-
’Muso oa Molimo ke Eng?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
7. Melao ea ’Muso oa Molimo e molemo ho feta ea batho
Mebuso ea lefatše e etsa melao eo e nahanang hore e tla sireletsa batho. ’Muso oa Molimo le oona o na le melao eo batho ba busoang ke oona ba lokelang ho e latela. Bala 1 Bakorinthe 6:9-11 ebe le buisana ka lipotso tsena:
U nahana hore lefatšeng ho tla ba joang ha batho bohle ba se ba mamela melao ea Molimo?a
Na u nahana hore ke ntho e utloahalang hore ebe Jehova o lebeletse hore batho ba busoang ke ’Muso oa hae ba mamele melao ea hae? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Ke eng e bontšang hore batho ba sa mameleng melao ea Molimo ba ka fetoha? (Sheba temana ea 11.)
Mebuso ea lefatše e etsa melao e le hore e thuse batho le ho ba sireletsa. Empa ’Muso oa Molimo oona o na le melao e molemo le ho feta e thusang batho ba busoang ke oona le ho ba sireletsa
-
-
Bibele e Re’ng ka Thobalano?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 41
Bibele e Re’ng ka Thobalano?
Batho ba bangata ba thatafalloa ke ho bua ka thobalano. Empa ha Bibele e bua ka thobalano, e bua ka eona ka tsela e hlomphehang ebile ha e pate letho. Seo e se buang se re tsoela molemo. Taba ena ea utloahala hobane Bibele e tsoa ho ’Mopi oa rona Jehova. O tseba lintho tse ka re tsoelang molemo. Jehova oa re bolella hore na re etse’ng e le hore re mo thabise le hore na ke’ng e ka re thusang hore re thabele bophelo ka ho sa feleng.
1. Na Jehova o nka ho etsa thobalano ho fosahetse?
Thobalano ke mpho e tsoang ho Jehova. O batla hore e etsoe ke monna le mosali ba nyalaneng. Mpho ena e etselitsoe hore banyalani ba be le bana hape ba thabele ho bontšana lerato ho ea kamoo Molimo a ba bopileng kateng. Ke kahoo Lentsoe la Molimo le reng: “U thabe le mosali oa bocha ba hao.” (Liproverbia 5:18, 19) Jehova o lebeletse hore banyalani ba Bakreste ba tšepahallane hobane ha ba etsa joalo, ba ke ke ba etsa bofebe.—Bala Baheberu 13:4.
2. Bohlola ke’ng?
Bibele e re ‘lihlola li ke ke tsa rua ’Muso oa Molimo.’ (1 Bakorinthe 6:9, 10) Bangoli ba Bibele ba neng ba ngola ka Segerike, ba sebelisitse lentsoe por·neiʹa ha ba bua ka bohlola. Lentsoe lena le akarelletsa (1) mefuta ea thobalanoa e etsoang ke batho ba sa nyalanang, (2) thobalano e etsoang ke batho ba bong bo tšoanang le (3) thobalano eo batho ba e etsang le liphoofolo. Ha re qoba ho etsa bohlola, re thabisa Jehova ebile rea itšireletsa.—1 Bathesalonika 4:3.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na u ka qoba bohlola joang le hore na u tla fumana molemo ofe haeba u lula u itšoere hantle.
3. Balehela bohlola
Monna ea tšepahalang Josefa o ile a hana ho etsa thobalano le mosali ea neng a batla ho robala le eena. Bala Genese 39:1-12 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Ke’ng e ileng ea thusa Josefa hore a hane ho etsa bohlola? (Sheba temana ea 9.)
Na u nahana hore Josefa o ile a etsa qeto e nepahetseng? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Mehleng ee bacha ba ka etsisa Josefa joang ’me ba qoba ho etsa bohlola? Bapala VIDEO.
Jehova o batla hore kaofela ha rona re balehele bohlola. Bala 1 Bakorinthe 6:18 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Ke maemo afe a ka etsang hore motho a qetelle a entse bohlola?
U ka balehela bohlola joang?
4. U ka qoba ho etsa ntho e fosahetseng
Ke’ng e ka etsang hore ho be thata ho qoba bohlola? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Ha ntate ea hlahang videong ee a hlokomela hore menahano le liketso tsa hae li ka etsa hore qetellong a se ke a tšepahalla molekane oa hae, o ile a etsa’ng?
Ka linako tse ling, le ho Bakreste ba tšepahalang ho thata ho nahana lintho tse lokileng. Ke joang u ka qobang ho lula u nahana ka lintho tse fosahetseng? Bala Bafilipi 4:8 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Re lokela ho nahana ka lintho tse joang?
Ho bala Bibele le ho phathahana ka mosebetsi oa Jehova ho ka re thusa joang ho qoba teko ea ho etsa sebe?
5. Melao ea Jehova e re tsoela molemo
Jehova oa tseba hore na ke’ng e tla re tsoela molemo. Oa re bolella hore na re etse’ng e le hore re lule re itšoere hantle le hore na melemo ea ho etsa joalo ke efe. Bala Liproverbia 7:7-27 kapa u bapale VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
Mohlankana eo o ile a ipeha tekong joang? (Sheba Liproverbia 7:8, 9.)
Ho ea ka Liproverbia 7:23, 26 ho etsa bohlola ho ka ba le litla-morao tse bohloko. Haeba re lula re itšoere hantle re tla qoba mathata afe?
Ho itšoara hantle ho ka re thusa joang hore re thabele bophelo ka ho sa feleng?
Batho ba bang ba re seo Bibele e se buang ka batho ba bong bo tšoanang ba ratanang se bontša ho hloka lerato. Empa Jehova ke Molimo ea lerato ’me o batla hore batho ba thabele bophelo ka ho sa feleng. Kahoo, e le hore re phele ka ho sa feleng, re lokela ho mamela melao ea hae. Bala 1 Bakorinthe 6:9-11 ebe le buisana ka potso ena:
Na Molimo o re ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang ke eona feela ntho e fosahetseng?
Kaofela re lokela ho etsa liphetoho e le hore re thabise Molimo. Na ho na le molemo oo re tla o fumana ka ho etsa joalo? Bala Pesaleme ea 19:8, 11 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Na u nahana hore melao ea Jehova ea utloahala? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
Jehova o thusitse batho ba bangata hore ba phele ka melao ea hae. Le uena a ka u thusa
BATHO BA BANG BA RE: “Ha ho phoso ho etsa thobalano le motho eo u sa nyalanang le eena hafeela le ratana.”
Uena u nahana joang?
KAKARETSO
Thobalano ke mpho eo Jehova a e fileng monna le mosali ba nyalaneng hore ba e thabele.
Re Ithutile’ng?
Bohlola bo akarelletsa ho etsa’ng?
Ke’ng e tla re thusa ho qoba ho etsa bohlola?
Re fumana melemo efe ha re mamela melao ea Jehova?
BATLA
Ithute hore na ke hobane’ng ha Molimo a re monna le mosali ba batlang ho lula ’moho ba nyalane ka molao.
“Bibele e Re’ng ka Batho ba Lulang Hammoho Pele ba Nyalana?” (Sehlooho se websaeteng)
Ithute hore na ke hobane’ng ha Bibele e re ha rea lokela ho hloea batho ba bong bo tšoanang ba ratanang le hoja ketso eo ba e etsang e fosahetse.
“Na ke Phoso ha Batho ba Bong bo Tšoanang ba Ratana?” (Sehlooho se websaeteng)
Ithute kamoo melao ea Molimo e re sireletsang kateng tabeng ea thobalano.
“Na ho Nyanyana Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ke ho Etsa Thobalano?” (Sehlooho se websaeteng)
Sehloohong se reng: “Ba ne ba Ntšoara ka Tlhompho,” hlokomela hore na ke’ng e thusitseng ntate e mong ea neng a ratana le batho ba bong bo tšoanang le ba hae hore a fetole bophelo ba hae ’me a thabise Molimo.
a Mefuta ena e akarelletsa thobalano e etsoang ke batho ba sa nyalanang, ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali, ho kenya setho sa botona ka morao le ho phollana litho tsa botona kapa tsa botšehali pakeng tsa batho ba sa nyalanang.
-
-
U Lokela ho Etsa’ng ha U Entse Sebe se Tebileng?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
Le hoja u rata Jehova haholo ebile u leka ka matla ho qoba ho etsa lintho tse tla mo utloisa bohloko, ka linako tse ling u tla etsa liphoso. Leha ho le joalo, libe tse ling li tebile ho feta tse ling. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Haeba u entse sebe se tebileng, u hopole hore Jehova o ntse a u rata ebile o batla ho u tšoarela le ho u thusa.
1. Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a re tšoarele?
Batho ba ratang Jehova ba utloa bohloko haholo ha ba hlokomela hore ba entse sebe se tebileng. Empa ba khothatsoa ke ntho eo Jehova a ileng a e tšepisa bahlanka ba hae ha a re: “Le hoja libe tsa lona li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa.” (Esaia 1:18) Haeba re baka, Jehova o tla re tšoarela libe tsohle tsa rona. Re lokela ho etsa’ng ho bontša hore re bakile? Re lokela ho soabela libe tsa rona haholo, re khaotse ho etsa lintho tse fosahetseng re be re kope Jehova hore a re tšoarele. Ka mor’a moo, re sebetse ka thata ho fetola menahano kapa liketso tse fosahetseng tse entseng hore re etse sebe ebe re leka ho phela ka melao ea Jehova.—Bala Esaia 55:6, 7.
2. Jehova o sebelisa baholo joang ho re thusa ha re entse sebe?
Haeba re entse sebe se tebileng, Jehova o re re bitse “banna ba baholo ba phutheho.” (Bala Jakobo 5:14, 15.) Baholo ba rata Jehova le linku tsa hae. Baa tseba hore na ba ka re thusa joang e le hore re lokise kamano ea rona le Jehova.—Bagalata 6:1.
Baholo ba re thusa joang haeba re entse sebe se tebileng? Baholo ba babeli kapa ba bararo ba tla sebelisa Mangolo a Bibele ho re bontša hore na ke hobane’ng ha ntho eo re e entseng e fosahetse. Hape ba tla re fa likhothatso le likeletso tse tla re thusa hore re se ke ra etsa sebe se tebileng hape. Baholo ba tla tlosa motho leha e le ofe ea etsang sebe se tebileng a bile a sa bake ka phuthehong, e le hore a se ke a tšoaetsa ba bang ka mekhoa ea hae e mebe.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute ho utloisisa le ho ananela tsela eo Jehova a re thusang ka eona ha re entse sebe se tebileng.
3. Ho bolela libe tsa rona ho tla re thusa hore re fole
Ha re etsa sebe re utloisa Jehova bohloko, kahoo re lokela ho mo bolella libe tsa rona. Bala Pesaleme ea 32:1-5 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha ho le molemo hore re bolelle Jehova libe tsa rona ho e-na le ho leka ho li pata?
Ha re se re boleletse Jehova libe tsa rona, ho kopa thuso ho baholo ho tla etsa hore re ikutloe re imolohile. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Videong ee, baholo ba ile ba thusa ntate Canon joang hore a khutlele ho Jehova?
Re lokela ho bolella baholo ’nete re sa tšabe letho hobane ba ikemiselitse ho re thusa. Bala Jakobo 5:16 ebe le buisana ka potso ena:
Ke joang ho bolella baholo ’nete ho ka ba nolofaletsang hore ba re thuse?
Bolella Jehova libe tsa hao, u bolelle baholo ’nete ’me u amohele thuso e tsoang ho Jehova
4. Jehova o bontša baetsalibe mohau
Haeba motho ea entseng sebe se tebileng a hana ho mamela melao ea Jehova, o tla tlosoa ka phuthehong ʼme ha rea lokela ho itsoakanya le eena. Bala 1 Bakorinthe 5:6, 11, ebe le buisana ka potso ena:
Feela joalokaha tomoso e belisa hlama ea bohobe, ho itsoakanya le moetsalibe ea sa bakeng ho tla ama phutheho joang?
Baholo ba etsisa Jehova ka ho bontša baetsalibe ba tlositsoeng ka phuthehong mohau ka hore ba ee ho bona ʼme ba ba thuse. Bongata ba bona ba ile ba khutlela ka phuthehong hobane le hoja ho tlosoa ho ne ho le bohloko, ho ile ha ba thusa hore ba bone liphoso tsa bona.—Pesaleme ea 141:5.
Tsela eo Jehova a sebetsanang le baetsalibe ka eona e bontša joang hore o nahanela batho, o mohau ebile o lerato?
5. Jehova oa re tšoarela ha re baka
Jesu o ile a etsa papiso e re thusang ho utloisisa hore na Jehova o ikutloa joang ha motho a baka. Bala Luka 15:1-7 ebe le buisana ka potso ena:
Papiso ee e u ruta’ng ka Jehova?
Bala Ezekiele 33:11 ebe le buisana ka potso ena:
Ke ntho efe ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa ho bontša hore re bakile?
Jehova o tšoana le molisa ea tsotellang linku tsa hae haholo
BATHO BA BANG BA RE: “Ke tšaba hore baholo ba tla ntlosa ka phuthehong haeba nka ba bolella sebe sa ka.”
U ka re’ng ho motho ea ikutloang joalo?
KAKARETSO
Haeba re entse sebe se tebileng empa re se soabetse e le kannete ebile re ikemiselitse ho khaotsa ho etsa lintho tse fosahetseng, Jehova o tla re tšoarela.
Re Ithutile’ng?
Ke hobane’ng ha ho le molemo hore re bolelle Jehova libe tsa rona?
Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a re tšoarele?
Haeba re entse sebe se tebileng, ke hobane’ng ha re lokela ho kopa thuso ho baholo?
BATLA
Bona kamoo Jehova a bontšitseng ntate e mong mohau o tšoanang le o hlalositsoeng lengolong la Esaia 1:18.
Baholo ba leka joang ho thusa motho ea entseng sebe se tebileng?
Hlokomela kamoo batho ba sa bakeng ba bontšoang lerato le mohau kateng.
“Baholo ba ka Thusa Batho ba Tlositsoeng ka Phuthehong Joang?” (Molula-Qhooa, August 2024)
Bala pale e nang le sehlooho se reng: “Ke ne ke Hloka ho Khutlela ho Jehova,” ’me u bone hore na ke hobane’ng ha ntate e mong ea ileng a furalla Jehova a ne a utloa eka Jehova o mo khutliselitse ho eena.
-