Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—2003 | January 1
    • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

      Pauluse o ne a bolela’ng ha a re: “Nako le nako ha le ja bohobe bona le ho noa senoelo sena”?

      Ha Pauluse a bua ka ho thehoa ha Sehopotso sa lefu la Jesu, o ile a ngola a re: “Nako le nako ha le ja bohobe bona le ho noa senoelo sena, le ntse le phatlalatsa lefu la Morena, ho fihlela a fihla.” (1 Bakorinthe 11:25, 26) Ba bangata ba nahana hore poleloana e ngotsoeng mona e le “nako le nako,” e bolela hore lefu la Kreste le lokela ho hopoloa khafetsa, hangata. Kahoo, ba le hopola hangata ho feta hang ka selemo. Na ke sona seo Pauluse a neng a se bolela?

      E se e ka ba lilemo tse 2 000 esale Jesu a ne a thehe Sehopotso sa lefu la hae. Ka lebaka leo, ho keteka Sehopotso le haeba e le hang ka selemo ho bolela hore se ketekiloe hangata ha esale ho tloha ka 33 C.E. Leha ho le joalo, ho seo ho buuoang ka sona ho 1 Bakorinthe 11:25, 26, Pauluse o ne a sa bue ka hore na Sehopotso se ketekoe hangata hakae, empa o ne a bua ka hore na se ketekoe joang. Segerikeng sa mathomo, ha aa ka a sebelisa lentsoe pol·laʹkis, le bolelang “hangata” kapa “khafetsa.” Ho e-na le hoo, o sebelisitse lentsoe ho·saʹkis, le bolelang “nako le nako,” e leng lentsoe le bolelang “neng le neng,” “ka nako eohle ha.” Pauluse o ne a re: ‘Ka nako eohle ha le etsa sena, le ntse le phatlalatsa lefu la Morena.’a

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—2003 | January 1
    • a Bapisa le tlaleho e ho 1 Samuele 1:3, 7. Moo, “nako le nako” (ka phetolelo ea Seheberu sa hona joale) e bolela lintho tse neng li etsahala “selemo le selemo,” kapa hang ka selemo, ha Elkana le basali ba hae ba babeli ba ne ba e-ea tabernakeleng e Shilo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela