Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Hlōla Mefokolo ea Nama
    Molula-Qhooa—2001 | March 15
    • 4. Pauluse o ile a fana ka keletso efe e tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 10:12, 13?

      4 Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba lulang Korinthe—e leng motse o neng o tsebahala ka boitšoaro bo litšila—o ile a fana ka temoso e utloahalang khahlanong le moleko le matla a sebe. O itse: “Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa. Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tloaelehileng ho batho. Empa Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” (1 Bakorinthe 10:12, 13) Kaofela ha rōna—ba banyenyane le ba hōlileng, ba batona le ba batšehali—re tobana le meleko e mengata likolong, mesebetsing, kapa libakeng tse ling. Ka lebaka leo, a re hlahlobeng mantsoe a Pauluse ’me re bone hore na a bolela’ng ho rōna.

  • Ho Hlōla Mefokolo ea Nama
    Molula-Qhooa—2001 | March 15
    • 7. Ke hobane’ng ha e le ho tšelisang ho tseba hore ba bang ba atlehile ho hanela moleko?

      7 Ke matšeliso a makaakang ao re a fumanang mantsoeng a Pauluse a reng: “Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tloaelehileng ho batho”! (1 Bakorinthe 10:13) Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Emang khahlanong le [Diabolose], le tiile tumelong, le tseba hore litlhokofatso tse tšoanang li ntse li etsahalla mokhatlo oohle oa barab’abo lōna lefatšeng.” (1 Petrose 5:9) E, ba bang ba ’nile ba talimana le meleko e tšoanang ’me ba atleha ho e hlōla ka thuso ea Molimo, ’me le rōna re ka e hlōla. Leha ho le joalo, kaha re Bakreste ba ’nete ba phelang lefatšeng le silafetseng, kaofela re ka lebella ho lekoa neng kapa neng. Joale, re ka kholiseha joang hore re tla hlōla mefokolo ea nama le moleko oa ho etsa sebe?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela