“U Rate Moahelani oa Hao Joalokaha U Ithata”
“[Taelo] ea bobeli ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’”—MAT. 22:39.
1, 2. (a) Jesu o ile a re taelo ea bobeli e khōlō Molaong ke efe? (b) Re tlil’o tšohla lipotso life?
MOFARISI e mong o ile a leka Jesu ’me a mo botsa a re: “Mosuoe, taelo e khōlō ke efe Molaong?” Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, Jesu o ile a mo araba ka hore, “taelo e khōlō le ea pele” ke e reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” Jesu o ile a phaella ka ho re: “Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’”—Mat. 22:34-39.
2 Jesu o ile a re re lokela ho rata baahelani ba rōna joalokaha re ithata. Kahoo re lokela ho ipotsa: Ha e le hantle baahelani ba rōna ke bo-mang? Re ka ba bontša lerato joang?
HA E LE HANTLE MOAHELANI OA RŌNA KE MANG?
3, 4. (a) Jesu o ile a etsa papiso efe ha a araba potso ea hore na, “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang”? (b) Mosamaria o ile a thusa monna ea neng a utsoelitsoe, a khakhathoa le ho siuoa a le makhatheng a lefu joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)
3 Re ka ’na ra nahana hore moahelani oa rōna ke motsoalle eo re ahisaneng le eena ea bileng a re thusang. (Liprov. 27:10) Empa ak’u nahane ka seo Jesu a ileng a se bua ha monna e mong ea neng a iketsa ea lokileng a mo botsa, a re: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” Jesu o ile a mo araba ka ho mo etsetsa papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani. (Bala Luka 10:29-37.) Re ne re ka ’na ra lebella hore moprista oa Moiseraele le Molevi ba bontše moea o motle oa boahelani ha ba bona monna eo masholu a mo utsoelitseng, a mo khakhatha le ho mo siea a le makhatheng a lefu. Empa ba ile ba mo feta feela ba sa mo thuse ka letho. Monna eo o ile a thusoa ke Mosamaria, ’me Basamaria ba ne ba hlompha Molao oa Moshe empa Bajuda ba ba khesa.—Joh. 4:9.
4 Mosamaria ea nang le moea oa boahelani o ile a tšela maqeba a monna ea lemetseng ka oli le veine e le hore a fole. Lidenari tse peli tseo a ileng a li fa mohlokomeli oa ntlo ea baeti hore a hlokomele monna eo li ne li lekana le mokholo oa matsatsi a mabeli. (Mat. 20:2) Kahoo ho bonolo ho bona hore na ke mang eo e bileng moahelani oa monna ea lemetseng. Ha ho pelaelo hore papiso eo ea Jesu e re ruta hore re lokela ho bontša baahelani ba rōna qenehelo le lerato.
5. Bahlanka ba Jehova ba bontšitse joang hore ba rata baahelani ba bona morao tjee ha ho e-na le koluoa ea tlhaho?
5 Hangata ha ho bonolo ho fumana batho ba mosa joaloka Mosamaria ea nang le moea oa boahelani. ’Me ho ntse ho thatafala le ho feta ‘matsatsing ana a ho qetela,’ kaha batho ba bangata ha ba na lerato la tlhaho, ba bohale bo tšosang ebile ha ba na lerato la se molemo. (2 Tim. 3:1-3) Ka mohlala, likoluoa tsa tlhaho li ka ’na tsa etsa hore ho be le mathata a ikhethang. Nahana ka se ileng sa etsahala ha Leholiotsoana Sandy le otla New York City bofelong ba October 2012. Sebakeng se seng se neng se anngoe hampe ke leholiotsoana, masholu a ile a utsoetsa baahi ba moo ba neng ba se ba ntse ba thatafalelitsoe lintho ke ho hloka motlakase le lintho tse ling tse hlokahalang. Empa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlophisa lintho ka tsela e tla li nolofalletsa ho thusana hammoho le ho thusa baahi ba bang. Bakreste ba etsa seo hobane ba rata baahelani ba bona. Litsela tse ling tseo re ka bontšang hore re rata baahelani ba rōna ka tsona ke life?
KAMOO RE KA BONTŠANG HORE RE RATA MOAHELANI
6. Mosebetsi oa rōna oa boboleli o amana joang le ho bontša moea oa boahelani?
6 Re lokela ho thusa baahelani ba rōna moeeng. Re etsa sena ka hore re leke ho ba fa “matšeliso a tsoang Mangolong.” (Bar. 15:4) Ntle ho pelaelo re bontša hore re baahelani ba molemo ka ho ba bolella ’nete ea Bibele ha re le mosebetsing oa boboleli. (Mat. 24:14) Ruri ke tlotla ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso o tsoang ho “Molimo ea fanang ka tšepo”!—Bar. 15:13.
7. Molao oa Khauta ke eng, hona ho etsahala’ng ha re o latela?
7 Re lokela ho latela Molao oa Khauta. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a fana ka molao ona o reng: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona; ha e le hantle, sena ke se boleloang ke Molao le Baprofeta.” (Mat. 7:12) Ha re tšoara ba bang ka tsela eo Jesu a e laetseng, re tla be re etsa lintho tumellanong le se boleloang ke “Molao” (Genese ho ea ho Deuteronoma) le ke “Baprofeta” (libuka tsa boprofeta tse Mangolong a Seheberu). Mangolo ao a bontša ka ho hlaka hore Molimo o hlohonolofatsa ba bonahatsang lerato. Ka mohlala, Jehova o ile a bululela Esaia hore a re: “Bolokang toka, ’me le etse se lokileng . . . Ho thaba motho ea shoang ea etsang sena.” (Esa. 56:1, 2) Ka sebele rea hlohonolofatsoa kaha re bontša baahelani ba rōna lerato le ho ba tšoara ka toka.
8. Ke hobane’ng ha re lokela ho rata lira tsa rōna, hona phello ea seo e ka ’na ea e-ba efe?
8 Re lokela ho rata lira tsa rōna. Jesu o ile a re: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U rate moahelani oa hao ’me u hloee sera sa hao.’ Leha ho le joalo, ke re ho lōna: Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong.” (Mat. 5:43-45) Moapostola Pauluse o ile a bua ntlha e tšoanang, ha a re: “Haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang.” (Bar. 12:20; Liprov. 25:21) Ho latela Molao oa Moshe, motho o ne a lokela ho thusa sera sa hae hore se imolle phoofolo haeba e imetsoe. (Ex. 23:5) Ka ho sebetsa hammoho ka tsela e joalo, batho bao e neng e le lira ba ne ba ka ’na ba qetella e le metsoalle ea sebele. Kaha rōna Bakreste re bonahatsa lerato, lira tsa rōna tse ngata li fetola maikutlo. Haeba re li bontša lerato—esita le tse re hlorisang ka sehlōhō—ruri re tla thaba ha qetellong li amohela ’nete!
9. Jesu o ile a re’ng ka ho bōpa khotso le barab’abo rōna?
9 Re lokela ‘ho phehella khotso le batho bohle.’ (Baheb. 12:14) Ha e le hantle, sena se akarelletsa barab’abo rōna, kaha Jesu o ile a re: “Haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.” (Mat. 5:23, 24) Molimo o tla re hlohonolofatsa ha re bontša barab’abo rōna hore rea ba rata ’me re potlakela ho bōpa khotso.
10. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba batho ba ratang ho tšoaea liphoso?
10 Re se ke ra ba batho ba ratang ho tšoaea liphoso. Jesu o ile a re: “Khaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahloloa; kaha kahlolo eo le ahlolang ka eona, le tla ahloloa ka eona; ’me tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona. Joale, ke hobane’ng ha u sheba lehlokoa le ka leihlong la mor’eno, empa u sa nahane ka leballo le ka leihlong la hao? Kapa ke joang u ka reng ho mor’eno, ‘Ntumelle ke ntše lehlokoa ka leihlong la hao’; athe, bona! leballo le ka leihlong la hao? Moikaketsi! Ntša leballo le ka leihlong la hao pele, joale u tla bona ka ho hlaka kamoo u ka ntšang lehlokoa ka leihlong la mor’eno.” (Mat. 7:1-5) Ruri ena ke keletso e matla ea hore re se ke ra nyatsa ba bang ka liphoso tse nyenyane tseo ba li etsang empa rōna re etsa tse khōlō le ho feta!
TSELA E IKHETHANG EA HO BONTŠA LERATO LA BOAHELANI
11, 12. Re bontša baahelani ba rōna lerato ka tsela efe e ikhethang?
11 Re batla ho bontša baahelani ba rōna lerato ka tsela e ikhethang. Joaloka Jesu, re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Luka 8:1) Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Mat. 28:19, 20) Ha re etsa sohle seo re ka se khonang ho phetha thōmo eo, re leka ho thusa baahelani ba rōna hore ba tlohele ho tsamaea tseleng e pharaletseng le e khōlō e isang timetsong empa ba nke tsela e moqotetsane e isang bophelong. (Mat. 7:13, 14) Ha ho pelaelo hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko bo joalo.
12 Joaloka Jesu, re thusa batho hore ba ele hloko tlhoko ea bona ea moea. (Mat. 5:3) Haeba ba mamela, re khotsofatsa tlhoko ea bona ka ho ba bolella “litaba tse molemo tsa Molimo.” (Bar. 1:1) Ba amohelang molaetsa oa ’Muso ba boelanngoa le Molimo ka Jesu Kreste. (2 Bakor. 5:18, 19) Ha re bolela litaba tse molemo, re etsa mosebetsi oa bohlokoa o bontšang lerato la boahelani.
13. U ikutloa joang ka ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso?
13 Ha re etsa maeto a ho boela a atlehang re bile re khanna lithuto tsa Bibele, rea khotsofala kaha re thusa batho hore ba phele tumellanong le melao ea Molimo e lokileng. Sena se ka ’na sa etsa hore motho ea ithutang Bibele a etse liphetoho tse khōlō bophelong ba hae. (1 Bakor. 6:9-11) Ka sebele, hoa khothatsa ho bona kamoo Molimo a thusang ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ hore ba etse liphetoho tse hlokahalang le hore ba be le kamano e ntle le eena. (Lik. 13:48) Sena se etsa hore ba bangata ba neng ba feletsoe ke tšepo ba thabe le ba neng ba tšoenyehile ba tšepe Ntate oa rōna ea leholimong. Ruri hoa khahlisa ho ba bona ba hatela pele moeeng! Ka sebele ke tlhohonolofatso ho bontša baahelani ba rōna lerato ka tsela ena e ikhethang re le baboleli ba ’Muso?
TSELA EO MANGOLO A HLALOSANG LERATO KA EONA
14. Ka mantsoe a hao, bolela litšobotsi tse ling tsa lerato tse boletsoeng ho 1 Bakorinthe 13:4-8.
14 Haeba re sebelisa seo Pauluse a se buileng mabapi le lerato ha re sebelisana le baahelani ba rōna re ka khona ho qoba mathata a mangata, ’me seo se ka re tlisetsa thabo le tlhohonolofatso ea Molimo. (Bala 1 Bakorinthe 13:4-8.) A re ke re hlahlobeng ho se hokae seo Pauluse a se buileng ka lerato ’me re bone kamoo re ka sebelisang mantsoe a hae kateng ha re sebelisana le baahelani ba rōna.
15. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho tiisetsa le ho ba mosa? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho boulela le ho ithorisa?
15 “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa.” Feela joalokaha Molimo a sebelisana le batho ba sa phethahalang ka tiisetso le ka mosa, re lokela ho mamella ba bang le ho ba bontša mosa ha ba re fosetsa ’me ba sa re nahanele, kapa ba bile ba re halefela. “Lerato ha le boulele,” kahoo lerato la ’nete le tla re thibela ho honohela lintho tsa ba bang kapa litokelo tseo ba nang le tsona ka phuthehong. Ho feta moo, haeba re e-na le lerato, re ke ke ra ithorisa kapa hona ho ikhohomosa. Etsoe, ba khopo ba tataisoa ke mahlo a ikhohomosang le pelo e ikakasang.—Liprov. 21:4.
16, 17. Re ka sebelisa 1 Bakorinthe 13:5, 6 joang?
16 Lerato le tla etsa hore re tšoare baahelani ba rōna ka mokhoa o hlomphehang. Re ke ke ra ba thetsa, ra ba utsoetsa kapa ra ba etsa ntho leha e le efe e khahlanong le melao le melao-motheo ea Jehova. Lerato le tla boela le re thibele ho icheba borōna, ho e-na le hoo re amehe ka ba bang.—Bafil. 2:4.
17 Lerato la ’nete ha le halefe habonolo ebile “ha le boloke tlaleho ea bobe,” joalokaha eka motho o ngola bukeng ha ba bang ba mo fosetsa. (1 Bathes. 5:15) Haeba re jara motho ka pelo re tla be re sa khahlise Molimo ’me ha e le hantle seo se ka re ntša kotsi esita le ho ntša ba bang kotsi. (Lev. 19:18) Lerato le tla etsa hore re thabele ’nete, ho fapana le ‘ho thabela ho se loke,’ esita le haeba motho ea re hloileng a le mathateng.—Bala Liproverbia 24:17, 18.
18. Re ithuta’ng ka lerato ho 1 Bakorinthe 13:7, 8?
18 Hlokomela tsela eo Pauluse a tsoelang pele ho hlalosa lerato ka eona. O re lerato “le jara lintho tsohle.” Haeba motho a re fosetsa ’me a kōpa tšoarelo, lerato le re susumelletsa hore re mo tšoarele. Lerato “le lumela lintho tsohle” tse ka Lentsoeng la Molimo ’me le etsa hore re ananele lijo tsa moea tseo re li fuoang. Lerato “le tšepa lintho tsohle” tse tlalehiloeng ka Bibeleng ’me le re susumelletsa ho bolella ba bang mabaka a etsang hore re be le tšepo. (1 Pet. 3:15) Re boetse re rapella thuso ha re le mathateng ’me re tšepa hore lintho li tla ntlafala. Lerato “le mamella lintho tsohle,” ebang ke lintho tseo ba bang ba re sitetsoeng ka tsona, mahloriso kapa liteko tse ling. Ho feta moo, “lerato ha le fele le ka mohla.” Batho ba mamelang ba tla le bontša ka ho sa feleng.
U ’NE U RATE MOAHELANI OA HAO JOALOKAHA U ITHATA
19, 20. Ke keletso efe ea Mangolo e lokelang ho re susumelletsa hore re bontše baahelani ba rōna lerato?
19 Ha re sebelisa keletso ea Bibele, re tla tsoela pele ho bontša baahelani ba rōna lerato. Re tla rata batho bohle, eseng feela ba morabe oa rōna. Re boetse re lokela ho hopola hore Jesu o ile a re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Mat. 22:39) Molimo le Kreste ba lebeletse hore re rate baahelani ba rōna. Haeba re sa tsebe hantle hore na re lokela ho etsa’ng boemong bo itseng ha re sebelisana le baahelani, re lokela ho rapella moea o halalelang oa Molimo hore o re tataise. Ho etsa joalo ho tla re tlisetsa tlhohonolofatso ea Jehova ’me ho re thuse hore re bontše lerato.—Bar. 8:26, 27.
20 Taelo ea hore re rate baahelani ba rōna joalokaha re ithata e bitsoa “molao oa borena.” (Jak. 2:8) Ka mor’a hore Pauluse a bue ka litaelo tse ling tse Molaong oa Moshe o ile a re: “Taelo efe kapa efe e teng, e akarelitsoe polelong ena, e reng, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Lerato ha le hlahisetse moahelani oa motho bobe; ka hona lerato ke phethahatso ea molao.” (Bar. 13:8-10) Kahoo, re lokela ho tsoela pele re bontša baahelani ba rōna lerato.
21, 22. Ke hobane’ng ha re lokela ho rata Molimo le baahelani ba rōna?
21 Ha re ntse re thuisa ka hore na ke hobane’ng ha re lokela ho bontša baahelani ba rōna lerato, e ka ba hantle hore re nahane ka seo Jesu a se buileng ka Ntate oa hae ha a re, “o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Mat. 5:43-45) Re lokela ho rata baahelani ba rōna ebang ke batho ba lokileng kapa ba sa lokang. Joalokaha ho bontšitsoe pejana, tsela e ka sehloohong eo re ka ba bontšang lerato ka eona ke ka ho ba bolella molaetsa oa ’Muso. Ruri baahelani ba rōna ba tla hlohonolofatsoa ka ho enneng haeba ba mamela litaba tse molemo!
22 Re na le mabaka a mangata a ho rata Jehova re sa itšiele letho. Ho boetse ho na le litsela tse ngata tseo re ka bontšang baahelani ba rōna lerato ka tsona. Re hlompha seo Jesu a ileng a se bua tabeng ena ea bohlokoa ha re bontša hore re rata Molimo le moahelani. Ka holim’a tsohle, re khahlisa Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova.