Molao oa Kreste
“Ke . . . tlas’a molao mabapi le Kreste.”—1 BAKORINTHE 9:21.
1, 2. (a) Liphoso tse ngata tsa moloko oa batho li ka be li thibetsoe joang? (b) Bokreste-’mōtoana bo ile ba hlōleha ho ithuta eng historing ea Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda?
“BATHO le mebuso le ka mohla ha ba e-s’o ithute letho historing kapa hona ho nka bohato ka melao-motheo e fumanoeng ho eona.” Ho boletse joalo rafilosofi oa Mojeremane oa lekholong la bo19 la lilemo. Ka sebele, tsela ea histori ea batho e ’nile ea hlalosoa e le “booatla bo tsoelang pele,” letoto la liphoso tse mpe haholo le maqakabetsi, tseo bongata ba tsona li ka beng li thibetsoe hoja moloko oa batho o ne o kile oa ikemisetsa ho ithuta ka liphoso tsa nakong e fetileng.
2 Ho hana ho ithuta ka liphoso tsa nakong e fetileng hona ho totobalitsoe puisanong ena ea molao oa bomolimo. Jehova Molimo o ile a nkela Molao oa Moshe sebaka ka o bileng o leng molemonyana—molao oa Kreste. Empa, baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, ba ipolelang hore ba ruta molao ona le ho phela tumellanong le oona, ba hlōlehile ho ithuta booatleng bo tšabehang ba Bafarisi. Ka hona Bokreste-’mōtoana bo sothile molao oa Kreste le ho o sebelisa hampe, hantle feela joalokaha Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e ile ea etsa ka Molao oa Moshe. Seo se ne se ka etsahala joang? Taba ea pele, a re hlahlobeng molao ona ka booona—seo o leng sona, bao o ba laolang le kamoo o khethollohileng Molaong oa Moshe le se o khethollang ho oona. Joale re tla hlahloba kamoo Bokreste-’mōtoana bo o sebelisitseng hampe kateng. Kahoo e se eka re ka ithuta historing ’me ra fumana molemo ho eona!
Selekane se Secha
3. Jehova o ile a etsa tšepiso efe mabapi le selekane se secha?
3 Ke mang ea neng a ka ntlafatsa Molao o phethahetseng haese Jehova Molimo? Selekane sa Molao oa Moshe se ne se phethahetse. (Pesaleme ea 19:7) Leha ho le joalo, Jehova o ile a tšepisa: “Bonang, . . . ho tla matsatsi ao ka ’ona ke tlang ho etsa selekane se secha le ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda; e seng joalo ka selekane seo ke se entseng le bo-ntat’a bona moholo.” Melao e Leshome—moko-taba oa Molao oa Moshe—e ne e ngotsoe matlapeng. Empa ka selekane se secha, Jehova o itse: ‘Ke tla ngola molao oa ka ka hare ho bona, ke o ngole lipelong tsa bona.’—Jeremia 31:31-34.
4. (a) Ke Iseraele efe e amehang selekaneng se secha? (b) Ntle le Iseraele ea moea ke bo-mang hape ba tlas’a molao oa Kreste?
4 Ke bo-mang ba neng ba tla nkeloa selekaneng see se secha? Ka sebele e ne e ke ke ea e-ba “ntlo [ea sebele] ea Iseraele,” e ileng ea hana Mokena-lipakeng oa selekane sena. (Baheberu 9:15) Che, “Iseraele” ena e ncha e ne e tla ba “Iseraele ea Molimo,” sechaba sa Iseraele ea moea. (Bagalata 6:16; Baroma 2:28, 29) Hamorao “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle boo le bona bo neng bo tla batla ho rapela Jehova, bo ne bo tla ikopanya le sehlopha sena sa Bakreste se senyenyane, se tlotsitsoeng ka moea. (Tšenolo 7:9, 10; Zakaria 8:23) Le hoja e se karolo ea selekane sena se secha le bona molao o ne o tla ba tlama. (Bapisa le Levitike 24:22; Numere 15:15.) Joaloka “mohlape o le mong” o tlas’a “molisa a le mong,” kaofela ba ne ba tla ba “tlas’a molao mabapi le Kreste,” joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngola. (Johanne 10:16; 1 Bakorinthe 9:21) Pauluse o ile a bitsa selekane sena se secha ‘selekane se molemonyana.’ Hobane’ng? Taba ea pele, se thehiloe litšepisong tse phethahetseng ho e-na le ho thehoa liriting tsa lintho tse tlang ho tla.—Baheberu 8:6; 9:11-14.
5. Morero oa selekane se secha ke ofe, ’me ke hobane’ng ha o tla atleha?
5 Sepheo sa selekane see ke sefe? Ke ho hlahisa sechaba sa marena le baprista ba tla hlohonolofatsa moloko oohle oa batho. (Exoda 19:6; 1 Petrose 2:9; Tšenolo 5:10) Selekane sa Molao oa Moshe le ka mohla ha sea ka sa hlahisa sechaba sena ka kutloisiso e feletseng, hobane Baiseraele kaofela e ile ea e-ba marabele ’me ba lahleheloa ke monyetla oa bona. (Bapisa le Baroma 11:17-21.) Leha ho le joalo, ka sebele selekane se secha se tla atleha, hobane se amana le molao oa mofuta o fapaneng haholo. O fapane ka litsela life?
Molao oo e Leng oa Tokoloho
6, 7. Molao oa Kreste o fana ka tokoloho e khōloanyane ho feta eo Molao oa Moshe o ileng oa fana ka eona joang?
6 Molao oa Kreste o atisa ho amahanngoa le tokoloho. (Johanne 8:31, 32) O boleloa e le “molao oa batho ba lokolohileng” le ‘molao o phethahetseng oo e leng oa tokoloho.’ (Jakobo 1:25; 2:12) Ho hlakile hore tokoloho eohle ea batho e lekanyelitsoe. Ho ntse ho le joalo, molao ona o fana ka tokoloho e khōloanyane ho feta o tlileng pele ho oona, e leng Molao oa Moshe. Ka tsela efe?
7 Ka mohlala, ha ho motho ea tsoalloang tlas’a molao oa Kreste. Lintlha tse joaloka morabe le sebaka seo motho a hlahetseng ho sona ha li sebetse. Bakreste ba ’nete ka bolokolohi ba khetha ka lipelong tsa bona ho amohela joko ea ho mamela molao ona. Ka ho etsa joalo, ba fumana hore ke joko e mosa, mojaro o bobebe. (Matheu 11:28-30) Etsoe Molao oa Moshe le oona o ne o etselitsoe ho ruta motho hore ke moetsalibe ’me o hloka ka matla sehlabelo sa thekollo ho mo lopolla. (Bagalata 3:19) Molao oa Kreste o ruta hore Mesia o tlile, a lefa theko ea thekollo ka bophelo ba hae, ’me a re bulela tsela ea ho lokoloha khatellong e matla ea sebe le lefu! (Baroma 5:20, 21) E le hore re ka fumana molemo, ho hlokahala hore re ‘sebelise tumelo’ sehlabelong seo.—Johanne 3:16.
8. Molao oa Kreste o akarelletsa eng, empa ke hobane’ng ha ho phela ka oona ho sa hloke ho tseba melaoana e makholo ka hlooho?
8 ‘Ho sebelisa tumelo’ ho akarelletsa ho phela tumellanong le molao oa Kreste. Seo se akarelletsa ho mamela litaelo tsohle tsa Kreste. Na see se bolela ho tseba ka hlooho melao le melaoana e makholo? Che. Le hoja Moshe, mokena-lipakeng oa selekane sa khale, a ile a ngola Molao oa Moshe, Jesu, Mokena-lipakeng oa selekane se secha, le ka mohla ha aa ka a ngola molao le o mong. Ho e-na le hoo, o ile a phela ka molao ona. Ka tsela ea hae ea bophelo e phethahetseng, o ile a behela bohle mohlala hore ba o latele. (1 Petrose 2:21) Mohlomong ke ka lebaka leo borapeli ba Bakreste ba pele bo neng bo bitsoa “Tsela Eo.” (Liketso 9:2; 19:9, 23; 22:4; 24:22) Ho bona, molao oa Kreste o ne o behetsoe mohlala ke bophelo ba Kreste. Ho etsisa Jesu ho ne ho bolela ho mamela molao ona. Lerato la bona le matla bakeng sa hae le ne le bolela hore ruri molao ona o ne o ngotsoe lipelong tsa bona, joalokaha ho profetiloe. (Jeremia 31:33; 1 Petrose 4:8) ’Me ea mamelang ka lebaka la lerato le ka mohla ha a ikutloe a hateletsoe—e leng lebaka le leng leo ka lona molao oa Kreste o ka ’nang oa bitsoa “molao oa batho ba lokolohileng.”
9. Taba-taba e ka sehloohong ea molao oa Kreste ke efe, ’me molao oo o akarelletsa taelo e ncha ka tsela efe?
9 Haeba lerato e ne e le la bohlokoa Molaong oa Moshe, ke lona taba-taba e ka sehloohong ea molao oa Bokreste. Ka tsela eo, molao oa Kreste o akarelletsa taelo e ncha—Bakreste ba lokela ho ba le lerato la boitelo e mong ho e mong. Ba lokela ho rata joalokaha Jesu a entse; ka ho rata o ile a tela bophelo ba hae bakeng sa metsoalle ea hae. (Johanne 13:34, 35; 15:13) Ka hona ho ka ’na ha boleloa hore molao oa Kreste hape ke pontšo e phahameng haholoanyane ea puso ea bomolimo ho feta kamoo Molao oa Moshe o neng o le kateng. Joalokaha makasine ena e bontšitse pele: “Puso ea bomolimo ke puso ka Molimo; Molimo ke lerato; ka hona puso ea bomolimo ke puso ka lerato.”
Jesu le Bafarisi
10. Thuto ea Jesu e ne e hanyetsana le ea Bafarisi joang?
10 Joale hase ho makatsang hore ebe Jesu o ile a hanyetsana le baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba mehleng ea hae. ‘Molao o phethahetseng oo e leng oa tokoloho’ o ne o le hōle-hōle le likelello tsa bangoli le Bafarisi. Ba ile ba leka ho laola batho ka litaelo tse entsoeng ke batho. Thuto ea bona e ile ea e-ba e hatellang, e nyatsang, e fosahetseng. Ho fapana le hoo, thuto ea Jesu e ne e haha ebile e nepahetse ka ho hlollang! O ne a talima lintho ka tsela ea sebele a bile a lebisa tlhokomelo litlhokong tsa batho tsa sebele le ho seo ba amehileng ka sona. O ne a ruta ka tsela e bonolo le ka boikutlo ba sebele, a sebelisa litšoantšo tse tsoang bophelong ba letsatsi le letsatsi a bile a etsa liqeto ho latela matla a ho laela a Lentsoe la Molimo. Kahoo, “bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” (Matheu 7:28) E, thuto ea Jesu e ile ea finyella lipelo tsa bona!
11. Jesu o ile a bontša joang hore Molao oa Moshe o lokela hore ebe o ile oa sebelisoa ka ho nahanela maemo le ka mohau?
11 Ho e-na le ho kenyelletsa litaelo tse eketsehileng Molaong oa Moshe, Jesu o ile a bontša kamoo Bajuda ba neng ba lokela hore ebe ba ’nile ba sebelisa Molao oo ka nako ena eohle—e leng ka ho nahanela maemo le ka mohau. Ka mohlala, hopola nakong eo ka eona a neng a atameloa ke mosali ea nang le phallo ea mali. Ho latela Molao oa Moshe, mang kapa mang eo a neng a mo ama o ne a tla ba litšila, ka hona ka sebele o ne a sa lokela ho ba ka har’a batho ba bangata! (Levitike 15:25-27) Empa o ne a chesehela ho phekoloa hoo a ileng a fohla batho ba bangata a ba a ama seaparo sa Jesu se kantle. Phallo ea mali e ile ea emisa hang-hang. Na o ile a mo khalemela ka matla bakeng sa ho tlōla Molao? Che; ho e-na le hoo, o ile a utloisisa boemo ba hae ba tsieleho ’me a bontša taelo ea Molao e khōlō ka ho fetisisa—e leng lerato. A ipehile boemong ba hae, o ile a mo bolella: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u be le bophelo bo botle ho tloha boloetseng ba hao bo bakang mesarelo.”—Mareka 5:25-34.
Na Molao oa Kreste o Lumella Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe?
12. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nka hore Kreste o lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe? (b) Ke’ng se bontšang hore ho etsoa ha melao e mengata ho lebisa ho hlahisoeng ha likheo tse ngata?
12 Na joale re lokela ho etsa qeto ea hore kaha molao oa Kreste ‘ke oa tokoloho,’ o lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ha Bafarisi ka melao eohle ea bona ea molomo, bonyane ba ne ba boloka boitšoaro ba batho ka har’a mekoallo e thata? Che. Mananeo a molao kajeno a bontša hore hangata ha melao e eketseha le batho ba fumana likheo tse ngata ho eona.a Mehleng ea Jesu bongata ba melao ea Bafarisi bo ne bo khothalletsa ho batla likheo, ho etsa mesebetsi mabalankoe ntle ho lerato le ho hlaolela ho iketsa ea lokileng kantle, ho pata bobolu bo ka hare.—Matheu 23:23, 24.
13. Ke hobane’ng ha molao oa Kreste o fella ka tekanyetso e phahameng haholoanyane ea boitšoaro ho feta melao leha e le efe e ngotsoeng?
13 Ho e-na le hoo, molao oa Kreste ha o tšehetse maikutlo a joalo. Ha e le hantle, ho mamela molao o thehiloeng leratong la Jehova le o mameloang ka ho etsisa lerato la Kreste le itellang ba bang, ho fella ka tekanyetso ea boitšoaro e phahameng haholoanyane ho feta ho latela molao o hlomamisitsoeng. Lerato ha le batle likheo; le re thibela ho etsa lintho tse kotsi tseo molao o ka ’nang oa se li thibele ka ho hlakileng. (Bona Matheu 5:27, 28.) Kahoo, molao oa Kreste o tla re susumelletsa ho etsetsa ba bang lintho—ho fana ka seatla se bulehileng, ho amohela baeti ka mofuthu le ho ba le lerato—ka litsela tseo ho seng molao leha e le ofe o hlomamisitsoeng o neng o ka re etsa hore re etse joalo.—Liketso 20:35; 2 Bakorinthe 9:7; Baheberu 13:16.
14. Ho phela tumellanong le molao oa Kreste ho bile le phello efe phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo?
14 Ho ea bohōleng boo ho bona litho tsa eona li neng li phela tumellanong le molao oa Kreste, phutheho ea pele ea Bokreste e ne e thabela tikoloho e mofuthu, e lerato e batlang e lokolohile maikutlong a ho se tenyetsehe, a ho tšoaea-tšoaea liphoso le ho ikaketsa a neng a atile lisynagogeng tsa mehleng eo. Litho tsa liphutheho tsena tse sa tsoa thehoa li tlameha hore ka sebele li be li ile tsa utloisisa hore li phela ka “molao oa batho ba lokolohileng”!
15. Bo bong ba boiteko ba pele ba Satane ba ho senya phutheho ea Bokreste e ne e le bofe?
15 Leha ho le joalo, Satane o ne a laba-labela ho senya phutheho ea Bokreste ka hare, hantle feela joalokaha a ne a ile a senya sechaba sa Iseraele. Moapostola Pauluse o ile a lemosa ka batho ba kang liphiri ba neng ba tla ‘bua lintho tse sothehileng’ le ho hatella mohlape oa Molimo. (Liketso 20:29, 30) O ne a lokela ho loana le Ba Tšehetsang Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, ba neng ba batla ho tloha bolokolohing bo lekanyelitsoeng ba molao oa Kreste hore ba kene bokhobeng ba Molao oa Moshe, o neng o phethahalitsoe ka Kreste. (Matheu 5:17; Liketso 15:1; Baroma 10:4) Ka mor’a hore moapostola oa ho qetela a shoe, ho ne ho se ho se na thibelo khahlanong le bokoenehi bo joalo. Ka hona tšenyeho e ile ea ata.—2 Bathesalonika 2:6, 7.
Bokreste-’mōtoana bo Silafatsa Molao oa Kreste
16, 17. (a) Tšenyeho e ile ea nka libōpeho life Bokreste-’mōtoaneng? (b) Melao ea Kereke e K’hatholike e ile ea khothalletsa joang pono e khopameng ea likamano tsa botona le botšehali?
16 Joaloka Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda, tšenyeho e ile ea nka libōpeho tse fetang se le seng Bokreste-’mōtoaneng. Le bona bo ile ba oela lithutong tsa bohata le boitšoarong bo hlephileng. ’Me boiteko ba bona ba ho sireletsa mohlape oa bona litšusumetsong tse kantle hangata bo ile ba ipaka e le bo senyang mesaletseng leha e le efe ea borapeli bo hloekileng. Melao e thata le eo e seng ea Mangolo e ile ea ata.
17 Kereke e K’hatholike e bile e ka sehloohong tabeng ea ho qapa likarolo tse khōlōhali tsa molao oa kereke. Melao ena ka ho khetheha e ne e khopamisitsoe litabeng tse mabapi le likamano tsa botona le botšehali. Ho latela buka ea Sexuality and Catholicism, kereke e ile ea amohela filosofi ea Magerike ea Bastoike, e neng e belaella mefuta eohle ea menyaka. Kereke e ile ea ruta hore monyaka oohle oa likamano tsa botona le botšehali, ho akarelletsa le likamano tse tloaelehileng lenyalong, ke sebe. (Bapisa le Liproverbia 5:18, 19.) Ho ne ho boleloa hore likamano tsa botona le botšehali li etsoa ka morero oa ho ba le bana feela, e seng ka lebaka leha e le lefe le leng. Kahoo molao oa kereke o ile oa nyatsa mofuta ofe kapa ofe oa ho thibela kemolo e le sebe se tebileng haholo, ka linako tse ling se hlokang lilemo tse ngata tsa pontšo ea tšoabo. Ho feta moo, baprista ba ne ba haneloa ho nyala, e leng taelo e ileng ea etsa hore ho be le likamano tsa botona le botšehali tse sa lokelang, ho akarelletsa le ho hlekefetsoa ha bana.—1 Timothea 4:1-3.
18. Ho eketsoa ha melao ea kereke ho ile ha fella ka eng?
18 Ha melao ea kereke e ntse e eketseha, e ile ea hlophisoa ka libuka. Li ile tsa qala ho pupetsa Bibele le ho nka sebaka sa eona. (Bapisa le Matheu 15:3, 9.) Joaloka Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, Bok’hatholike bo ne bo sa tšepe lingoliloeng tsa lefatše ’me bo nka hore boholo ba tsona ke tšokelo. Kapele pono ena e ile ea fetela ka ’nģane ho temoso ea Bibele e utloahalang tabeng ena. (Moeklesia 12:12; Bakolose 2:8) Jerome, mongoli oa kereke oa lekholong la bone la lilemo C.E., o ile a hooa: “Oho Morena, haeba le ka mohla nka boela ka ba le libuka tsa lefatše kapa ka li bala, ke u latotse.” Ha nako e ntse e feta, kereke e ile ea ipha mosebetsi oa ho thibela libuka—esita le tsa litaba tsa lefatše. Kahoo molepi oa linaleli oa lekholong la bo17 la lilemo Galileo o ile a ahloloa ka lebaka la ho ngola ka taba ea hore lefatše le potoloha letsatsi. Ho phehella ha kereke ho ba le matla a ho laela a ho qetela nthong e ’ngoe le e ’ngoe—esita le lipotsong tse mabapi le bolepi ba linaleli—qetellong ho ne ho tla fokolisa tumelo Bibeleng.
19. Matlo a baitlami a ile a ntšetsa pele bompoli joang?
19 Ho etsa melao ha kereke ho ile ha atleha matlong a baitlami, moo baitlami ba banna ba neng ba ikarola lefatšeng lena ho phela ka ho itima lintho tse itseng. Matlong a mangata a baitlami ba Mak’hatholike ho ile ha khomareloa “Puso ea St. Benedict.” Abbot (lentsoe le nkiloeng lentsoeng la Searame bakeng sa “ntate”) o ne a etsa liqeto ka matla a ho laela a feletseng. (Bapisa le Matheu 23:9.) Haeba moitlami oa monna a ne a fumana mpho e tsoang ho batsoali ba hae, abbot o ne a etsa qeto ea hore na e ne e tla fuoa moitlami eo kapa e fuoe e mong osele. Ntle le ho nyatsa lintho tse litšila, molao o mong o ne o hanela moqoqo feela tjee le mesoaso, o re: “Ha ho morutuoa ea tla bua lintho tse joalo.”
20. Ke’ng se bontšang hore Boprostanta le bona bo ipakile bo e-na le tsebo ea bompoli bo sa lumellaneng le Mangolo?
20 Boprostanta, bo ileng ba leka ho fetola lintho tse ngata tseo e seng tsa Mangolo tsa Bok’hatholike, kapele ka ho tšoanang bo ile ba e-ba le tsebo ea ho etsa melao e hatellang e sa thehoang molaong oa Kreste. Ka mohlala, raliphetoho ea ka sehloohong John Calvin o ile a bitsoa “moetsi oa melao e nchafalitsoeng ea Kereke.” O ile a busa Geneva ka melao e mengata e thata-thata e neng e qobelloa ke “Baholo” bao Calvin a ileng a hlalosa hore “mosebetsi” oa bona “ke ho lebela bophelo ba e mong le e mong.” (Bapisa le 2 Bakorinthe 1:24.) Kereke e ne e laola matlo a baeti ’me e laela hore na ke meqoqo efe e neng e lumeletsoe. Ho ne ho e-na le likotlo tse boima bakeng sa litlōlo tse joaloka ho bina lipina feela tjee tsa thabo kapa ho tantša.b
Ho Ithuta Liphosong Tsa Bokreste-’mōtoana
21. Liphello tse akaretsang tsa tšekamelo ea Bokreste-’mōtoana ea ho “fetela ka ’nģane ho lintho tse ngoliloeng” e bile life?
21 Na melao ee kaofela e ile ea sebeletsa ho sireletsa Bokreste-’mōtoana tšenyehong? Le hanyenyane! Kajeno Bokreste-’mōtoana bo arohile ka malumeli a makholo, ho tloha ho a sa tenyetseheng ka ho feteletseng ho ea ho a lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho feteletseng. Kaofela ha ’ona, ka tsela ena kapa eane a ‘fetetse ka ’nģane ho lintho tse ngoliloeng,’ a lumella monahano oa batho ho laola mohlape le ho kena-kenana le molao oa bomolimo.—1 Bakorinthe 4:6.
22. Ke hobane’ng ha ho hloka botšepehi ha Bokreste-’mōtoana ho sa ka ha bolela ho fela ha molao oa Kreste?
22 Leha ho le joalo, histori ea molao oa Kreste ha e felle ka koluoa. Le ka mohla Jehova Molimo a ke ke a lumella batho feela tjee hore ba felise molao oa bomolimo. Molao oa Bokreste o ntse o sebetsa ka matla kajeno har’a Bakreste ba ’nete, ’me ba na le tokelo e khōlō ea ho phela tumellanong le oona. Empa ka mor’a ho hlahloba seo Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda le Bokreste-’mōtoana li se entseng ka molao oa bomolimo, ho ka ’na ha e-ba molemo hore re botse, ‘Re phela tumellanong le molao oa Kreste joang ha re ntse re qoba leraba la ho senya Lentsoe la Molimo ka monahano oa batho le melao e nyatsang oona morero oa molao oa bomolimo? Ke pono efe e leka-lekaneng eo molao oa Kreste o lokelang ho e kenya ka ho rōna kajeno?’ Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bafarisi ba ne ba ikarabella haholo ka sebōpeho sa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e leng teng kajeno, ka hona ha ho makatse hore ebe Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e ntse e batla likheo lithibelong tsa eona tse ngata tsa Sabatha tse kenyelelitsoeng. Ka mohlala, motho ea etelang sepetlele sa Bajuda sa orthodox ka Sabatha a ka ’na a fumana hore lift ea ikemisa mokatong o mong le o mong e le hore ba e palameng ba ka qoba ho etsa “mosebetsi” oo e leng sebe oa ho penya konopo ea lift. Lingaka tse ling tsa orthodox li ngola meriana ka enke e tla hlakoha ka mor’a matsatsi a seng makae. Hobane’ng? Mishnah e beha ho ngola sehlopheng sa “mosebetsi,” empa e hlalosa “ho ngola” e le ho siea letšoao le tšoarellang.
b Servetus, ea ileng a hanyetsa maikutlo a mang a thuto ea bolumeli ea Calvin, o ile a chesoa thupeng e le mokhelohi.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Taba-taba e ka sehloohong ea molao oa Kreste ke efe?
◻ Mokhoa oa Jesu oa ho ruta o ne o fapane joang le oa Bafarisi?
◻ Satane o ile a sebelisa tšekamelo ea ho se tenyetsehe ha ho etsoa melao joang ho senya Bokreste-’mōtoana?
◻ Liphello tse ling tse molemo tsa ho phela tumellanong le molao oa Kreste ke life?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Jesu o ile a sebelisa Molao oa Moshe ka tsela e nahanelang maemo le ka mohau