-
Na U Kenya Letsoho ho Etsa Hore Liboka Tsa Bokreste e be Tse Hahang?Molula-Qhooa—2010 | October 15
-
-
Liboka Tseo Sepheo sa Tsona e Leng ‘ho Haha, ho Khothatsa le ho Tšelisa’
13. (a) Liboka tsa rōna li lokela ho ama batho ba tlileng ho tsona joang? (b) Ke potso efe eo baholo ba e nkang e le ea bohlokoa haholo?
13 Pauluse o bolela hore morero o ka sehloohong oa liboka tsa phutheho ke ‘ho haha, ho khothatsa le ho tšelisa’ ba teng ho tsona.c (1 Bakor. 14:3) Kajeno baholo ba Bakreste ba ka tiisa joang hore lipuo tseo ba fanang ka tsona libokeng li fela li haha bara le barali babo bona ebile lia ba tšelisa? Ho araba potso eo, a re ke re tšohleng seboka seo Jesu a ileng a se tsamaisa nakoana ka mor’a hore a tsohe bafung.
14. (a) Ke lintho life tse ileng tsa etsahala pele ho seboka seo Jesu a neng a se hlophisitse? (b) Ke hobane’ng ha e tlameha ebe baapostola ba ile ba imoloha ha ‘Jesu a ne a atamela ’me a bua le bona’?
14 Pele, hlokomela lintho tse ileng tsa etsahala pele ho seboka seo. Nakoana pele Jesu a bolaoa, baapostola ba ile “ba mo tlohela ’me ba baleha,” ’me joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele, ba ile ba “hasana e mong le e mong ho ea tlung ea hae.” (Mar. 14:50; Joh. 16:32) Joale ka mor’a hore Jesu a tsohe bafung, o ile a memela baapostola ba hae ba neng ba nyahame hore ba tle sebokeng se khethehileng.d Ka lebaka leo, “barutuoa ba leshome le motso o mong ba [ile ba] ea Galilea thabeng moo Jesu a neng a ba lokiselitse teng.” Ha ba fihla, ‘Jesu o ile a atamela ’me a bua le bona.’ (Mat. 28:10, 16, 18) Nahana feela hore na e tlameha ebe baapostola ba ile ba imoloha hakaakang ha Jesu a ne a nka bohato boo! Jesu o ile a bua le bona ka eng?
15. (a) Ke lintho life tseo Jesu a ileng a bua ka tsona, empa ke life tseo a sa kang a bua ka tsona? (b) Seboka seo se ile sa ama baapostola joang?
15 Jesu o ile a qala ka ho etsa phatlalatso ena: “Ke filoe matla ’ohle.” Eaba o ba fa mosebetsi, o re: “Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa.” Qetellong, ka lerato o ile a ba tiisetsa sena: “Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle.” (Mat. 28:18-20) Empa na u hlokometse hore na ke sefe seo Jesu a sa kang a se etsa? Ha aa ka a khalemela baapostola ba hae ka thata; ebile ha aa ka a sebelisa seboka seo ho belaella sepheo sa bona kapa ho etsa hore ba ikutloe ba le molato le ho feta ka hore a bue ka ho fokola ha bona ka nakoana tumelong. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a ba tiisetsa hore eena le Ntate oa hae baa ba rata ka hore a ba fe mosebetsi oa bohlokoa haholo. Tsela eo Jesu a ileng a sebetsa litaba ka eona e ile ea ama baapostola joang? Ba ile ba hahuoa, ba khothatsoa ba ba ba tšelisoa hoo ka mor’a seboka seo, ba ileng ba boela ba “ruta le ho bolela litaba tse molemo.”—Lik. 5:42.
16. Kajeno baholo ba Bakreste ba latela mohlala oa Jesu joang ha ba tsamaisa liboka tse khathollang?
16 Kajeno baholo ba etsisa Jesu ka hore ba nke liboka e le monyetla oa hore ba tiisetse balumeli-’moho le bona hore Jehova o rata batho ba hae ka lerato le sa feleng. (Bar. 8:38, 39) Kahoo, ha baholo ba beha lipuo, ba bua haholo ka makhabane a barab’abo bona eseng ka mefokolo ea bona. Ha ba belaelle sepheo sa barab’abo bona. Ho e-na le hoo, lipuo tsa bona li bontša hore ba nka balumeli-’moho le bona e le batho ba ratang Jehova le ba batlang ho etsa se nepahetseng. (1 Bathes. 4:1, 9-12) Ho hlakile hore ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore baholo ba khalemele phutheho ka kakaretso, empa haeba e le batho ba seng bakae feela ba hlokang khalemelo e joalo, hangata ho molemo hore batho ba joalo ba eletsoe ka thōko. (Bagal. 6:1; 2 Tim. 2:24-26) Ha baholo ba bua le phutheho kaofela, ba ikemisetsa ho e babatsa ha ho loketse. (Esa. 32:2) Ba ikitlaelletsa ho bua ka tsela eo qetellong ea seboka, bohle ba teng ba tla ikutloa ba khatholohile ba bile ba le mafolofolo.—Mat. 11:28; Lik. 15:32.
-
-
Na U Kenya Letsoho ho Etsa Hore Liboka Tsa Bokreste e be Tse Hahang?Molula-Qhooa—2010 | October 15
-
-
c Mabapi le phapang e teng pakeng tsa ho “khothatsa” le ho “tšelisa,” Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words, e hlalosa hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho “tšelisa” le na le moelelo o moholo oa “kutloelo-bohloko ho feta [ho khothatsa].”—Bapisa le Johanne 11:19.
-