Buka ea Bibele ea 46—1 Ba-Korinthe
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Efese
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 55 C.E.
1. Korinthe e ne e le motse oa mofuta ofe mehleng ea Pauluse?
KORINTHE e ne e le “motse o tummeng le o tletseng menate ea nama, moo bobe ba Bochabela le Bophirima bo neng bo teana teng.”a Korinthe e mochophorong o pakeng tsa Peloponnesus le karolo ea Greece eo e seng sehleke-hleke, Korinthe e ne e laola tsela e eang karolong ea naha eo e seng sehleke-hleke. Mehleng ea moapostola Pauluse, baahi ba eona ba neng ba ka ba 400 000 ba ne ba fetoa feela ke ba Roma, Alexandria, le Syria ea Antioke. Ho elella ka bochabela ho Korinthe e ne e le Leoatle la Aegean, ’me ka bophirima, e le Hlohla ea Korinthe le Leoatle la Ionia. Ka hona Korinthe, motse-moholo oa setereke sa Akaia, ka likou tsa likepe tsa eona tse peli tsa Cenkrea le Lechaeume, e ne e lutse botleng bakeng sa khoebo. Hape e ne e le setsi sa thuto sa Bagerike. Ho ’nile ha boleloa hore, “letlotlo la eona le ne le tsebisahala hoo le neng le bolelisoa hohle; ho ne ho le joalo ka bobe le boitšoaro bo fetelletseng ba baahi ba eona.”b Har’a mekhoa ea eona ea bohetene ea bolumeli ho ne ho e-na le borapeli ba Afrodite (ntho e le ’ngoe le Venus oa Baroma). Ho khotsofatsa nama e ne e le tholoana ea borapeli ba Korinthe.
2. Phutheho ea Korinthe e ile ea theoa joang, ’me ka hona ke tlamo efe eo e neng e e-na le eona le Pauluse?
2 Hoo e ka bang ka 50 C.E., moapostola Pauluse o ile a etela motseng ona oa khoebo o atlehang empa o e-na le boitšoaro bo hlephileng oa lefatše la Roma. Nakong ea likhoeli tse 18 tseo a ileng a lula teng ka eona, ho ile ha theoa phutheho ea Bokreste moo. (Lik. 18:1-11) Pauluse o ile a ikutloa a e-na le lerato le lekaakang ho balumeli bana bao e bileng eena oa pele ea ileng a isa litaba tse molemo tse buang ka Kreste ho bona! O ile a ba hopotsa ka lengolo tlamo ea moea e neng e le teng, a re: “Hobane leha le be le ka ba le baruti ba likete tse leshome ho Kreste, ha le na bo-ntat’a lōna ba bangata; hobane ke ’na ea le tsoetseng ho Jesu Kreste ka Evangeli.”—1 Ba-Kor. 4:15.
3. Ke eng e ileng ea susumelletsa Pauluse ho ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bakorinthe?
3 Kameho e tebileng ka boiketlo ba bona ba moea e ile ea susumelletsa Pauluse hore a ngole lengolo la hae la pele le eang ho Bakreste ba Korinthe ha a ntse a le leetong la hae la boromuoa la boraro. Ho ne ho fetile lilemo tse seng kae ho tloha ha a ne a lula Korinthe. Joale e ne e le hoo e ka bang ka 55 C.E., ’me Pauluse o ne a le Efese. Ho hlakile hore o ne a fumane lengolo le tsoang phuthehong e neng e le ncha haholo ea Korinthe, ’me le ne le hloka karabo. Ho feta moo, litlaleho tse tšoenyang li ne li fihlile ho Pauluse. (7:1; 1:11; 5:1; 11:18) Litlaleho tsena li ne li tepelletsa hoo moapostola a sa kang a bua le ka lengolo la bona leo ba neng ba botsa ka lona ho fihlela ha a le temaneng ea pele ea khaolo 7 ea lengolo la hae. E bile haholo ka lebaka la litlaleho tseo a neng a li fumane Pauluse a ileng a ikutloa a tlamehile ho ngolla Bakreste-’moho le eena ba Korinthe.
4. Ke eng e pakang hore Pauluse o ngotse Ba-Korinthe ba Pele a le Efese?
4 Empa re tseba joang hore Pauluse o ile a ngola Ba-Korinthe ba Pele a le Efese? Lebaka le leng ke hore, ha a qetella lengolo ka litumeliso, moapostola o akarelletsa le tsa Akila le Priska (Priscilla). (16:19) Liketso 18:18, 19 e bontša hore ba ne ba tlohile Korinthe ho ea Efese. Kaha Akila le Priscilla ba ne ba lula moo ’me Pauluse a ba akarellelitse litumelisong tse qetellang tsa Ba-Korinthe ba Pele, o tlameha e be o ne a le Efese ha a ngola lengolo lena. Leha ho le joalo, ntlha e hlakisang litaba ke polelo ea Pauluse e ho 1 Ba-Korinthe 16:8: “Empa ke tla lula Efese ho be ho fihle Pentekonta.” Ka hona Ba-Korinthe ba Pele e ile ea ngoloa ke Pauluse a le Efese, ho bonahala e ne e le ho ea qetellong ea ho lula ha hae moo.
5. Ke eng e tiisang bonnete ba mangolo a ngoletsoeng Bakorinthe?
5 Ha ho na khoao ka bonnete ba Ba-Korinthe ba Pele, le Ba-Korinthe ba Bobeli. Mangolo ana a abeloa Pauluse ’me a amoheloa e le karolo ea Mangolo a Halalelang ke Bakreste ba pele, ba ileng ba a akarelletsa lipokellong tsa bona. Ha e le hantle, ho boleloa hore Ba-Korinthe ba Pele e boleloa ka mokhoa o sa tobang e bile ho qotsoa ho eona bonyane ka makhetlo a tšeletseng lengolong le tsoang Roma le eang Korinthe la hoo e ka bang ka 95 C.E. le le bitsoang Clemente oa Pele. Ho hlakile hore o bua ka Ba-Korinthe ba Pele, mongoli enoa o phehella ba tlang ho amohela lengolo lena ho “nka epistole ea moapostola Pauluse ea lehlohonolo.”c Ba-Korinthe ba Pele e boetse e qotsoa ka ho toba ke Justin Martyr, Athenagoras, Irenaeuse, le Tertullian. Ho na le bopaki bo matla ba hore pokello, ea mangolo a Pauluse, e akarelletsang Ba-Korinthe ba Pele le ba Bobeli, “e ile ea etsoa le ho phatlalatsoa lilemong tse leshome tsa ho qetela tsa lekholo la pele la lilemo.”d
6. Ke mathata afe a neng a le teng phuthehong ea Korinthe, ’me Pauluse o ne a thahasella eng ka ho khethehileng?
6 Lengolo la pele la Pauluse ho Bakorinthe le re neha monyetla oa ho sheba ka hare ho phutheho ea Korinthe ka boeona. Bakreste bana ba ne ba e-na le mathata ao ba lokelang ho talimana le ’ona, ’me ba ne ba e-na le lipotso tse lokelang ho arabeloa. Ho ne ho e-na le lihlopha ka hare ho phutheho, hobane ba bang ba ne ba latela batho. Taba e nyarosang ea boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali e ne e hlahile. Ba bang ba ne ba phela malapeng a arohaneng bolumeling. Na ba lokela ho lula le balekane ba bona ba sa lumelang kapa ba arohane le bona? Hona ho ne ho thoe’ng ka ho ja nama e neng e entsoe sehlabelo ho melimo ea litšoantšo? Na ba lokela ho e ja? Bakorinthe ba ne ba hloka keletso mabapi le hore na ba tšoare liboka tsa bona joang, hammoho le ho ketekoa ha Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Boemo ba basali e lokela ho ba bofe ka phuthehong? Hape, ho ne ho e-na le ba bang har’a bona ba neng ba latola tsoho. Mathata a ne a le mangata. Leha ho le joalo, ho neng ho khethehile ke thahasello ea moapostola ea hore liphutheho li tsosolosehe moeeng.
7. Re lokela ho hlahloba Ba-Korinthe ba Pele ka boikutlo bofe ba kelello, hona hobane’ng?
7 Kaha maemo a neng a le ka hare ho phutheho le a neng a le tikolohong e ka ntle Korinthe ea boholo-holo, ka nala ea eona le boitšoaro ba eona bo hlephileng, a na le a tšoanang le ’ona mehleng ea kajeno, keletso e nang le litekanyetso tse phahameng eo Pauluse a ileng a e ngola tlas’a pululelo ea bomolimo e hloka hore re e ele hloko. Seo Pauluse a ileng a se bua se molemo bakeng sa mehla ea rōna hoo ho nahana ka hloko ka lengolo la hae la pele ho banab’abo ba ratoang ba Korinthe ho tla ipaka ho le molemo ka sebele. Joale hopola moea oa nakong eo le oa sebakeng seo. Nahana ka mokhoa o batlisisang, joalokaha e tlameha e be Bakreste ba Korinthe ba ile ba etsa joalo, ha re ntse re hlahloba mantsoe a kenang ka botebo, a susumetsang, le a bululetsoeng a Pauluse ho balumeli-’moho le eena ba Korinthe ea boholo-holo.
LITABA TSE KA HARE TSA BA-KORINTHE BA PELE
8. (a) Pauluse o pepesa joang booatla ba mekha ea bokhelohi ka phuthehong? (b) Pauluse o bontša hore ho hlokahala eng ho utloisisa lintho tsa Molimo?
8 Pauluse o pepesa lihlopha tsa bokhelohi, o khothalletsa bonngoe (1:1–4:21). Pauluse o lakaletsa Bakorinthe botle. Empa ho thoe’ng ka lihlopha, likarohano, tse har’a bona? “Na Kreste o khaohane na?” (1:13) Moapostola o leboha hore o kolobelitse ba fokolang haholo ka palo ho bona, kahoo ba ke ke ba bolela hore ba kolobelitsoe ka lebitso la hae. Pauluse o bolela Kreste ea khokhothetsoeng. Sena ke lebaka la ho khoptjoa ho Bajode le booatla ho lichaba. Empa Molimo o khethile lintho tse booatla le tse fokolang tsa lefatše ho soabisa tse bohlale le tse matla. Kahoo Pauluse ha a senye mantsoe empa o tlohella banab’abo hore ba bone moea le matla a Molimo ka mantsoe a hae, hore tumelo ea bona e se be bohlaleng ba batho empa matleng a Molimo. Re bua lintho tse senotsoeng ke moea oa Molimo, kamoo ho bolelang Pauluse, “hobane Moea o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Molimo.” Tsena li ke ke tsa utloisisoa ke motho oa nama empa li ka utloisisoa feela ke motho oa moea.—2:10.
9. Pauluse o bontša ka lebaka lefe hore ha ho ea lokelang ho ithorisa ka batho?
9 Ba latela batho—ba bang Apollose, ba bang Pauluse. Empa baa ke bo-mang? Ke feela basebeletsi bao Bakorinthe ba ileng ba fetoha balumeli ka bona. Ba lemang le ba nosetsang hase letho, hobane “Molimo ke oona o melisitseng,” ’me bona ke ‘ba sebetsang le oona.’ Teko ea mollo e tla paka hore na ke mesebetsi ea mang e tšoarellang. Pauluse oa ba bolella, “le tempele ea Molimo,” eo moea oa Oona o lulang ho eona. “Bohlale ba lefatše lena ke bohlanya pel’a Molimo.” Kahoo, ho se be ea ithorisang ka batho, hobane ka sebele lintho tsohle ke tsa Molimo.—3:6, 9, 16, 19.
10. Ke hobane’ng ha ho ithorisa ha Bakorinthe ho sa lokela, ’me Pauluse o nka mehato efe ho phekola boemo boo?
10 Pauluse le Apollose ke liabi tse ikokobelitseng tsa liphiri tse halalelang tsa Molimo, ’me liabi li lokela ho fumanoa li tšepahala. Banab’abo ba Korinthe ke bo-mang hore ba ka ithorisa, hona ke eng eo ba nang le eona eo ba sa kang ba e fuoa? Na e se e le barui, na ba se ba qalile ho busa e le marena, ’me kahoo ke ba bohlale haholo le ba matla, ha baapostola, ba fetohileng ba shebelloang ka lebaleng ke mangeloi le batho, e sa ntsane e le maoatla le ba fokolang, lithōle linthong tsohle? Pauluse o romela Timothea ho ea ba thusa hore ba hopole mekhoa ea hae mabapi le Kreste le hore ba fetohe baetsisi ba hae. Haeba ke thato ea Jehova, Pauluse o tla tla ka boeena haufinyane ’me a tsebe matla le puo ea bao ba ikhohomosang.
11. Ho hlahile boitšoaro bofe bo bobe har’a bona, ho tlameha ho etsoe joang ka bona, hona hobane’ng?
11 Tabeng ea ho boloka phutheho e hloekile (5:1–6:20). Ho tlalehiloe hore har’a Bakorinthe ho na le taba e sisimosang ea boitšoaro bo bobe! Monna e mong o nkile mosali oa ntat’ae. O lokela ho neheloa Satane hobane tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela. Ba tlameha ho khaotsa ho tsoakana le mang kapa mang ea ipitsang ngoan’abo bona empa a le khopo.
12. (a) Pauluse o beha lebaka lefe ka ho isana makhotleng? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a re, “Furallang bohlola”?
12 Mohlolo, Bakorinthe ba ’nile ba isana makhotleng! Na ho ka be ho sa ba molemo ho tlohella hore ba tlatlapuoe? Kaha ke bona ba tla ahlola lefatše le mangeloi, na ba ke ke ba fumana e mong har’a bona ea ka ahlolang pakeng tsa bana ba motho? Ho feta moo, ba lokela ho hloeka, hobane lihlola, ba rapelang melimo ea litšoantšo, le ba joalo ba ke ke ba ja lefa la ’Muso oa Molimo. Ke seo ba bang ho bona ba neng ba le sona, empa ba hlatsoitsoe hore ba hloeke hape ba halalelitsoe. Pauluse o re: “Furallang bohlola. . . . Le rekiloe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Molimo ka ’mele ea lōna.”—6:18, 20, BPN.
13. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a eletsa ba bang hore ba kene lenyalong? Empa hang ha ba kene lenyalong, ba lokela ho etsa eng? (b) Motho oa lesooa o “etsa hantle haholoanyane” joang?
13 Keletso mabapi le bosooa le lenyalo (7:1-40). Pauluse o araba potso ea lenyalo. Ka lebaka la ho ata ha bohlola, ho ka ’na ha e-ba molemo hore monna kapa mosali a be lenyalong, ’me ba lenyalong ha baa lokela ho timana litšoanelo tsa lenyalo. Ho molemo hore motho ea seng lenyalong le mohlolohali ba lule e le masooa, joaloka Pauluse; empa haeba ba sa khone ho itšoara, ba kene lenyalong. Hang ha ba kene lenyalong, ba lokela ho lula hammoho. Le haeba molekane oa motho e se molumeli, molumeli ha aa lokela ho tloha ho eena, hobane ka tsela eo molumeli a ka ’na a pholosa molekane ea sa lumelang. Tabeng ea lebollo le bokhoba, e mong le e mong a khotsofalle ho lula a le boemong boo a bitsitsoeng a le ho bona. Tabeng ea motho ea lenyalong, o arohane hobane o batla hore a amohelehe ho molekane oa hae, ha motho oa lesooa a chesehela feela lintho tsa Morena. Ba kenang lenyalong ha ba etse sebe, empa ba sa keneng lenyalong ba “etsa hantle haholoanyane.”—7:38, NW.
14. Pauluse o re’ng ka “melimo” le “marena,” empa ke neng e leng bohlale ho tlohela lijo tse nyehetsoeng ho melimo ea litšoantšo?
14 Ho etsa tsohle ka baka la litaba tse molemo (8:1–9:27). Ho thoe’ng ka lijo tse nyehetsoeng ho melimo ea litšoantšo? Molimo oa setšoantšo hase letho! Ho na le “melimo” e mengata le “marena” a mangata lefatšeng, empa ho Mokreste ho na le ‘Molimo o le mong feela, e leng Ntat’a rona’ le ‘Morena a le mong, Jesu Kreste.’ (8:5, 6) Empa motho e mong a ka ’na a khopeha ha a u bona u e-ja nama e neng e hlabetsoe molimo oa setšoantšo. Tlas’a maemo ana, Pauluse oa eletsa, e tlohele e le hore u se ke ua khopisa ngoan’eno.
15. Pauluse o itšoara joang tšebeletsong?
15 Pauluse o itima lintho tse ngata ka baka la tšebeletso. Joaloka moapostola, o na le tokelo ea ho ‘phela ka Evangeli,’ empa o tlohetse ho etsa joalo. Leha ho le joalo, maemo a mo tlama hore a bolele; ha e le hantle, o re, “Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli!” Ka hona o ikentse lekhoba la bohle, a ‘iketsa ntho tsohle ho bohle’ hore a “pholose ba bang,” a etsa tsohle “ka baka la Evangeli.” Hore a hlōle tlhōlisanong le ho hapa moqhaka o sa boleng, o sohloka ’mele oa hae e le hore ka mor’a ho bolella ba bang, eena ka boeena ‘a se ke a fumanoa a sa lokeloa ke ho amoheloa.’—9:14, 16, 19, 22, 23, 27.
16. (a) Bakreste ba lokela ho nka temoso efe ho “bo-ntate-moholo”? (b) Tabeng ea borapeli ba melimo ea litšoantšo, Bakreste ba ka etsa lintho tsohle tlotlisong ea Molimo joang?
16 Temoso ka lintho tse kotsi (10:1-33). Ho thoe’ng ka “bo-ntate moholo”? Bana ba bile ka tlas’a leru ’me ba kolobelletsoa ho Moshe. Boholo ba bona ha baa ka ba amoheleha ho Molimo empa ba ile ba rapalatsoa lefeelleng. Hobane’ng? Ba ile ba lakatsa lintho tse kotsi. Bakreste ba lokela ho ithuta ka sena le ho tlohela borapeli ba melimo ea litšoantšo le bohlola, le ho leka Jehova, le ho korotla. Ea nahanang hore o sa eme o lokela ho ba hlokolosi hore a se ke a oa. Teko e tla tla, empa Molimo o ke ke oa tlohela bahlanka ba oona hore ba lekoe ho feta kamoo ba ka jarang; o tla lokisetsa tsela ea ho tsoa e le hore ba ka mamella teko. Pauluse oa ngola: “Ka baka leo, . . . furallang tšebeletso ea melimo ea bohata.” (10: 1, 14, BPN) Re ke ke ra ba ba kopanelang tafoleng ea Jehova le tafoleng ea bademona. Leha ho le joalo, haeba ho ka etsahala hore u je lapeng le itseng, u se ke ua botsa hore na nama e tsoa hokae. Leha ho le joalo, haeba e mong a u eletsa hore e ne e hlabetsoe melimo ea litšoantšo, tlohela ho e ja ka lebaka la letsoalo la eo. Pauluse oa ngola: “Etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.”—10:31.
17. (a) Pauluse o beha molao-motheo ofe mabapi le bohlooho? (b) O tlamella joang taba ea likarohano ka phuthehong le ho bua ka Sejo sa Morena sa Mantsiboea?
17 Bohlooho; Sejo sa Morena sa Mantsiboea (11:1-34). Pauluse oa phatlalatsa: “Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste;” joale o tsoela pele ho beha molao-motheo oa bomolimo oa bohlooho: Hlooho ea mosali ke monna, hlooho ea monna ke Kreste, hlooho ea Kreste ke Molimo. Ka baka leo, mosali o lokela ho ba le “pontšo ea ho busoa” hloohong ea hae ha a rapela kapa a profeta ka phuthehong. Pauluse o sitoa ho babatsa Bakorinthe, hobane likarohano li teng har’a bona ha ba bokane hammoho. Boemong bona, ke joang ba ka kopanelang ka tšoanelo Sejong sa Morena sa Mantsiboea? O hlahloba se ileng sa etsahala ha Jesu a thea Sehopotso sa lefu la hae. E mong le e mong o tlameha ho itlhahlobisisa pele a kopanela, esere a itlisetsa kahlolo ka lebaka la ho hlōleha ho lemoha “’mele.”—11:1, 10, 29.
18. (a) Le hoja ho e-na le lineo le litšebeletso tse sa tšoaneng, ke hobane’ng ha ho sa lokela hore ho be le karohano ’meleng? (b) Ke hobane’ng ha lerato le le ka sehloohong?
18 Lineo tsa moea; lerato le ho le phehella (12:1–14:40). Ho na le lineo tsa moea tse sa tšoaneng, empa moea o mong; litšebeletso le tšebetso ha li tšoane, empa Morena o mong le Molimo o mong. Ka ho tšoanang ho na le litho tse ngata ’meleng o le mong o kopaneng oa Kreste, setho ka seng se hloka tse ling, joaloka ’meleng oa motho. Molimo o behile setho se seng le se seng ’meleng kamoo O ratang ka teng, ’me se seng le se seng se na le mosebetsi oa hae oo se o etsang, ka hona ‘khaohano e se ke ea e-ba teng ’meleng.’ (12:25) Basebelisi ba lineo tsa moea hase letho ha lerato le le sieo. Lerato lea mamella le mosa, ha le mōna, ha le ikhohomose. Le thabela ’nete feela. “Lerato ha le hlōlehe le ka mohla o le mong.” (13:8, NW) Lineo tsa moea, tse kang ho profeta le ho bua lipuo, li tla felisoa, empa tumelo, tšepo, le lerato lia sala. Ho tsona, lerato ke lona le leholo.
19. Pauluse o fana ka keletso efe bakeng sa ho haha phutheho le bakeng sa tokiso e laolehileng ea lintho?
19 Pauluse oa eletsa: “Phehellang lerato.” Lineo tsa moea li lokela ho sebelisoa ka lerato bakeng sa ho haha phutheho. Ka lebaka lena, ho profeta ho molemo ho feta ho bua lipuo. A ka mpa a bua mantsoe a mahlano a utloahalang ho ruta ba bang ho e-na le a likete tse leshome ka puo e sa tsejoeng. Lipuo ke pontšo ho ba sa lumelang, empa ho profeta ho molemong oa balumeli. Ha baa lokela ho ba “bana” kutloisisong ea bona ea litaba tsena. Basali bona, ba lokela ho ikokobetsa ka phuthehong. “Tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao.”—14:1, 20, 40.
20. (a) Pauluse o fana ka bopaki bofe ka tsoho ea Kreste? (b) Lethathamo leo tsoho e etsahalang ka lona ke lefe, ’me ke lira life tse tla kokobetsoa?
20 Bonnete ba tšepo ea tsoho (15:1–16:24). Kreste ea tsositsoeng o ile a hlaha ho Kefase, ho ba 12, ho banab’abo ba ka fetang 500 ka nako e le ’ngoe, ho Jakobo, ho baapostola bohle, ’me qetellong ho Pauluse. Pauluse oa ngola: ‘Haeba Kreste ha a ka a tsosoa, thuto le tumelo tsa rōna ke lefeela.’ (15:14) E mong le e mong o tsosoa ho latela moo a tšoanelang ho ba teng, Kreste ke tholoana ea pele, ka morao ke bao e leng ba hae nakong ea ho ba teng ha hae. Qetellong o nehelana ka ’Muso ho Ntat’ae ka mor’a hore lira tsohle li behoe tlas’a maoto a hae. Le lefu, sera sa ho qetela, le tla etsoa lefeela. Molemo ke ofe oa hore Pauluse ka mehla a talimane le litlokotsi tsa lefu haeba tsoho e le sieo?
21. (a) Ba tla ja lefa la ’Muso oa Molimo ba tla tsosoa joang? (b) Pauluse o senola sephiri sefe se halalelang, hona o re’ng ka ho hlōloa ha lefu?
21 Empa bafu ba tla tsosoa joang? Hore semela se tle se hōle, thokoloana e jetsoeng e tlameha ho shoa. Ho joalo le ka tsoho ea bafu. “O jaloa e le ’mele oa nama, o tla tsoha e le ’mele oa moea. . . . Nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo.” (15:44, 50) Pauluse o bolela sephiri se halalelang: Hase bohle ba tla robala lefung, empa nakong ea terompeta ea ho qetela, ba tla fetoloa ka ho panya ha leihlo. Ha sena se shoang se apara se sa shoeng, lefu le tla metsoa ka ho sa feleng. “Uena lefu, tlhōlo ea hao e hokae? Uena lefu, motsu oa hao o hokae?” Pauluse o bua ho tloha botebong ba pelo: “A re leboheng Molimo ea re neileng ho hlōla ka Morena oa rōna Jesu Kreste.”—15:55, 57, BPN.
22. Pauluse o fana ka keletso efe ea ho qetela le khothatso?
22 Ha a qetella Pauluse o eletsa hore ho be le taolo ha ho bokelloa menehelo e tla romeloa Jerusalema ho thusa banab’abo ba hlokang. O bolela ka leeto la hae le tlang leo ho lona a tla pota Macedonia ’me o bontša hore Timothea le Apollose le bona ba ka ’na ba chaka. Pauluse oa khothatsa: “Falimehang, le tiee tumelong; le etse ka senna, le matlafale. Litaba tsohle tsa lōna li etsoe ka lerato.” (16:13, 14) Pauluse o fetisa litumeliso tse tsoang liphuthehong tsa Asia, ’me joale o ngola tumeliso ea ho qetela ka letsoho la hae, a fetisa lerato la hae.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
23. (a) Pauluse o bontša joang liphello tse kotsi tsa takatso e fosahetseng le ho itšepa? (b) Pauluse o supa matla afe ha a eletsa ka Sejo sa Morena sa Mantsiboea le ka lijo tse loketseng?
23 Lengolo lena la moapostola Pauluse le molemo ka ho fetisisa ho atoloseng kutloisiso ea rōna ea Mangolo a Seheberu, ao le qotsang ho ’ona ka makhetlo a mangata. Khaolong ea leshome, Pauluse o bontša hore Baiseraele tlas’a Moshe ba noele lefikeng la moea, le neng le bolela Kreste. (1 Ba-Kor. 10:4; Num. 20:11) Joale o tsoela pele ho supa liphello tse bohloko tsa ho lakatsa lintho tse kotsi, joalokaha ho bonoa ka Baiseraele tlas’a Moshe, ’me oa eketsa: “Efela taba tseo tsohle li ne li ba hlahele hore e be litemoso, ’me li ngoliloe hore re ithute ka tsona, rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.” Le ka mohla re se ke ra itšepa, re nahana hore re ke ke ra oa! (1 Ba-Kor. 10:11, 12; Num. 14:2; 21:5; 25:9) Hape, o etsa papiso ka se leng Molaong. O bua ka mahlabelo a kopanelo Iseraeleng ho bontša kamoo ba kopanelang Sejong sa Morena sa Mantsiboea ba lokelang ho kopanela ka mokhoa o tšoanelang tafoleng ea Jehova. Joale, ho tšehetsa lebaka la hae la hore ho loketse ho ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rekisoang ’marakeng oa nama, o qotsa ho Pesaleme ea 24:1, a re, “Lefatše ke la Morena [Jehova], le ho tlala ha lona.”—1 Ba-Kor. 10:18, 21, 26; Ex. 32:6; Lev. 7:11-15.
24. Ke eng seo Pauluse a se supang hape ka Mangolong a Seheberu ho tšehetsa mabaka a hae?
24 Ha a bontša bophahamo ba “taba tseo Molimo o li lokiselitseng ba o ratang” le lefeela la “mehopolo ea ba bohlale” ba lefatše lena, Pauluse o boetse o qotsa Mangolong a Seheberu. (1 Ba-Kor. 2:9; 3:20; Esa. 64:4; Pes. 94:11) E le bopaki ba matla a taeo ea hae ho khaolo 5 tabeng ea ho khaola mofosi, o qotsa molao oa Jehova oa ho ‘tlosa bobe har’a lōna.’ (Deut. 17:7) Ha a tšohla tokelo ea hae ea ho phela ka tšebeletso, Pauluse o boetse o supa Molaong oa Moshe, o neng o bolela hore liphoofolo tse sebetsang ha lia lokela ho tlangoa molomo ho li thibela ho ja le hore Balevi ba neng ba le tšebeletsong ea tempele ba ne ba lokela ho amohela likabelo tsa bona aletareng.—1 Ba-Kor. 9:8-14; Deut. 25:4; 18:1.
25. Tse ling tsa lintlha tse hlahelletseng tsa taeo e molemo e ka ho Ba-Korinthe ba Pele ke life?
25 Ke melemo e mekaakang ea taeo e bululetsoeng eo re e fumaneng lengolong la pele la Pauluse le eang ho Bakreste ba Korinthe! Nahanisisa ka keletso e fanoeng khahlanong le likarohano le ho latela batho. (Likhaolo 1-4) Hopola taba ea boitšoaro bo bobe le kamoo Pauluse a ileng a hatisa bohlokoa ba bokhabane le bohloeki ka hare ho phutheho. (Likhaolo, 5, 6) Nahana ka keletso ea hae e bululetsoeng mabapi le bosooa, lenyalo, le karohano. (Khaolo 7) Nahana ka ho tšohla ha moapostola taba ea lijo tse neng li nyehetsoe ho melimo ea litšoantšo hammoho le kamoo tlamo ea ho alosa ho se khopise ba bang le ho oela bohloleng li ileng tsa totobatsoa ka matla ka teng. (Likhaolo 8-10) Keletso e mabapi le boikokobetso bo loketseng, tlhahlobo ea lineo tsa moea, puisano eane e thusang ka ho fetisisa ea botle ba tšoaneleho ea ho mamella, le ho se hlōlehe ha lerato—lintho tsena le tsona li hlahlobiloe. ’Me moapostola o hatisa hantle hakaakang bohlokoa ba taolo libokeng tsa Bokreste! (Likhaolo 11-14) O emetse tsoho hantle hakaakang ha a ngola tlas’a pululelo! (Khaolo 15) Sena sohle le se seng se fetang mona se bonahetse ka pel’a leihlo la kelello—’me ke sa bohlokoa haholo ho Bakreste mehleng ea rōna!
26. (a) Ke mosebetsi ofe oo e leng khale o boletsoe oo Kreste ea tsositsoeng a o finyellang ha a busa e le Morena? (b) Motheong oa tšepo ea tsoho, Pauluse o fana ka khothatso efe e matla?
26 Lengolo lena le eketsa ho hongata kutloisisong ea rōna ea sehlooho se khanyang sa Bibele sa ’Muso oa Molimo. Le fana ka temoso e matla haholo ea hore batho ba sa lokang ba ke ke ba kena ’Musong, ’me le thathamisa bobe bo bongata bo neng bo ka etsa hore motho a se ke a tšoaneleha. (1 Ba-Kor. 6:9, 10) Empa habohlokoahali, le hlalosa kamano pakeng tsa tsoho le ’Muso oa Molimo. Le bontša hore Kreste, “litholoana tsa pele” tsa tsoho, o tlameha a “buse e le morena ho fihlela ha Molimo o behile lira tsohle ka tlas’a maoto a hae.” Joale, ha o kokobelitse lira tsohle, ho akarelletsa lefu, “o nehelana ka ’muso ho Molimo oa hae le Ntat’ae, . . . hore Molimo e ka ba tsohle ho bohle.” Qetellong, phethahatsong ea tšepiso ea ’Muso e entsoeng Edeneng, Kreste, a e-na le banab’abo ba moea ba tsositsoeng o finyella ho khoba hlooho ea Noha ka ho felletseng. Tebello ea tsoho ea ba nang le kabelo ho se boleng le Kreste Jesu ’Musong oa leholimo e khōlō ka sebele. Ke motheong oa tšepo ena ea tsoho Pauluse a eletsang: “Ka baka leo, banab’eso ba ratoang, tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi oa lōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.”—1 Ba-Kor. 15:20-28, 58; Gen. 3:15; Ba-Roma 16:20.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Halley’s Bible Handbook, 1988, H. H. Halley, leqephe 593.
b Dictionary of the Bible ea Smith, 1863, Moq. 1, leqephe 353.
c The Interpreter’s Bible, Moq. 10, 1953, leqephe 13.
d The Interpreter’s Bible, Moq. 9, 1954, leqephe 356.