‘Teko ea Bonnete ba Lerato la Hao’
MANTSOE a ka holimo a tlisa eng khopolong ea hao? Mahloriso le mathata? Ho shoela tumelo? Qalehong mantsoe ao a ile a ngoloa ke moapostola Pauluse lengolong le neng le ea ho Bakreste ba Korinthe ea boholo-holo. Ke a bohlokoa bo boholo ho batho ba Jehova kajeno kaha ‘bonnete ba lerato la bona’ bo lekoa ka ho tšoanang. Empa joang? Ho arabela hoo, a re ke re hlahlobeng boemo boo mantsoe a Pauluse a builoeng tlas’a bona.
Motheo Bakeng sa Teko
Lilemo tse ka bang mashome a mabeli ka mor’a ho theoa ha Bokreste, phutheho ea Jerusalema e ne e le mathateng a boima a lichelete. Ba lutse ka har’a setsi seo sa khanyetso le leeme la Bajode, ho theosa le lilemo Bakreste ba ile ba lokela ho “tiisetsa ntoeng e boima, e bohlōkō,” esita le ho mamella ‘ho amohuoa maruo a bona.’ (Ba-Heberu 10:32-34, TLP) Thuso e hlahang ka thōko e ne e hlokahala ka tieo.
Ka sebele, baena ba bona ba Balichaba ba ne ba lokela ho susumelletseha ho arabela tlokotsing ea bona. Ha e le hantle, ba ne ba e-na le “molato” o khethehileng ho Bakreste ba Jerusalema. Na hase Jerusalema moo litaba tse molemo li ileng tsa hasana ho ea ho Balichaba li tloha teng? Pauluse o ile a hlalosa: “Haeba Bakreste ba Bajode ba arolelane matlotlo a bona a moea le Balichaba, Balichaba ba na le boikarabelo bo totobetseng ba ho etsa monehelo bakeng sa litlhoko tsa bona tse bonahalang.”—Ba-Roma 15:27, The New English Bible.
Ho Hlophisa Pokello
Pauluse o ne a laetsoe ke sehlopha se busang hore a “n’o hopola [Bakreste ba] bafumanehi.” (Ba-Galata 2:10) Kahoo o ile a romela molaetsa ho Bakreste ba Europe le Asia Minor mabapi le boemo bo neng bo le Jerusalema. Litaelo tsa Pauluse ke tsena: “Ha e le lithuso tse bokelleloang bahalaleli, le etse joale ka ha ke laetse likereke tsa Galatia. Ka tsatsi le qalang veke, e mong le e mong oa lōna a bee kathōko ha hae see a ka se bokellang, a lekanye ka see a sitsitsoeng ka sona, ho se ke ha lebelloa ho tla ha ka ho etsa likabelo.”—1 Ba-Korinthe 16:1, 2.
Ka ho hlophisa chelete ea bona ka tsela ena, ha ho ea neng a tla ikutloa a khannoa ka morao kapa a hatelletsoe ha lithuso tse bokelletsoeng li se li hlile li nkuoa. Baena ba ne ba se na tšabo ea letho ea hore chelete ea bona e ne e tla sebelisoa hampe kapa e senngoe. Ke ‘banna ba tšeptjoang’ feela ba neng ba tla lumelloa ho fetisa lichelete tse bokelletsoeng, Pauluse ka boeena a tsamaea le bona haeba hoo ho nkoa ho hlokahala.—1 Ba-Korinthe 16:3-5.
Karabelo ea Bakorinthe e bile efe? Le hoja ho bonahala eka baena ba ile ba arabela hamolemo temosong ea Pauluse, ha ho mohla lithuso tse bokelletsoeng li kileng tsa romeloa. (2 Ba-Korinthe 8:6, 10, 11) Mohlomong baholo ba ile ba tšoareha haholo ka ho tlosa ka phuthehong likhaohano, boitšoaro bo bobe, le mathata a mang ao Pauluse a neng a ba ngoletse ka ’ona.
‘Le Ateloe ke ho Fana ho Mosa’
Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Pauluse o ile a ba ngolla lengolo le leng le reng: “Banab’eso, joale re le tsebisa mohau oo Molimo o o etselitseng likereke tsa Macedonia. Ke hobane, mahareng a moleko oa mahlomola a maholo, thabo ea tsona ea ’na ea eketseha, ’me bofumanehi bo boholo ba tsona bo tšolotse monono oa ho fana ha bona. Hobane ba ithaopile ho ntša ka matla a bona—teng ke paki—le ka ho fetisa matla. Ba re qopheletse ka merapelo e mengata, hore re n’o amohela ketso eo ea mohau le ho kena ha bona lithusong tse etsetsoang bahalaleli. ’Me ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qalile ka ho ineela Morena le rōna, ka thato ea Molimo. Ra ba ra rapela Tite, ra re, ha a se a qalile, a fele a phethe ketso eo ea mohau har’a lōna. ’Me joale ka ha le atetsoe ke tsohle, ke tumelo, ke lipolelo, ke tsebo, ke mafolo-folo ’ohle, le ke lerato leo le re ratang ka lona, le fele le ateloe le ke ketso eo ea mohau [“ho fana hona ho mosa,” NW].”—2 Ba-Korinthe 8:1-7.
Mohlala oa batho ba Macedonia ba itetseng o ile oa fa Bakorinthe se sengata seo ba ka nahanang ka sona. Ho ne ho atisa ho buuoa ka Korinthe ka baka la leruo la eona, monono, le khoebo. E ka ’na eaba ba bang ba baena mono ba ne ba futsanehile ha ho bapisoa, empa ka kakaretso, ha ho pelaelo hore phutheho e ne e ruile ho feta Bakreste ba Macedonia ba neng ba le ka har’a “bofumanehi bo boholo.” Empa, batho ba Macedonia ba ile ba etsa monehelo ‘ho fetisa matla a bona.’ Ha baa ka ba hloka ho khannoa ke Pauluse hore ba etse monehelo. Ba ile ba ‘qophella’ Pauluse ‘ka merapelo’ hore ba kenye letsoho monehelong ona! Sena e ne e le bopaki ba hore kannete Bakreste ba Macedonia ba “ineela Morena [ka ho inehela ba sa itšiele letho] le [Pauluse le metsoalle ea hae],” ba ikokobeletsa tsamaiso ea bona ea puso ea Molimo.
Lerato la Bona le ho Fana ha Bona Lia Lekoa
Na Bakorinthe ba ne ba tla susumelletseha ka ho tšoanang hore ba ‘ateloe ke ho fana ho mosa’? Ha a etetse Korinthe ka lekhetlo la pele, Pauluse o ne a ile a tlameha ho iphelisa ka ho ba moetsi oa litente. (Liketso 18:1-3) O ile a tsoela pele ka mokhoa ona oa boipheliso esita le ha phutheho e ntse e hōla, a qoba ho sebelisa “tokelo” ea hae e le ’moleli oa evangeli oa nako eohle hore a fumane tšehetso ea chelete.—1 Ba-Korinthe 9:3-12.
Mohlalosi oa Bibele Thomas Scott o re: “Mohlomong, o ne a bone lintho tse ling boikutlong ba Bakreste ba Korinthe, tseo pele li ileng tsa mo susumelletsa ho hana ho amohela tšehetso efe kapa efe e tsoang ho bona.” Mohlomong ba susumelitsoe ke lerato la boikhabi la lintho tse bonahalang le neng le ba potolohile, Bakorinthe ba neng ba ruile ha ba bapisoa le ba bang ba ne ba mpa ba se na tšekamelo ea ho fana. E ka ’na eaba hape Pauluse o ne a tšaba hore Bakorinthe ba ikhopoletseng khoebo feela ba ne ba tla belaella sepheo sa hae haeba a amohela tšehetso ea chelete. E ka ’na eaba ho ne ho bile ho e-na le bao, joaloka ba bang Thessalonika, ba neng ba le botsoa ’me ba batla lebaka la ho phelisoa ke Bakreste ba habo bona.—2 Ba-Thessalonika 3:7-12.
Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba khetha ho iphelisa, “re tle re se ke ra beela Evangeli ea Kreste thibelo leha e le ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 9:12) Leha ho le joalo, ka mor’a nako Pauluse o ile a kena mathateng a lichelete, ’me molaetsa oa taba eo oa fihla ho baena ba futsanehileng ba phelang Filippi. Pauluse o ile a bolella Bakorinthe: “Ke hanyapelitse likereke tse ling ka ho amohela moputso, hore ke tle ke le sebeletse. Nakong eo ke neng ke e-na le lōna, ha kea ka ka khōka motho ha ke ne ke hloka; hobane bana babo rōna ba tsoang Masedonia [mohlomong Filippi] ba ’nile ba mphallela ka tsohle tseo ke neng ke li hloka. Joaloka nakong e fetileng, esita le ka nako e tlang, nke ke ka ba ka le imetsa.”—2 Ba-Korinthe 11:8, 9, TLP; bapisa Ba-Filippi 4:15, 16.
Ke ’nete hore Pauluse ka boeena o ile a lumela hore o ne a ke ke a ‘amohela moputso’ o tsoang ho Bakorinthe. Empa ha Pauluse a ne a leka ho hana kamohelo e mofuthu ea mosali oa Mofilippi Lydia, Lydia ‘o ile a etsa feela hore ba tle.’ (Liketso 16:15, NW) Na Bakorinthe ba ile ba bontša kameho e qophellang ka ho tšoanang bakeng sa boiketlo ba Pauluse linthong tse bonahalang? Motho oa ipotsa. Bonyane, Pauluse o ile a hlokomela hore boemo bo amang phutheho ea Jerusalema bo ne bo fana ka monyetla oa ho leka Bakorinthe ho bona hore na ba ne ba e-na le tšekamelo ea ho timana kapa ba ne ba hōlile ho faneng. Ka hona o ile a khothatsa:
“Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lōna . . . . Taba hase hore le thuse ba bang ka ho ipea tsietsing; empa ke hore ho lekanoe. Nakong ea joale nala ea lōna e ba thusa bohloking ba bona, hore le nala ea bona e tle e le thuse bohloking ba lōna. Ka tsela ena ho tla lekanoa, joalokaha ho ngotsoe, ho thoe: ‘Ea bōkeletseng haholo ha aa ka a salloa ke letho, ’me ea bōkeletseng hanyenyane ha aa ka a haelloa ke letho.’”—2 Ba-Korinthe 8:8, 13-15, TLP.
Ka ho hlakileng, Bakorinthe bao ba ile ba feta tekong ea bona ka katleho. Nakoana hamorao Pauluse o ile a tlaleha: “Hobane ba Macedonia le ba Akaia [moo Korinthe e neng e le hona teng] ba ratile ho bokella lithuso tse tla abeloa bahalaleli ba fumanehileng ba Jerusalema.”—Ba-Roma 15:26.
Ho Hlōla Teko Kajeno
Leha ho le joalo, na rōna re feta ka katleho litekong tsa lerato le ho fana tse itlhahisang kajeno? Re phela ‘mehleng eo ho leng thata ho sebetsana le eona.’ (2 Timothea 3:1-5, NW) Likhatello tsa chelete li imela ba bangata ba rōna. ’Me ka linako tse ling “takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo” li hlahisa likhatello tsa tsona. (1 Johanne 2:16) Ho bobebe hakaakang hore motho a ichebe boeena feela, a se nahanele litlhoko tsa ba bang!
Ka kakaretso, Lipaki tsa Jehova kajeno li hlōtse liteko tsa lerato la tsona la boena ka tsela e ikhethang. Ka mohlala, ka la 3 Tlhakubele, 1985, tšisinyeho ea lefatše e ile ea hlasela Santiago, Chile. Baena ba makholo-kholo ba ile ba lahleheloa ke matlo le maruo a bona. Hang-hang, liphutheho li ile tsa hlophisa mesebetsi ea liphallelo. Baena baa tlaleha: “Ka mor’a lihora feela, ba bang ba ile ba qala ho fihla ka lijo, liaparo, likobo le lintho tse ling tsa bohlokoa.” Menehelo e ne e boetse e hlaha lefatšeng ka bophara. Liketsahalo tse tšoanang li ’nile tsa etsahala ka makhetlo a mangata ho theosa le lilemo.
Empa ha ho hlokahale hore re emele tlokotsi ho paka lerato la rōna la boena. Haeba Mokreste e mong a e-na le bothata ba lichelete, re ka nahanela litlhoko tsa hae, ra etsa ho fetang feela ho re, ‘U futhumale, u khore!’ (Jakobo 2:15, 16) ’Me ho thoe’ng ka ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng ba ‘phelang ka Evangeli’? Joaloka Pauluse, batho ba joalo ha ba batle kapa hona ho lebella thuso ea chelete e tsoang ho bao ba ba sebeletsang. Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba ’nile ba susumelletseha ho bontša ho fana ho ba sebetsang ka thata ho ‘ba jalla tsa moea.’—1 Ba-Korinthe 9:11, 14.
’Me ho thoe’ng ka litlhoko tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara? 1989 Yearbook of Jehovah’s Witnesses e tlaleha hore “selemong sa tšebeletso sa 1988 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa sebelisa R74 586 692,43 bakeng sa ho hlokomela bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa, le balebeli ba tsamaeang likabelong tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo.” Hape ho ile ha hlaha litšenyehelo tse khōlō tsa ho hlokomela le ho reka mehaho ea makala, thepa, mechini, pampiri—re se re sa re letho ka litšenyehelo tsa motheo tsa ho phelisa lelapa la Bethele lefatšeng lohle, leo joale le seng le e-na le litho tse fetang 9 000! Ho phaella moo, mesebetsi e ka bang 18 ea ho haha le ho nchafatsa hona joale e ntse e tsoela pele makaleng a 19 a fapa-fapaneng, ho akarelletsa ntlo-khōlō ea rōna e Brooklyn, New York. Na u kentse letsoho ho tšehetseng ka chelete mosebetsi oo oa lefatše lohle?
Joaloka lekholong la pele la lilemo, kajeno bohle ba kenya letsoho ho hlokomeleng boikarabelo bona, ho akarelletsa ba hlokang, bao, ka menehelo ea bona e menyenyane, ba ipakileng e le mokokotlo oa tšehetso ea lichelete ho Mokhatlo. Ba bang ba ho fumana ho le molemo ho latela mohlala o behiloeng ho 1 Ba-Korinthe 16:2 ’me ka mehla ba behella ka thōko lichelete tsa botho tse tla etsoa monehelo Holong ea ’Muso ea sebaka seo. Ba bang ba ka ’na ba boela ba etsa qeto ea ho nehelana ka chelete ka ho toba ho Watch Tower Society 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201, kapa ho e ’ngoe ea liofisi tsa eona tsa makala.
Tiiseha hore Jehova o hlokomela bao, ka ho fana ha bona, ba pakang bonnete ba lerato la bona. U se ke ua ikamoha mahlohonolo! Pauluse o tšepisitse: “Molimo o na le matla a ho le atisetsa neo e ’ngoe le e ’ngoe ea mohau, le tle le be le ho lekanang ka mehla nthong tsohle, ’me le ateloe ke tseo le tlang ho etsa mesebetsi eohle e molemo ka tsona.”—2 Ba-Korinthe 9:8.
[Lebokose le leqepheng la 26]
KAMOO BA BANG BA ETSANG MONEHELO OA MOSEBETSI OA ’MUSO KA TENG
◻ LIMPHO: Menehelo ea boithatelo ea chelete e ka ’na ea romelloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201, kapa ofising ea lekala ea Mokhatlo e sebakeng sa heno. Thepa e kang litša, hammoho le mabenyane le lintho tse ling tsa bohlokoa, le eona e ka fanoa. Lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore tseo ke monehelo ka ho felletseng le lokela ho tsamaea le menehelo ena.
◻ TOKISETSO EA MONEHELO O KA BUSELETSOANG MONG’A OONA: Chelete e ka ’na ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower hore o e boloke, ka tokisetso ea hore haeba ho hlaha tlhoko ea botho, e tla khutlisetsoa ho ea faneng ka eona.
◻ INSURANCE: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ’na oa ngolisoa e le mojalefa oa insurance ea bophelo kapa oa tokisetso ea ha motho a ea phomolong/pencheleng. Mokhatlo o lokela ho tsebisoa ka litokisetso leha e le life tse joalo.
◻ CHELETE E BEHILOENG TLHOKOMELONG: Lipolokelo tsa banka li ka ’na tsa behoa tlhokomelong bakeng sa Mokhatlo. Haeba sena se etsoa, ka kōpo tsebisa Mokhatlo. Thepa ea mofuta ofe le ofe, chelete eo motho a tšepisitsoeng ho e lefuoa neng-neng nakong e tlang, le eona e ka fanoa ka tokisetso ea hore e fumantše ea faneng ka eona molemo ha a sa ntsane a phela. Mokhoa ona o qoba litšenyehelo le maemo a sa tsitsang a bopaki ba kabo ea lefa, empa o tiisa hore Mokhatlo o amohela thepa ha mong’a eona a e-shoa.
◻ LIKABO TSA LEFA: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le lefa ka lengolo le entsoeng ka molao la kabo ea lefa. Kopi e lokela ho romeloa ho Mokhatlo. (Bakeng sa Afrika Boroa, mangolo a kabo ea lefa a lokela ho romelloa ho Jehovah’s Witnesses of South Africa.)
Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng le keletso mabapi le litaba tse joalo, ngolla Ofisi ea Ramatlotlo, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Private Bag 2067, Krugersdorp, 1740, kapa ofisi ea lekala ea Mokhatlo e sebakeng sa heno.