Molimo le Mora oa hae ba le etselitseng sona, ha lea lokela ho thatafalloa ke ho arabela potso ena, Ke tla etsa’ng ka bophelo ba ka? Ho fapana le ho iphelela kapa ho phelela menyaka ea botho, u tla sebelisa bophelo ba hao ho etsa thato ea Molimo. Joalokaha Timothea a entse, u tla phela joaloka motho oa moea.
Lipotso tsa Hlahlobo
◻ Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba sa lokela ho bea mesebetsi ea lefatše pele bophelong?
◻ Ke keletso efe e fosahetseng eo ba bang ba faneng ka eona, empa ke eng seo re ka ithutang sona karabelong ea Jesu ho Petrose?
◻ Ke ka litsela life Jesu le Timothea ba beetseng bacha mehlala e metle?
◻ Ke eng se akarelletsoang ke ho ba le monahano o sekametseng litabeng tsa moea.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Le hoja e ne e le ngaka e koetlisitsoeng, Luka o ile a bea lipakane tsa Bokreste pele bophelong