Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Sejo sa Morena sa Mantsiboea—Se Lokela ho Ketekoa Hangata Hakae?
    Molula-Qhooa—1994 | March 15
    • Hape hopola hore Jesu o thehile mokete ona a ba a shoa letsatsing la Nisane 14a ho latela almanaka ea Sejode. Lena e ne e le letsatsi la Paseka, e leng mokete o neng o hopotsa Bajode ka topollo e khōlō eo ba e etselitsoeng Egepeta lekholong la bo16 la lilemo B.C.E. Ka nako eo, sehlabelo sa konyana se ile sa fella ka hore matsibolo a Bajode a bolokoe, ha lengeloi la Jehova le bolaea matsibolo ’ohle a Egepeta.—Exoda 12:21, 24-27.

      Sena se thusa joang kutloisisong ea rōna? Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola: “Paseka ea rōna, e leng Kreste, e hlabetsoe rōna.” (1 Ba-Korinthe 5:7) Lefu la Jesu e bile sehlabelo se seholoanyane sa Paseka, la neha batho monyetla oa hore ba fumane poloko e khōloanyane. Ka lebaka leo, ho Bakreste, Sehopotso sa lefu la Kreste se nketse Paseka ea Bajode sebaka.—Johanne 3:16.

      Paseka e ne e le mokete oa selemo le selemo. Kahoo, ka ho utloahalang, hoa tšoana le ka Sehopotso. Paseka—letsatsi leo Jesu a shoeleng ka lona—ka mehla e ne e e-ba letsatsing la bo14 khoeling ea Sejode ea Nisane. Kahoo, lefu la Kreste le lokela ho hopoloa hang ka selemo letsatsing la almanaka le tsamaelanang le Nisane 14. Ka 1994 letsatsi lena le ka Moqebelo, March 26, ka shoalane. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha likereke tsa Bokreste-’mōtoana li sa etsa hore letsatsi lena e be la mokete o khethehileng? Ho hlahloba histori ka bokhutšoaane ho tla araba potso ena.

  • Sejo sa Morena sa Mantsiboea—Se Lokela ho Ketekoa Hangata Hakae?
    Molula-Qhooa—1994 | March 15
    • a Nisane, khoeli ea pele selemong sa Bajode, e ne e qala ha khoeli e qala ho thoasa. Kahoo Nisane 14 ka linako tsohle e ne e e-ba ha khoeli e tōlōkile.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela