Ho Hlōla Mefokolo ea Nama
“Ho beha kelello [linthong tsa nama] ho bolela lefu.”—BAROMA 8:6.
1. Batho ba bang ba talima ’mele oa nama joang, hona ke potso efe e lokelang ho nahanoa ka hloko?
“KE TLA u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14) Mopesaleme Davida o ile a bina pina ena ha a ne a ntse a nahanisisa ka ’mele oa motho oo e leng e ’ngoe ea lintho tse bōpiloeng ke Jehova. Ho e-na le hore matichere a mang a bolumeli a bine thoko eo e entsoeng ka morero o motle, a nka hore ’mele ke selao sa sebe hape ke mohlanka oa sebe. Ho ’nile ha thoe ke “kobo ea ho hloka tsebo, motheo oa bobe, mahlaahlela a tšenyeho, ntlo e lefifi, bophelo ba lefeela, setopo se tsamaeang, lebitla le maoto.” Ke ’nete hore moapostola Pauluse o itse: “Nameng ea ka, ha ho lule letho le molemo.” (Baroma 7:18) Empa na see se bolela hore ha re na tšepo ea hore ’mele ea rōna e tla lokoloha sebeng?
2. (a) ‘Ho beha kelello linthong tsa nama’ ho bolela’ng? (b) Ke khohlano efe e teng lipakeng tsa ‘nama’ le ‘moea’ ka ho batho ba lakatsang ho khahlisa Molimo?
2 Ka linako tse ling Mangolo a re ’mele oa motho ke ‘nama.’ (1 Marena 21:27) A boetse a sebelisa ‘nama’ ha a bua ka motho boemong ba hae ba ho se phethahale e le setloholo sa Adama oa lerabele se etsang libe. (Baefese 2:3; Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12) Ho mo futsa ha rōna ho entse hore re be le “bofokoli ba nama.” (Baroma 6:19) Ka lebaka leo, Pauluse o lemositse: “Ho beha kelello [linthong tsa nama] ho bolela lefu.” (Baroma 8:6) ‘Ho beha kelello linthong tsa nama’ ho bolela ho laoloa le ho susumetsoa ke litakatso tsa nama ea boetsalibe. (1 Johanne 2:16) Ka hona, haeba re leka ho khahlisa Molimo, ho na le khohlano e sa feleng lipakeng tsa bomoea ba rōna le sebōpeho sa rōna sa boetsalibe se re phehellang hore re etse “mesebetsi ea nama.” (Bagalata 5:17-23; 1 Petrose 2:11) Ka mor’a hore Pauluse a hlalose khohlano ena e bohloko e ka ho eena, o ile a re: “Ke monna ea sōtō hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee?” (Baroma 7:24) Na Pauluse o ne a sitoa ho ithiba hore a se ke a kena molekong? Bibele e arabela ka che, e utloahalang!
Moleko le Sebe ke Lintho Tsa Sebele
3. Ba bangata ba talima sebe le moleko joang, empa Bibele e lemosa khahlanong le maikutlo a joalo ka tsela efe?
3 Ho ba bangata kajeno, sebe ke khopolo e sa amoheleheng. Ba bang ba sebelisa “sebe” ka tsela ea bosoasoi e le lentsoe le siiloeng ke nako le hlalosang liphoso tse nyenyane tsa batho. Ha ba hlokomele hore “kaofela re tla bonahatsoa ka pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste, e le hore e mong le e mong a ka fumana moputso oa hae bakeng sa lintho tse entsoeng ka ’mele, ho ea ka lintho tseo a ’nileng a tloaela ho li etsa, ebang li molemo kapa li mpe.” (2 Bakorinthe 5:10) Ba bang ba ka ’na ba bua ba soasoa ba re: “Nka hlōla eng kapa eng ntle le moleko!” Batho ba bang ba lula moo mekhoa ea teng ea bophelo e likolohang ho ikhotsofatseng hang-hang, ebang ke ka lijo, likamano tsa botona le botšehali, monyaka kapa ho finyella ntho e itseng. Hase feela hore ba batla ntho e ’ngoe le e ’ngoe empa ba e batla hang-hang! (Luka 15:12) Ha ba shebe ka nģ’ane ho monyaka oa hang-hang thabong ea ka moso ea “bophelo ba sebele.” (1 Timothea 6:19) Leha ho le joalo, Bibele e re ruta hore re nahane ka hloko le hore re bonele lintho hōle, re qobe ntho leha e le efe e ka re ntšang kotsi moeeng kapa e ka re ntšang kotsi ka litsela tse ling. Maele a bululetsoeng a re: “Ea masene ea boneng tlokotsi o ipatile; ba se nang phihlelo ba fetetseng pele ba fumane kotlo.”—Liproverbia 27:12.
4. Pauluse o ile a fana ka keletso efe e tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 10:12, 13?
4 Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba lulang Korinthe—e leng motse o neng o tsebahala ka boitšoaro bo litšila—o ile a fana ka temoso e utloahalang khahlanong le moleko le matla a sebe. O itse: “Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa. Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tloaelehileng ho batho. Empa Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” (1 Bakorinthe 10:12, 13) Kaofela ha rōna—ba banyenyane le ba hōlileng, ba batona le ba batšehali—re tobana le meleko e mengata likolong, mesebetsing, kapa libakeng tse ling. Ka lebaka leo, a re hlahlobeng mantsoe a Pauluse ’me re bone hore na a bolela’ng ho rōna.
U se ke Ua Itšepa ho Feta Tekano
5. Ke hobane’ng ha ho itšepa ho feta tekano ho le kotsi?
5 Pauluse o re: “Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.” Ho itšepa ho feta tekano mabapi le matla a rōna a ho itšoara ho kotsi. Ho bontša ho hloka kutloisiso ea hore na sebe se sebetsa joang le matla a sona. Kaha batho ba kang Moshe, Davida, Solomone le moapostola Petrose ba ile ba oela sebeng, na re lokela ho ikutloa hore re ke ke ra oela sebeng? (Numere 20:2-13; 2 Samuele 11:1-27; 1 Marena 11:1-6; Matheu 26:69-75) Liproverbia 14:16 e re: “Ea bohlale oa tšaba ’me o furalla bobe, empa ea hlokang kelello oa halefa ’me oa itšepa.” Ho feta moo, Jesu o itse: “Moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.” (Matheu 26:41) Kaha ha ho motho ea sa phethahalang ea se nang litakatso tse mpe, ho hlokahala hore re nke temoso ea Pauluse ka ho teba ’me re hanele moleko, ho seng joalo re ipeha kotsing ea ho oa.—Jeremia 17:9.
6. Re lokela ho lokisetsa moleko neng hona joang?
6 Ke ntho e bohlale ho lokisetsa mathata a ka ’nang a hlaha ka tšohanyetso. Morena Asa o ile a hlokomela hore nako ea khotso e ne e le nako e nepahetseng bakeng sa hore a hahe marako a tšireletso. (2 Likronike 14:2, 6, 7) O ne a tseba hore e ne e tla be e se e le morao haholo ho lokisetsa seo nakong eo a hlaseloang ka eona. Ka ho tšoanang, liqeto tse mabapi le seo motho a lokelang ho se etsa ha meleko e hlaha li etsoa hamolemo ha li etsoa ka hlooho e pholileng nakong ea khotso. (Pesaleme ea 63:6) Daniele le metsoalle ea hae e tšabang Molimo ba ile ba etsa qeto ea bona ea ho tšepahalla molao oa Jehova pele ba hatelloa hore ba je limenyemenye tsa morena. Kahoo ha baa ka ba qeaqea ho khomarela seo ba se lumelang le ho se je lijo tse sa hloekang. (Daniele 1:8) Pele ho hlaha maemo a lekang, a re ikemisetseng haholoanyane ho lula re hloekile boitšoarong. Joale re tla ba le matla a ho hanela sebe.
7. Ke hobane’ng ha e le ho tšelisang ho tseba hore ba bang ba atlehile ho hanela moleko?
7 Ke matšeliso a makaakang ao re a fumanang mantsoeng a Pauluse a reng: “Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tloaelehileng ho batho”! (1 Bakorinthe 10:13) Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Emang khahlanong le [Diabolose], le tiile tumelong, le tseba hore litlhokofatso tse tšoanang li ntse li etsahalla mokhatlo oohle oa barab’abo lōna lefatšeng.” (1 Petrose 5:9) E, ba bang ba ’nile ba talimana le meleko e tšoanang ’me ba atleha ho e hlōla ka thuso ea Molimo, ’me le rōna re ka e hlōla. Leha ho le joalo, kaha re Bakreste ba ’nete ba phelang lefatšeng le silafetseng, kaofela re ka lebella ho lekoa neng kapa neng. Joale, re ka kholiseha joang hore re tla hlōla mefokolo ea nama le moleko oa ho etsa sebe?
Re ka Hanela Moleko!
8. Tsela e ka sehloohong ea ho qoba moleko ke efe?
8 Mokhoa o ka sehloohong oa hore re khaotse “ho ba makhoba a sebe” ke ho qoba moleko ha ho khoneha. (Baroma 6:6) Liproverbia 4:14, 15 ea phehella: “U se ke ua kena tseleng ea ba khopo, ’me u se ke ua tsamaea ka kotloloho ho kena tseleng ea ba babe. E qobe, u se ke ua feta ka eona; e khelohe, ’me u fetele pele.” Hangata re tseba esale pele hore maemo a itseng a ka ’na a lebisa sebeng. Ka lebaka leo, seo ho totobetseng hore re lokela ho se etsa joaloka Bakreste ke ho ‘fetela pele,’ re suthele hōle le batho bohle, lintho tsohle le libaka tsohle tse ka tsosang litakatso tse fosahetseng le tse ka etsang hore re chesoe ke litakatso tse litšila.
9. Ho balehela maemo a lekang ho hatisitsoe joang ka Mangolong?
9 Ho balehela boemo boo moleko o leng ho bona ke khato e ’ngoe e ka sehloohong e lebisang ho hlōleng moleko. Pauluse o ile a eletsa: “Balehelang bohlola.” (1 Bakorinthe 6:18) O ile a ngola a re: “Le balehele borapeli ba litšoantšo.” (1 Bakorinthe 10:14) Moapostola enoa o ile a boela a lemosa Timothea hore a balehele litakatso tse feteletseng tsa maruo, a be a “balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha.”—2 Timothea 2:22; 1 Timothea 6:9-11.
10. Ke mehlala efe e ’meli e sa tšoaneng e bontšang molemo oa ho balehela moleko?
10 Nahana ka taba ea Morena Davida oa Iseraele. Ha a ntse a talimile a le marulelong a ntlo ea hae ea borena, o ile a bona mosali e motle a itlhatsoa, ’me pelo ea hae e ile ea tlala litakatso tse fosahetseng. A ka be a ile a tloha marulelong ’me a balehela moleko. Ho e-na le hoo, o ile a botsisisa ka litaba tsa mosali enoa—Bathe-sheba—’me liphello e bile tse sithabetsang. (2 Samuele 11:1–12:23) Ka lehlakoreng le leng, Josefa o ile a itšoara joang ha mosali ea itšoereng hampe oa mong’a hae a ne a mo phehella hore a robale le eena? Tlaleho e re: “Le hoja a ne a bua le Josefa letsatsi le letsatsi ha ho mohla a ileng a mo mamela hore a robale haufi le eena, hore a ’ne a be le eena.” Le hoja a ne a se na litaelo tsa Molao oa Moshe, kaha o ne o e-s’o fanoe, Josefa o ile a mo araba ka ho re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” Ka letsatsi le leng o ile a mo tšoara, a re: “Robala le ’na!” Na Josefa o ile a lula moo ’me a leka ho behelana mabaka le eena? Che. O ile a “baleha a tsoela ka ntle.” Josefa ha aa ka a itumella hore a qetelle a oetse molekong oa ho kopanela liphate. O ile a baleha!—Genese 39:7-16.
11. Ke’ng se ka ’nang sa etsahala haeba re tobana le moleko o tlang khafetsa?
11 Ka linako tse ling ho baleha ho nkoa e le bokoala, empa hangata ho balehela boemo ke eona tsela e bohlale e ka nkoang. Mohlomong re tobana le moleko o tlang khafetsa mosebetsing. Le hoja re ka ’na ra se ke ra khona ho fumana mosebetsi o mong, ho ka ’na ha e-ba le litsela tse ling tsa hore re tlohe maemong a lekang. Ho hlokahala hore re balehele ntho efe kapa efe eo re tsebang hore e fosahetse, ’me re lokela ho ikemisetsa ho etsa se nepahetseng feela. (Amose 5:15) Libakeng tse ling, ho balehela moleko ho ka hloka hore re qobe likarolo tsa Internet tse tletseng boitšoaro bo bobe le libaka tsa boithabiso tse belaetsang. Ho ka ’na ha boela ha bolela ho lahla makasine e itseng kapa ho fumana metsoalle e mecha—e ratang Molimo le e ka khonang ho re thusa. (Liproverbia 13:20) Haeba re ikemisetsa ho furalla eng kapa eng e re hulelang sebeng, re bohlale.—Baroma 12:9.
Kamoo Thapelo e ka Thusang Kateng
12. Re kōpa eng ho Molimo ha re rapela re re: “U se ke ua re kenya molekong”?
12 Pauluse o fana ka kholiseho ena e matlafatsang: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” (1 Bakorinthe 10:13) Tsela e ’ngoe eo Jehova a re thusang ka eona ke ka ho araba lithapelo tsa rōna ha re kōpa thuso ho eena hore re atlehe ho sebetsana le moleko. Jesu Kreste o re rutile hore re rapele re re: “U se ke ua re kenya molekong, empa u re lopolle ho ea khopo.” (Matheu 6:13) Ha Jehova a araba thapelo e joalo e tlohang pelong, a ke ke a re tlohela hore re kene molekong; o tla re lopolla ho Satane le maqiting a hae a bolotsana. (Baefese 6:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Re lokela ho kōpa Molimo hore a re thuse ho hlokomela meleko ’me re be le matla a ho e hanela. Ha re mo rapela ka tieo hore a se ke a lumella hore re hlōlehe ha re lekoa, o tla re thusa e le hore re se ke ra hlōloa ke Satane, “ea khopo.”
13. Re lokela ho etsa eng ha re talimane le moleko o sa khaotseng?
13 Ha re tobane le moleko o sa khaotseng, ke hona moo ho hlileng ho hlokahalang hore re rapele ka tieo. Meleko e meng e ka etsa hore re loane ka matla le maikutlo a rōna le mehopolo tse re hopotsang ka matla hore na re hlile re fokola hakae. (Pesaleme ea 51:5) Ka mohlala, re ka etsa’ng haeba re tšoenngoa ke ho hopola ntho e itseng e litšila eo re e entseng nakong e fetileng? Ho thoe’ng haeba re lekeha hore re boele re e etse? Ho e-na le ho hatella maikutlo a joalo feela, bolella Jehova taba ena thapelong—khafetsa haeba ho hlokahala. (Pesaleme ea 55:22) Ka matla a Lentsoe la hae le moea o halalelang, a ka re thusa ho hloekisa likelello tsa rōna litšekamelong tse litšila.—Pesaleme ea 19:8, 9.
14. Ke hobane’ng ha thapelo e hlokahala bakeng sa ho atleha ho sebetsana le moleko?
14 Ha Jesu a hlokomela hore baapostola ba hae baa otsela serapeng sa Gethesemane, o ile a ba khothatsa: “Lulang le lebetse ’me le rapele le sa khaotse, e le hore le se ke la kena molekong. Ka ho hlakileng, moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.” (Matheu 26:41) Tsela e ’ngoe ea ho hlōla moleko ke ho falimehela mekhoa e sa tšoaneng eo moleko o ka tlang ka eona ’me re ele hloko mano a oona. Hape, ho bohlokoa hore re potlakele ho rapela ka taba ea moleko oo e le hore re ka itlhomella moeeng ho o loantša. Kaha moleko o re hlasela moo re fokolang ka ho fetisisa, re ke ke ra o hanela re le bang. Ho hlokahala thapelo hobane matla ao Molimo a fanang ka ’ona a ka re matlafatsa ha re itšireletsa ho Satane. (Bafilipi 4:6, 7) Mohlomong re ka boela ra hloka thuso ea moea le lithapelo tsa “banna ba baholo ba phutheho.”—Jakobo 5:13-18.
Hanela Moleko ka Matla
15. Ho ameha eng ho haneleng moleko?
15 Ntle le ho qoba moleko ha ho khoneha, re lokela ho o hanela ka matla ho fihlela o feta kapa boemo bo fetoha. Ha Jesu a ne a lekoa ke Satane, o ile a hana ho fihlela Diabolose a tsamaea. (Matheu 4:1-11) Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Khanyetso e qala ka ho matlafatsa likelello tsa rōna ka Lentsoe la Molimo le hore ka tieo re etse qeto ea hore re tla khomarela litekanyetso tsa hae. Ho hotle ha re tšoara ka hlooho mangolo a sehlooho a sebetsanang le bofokoli ba rōna bo khethehileng le ha re nahanisisa ka ’ona. E ka ba bohlale ho fumana Mokreste ea hōlileng tsebong—mohlomong moholo—eo re ka buisanang le eena ka lintho tse re tšoenyang le eo re ka kōpang thuso ho eena ha re tleloa ke moleko.—Liproverbia 22:17.
16. Re ka lula re e-na le boitšoaro bo botle joang?
16 Mangolo a re phehella hore re apare botho bo bocha. (Baefese 4:24) Sena se bolela ho lumella Jehova ho bōpa botho ba rōna le ho re fetola. Ha Pauluse a ngolla Timothea, eo e neng e le mosebetsi-’moho le eena, o itse: “U phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo. Loana ntoa e ntle ea tumelo, u tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng boo u ileng ua bo bitsetsoa.” (1 Timothea 6:11, 12) Re ka ‘phehella ho loka’ ka ho khothalla ho ithuta Lentsoe la Molimo e le hore re ka ba le tsebo e tebileng ea botho ba hae ebe re itšoara tumellanong le seo a se hlokang. Kemiso e feletseng ea mesebetsi ea Bokreste, e kang ho bolela litaba tse molemo le ho ba teng libokeng, le eona ke ea bohlokoa. Ho atamela haufi le Molimo le ho sebelisa hamolemo litokisetso tsa hae tsa moea ho tla re thusa ho hōla moeeng le ho lula re e-na le boitšoaro bo botle.—Jakobo 4:8.
17. Re tseba joang hore Molimo a ke ke a re furalla nakong ea moleko?
17 Pauluse o re tiisetsa hore ha ho mohla moleko ofe kapa ofe o re tlelang o ka fetang matla ao Molimo a re fileng ’ona hore re sebetsane le oona. Jehova o tla ‘re bulela tsela ea ho tsoa e le hore re khone ho o mamella.’ (1 Bakorinthe 10:13) Ka sebele, Molimo ha a lumelle moleko hore o re hatelle hoo re hlokang matla a moea a hore re lule re tšepahala haeba re tsoela pele ho mo tšepa. O batla hore re atlehe ho haneleng moleko oa ho etsa se fosahetseng mahlong a hae. Ho feta moo, re ka ba le tumelo tšepisong ea hae e reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”—Baheberu 13:5.
18. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re ka hlōla mefokolo ea nama?
18 Pauluse o ne a kholisehile ka phello ea ntoa ea hae khahlanong le bofokoli ba nama. O ne a sa italime e le phofu ea litakatso tsa nama e sitoang ho li hanela le e lokelang ho qeneheloa. Ho e-na le hoo, o itse: “Tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise; tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka otla moea; empa ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolelle ba bang, ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.” (1 Bakorinthe 9:26, 27) Le rōna re ka atleha ho loantša litšekamelo tsa nama e sa phethahalang. Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o sebelisa Mangolo, lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, liboka tsa Bokreste le Bakreste-’moho le rōna ba hōlileng tsebong, ho fana ka likhopotso tse sa khaotseng tse re thusang ho phehella tsela ea ho loka. Ka thuso ea hae, re ka hlōla mefokolo ea nama!
Na Ua Hopola?
• Ho ‘beha kelello linthong tsa nama’ ho bolela eng?
•Re ka lokisetsa moleko joang?
•Re ka etsa eng hore re atlehe ho sebetsana le moleko?
•Thapelo e phetha karolo efe ho sebetsaneng le moleko?
•Re tseba joang hore re ka khona ho hlōla mefokolo ea nama?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Bibele ha e rute hore re liphofu tse sitoang ho hanela litakatso tsa rōna tsa nama
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ho balehela moleko ke tsela e ’ngoe e ka sehloohong ea ho qoba sebe