Khahlisa Jehova ka ho Bontša Mosa
“Ke eng seo Jehova a se hlokang ho uena haese hore u sebelise toka le ho rata mosa le ho ba ea inyenyefatsang ha u tsamaea le Molimo oa hao?”—MIKEA 6:8, NW.
1. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala hore ebe Jehova o lebelletse batho ba hae ho bontša mosa?
JEHOVA o lebelletse hore batho ba hae ba bontše mosa. Sena ha sea lokela ho re makatsa. Molimo ka booona o bontša mosa ho bohle, esita le ho batho ba khopo ba se nang teboho. Tabeng ena Jesu Kreste o ile a bolella barutuoa ba hae: “Ratang bao e leng lira ho lōna, le etse batho hantle, le alimane le sa belaele; ’me moputso oa lōna o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ea holimo-limo; hobane eena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya. ’Me joale, e-bang lereko, joale ka ha Ntat’a lōna le eena a le lereko.”—Luka 6:35, 36.
2. Ke lipotso life tse amanang le mosa tseo re tšoanelang ho li hlahloba?
2 Ha e le hantle, joalokaha Mikea 6:8, (NW) e bolela, ba tsamaeang le Molimo ba tlameha ho “rata mosa.” Ka ho hlakileng, Jehova o khahlisoa ke ha bahlanka ba hae ba rata mosa ’me ba o bonahatsa ho tsoa pelong. Empa mosa ke eng? Ho o bonahatsa ho tlisa melemo efe? Hona tšoaneleho ee e ka bonahatsoa joang?
Seo Mosa o se Bolelang
3. U ka hlalosa mosa joang?
3 Mosa ke tšoaneleho ea ho ba le thahasello e matla ho ba bang. O bonahatsoa ka liketso tse thusang le ka mantsoe a nahanelang. Ho ba mosa ho bolela ho etsa se molemo ho fapana le ho etsa ntho leha e le efe e hlahisang kotsi. Motho ea mosa o na le botsoalle, o bonolo, o na le kutloelo-bohloko, ebile o lereko. O na le boikutlo ba ho fana ka seatla se bulehileng le bo nahanelang ba bang. ’Me mosa ke karolo ea seaparo sa tšoantšetso sa Mokreste e mong le e mong oa ’nete, hobane Pauluse o ile a phehella: ‘Le apare maikutlo a mohau, a mosa, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.’—Ba-Kolosse 3:12.
4. Jehova e bile eena ea ka sehloohong joang ka ho bontša mosa ho batho?
4 Jehova ke eena ea ka sehloohong ho bontšeng mosa. Ho joalokaha moapostola Pauluse a itse, ke “mohla ho bonahetseng mohau oa Molimo, ’Moloki oa rōna,” o ‘re pholositseng; e seng ka mesebetsi e lokileng e entsoeng ke rōna, empa e bile ka lereko la oona, ka tlhatsuo ea ho tsoaloa la bobeli, le ka nchafatso ea moea o halalelang.’ (Tite 3:4, 5) Molimo o hloekisa Bakreste ba tlotsitsoeng ka mali a Jesu, kapa o ba ‘hlatsoa’ ka ’ona, ka ho sebelisa molemo oa sehlabelo sa Kreste sa topollo molemong oa bona. Hape ba nchafatsoa ka moea o halalelang, ba fetoha “’mōpuoa e mocha” joaloka bara ba tsoetsoeng ka moea ba Molimo. (2 Ba-Korinthe 5:17) Ha e le hantle, mosa oa Molimo le lerato la oona bakeng sa motho le boetse le atolohela ho “bongata bo boholo ba batho” ba lichaba tse sa tšoaneng, bo ‘hlatsoitseng liaparo tse telele tsa bona, bo li soeufalitse maling a Konyana.’ (Tšenolo 7:9, 14; 1 Johanne 2:1, 2) Ho feta moo, batlotsuoa le bongata bo boholo ba batho, bo nang le tšepo ea lefatšeng, kaofela ba kene jokong ea Jesu e ‘mosa.’—Mattheu 11:30, NW.
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella hore ba tataisoang ke moea oa Molimo ba bontše mosa ho ba bang?
5 Mosa e boetse ke karolo ea tholoana ea moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang. Pauluse o itse: “Tholoana ea moea ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro. Ha ho molao o khahlanong le lintho tse joalo.” (Ba-Galata 5:22, 23, NW) Kahoo, re lokela ho lebella eng ho ba tataisoang ke moea oa Molimo? Ka sebele, ba lokela ho bontša mosa ho ba bang.
6. Mosa o lokela ho susumelletsa baholo le Bakreste ba bang ho etsa lintho ka tsela efe?
6 Mosa o ka bonahatsoa ka litsela tse ngata. Re bonahatsa mosa ha re le mohau. Ka mohlala, baholo ba Bakreste ba tla be ba bontša mosa ha ba hauhela mofosi ea bakileng ’me ba mo thusa moeeng. Tšoaneleho e fanoeng ke Molimo ea mosa e etsa hore balebeli ba be le mamello, ba nahanele, ba be le kutloelo-bohloko, ’me ba be bonolo. E ba susumelletsa ho “tšoara mohlape ka bonolo.” (Liketso 20:28, 29, NW) Ha e le hantle, tholoana ea moea ea mosa e lokela ho etsa hore Bakreste bohle ba be mohau, ba be le mamello, ba nahanele ba bang, ba be le kutloelo-bohloko, ba be le botsoalle, ’me ba bontše moea oa ho amohela baeti.
Qoba Mosa o Fosahetseng
7. Ke hobane’ng ha u ka re mosa o fosahetseng ke bofokoli?
7 Batho ba bang ba talima mosa joaloka bofokoli. Ba lumela hore motho o tlameha ho ba bohale, ’me ka linako tse ling a be mabifi, e le hore ba bang ba ka khahloa ke matla a hae. Empa ho ’nile ha thoe “ho ba mabifi ke pontšo ea motho ea fokolloang ke matla.” Ha e le hantle, ho hlokahala matla a sebele hore motho a be mosa kannete le hore a qobe mosa o fosahetseng. Mosa oo e leng tholoana ea moea oa Molimo hase boikutlo ba bofokoli, bo tšehetsang boitšoaro bo fosahetseng. Ho fapana le hoo, mosa o fosahetseng ke bofokoli bo etsang hore motho a lumelle phoso.
8. (a) Eli o ile a bontša joang hore ha a tsotelle mabapi le bara ba hae? (b) Ke hobane’ng ha baholo ba tlameha ho itebela khahlanong le ho tšehetsa mosa o fosahetseng?
8 Moprista ea phahameng oa Iseraele Eli o ne a sa tsotelle ho khalemela bara ba hae, Hofni le Finease, ba neng ba sebeletsa e le baprista tabernakeleng. Kaha ba ne ba sa khotsofalla karolo ea sehlabelo eo ba neng ba e abetsoe ke Molao oa Molimo, ba ile ba laela mohlokomeli hore a batle nama e sa phehoang ho motho ea tlil’o etsa nyehelo pele mafura a nyehelo eo a chesoa aletareng. Hape bara ba Eli ba ne ba kopanela boitšoaro bo hlephileng le basali ba neng ba sebeletsa monyako oa tempele. Leha ho le joalo, ho fapana le hore Eli a tlose Hofni le Finease tšebeletsong ea bona, o ile a mpa a ba khalemela ka bonolo, o ne a hlompha bara ba hae ho feta ho hlompha Molimo. (1 Samuele 2:12-29) Ha ho makatse ha ‘mehleng eo, lentsoe la Jehova le ne le utluoa seoelo’! (1 Samuele 3:1, BPN) Kahoo baholo ba Bakreste ba tlameha hore ba se ke ba tšehetsa likhopolo tsa bohata kapa ho bonahatsa mosa o fosahetseng o ka ntšang bomoea ba phutheho kotsi. Mosa oa ’nete o hlokomela mantsoe a mabe le liketso tse tlōlang litekanyetso tsa Molimo.
9. (a) Ke boikutlo bofe bo ka re thusang ho qoba ho tšehetsa mosa o fosahetseng? (b) Ke joang Jesu a ileng a bontša matla a ho sebelisana le batho ba bolumeli ba bakoenehi?
9 E le hore re ka qoba ho bonahatsa mosa o fosahetseng, re tlameha ho rapela hore Molimo o re thuse ho ba le matla a kang a ileng a bonahala mantsoeng a mopesaleme: “Suthelang hole le ’na, lōna ba bolotsana, ke tle ke boloke litaelo tsa Molimo oa ka!” (Pesaleme ea 119:115) Hape ho hlokahala hore re latele mohlala oa Jesu Kreste, eo ho seng mohla a kileng a ba molato oa ho bonahatsa mosa o fosahetseng. Ha e le hantle, Jesu e ne e le mothofatso oa mosa. Ka mohlala, ‘o ile a utloela batho bohloko hobane ba ne ba khathetse ’me ba saretsoe joaloka linku tse se nang molisa.’ Ka hona, batho ba lipelo li tšepahalang ba ne ba ikutloa ba lokolohile ho atamela Jesu, ’me ba bile ba tlisa bana ba bona ho eena. Ak’u inahanele hore na o ile a bontša mosa le kutloelo-bohloko e kaakang ha a ‘sika bana bao ’me a ba beha matsoho, a bile a ba hlohonolofatsa’! (Mattheu 9:36; Mareka 10:13-16) Le hoja Jesu a ne a le mosa, ho ntse ho le joalo ka tieo o ne a tšehetsa se nepahetseng mahlong a Ntate oa hae oa leholimo. Le ka mohla Jesu ha a ka a lumella bobe; o ne a na le matla ao a a fuoeng ke Molimo a ho nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba baikaketsi. Ho Mattheu 23:13-26, o ile a pheta polelo ena ka makhetlo-khetlo: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi!” Nako le nako, Jesu o ile a fana ka lebaka la kahlolo ea Molimo.
Mosa o Amahanngoa le Lerato
10. Ke joang barutuoa ba Jesu ba bontšang mosa le lerato ho balumeli-’moho?
10 Mabapi le balateli ba hae, Jesu o ile a re: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Tšobotsi e ’ngoe ea lerato e khethollang barutuoa ba ’nete ba Jesu ke efe? Pauluse o itse: ‘Lerato lea mamella ’me le mosa.’ (1 Ba-Korinthe 13:4) Ho mamella le ho ba mosa ho bolela hore re tiisetsa ho se phethahale le liphoso tsa ba bang, feela joalokaha Jehova a etsa joalo ka mosa. (Pesaleme ea 103:10-14; Ba-Roma 2:4; 2 Petrose 3:9, 15) Lerato le mosa oa Bokreste li boetse li bonahala ha balumeli-’moho ba hlaheloa ke mathata libakeng tse ling tsa lefatše. Ho e-na le ho arabela feela ka “mosa oa batho,” libakeng tse ling Bakreste ba bontša lerato la boena ka ho fana ka lintho tse bonahalang ho thusa barapeli ba joalo ba Jehova.—Liketso 28:2, NW.
11. Ho latela Mangolo, mosa o lerato ke eng?
11 Mosa o amahanngoa le lerato poleloaneng e reng “mosa o lerato,” e sebelisoang hangata ka Mangolong. Mosa ona ke o hlahisoang ke lerato le tšepahalang. Lereho la Seheberu le fetoletsoeng e le “mosa o lerato” (cheʹsedh) ha le akarelletse feela ho rata motho. Ke mosa oo ka lerato o khomarelang ntho ho fihlela morero oa oona mabapi le eona o phethahetse. Mosa o lerato oa Jehova, kapa lerato le tšepahalang, o bonahala ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, o bonahala liketsong tsa hae tsa topollo le tšireletso.—Pesaleme ea 6:4; 40:11; 143:12.
12. Ha bahlanka ba Jehova ba rapella thuso kapa topollo, ke eng seo ba ka kholisehang ka sona?
12 Ha ho makatse hore ebe mosa o lerato oa Jehova o atametsa batho ho eena! (Jeremia 31:3) Ha bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba hloka topollo kapa thuso, ka sebele baa tseba hore mosa oa oona o lerato ke lerato le tšepahalang, le ke keng la ba siea lepala-paleng. Ka hona, ba ka rapela ka tumelo, joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Ha e le ’na, ke tšepile mosa oa hao o lerato; pelo ea ka e ke e thabe hobane u mpholositse.” (Pesaleme ea 13:5, NW) Kaha lerato la Molimo lea tšepahala, bahlanka ba oona ha ba sebeletse lelea ha ba tšepa mosa oa oona o lerato. Ha ba rapella thuso kapa topollo, ba kholisehile hore: “Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae, a ke ke a tlohela lefa la hae.”—Pesaleme ea 94:14.
Meputso e Tlisoang ke Mosa
13, 14. Ke hobane’ng ha motho ea mosa a ba le metsoalle e tšepahalang?
13 Bahlanka ba Jehova ba mo etsisa ka ‘ho sebelisana ka mosa o lerato le ka mohau.’ (Zakaria 7:9; Ba-Efese 5:1) “Ntho e lakatsehang ho motho ea phelang lefatšeng ke mosa oa hae o lerato,” ’me motho ea bonahatsang tšoaneleho ena o kotula meputso e enneng. (Liproverbia 19:22, NW) E meng ea meputso ee ke efe?
14 Mosa o re etsa hore re be masene ka hona o re thusa ho boloka kamano e ntle le ba bang. Motho ea masene o bua lintho le ho li etsa ka litsela tse nahanelang ba bang le tse sa khopiseng kapa o sebetsana le maemo a boima ka litsela tseo. Empa “motho ea sehlōhō” batho ha ba ikamahanye le eena, “monna ea nang le mosa o lerato o tšoara sephefumolohi sa hae ka tsela e putsang.” (Liproverbia 11:17, NW) Batho ba qoba motho ea sehlōhō empa ba atamela ho ea ba bontšang mosa o lerato. Ka hona, motho ea mosa o ba le metsoalle e tšepahalang.—Liproverbia 18:24.
15. Mosa o ka ba le phello efe lelapeng le arohaneng bolumeling?
15 Mosali oa Mokreste ea nang le molekane ea sa lumelang a ka ’na a mo hulela ’neteng ea Molimo ka ho ba le tšoaneleho e joalo ea mosa. Pele a ithuta ’nete ’me a ‘apara botho bo bocha bo bōpiloeng ho latela thato ea Molimo ka ho loka ha ’nete le botšepehi,’ e ka ’na eaba o ne a hloka mosa, mohlomong a bile a rata ho omana. (Ba-Efese 4:24, NW) Haeba monna oa hae o ne a tseba maele a itseng, mohlomong o ne a tla lumela hore “mosali ea likomang ke metsi a sa khaotseng ho rotha lintšing tsa ntlo” le hore “ho ikahela feelleng ho molemo ho e-na le ho lula le mosali oa likomang, ea bohale.” (Liproverbia 19:13; 21:19) Empa joale boitšoaro bo hloekileng ba mosali oa hae oa Mokreste le tlhompho e tebileng, hammoho le litšoaneleho tse kang mosa, li ka ’na tsa hulela molekane oa hae tumelong ea ’nete. (1 Petrose 3:1, 2) E, ona e ka ’na ea e-ba moputso o mong oa mosa oa hae.
16. Re ka rua molemo joang moseng oo re o bontšoang?
16 Mosa oo re o bontšoang o ka ’na oa re ruisa molemo oa re etsa hore re be le kutloelo-bohloko haholoanyane le ho tšoarela ba bang. Ka mohlala, haeba re hloka thuso ea moea ’me re tšoaroa ka mokhoa o mosa le o bonolo, na seo se ke ke sa re etsa hore re sebelisane le ba bang ka tsela e tšoanang? Re ka lebella hore banna ba tšoanelehang moeeng ba re tšoare ka mosa le ka bonolo, hobane Pauluse o ngotse: “Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa; ’me u iponele, e se re ua lekoa le uena.” (Ba-Galata 6:1) Baholo ba khethiloeng ba bua ka bonolo le ka mosa ha ba thusa balumeli-’moho ba fosang. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na rōna ka borōna re kile ra fumana thuso e joalo e mosa kapa che, ke’ng seo Molimo o se lebelletseng ho bohle ba o sebeletsang? Bakreste bohle ba lokela ho bontša mosa ho ba bang ’me ba lokela ho ela hloko keletso ena ea Pauluse: “E-bang mosa e mong ho e mong, le utloelane bohloko ka bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le oona o le tšoaretse ka bolokolohi ka Kreste.” (Ba-Efese 4:32, NW) Ha e le hantle, haeba motho e mong a re tšoaretse kapa re thusitsoe ho tsoa bothateng ba moea ka tsela e mosa, sena se lokela ho eketsa tekanyo eo re tšoarelang ba bang ka eona, ho ba le kutloelo-bohloko, le ho ba mosa.
Ananela Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo
17. Kaha re hlaha re se re ntse re le baetsalibe, re lokela ho leboha mosa oa mofuta ofe?
17 Kaha kaofela ha rōna re tsoetsoe re le baetsalibe ba ahloletsoeng lefu, ho na le mosa oo re lokelang ho o leboha haholo. Ke mosa o sa tšoanelang oa Jehova Molimo. Ke mosa o sa tšoanelang ho hang hore baetsalibe ba lokolloe kahlolong ea lefu le hore ba boleloe ba lokile. Pauluse, ea buileng ka mosa oa Molimo o sa tšoanelang ka makhetlo a 90 mangolong a hae a 14 a bululetsoeng ke Molimo, o ile a bolella Bakreste ba Roma ea boholo-holo: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo, ’me ba boleloa ba lokile e le mpho e sa lefelloeng ka mosa oa oona o sa tšoanelang ka tokollo e tlisoang ke topollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.” (Ba-Roma 3:23, 24, NW) Re lokela ho ananela mosa o sa tšoanelang o bonahatsoang ke Jehova Molimo hakaakang!
18, 19. Ke joang re ka qobang ho lahleheloa ke morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo?
18 Re ka lahleheloa ke morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo ka ho se bontše kananelo. Tabeng ena, Pauluse o itse: “Re manģosa a Kreste ke hona, ’me ho ka thoe, ke Molimo o le khothatsang ka rōna; rea le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Molimo! Hobane ea sa kang a tseba sebe, Molimo o mo entse sebe ka baka la rōna, re tle re beoe ka eena ba lokileng pel’a Molimo. Joale, kahobane re le ba sebelisanang le Molimo, rea le khothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau [“mosa o sa tšoanelang,” NW] oa Molimo lefeela. Hobane [ho Esaia 49:8, Septuagint] o itse: Ke u utloile nakong e tšoanelang, ’me ke u thusitse ka letsatsi la pholoho. Bonang, joale ke nako e tšoanelang; bonang, joale ke letsatsi la pholoho. Ha re lihele batho le ka nthoana e nyenyane, tšebeletso ea rōna e tle e se ke ea nyatsuoa. Re mpa re iketsetsa ka hohle kemelo e loketseng bahlanka ba Molimo.” (2 Ba-Korinthe 5:20–6:4) Pauluse o ne a bolela eng?
19 Bakreste ba tlotsitsoeng ke manģosa a emelang Kreste, ’me bongata bo boholo ba batho ke baromuoa ba hae. Kaofela ba phehella batho hore ba boelane le Molimo e le hore ba ka fumana poloko. Pauluse o ne a sa batle hore lea mong a amohele mosa o sa tšoanelang oa Jehova Molimo ka Jesu Kreste ebe o lahleheloa ke morero oa oona. Seo se ka etsahala ho rōna haeba re ka hlōleha ho etsa mosebetsi oo mosa oo o sa tšoanelang o re entseng hore re tšoanelehe bakeng sa oona. Kaha re na le kamano e ntle le Molimo joaloka ba boelantsoeng le oona, re ke ke ra amohela mosa oa oona o sa tšoanelang eaba re o fetola lefeela haeba re phethahatsa “tšebeletso ea poelano, e leng, hore Molimo o ne o boelanya lefatše le oona ka Kreste.” (2 Ba-Korinthe 5:18, 19, NW) Hape re tla be re bontša ba bang mosa o moholohali ka ho ba thusa hore ba boelane le Molimo.
20. Joale ke eng seo re tla se hlahloba?
20 Bahlanka ba Jehova ba sebelisa nako le matla a bona liketsong tse bontšang mosa ha ba batla ho thusa batho moeeng ka tšebeletso ea Bokreste. Empa re ka ithuta eng mehlaleng ea Mangolo ea ho sebelisoa ha mosa? Joale a re hlahlobeng mehlala e meng ho eona ’me re hlahlobe litsela tse ling tsa ho khahlisa Jehova ka ho bontša mosa.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Mosa ke eng?
◻ Re ka qoba joang ho tšehetsa mosa o fosahetseng?
◻ Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba ka tšepa mosa oa hae o lerato?
◻ Meputso e meng e tlisoang ke mosa ke efe?
◻ Re ke ke ra lahleheloa ke morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo ha re etsa eng?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Mosa o etsa hore baholo ba Bakreste ba be le mamello, ba nahanele ba bang, ’me ba be le kutloelo-bohloko
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mosa oa mosali oa Mokreste o ka ’na oa hulela molekane oa hae tumelong ea ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Re ka bontša mosa o moholo ka ho fetisisa ho ba bang ka ho ba thusa ho boelana le Molimo