Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Thusa ba Bang ho Rapela Molimo
    Molula-Qhooa—1988 | November 15
    • “Haeba . . . motho ofe kapa ofe ea sa lumelang kapa motho ea tloaelehileng a kena, liphiri tsa pelo ea hae lia bonahala, e le hore a oe ka sefahleho sa hae ’me a rapele Molimo.”—1 BA-KORINTHE 14:24, 25, “NW.”

  • Ho Thusa ba Bang ho Rapela Molimo
    Molula-Qhooa—1988 | November 15
    • Ho Thusa ‘ba sa Lumelang le Batho ba Tloaelehileng’

      4. Ke ka litsela life ba bangata kajeno ba thusoang joaloka ba neng ba le Korinthe?

      4 Kajeno Lipaki tsa Jehova le tsona li utloa taelo ea Jesu ea ‘ho ruta lichaba tsohle le ho ba kolobetsa.’ (Mattheu 28:19, 20) Ka mor’a ho jala lipeō tsa ’nete lipelong tse amohelang, lia khutla ’me li nosetsa lipeō tsena. (1 Ba-Korinthe 3:5-9; Mattheu 13:19, 23) Lipaki li ithaopela ho tšoara lithuto tsa Bibele tsa mahae tse sa lefelloeng beke le beke e le hore ho ka arabeloa lipotso tsa batho bao ’me ba ithuta linnete tsa Bibele. Batho ba joalo le bona ba memeloa ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova sebakeng sa habo bona, joalokaha le “ba sa lumelang” lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-ba teng libokeng Korinthe. Empa Lipaki tsa Jehova li lokela ho talima batho ba ithutang Bibele le ba tlang libokeng joang?

      5. Ho na le motheo ofe oa Mangolo oa ho ba hlokolosi ha re sebelisana le batho ba itseng?

      5 Re thabela ho bona ba atamela Molimo. Ho ntse ho le joalo, re lula re hopola hore ha e e-s’o be balumeli ba kolobelitsoeng. Hopola hape lithuto tse peli tse theiloeng sehloohong se ka pele. (1) Baiseraele ba ne ba e-ba hlokolosi ha ba sebelisana le bajaki ba balichaba bao, le hoja ba ne ba lula le batho ba Molimo ’me ba utloa melao e meng, e neng e e-s’o be basokolohi ba bolotseng, bana babo bona borapeling. (2) Bakreste ba Korinthe ba neng ba sebelisana le ‘ba sa lumelang le batho ba tloaelehileng’ ba ne ba lula ba le seli ka baka la mantsoe a Pauluse: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo?”—2 Ba-Korinthe 6:14.

      6. “Ba sa lumelang” ba ka “lauoa” ke liboka joang, ’me taeo e joalo e ba ka sebopeho sefe?

      6 Kahoo le hoja re amohela ‘ba sa lumelang le batho ba tloaelehileng,’ re ela hloko hore ha ba e-s’o finyelle litekanyetso tsa Molimo. Joalokaha Bibele e bontša ho 1 Ba-Korinthe 14:24, 25 (NW), ho ka ’na ha hlokahala hore batho ba joalo ba “hlahlobjoe ka hloko,” esita le “ho lauoa,” ke seo ba ithutang sona. Taeo e joalo hase ea boahlōli, ba ke ke ba bitsetsoa ka pel’a komiti ea boahlōli ea phutheho kaha e se litho tse kolobelitsoeng tsa phutheho. Ho fapana le hoo, ka baka la seo ba ithutang sona, batho bana ba bacha ba kholiseha hore Molimo o nyatsa litsela life kapa life tsa boithati le tsa boitšoaro bo bobe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela