-
Ho Tseba “Kelello ea Kreste”Molula-Qhooa—2000 | February 15
-
-
Ho Tseba “Kelello ea Kreste”
“‘Ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, e le hore a ka mo ruta?’ Empa re fela re e-na le kelello ea Kreste.”—1 BAKORINTHE 2:16.
1, 2. Lentsoeng la hae, Jehova o bone ho loketse hore a senole eng ka Jesu?
JESU o ne a shebahala joang? ’Mala oa moriri oa hae, oa letlalo le oa mahlo o ne o le joang? O ne a le bolelele bo bokae? O ne a le boima bo bokae? Ho theosa le makholo a lilemo, litšoantšo tsa Jesu li ’nile tsa fapana ho tloha ho tse itekanetseng ho ea ho tse hōle le ho ba tsa ’nete. Ba bang ba ’nile ba etsa litšoantšo tse mo bontšang e le senatla a bile a le sehlahlo, ha ba bang ba entse litšoantšo tse mo bontšang a fokola a bile a sohlokehile.
2 Leha ho le joalo, Bibele ha e lebise tlhokomelo chebahalong ea Jesu. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a bona ho loketse ho senola ntho e ’ngoe ea bohlokoahali: hore na Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe. Litlaleho tsa Kosepele ha li tlalehe feela seo Jesu a ileng a se bua le seo a ileng a se etsa empa li boetse li senola botebo ba maikutlo le mokhoa oa ho nahana tse bontšoang ke mantsoe a hae le liketso tsa hae. Litlaleho tsena tse ’nè tse bululetsoeng li re nolofalletsa ho lekola seo moapostola Pauluse a ileng a re ke “kelello ea Kreste.” (1 Bakorinthe 2:16) Ke habohlokoa hore re tsebe menahano ea Jesu, maikutlo a hae le botho ba hae. Hobane’ng? Bonyane ka mabaka a mabeli.
3. Ho tseba ha rōna kelello ea Kreste ho ka re fa temohisiso efe?
3 La pele, kelello ea Kreste e re fa leseli le itseng mabapi le kelello ea Jehova Molimo. Jesu o ne a tseba Ntate oa hae hantle hoo a neng a ka re: “Hore na Mora ke mang ha ho le ea mong ea tsebang haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, ha ho le ea mong ea tsebang haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.” (Luka 10:22) Ho joalokaha eka Jesu o ne a re, ‘Haeba u batla ho tseba hore na Jehova o joang, sheba ’na.’ (Johanne 14:9) Kahoo, ha re ithuta seo Likosepele li se senolang ka tsela eo Jesu a neng a nahana ka eona le eo a neng a ikutloa ka eona, ha e le hantle, re ithuta kamoo Jehova a nahanang kateng le kamoo a ikutloang kateng. Tsebo e joalo e re nolofalletsa ho atamela ho Molimo oa rōna.—Jakobo 4:8.
4. E le hore re fele re etsise Kreste, re lokela ho qala ka ho ithuta eng, hona hobane’ng?
4 La bobeli, ho tseba ha rōna kelello ea Kreste ho re thusa ho ‘latela mehato ea hae haufi-ufi.’ (1 Petrose 2:21) Ho latela Jesu hase feela taba ea ho pheta mantsoe a hae le ho etsisa liketso tsa hae. Kaha lipuo le liketso li susumetsoa ke menahano le maikutlo, ho latela Kreste ho hloka hore re hlaolele ‘boikutlo ba kelello’ boo a neng a e-na le bona. (Bafilippi 2:5) Ka mantsoe a mang, haeba re hlile re etsisa Kreste, re lokela ho qala ka ho ithuta ho nahana le ho ikutloa joaloka eena, ke hore, ka hohle kamoo re ka khonang joaloka batho ba sa phethahalang. Joale, ka thuso ea bangoli ba Likosepele, a re lekoleng kelello ea Kreste. Re tla qala ka ho bua ka lintho tse neng li susumetsa tsela eo Jesu a neng a nahana ka eona le eo a neng a ikutloa ka eona.
Bophelo ba Hae Pele e E-ba Motho oa Nama
5, 6. (a) Metsoalle ea rōna e ka ba le tšusumetso efe ho rōna? (b) Mora oa Molimo oa letsibolo o bile le botsoalle bofe maholimong pele a e-tla lefatšeng, ’me see se bile le tšusumetso efe ho eena?
5 Metsoalle ea rōna e haufi e ka re susumetsa ka tsela e itseng, ea susumetsa menahano ea rōna, maikutlo a rōna le liketso hamolemo kapa hampe.a (Liproverbia 13:20) Nahana ka metsoalle eo Jesu a neng a e-na le eona leholimong pele a e-tla lefatšeng. Kosepele ea Johanne e lebisa tlhokomelo bophelong ba Jesu pele e e-ba motho oa nama e le “Lentsoe” kapa ’Muelli oa Molimo. Johanne o re: “Tšimolohong Lentsoe o ne a le teng, ’me Lentsoe o ne a e-na le Molimo, ’me Lentsoe e ne e le molimo. Enoa o ne a e-na le Molimo tšimolohong.” (Johanne 1:1, 2) Kaha Jehova ha a na qalo, taba ea hore Lentsoe o ne a e-na le Molimo ho tloha “tšimolohong” e tlameha ebe e bolela qalong ea mesebetsi ea Molimo ea pōpo. (Pesaleme ea 90:2) Jesu ke “letsibolo la pōpo eohle.” Kahoo, o bile teng pele ho libōpuoa tse ling tsa moea le pele bokahohle bo bonahalang bo bōptjoa.—Bakolose 1:15; Tšenolo 3:14.
6 Ho latela litekanyetso tse itseng tsa saense, bonyane bokahohle bo bonahalang bo bile teng ka lilemo tse ka bang limilione tse likete tse 12. Haeba litekanyetso tseo li batla li le haufi le ’nete, Mora oa Molimo oa letsibolo o ile a thabela botsoalle bo haufi le Ntate oa hae ka nako e telele haholo pele Adama a bōptjoa. (Bapisa le Mikea 5:2.) Kahoo, tlamahano e mofuthu le e tebileng e ile ea hōla pakeng tsa bona. Joaloka bohlale bo mothofalitsoeng, ho bontšoa hore Mora enoa oa letsibolo bophelong ba hae ba pele e e-ba motho oa nama o ile a re: “Ke ile . . . ka ba eo [Jehova] a neng a mo rata ka ho khethehileng letsatsi le letsatsi, ’na ke ntse ke nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle.” (Liproverbia 8:30, NW) Ka sebele hore ebe o qetile nako e ngata haholo e le motsoalle ea haufi oa Mohloli oa lerato ho bile le tšusumetso e matla ho Mora oa Molimo! (1 Johanne 4:8) Mora enoa o ile a tseba a ba a bonahatsa menahano, maikutlo le litsela tsa Ntate oa hae ka tsela eo ho seng e mong ea neng a ka etsa joalo ka eona.—Matheu 11:27.
Bophelo le Litšusumetso Tsa Lefatšeng
7. Lebaka le leng leo ka lona ho neng ho hlokahala hore Mora oa Molimo oa letsibolo a tle lefatšeng ke lefe?
7 Ho ne ho e-na le lintho tse eketsehileng tseo Mora oa Molimo a neng a lokela ho ithuta tsona, hobane morero oa Jehova e ne e le ho lokisetsa Mora oa hae ho ba Moprista ea Phahameng ea nang le qenehelo, ea khonang ho “utloela mefokolo ea rōna bohloko.” (Baheberu 4:15) Le leng la mabaka ao Mora a neng a tlile ka ’ona lefatšeng e le motho oa nama e ne e le ho finyella litlhokahalo tsa karolo ena. Ha a le mona, e le motho oa nama le mali, Jesu o ile a pepesehela maemo le litšusumetso tseo pele a neng a li bona a le leholimong feela. Joale o ne a khona ho ikutloa kamoo batho ba nama ba ikutloang kateng. Ka linako tse ling o ne a ikutloa a khathetse, a nyoriloe a bile a lapile. (Matheu 4:2; Johanne 4:6, 7) Ho feta moo, o ile a mamella mathata le mahlomola a mefuta eohle. Ka lebaka leo o ile a “ithuta ho mamela” ’me a tšoaneleha ka ho feletseng bakeng sa karolo ea hae e le Moprista ea Phahameng.—Baheberu 5:8-10.
8. Re tseba eng ka bophelo ba Jesu ba bonyenyaneng lefatšeng?
8 Ho thoe’ng ka liphihlelo tsa Jesu tsa bonyenyaneng lefatšeng? Tlaleho ea nako ea hae ea bongoaneng e khutšoanyane haholo. Ha e le hantle, ke Matheu le Luka feela ba phetileng liketsahalo tse potolohileng tsoalo ea hae. Bangoli ba Likosepele ba ne ba tseba hore Jesu o ne a ile a phela leholimong pele a e-tla lefatšeng. Bophelo boo ba pele e e-ba motho oa nama ke bona bo hlalositseng ho feta leha e le eng e ’ngoe hore na e ile ea e-ba motho oa mofuta ofe. Leha ho le joalo, Jesu e ne e le motho oa nama ka ho feletseng. Le hoja a ne a phethahetse, o ile a tlameha ho hōla ho tloha boseeng ho ea bongoaneng le bocheng ho fihlela e e-ba motho e moholo, ’me nakong ena eohle a ntse a ithuta. (Luka 2:51, 52) Bibele e senola lintho tse itseng ka bophelo ba Jesu ba bonyenyaneng tseo ntle ho pelaelo li ileng tsa mo ama.
9. (a) Ke’ng se bontšang hore Jesu o hlahetse lelapeng le futsanehileng? (b) Ho ka etsahala hore ebe Jesu o hōletse maemong a mofuta ofe?
9 Ho hlakile hore Jesu o hlahetse lelapeng le futsanehileng. Sena se bontšoa ke nyehelo eo Josefa le Maria ba ileng ba e tlisa tempeleng matsatsi a ka bang 40 ka mor’a hore a hlahe. Ho e-na le ho tlisa pheleu e nyenyane e le nyehelo e chesitsoeng le leeba le lenyenyane kapa leebana-khoroana e le nyehelo ea sebe, ba ile ba tlisa “maebana-khoroana a mabeli kapa maeba a mabeli a manyenyane.” (Luka 2:24) Ho latela Molao oa Moshe, nyehelo ena e ne e le tokisetso ea mafutsana. (Levitike 12:6-8) Ha nako e ntse e feta, lelapa lena le futsanehileng le ile la hōla. Josefa le Maria ba ile ba e-ba le bonyane bana ba bang ba tšeletseng ka mokhoa oa tlhaho ka mor’a tsoalo ea Jesu ea mohlolo. (Matheu 13:55, 56) Ka hona, Jesu o ile a hōlela lelapeng le leholo, mohlomong e le la boemo bo tlaase.
10. Ke’ng e bontšang hore Maria le Josefa e ne e le batho ba tšabang Molimo?
10 Jesu o ile a hōlisoa ke batsoali ba tšabang Molimo ba neng ba mo hlokomela. ’Mè oa hae, Maria, e ne e le mosali ea ikhethang. Hopola hore ha lengeloi Gabriele le ne le mo lumelisa, le ile la re: “Lumela, uena ea hauhetsoeng haholo, Jehova o na le uena.” (Luka 1:28) Josefa le eena e ne e le monna ea chesehang. Selemo le selemo, ka botšepehi o ne a nka leeto la lik’hilomithara tse 150 ho ea Pasekeng Jerusalema. Maria le eena o ne a e-ba teng le hoja e ne e le banna feela ba neng ba tlameha ho ba teng. (Exoda 23:17; Luka 2:41) Ketsahalong e ’ngoe e joalo, Josefa le Maria, ka mor’a ho batla ka khothalo, ba ile ba fumana Jesu ea lilemo li 12 tempeleng har’a mesuoe. Jesu o ile a re ho batsoali ba hae ba tšoenyehileng: “Na le ne le sa tsebe hore ke lokela ho ba ka tlung ea Ntate?” (Luka 2:49) E lokela ebe lentsoe lena “Ntate” le ne le e-na le moelelo o bontšang mofuthu le boikutlo bo nepahetseng ho Jesu e monyenyane. Etsoe ka ho hlakileng o ne a boleletsoe hore Jehova ke Ntate oa hae oa sebele. Ho ekelletsa moo, e tlameha ebe Josefa e ne e bile ntate oa mohōlisi ea molemo ho Jesu. Ka sebele Jehova o ne a ke ke a khetha monna ea se nang kutloelo-bohloko kapa ea sehlōhō hore a hōlise Mora oa Hae ea ratoang!
11. Jesu o ile a ithutela mosebetsi ofe, ’me linakong tsa Bibele ho sebetsa mosebetsi oo ho ne ho akarelletsa eng?
11 Lilemong tseo ka tsona a neng a le Nazaretha, Jesu o ile a ithuta mosebetsi oa ho betla mapolanka, mohlomong a ithuta oona ho ntate oa hae oa mohōlisi, Josefa. Jesu o ne a tseba mosebetsi ona hantle hoo le eena a neng a bitsoa “’metli oa mapolanka.” (Mareka 6:3) Mehleng ea Bibele, babetli ba mapolanka ba ne ba hireloa ho haha matlo, ho etsa thepa ea ka tlung (ho akarelletsa litafole, litulo le libenche), le ho etsa lintho tse sebelisoang bakeng sa ho lema. Justin Martyr oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., o ile a ngola tjena ka Jesu ho Dialogue With Trypho: “O ne a tloaetse ho etsa mosebetsi oa ho betla mapolanka ha a le har’a batho, a etsa mehoma le lijoko.” Mosebetsi o joalo o ne o se bonolo, hobane mohlomong ’metli oa boholo-holo o ne a ke ke a ithekela lehong. Ho ka etsahala hore o ne a tsamaea a il’o khetha sefate, a se rema ka selepe sa hae, ’me a isa lehong leo hae. Ka hona, e ka ’na eaba Jesu o tsebile mathata a ho iphelisa, a ho sebelisana le bareki le a ho phelisa lelapa.
12. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Josefa o shoele pele ho Jesu, ’me see se ne se tla bolela’ng bakeng sa Jesu?
12 Kaha e ne e le mora oa letsibolo, mohlomong Jesu o ile a thusa ho hlokomela lelapa, haholo-holo kaha ho bonahala hore Josefa o shoele pele ho Jesu.b Zion’s Watch Tower ea January 1, 1900, e itse: “Neano e bolela hore Josefa o shoele Jesu a sa ntse a le monyenyane, le hore Jesu o ile a etsa mosebetsi oa ho betla mapolanka ’me a phelisa lelapa. Sena se tšehetsoa ke bopaki ba Mangolo moo ho thoeng Jesu ka boeena ke ’metli oa mapolanka, ’me ho buuoa ka ’mè oa hae le barab’abo, empa ho sa buuoe ka Josefa. (Mareka 6:3) . . . Joale, ho ka etsahala hore Morena oa rōna o ile a qeta nako e telele ea lilemo tse robeli tsa bophelo ba hae, ho tloha nakong ea ketsahalo [e tlalehiloeng ho Luka 2:41-49] ho fihlela nakong ea kolobetso ea hae, a etsa mesebetsi ena e tloaelehileng ea bophelo.” Mohlomong Maria le bana ba hae, ho akarelletsa le Jesu, ba ne ba tseba bohloko bo bakoang ke ha monna le ntate ea ratoang a e-shoa.
13. Ha Jesu a qalisa tšebeletso ea hae, ke hobane’ng ha a ne a e-na le tsebo, temohisiso le maikutlo a tebileng tseo ho neng ho se motho ea neng a ka ba le tsona?
13 Ho hlakile hore Jesu ha aa ka a hlahela mabothobothong. Ho e-na le hoo, o phetse bophelo ba batho feela ba tloaelehileng. Joale, ka 29 C.E., ho ile ha fihla nako ea hore Jesu a phethe kabelo ea bomolimo e mo letetseng. Hoetla selemong seo, o ile a kolobetsoa metsing ’me a tsoaloa e le Mora oa Molimo oa moea. ‘Maholimo a ile a mo bulehela,’ e leng seo ka ho totobetseng se bontšang hore joale o ne a khona ho hopola bophelo ba hae ba leholimong pele e e-ba motho oa nama, ho akarelletsa le menahano le maikutlo tseo a neng a e-na le tsona pele. (Luka 3:21, 22) Ka hona, ha Jesu a ne a qalisa tšebeletso ea hae, e ne e le ka tsebo, temohisiso le maikutlo a tebileng tseo ho seng motho e mong ea neng a ka ba le tsona. Ke ka lebaka le letle bangoli ba Kosepele ba buileng ka liketsahalo tsa tšebeletso ea Jesu karolong e khōlō ea lingoliloeng tsa bona. Ho ntse ho le joalo, ba ne ba ke ke ba tlaleha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buileng le eo a e entseng. (Johanne 21:25) Empa seo ba neng ba bululetsoe ho se ngola se re nolofalletsa ho lekola kelello ea motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela.
Seo Jesu a Neng a le Sona e le Motho
14. Likosepele li bontša joang hore Jesu ke motho ea mofuthu le ea bonolo le ea nang le maikutlo a tebileng?
14 Likosepele li bontša hore Jesu e ne e le motho ea mofuthu le ea bonolo le ea nang le maikutlo a tebileng. O ile a bonahatsa maikutlo a sa tšoaneng ha a arabela maemong: khauho ho molepera (Mareka 1:40, 41); mesarelo ho batho ba sa arabeleng (Luka 19:41, 42); khalefo e lokileng ho ba ananyang chelete ka meharo (Johanne 2:13-17). Kaha Jesu e ne e le motho ea nang le kutloelo-bohloko, o ne a ka susumelletseha ho lla, ’me o ne a sa pate maikutlo a hae. Nakong eo ka eona Lazaro, motsoalle oa hae ea ratoang a neng a shoele, ha Jesu a bona Maria, khaitseli ea Lazaro a lla, sena se ile sa mo ama ka ho teba hoo a ileng a lla, a llela moo ba bang ba mo bonang.—Johanne 11:32-36.
15. Maikutlo a bonolo a Jesu a ne a totobala joang tseleng eo a neng a talima ba bang ka eona le eo a neng a ba tšoara ka eona?
15 Maikutlo a Jesu a bonolo a ne a totobetse ka ho khethehileng tseleng eo a neng a talima ba bang ka eona le eo a neng a ba tšoara ka eona. O ne a ithaopela ho ea ho mafutsana le ba hateletsoeng, a ba thusa ho ‘fumanela lisoule tsa bona khatholoho.’ (Matheu 11:4, 5, 28-30) O ne a sa tšoareha haholo hoo a neng a ke ke a arabela litlhokong tsa ba mahlomoleng, ebang ke mosali ea nang le phallo ea mali eo ka lenyele a ileng a ama seaparo sa hae kapa mokōpakōpa ea foufetseng ea neng a hana ho khutsa. (Matheu 9:20-22; Mareka 10:46-52) Jesu o ne a batla se setle ho ba bang ’me a ba babatsa; empa, o ne a boetse a ikemiselitse ho khalemela ha ho hlokahala. (Matheu 16:23; Johanne 1:47; 8:44) Nakong eo ka eona basali ba neng ba thabela litokelo tse seng kae, Jesu o ile a ba tšoara ka seriti le tlhompho tse bontšang ho leka-lekana. (Johanne 4:9, 27) Hoa utloahala hore sehlopha sa basali se ne se mo sebeletsa ka ho rata ka lintho tsa bona.—Luka 8:3.
16. Ke’ng e bontšang hore Jesu o ne a e-na le pono e leka-lekaneng ka bophelo le ka lintho tse bonahalang?
16 Jesu o ne a e-na le pono e leka-lekaneng ka bophelo. Lintho tse bonahalang e ne e se tsa bohlokoahali. Ho bonahala hore o ne a e-na le lintho tse bonahalang tse fokolang haholo. O ile a re “ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Matheu 8:20) Ka nako e tšoanang, Jesu o ne a tlatsetsa thabong ea ba bang. Ha a ne a le moketeng oa lenyalo—ketsahalo eo ho eona ho tloaelehileng hore ho be le ’mino, ho binoe ’me ho thajoe—ho hlakile hore o ne a se moo bakeng sa ho sulafatsa ketsahalo eo. Ha e le hantle, Jesu o ile a etsa mohlolo oa hae oa pele moo. Ha veine e fela, o ile a fetola metsi veine e ntle, e leng seno se “thabisang pelo ea motho.” (Pesaleme ea 104:15; Johanne 2:1-11) Ka tsela eo mokete o ne o ka tsoela pele, ’me ha ho pelaelo hore monyaluoa le monyali ha baa ka ba hlajoa ke lihlong. Ho leka-lekana ha hae ho bontšoa ka ho tsoelang pele ke hore ho na le liketsahalo tse ngata haholo tse boletsoeng tseo ho tsona Jesu a neng a sebetsa nako e telele tšebeletsong a bile a sebetsa ka thata.—Johanne 4:34.
17. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe Jesu e ne e le Mosuoe ea Hloahloa, ’me lithuto tsa hae li ne li bontša eng?
17 Jesu e ne e le Mosuoe ea Hloahloa. Boholo ba thuto ea hae bo ne bo bontša linnete tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, tseo a neng a li tseba hantle. (Matheu 13:33; Luka 15:8) Tsela ea hae ea ho ruta e ne e ke ke ea lekanngoa le ea mang kapa mang—e ne e le e hlakileng kamehla, e le e bonolo le e sebetsang. Habohlokoa haholoanyane ke seo a neng a se ruta. Lithuto tsa hae li ne li bontša takatso ea hae e tlohang pelong ea ho etsa hore bamameli ba hae ba tsebe menahano, maikutlo le litsela tsa Jehova.—Johanne 17:6-8.
18, 19. (a) Jesu o ile a hlalosa Ntate oa hae ka litšoantšo life tse hlakileng mantsoeng a hae? (b) Ho tla tšohloa eng sehloohong se latelang?
18 Hangata a sebelisa lipapiso, Jesu o ile a senola Ntate oa hae ka litšoantšo tse hlakileng tse neng li ke ke tsa lebaleha habonolo. Ho bua ka tsela e akaretsang ka mohau oa Molimo ke ntho e ’ngoe. Empa ke ntho e ’ngoe hape ho tšoantša Jehova le ntate ea tšoarelang, ea amehang ka ho teba ha a bona mora oa hae ea khutlang hoo a ‘mathang, a itihelang molaleng oa hae ’me a mo aka ka bonolo.’ (Luka 15:11-24) Ha a nyatsa tloaelo e sa tenyetseheng eo ho eona baeta-pele ba bolumeli ba neng ba shebela batho feela ba tloaelehileng tlaase, Jesu o ile a hlalosa hore Ntate oa hae ke Molimo ea atamelehang ea ileng a khetha ho utloa thapeli ea ’mokelli oa lekhetho ea ikokobelitseng ho e-na le thapelo ea Mofarisi ea ithorisang e etsoang ka sepheo sa ho bonoa ke batho. (Luka 18:9-14) Jesu o ile a bontša hore Jehova ke Molimo ea tsotellang ea tsebang ha serobele se senyenyane se oela fatše. Jesu o ile a kholisa barutuoa ba hae a re: “Le se ke la ba le tšabo: le ba bohlokoa haholoanyane ho feta lirobele tse ngata.” (Matheu 10:29, 31) Hoa utloahala hore batho ba ne ba makaletse “tsela ea [Jesu] ea ho ruta” ’me ba huleloa ho eena. (Matheu 7:28, 29) Ka sebele, lekhetlong le leng “bongata bo boholo” bo ile ba hlola le eena matsatsi a mararo, bo bile bo sa je!—Mareka 8:1, 2.
19 Re ka leboha hore ebe Jehova o senotse kelello ea Kreste Lentsoeng la hae! Leha ho le joalo, re ka hlaolela kelello ea Kreste le ho e bonahatsa litšebelisanong tsa rōna le ba bang joang? Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hore ebe libōpuoa tsa moea li ka susumetsoa ke litloaelano ho bontšoa ho Tšenolo 12:3, 4. Lengolong lena Satane o tšoantšoa le “drakone” e ileng ea khona ho sebelisa tšusumetso ea eona ho etsa hore “linaleli” tse ling, kapa bara ba moea, li ikopanye le eona tseleng ea borabele.—Bapisa le Jobo 38:7.
b Lekhetlo la ho qetela leo ka lona ho buuoang ka Josefa ka ho toba ke ha ho ne ho fumanoa Jesu ea lilemo li 12 tempeleng. Ha ho buuoe letho ka boteng ba Josefa moketeng oa lenyalo Kana, qalong ea tšebeletso ea Jesu. (Johanne 2:1-3) Ka 33 C.E., Jesu ea khokhothetsoeng thupeng o ile a beha Maria tlhokomelong ea Johanne, moapostola ea ratoang. Mohlomong Jesu o ne a ke ke a etsa seo haeba Josefa a ne a ntse a phela.—Johanne 19:26, 27.
-
-
Na U na le “Kelello ea Kreste”?Molula-Qhooa—2000 | February 15
-
-
Na U na le “Kelello ea Kreste”?
“E se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka le neha . . . boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona.”—BAROMA 15:5.
1. Jesu o bontšoa joang litšoantšong tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana, ’me ke hobane’ng ha e se litšoantšo tse ntle tsa Jesu?
“HA HO mohla a kileng a bonoa a tšeha.” Ke kamoo Jesu a hlalosoang kateng tokomaneng eo ka bohata e bolelang hore e ngotsoe ke e mong ea boholong Roma ea boholo-holo. Tokomane ena, e ’nileng ea bonoa e le sebōpehong sa eona sa kajeno ho tloha hoo e ka bang lekholong la bo11 la lilemo, ho boleloa hore e susumelitse baetsi ba litšoantšo ba bangata.a Litšoantšong tse ngata, Jesu o bonahala e le motho ea hlomohileng, ea bososelang seoelo, haeba o ke a bososele. Empa seo hase setšoantšo se setle sa Jesu, eo Likosepele li bontšang hore o mofuthu, o mosa o bile o na le maikutlo a tebileng.
2. Re ka hlaolela “boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona” joang, ’me see se tla re hlomella ho etsa eng?
2 Ka ho hlakileng, e le hore re ka tseba Jesu oa sebele, re lokela ho tlatsa likelello le lipelo tsa rōna ka kutloisiso e nepahetseng ea hore na ha e le hantle Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe ha a sa le lefatšeng. Ka lebaka leo, a re hlahlobeng litlaleho tse ling tsa Kosepele tse re fang temohisiso mabapi le “kelello ea Kreste”—ke hore, maikutlo a hae, kutloisiso ea hae, menahano ea hae le kamoo a neng a beha mabaka kateng. (1 Bakorinthe 2:16) Ha re ntse re etsa joalo, a re hlahlobeng kamoo re ka hlaolelang “boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona” kateng. (Baroma 15:5) Ka tsela eo, re ka hlomelloa hamolemo bophelong ba rōna le litšebelisanong tsa rōna le ba bang bakeng sa ho latela mohlala oo a re behetseng oona.—Johanne 13:15.
O ne a Atameleha Habonolo
3, 4. (a) Tlaleho e ho Mareka 10:13-16 e etsahetse tlas’a maemo afe? (b) Jesu o ile a itšoara joang ha barutuoa ba hae ba ne ba leka ho thibela bana ba banyenyane ho tla ho eena?
3 Batho ba ne ba ikutloa ba hoheleha ho Jesu. Makhetlong a sa tšoaneng, batho ba lilemo tse sa tšoaneng le limelo tse fapaneng ba ne ba mo atamela ka bolokolohi. Nahana ka ketsahalo e tlalehiloeng ho Mareka 10:13-16. E etsahetse ho ella qetellong ea tšebeletso ea hae, ha a ne a lebile Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela, ho ea talimana le lefu le bohloko.—Mareka 10:32-34.
4 Nahana ka ketsahalo ena. Batho ba qala ho tlisa bana, ho akarelletsa le masea, hore Jesu a ba hlohonolofatse.b Leha ho le joalo, barutuoa ba hae ba leka ho thibela bana bana ho tla ho Jesu. Mohlomong barutuoa ba na le maikutlo a hore ka sebele Jesu ha a batle ho khathatsoa ka bana libekeng tsena tsa matšoenyeho. Empa ba fositse. Ha Jesu a hlokomela seo barutuoa ba se etsang, ha a thabe. Jesu o biletsa bana ho eena, o re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela.” (Mareka 10:14) Joale o etsa ho hong ho bontšang bonolo ba sebele le lerato. Tlaleho ena e re: ‘A sika bana bao ’me a qala ho ba hlohonolofatsa.’ (Mareka 10:16) Ho totobetse hore bana ba phutholohile ha Jesu a ba sika.
5.Tlaleho e ho Mareka 10:13-16 e re bolella eng ka hore na Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe?
5 Tlaleho eo e khutšoanyane e re bolella ho hongata ka hore na Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe. Hlokomela hore o ne a atameleha. Le hoja a ne a bile boemong bo phahameng maholimong, o ne a sa tšose batho ba sa phethahalang leha e le hona ho ba nyenyefatsa. (Johanne 17:5) Na ka ho tšoanang hase habohlokoa hore ebe esita le bana ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le eena? Ka sebele ba ne ba ke ke ba ikutloa ba hoheleha ho motho ea seng mosa, ea sa thabang eo ho neng ho se mohla a bososelang kapa a tšehang! Batho ba lilemo tsohle ba ne ba atamela Jesu hobane ba ne ba bona hore ke motho ea mofuthu, ea tsotellang, ’me ba ne ba kholisehile hore a ke ke a ba soetsa.
6. Baholo ba ka etsa hore ba atamelehe habonolo joang?
6 Ha re nahana ka tlaleho ena, re ka ipotsa, ‘Na ke na le kelello ea Kreste? Na kea atameleha?’ Linakong tsena tse mahlonoko, linku tsa Molimo li hloka balisa ba atamelehang, banna ba tšoanang le “tšireletso ha moea o foka.” (Esaia 32:1, 2; 2 Timothea 3:1) Baholo, haeba le hlaolela thahasello ea sebele, e tlohang pelong ho barab’abo lōna ’me le ikemiselitse ho itella bona, ba tla lemoha kameho ea lōna. Ba tla e bona lifahlehong tsa lōna, ba e utloe molumong oa mantsoe a lōna ba be ba e hlokomele moseng oa lōna. Mofuthu o joalo oa sebele le kameho li ka etsa hore u tšeptjoe ’me ho be bonolo haholoanyane hore ba bang, ho akarelletsa le bana, ba u atamele. Mosali e mong oa Mokreste o hlalosa lebaka leo ka lona a ileng a khona ho lokoloha ha a buisana le moholo e mong: “O ne a bua le ’na ka tsela e bonolo le e bontšang qenehelo. Ho seng joalo, mohlomong nka be ke sa ka ka bua letho. O ile a etsa hore ke ikutloe ke sireletsehile.”
O ne a Nahanela ba Bang
7. (a) Jesu o ile a bontša joang hore o nahanela ba bang? (b) Mohlomong ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa hore monna ea foufetseng a bone butle-butle?
7 Jesu o ne a nahanela ba bang. O ne a ameha ka maikutlo a ba bang. Ho bona feela batho ba mahlomoleng ho ne ho mo ama ka ho teba hoo a neng a susumelletseha ho ba lokolla bohlokong. (Matheu 14:14) O ne a boetse a nahanela mefokolo le litlhoko tsa ba bang. (Johanne 16:12) Batho ba kile ba tlisetsa Jesu monna ea foufetseng ’me ba mo kōpa hore a mo folise. Jesu o ile a etsa hore monna eo a boele a bone, empa o ile a etsa joalo butle-butle. Qalong, monna eo o ne a bonela batho leroothong—“se bonahalang eka ke lifate, empa lia tsamaea.” Joale, Jesu a etsa hore a bone ka ho feletseng. Ke hobane’ng ha a ne a folisa monna eo butle-butle? E ka ’na eaba o ile a etsa seo e le hore a nolofalletse motho eo ea neng a tloaetse ho ba lefifing hore a se ke a fahloa ka tšohanyetso ke khanya ea letsatsi le ho tšosoa ke lefatše le rarahaneng.—Mareka 8:22-26.
8, 9. (a) Ho ile ha etsahala eng kapele ka mor’a hore Jesu le barutuoa ba hae ba kene sebakeng sa Dekapolise? (b) Hlalosa ho folisa ha Jesu monna oa tsebe-tutu.
8 Hape nahana ka ketsahalo e ileng ea etsahala ka mor’a Paseka ea 32 C.E. Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba kene sebakeng sa Dekapolise, ka bochabela ho Leoatle la Galilea. Ha ba le moo, batho ba bangata ba ile ba ba fumana kapele ’me ba tlisa ho Jesu ba bangata ba neng ba kula le ba holofetseng, ’me o ile a ba folisa kaofela. (Matheu 15:29, 30) Ka ho thahasellisang, Jesu o ile a qoolla monna e mong bakeng sa tlhokomelo e khethehileng. Mareka, mongoli oa Kosepele, e leng eena feela ea tlalehileng ketsahalo ena, o tlaleha se ileng sa etsahala.—Mareka 7:31-35.
9 Monna enoa e ne e le tsebe-tutu a bile a sa khone ho bua. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ile a bona hore monna enoa o tšohile ka tsela e khethehileng kapa o tsielehile. Eaba Jesu o etsa ho hong ho batlang ho sa tloaeleha. O ile a nkela monna enoa ka thōko, hōle le bongata, boinotšing. Eaba Jesu o sebelisa puo ea matsoho ho bolella monna enoa seo a neng a tla tloha a se etsa. O ile a “kenya menoana ka litsebeng tsa monna eo ’me, ka mor’a ho tšoela mathe, a ama leleme la hae.” (Mareka 7:33) Ka mor’a moo, Jesu o ile a lelalla leholimong ’me a rapela ka ho feheloa. Liketso tsena tseo e neng e le lipontšo li ne li bolella monna enoa hore, ‘Seo ke tla tloha ke u etsetsa sona ke se etsa ka matla a tsoang ho Molimo.’ Qetellong, Jesu o ile a re: “Buleha.” (Mareka 7:34) Ha seo se etsahala, monna eo o ile a utloa, ’me a khona ho bua ka tsela e tloaelehileng.
10, 11. Re ka bontša joang hore re nahanela maikutlo a ba bang ka phuthehong? ka lapeng?
10 Jesu o ne a nahanela ba bang hakaakang! O ne a ameha ka maikutlo a bona, ’me tlhokomelo ena e bontšang kutloelo-bohloko, e ile ea mo susumelletsa ho nka bohato ka litsela tse bontšang hore o nahanela maikutlo a bona. Joaloka Bakreste, ke hantle ha re hlaolela kelello ea Kreste le ho e bonahatsa tabeng ena. Bibele ea re eletsa: “Kaofela ha lōna le be le kelello e joalo, le bontša ho utloelana bohloko, le e-na le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le e-na le qenehelo e bonolo, le ikokobelitse kelellong.” (1 Petrose 3:8) Ka sebele sena se hloka hore re bue le ho nka bohato ka litsela tse nahanelang maikutlo a ba bang.
11 Ka phuthehong, re ka bontša hore re nahanela maikutlo a ba bang ka ho ba fa seriti, re ba tšoare kamoo re neng re ka rata ho tšoaroa kateng. (Matheu 7:12) Seo se ne se tla akarelletsa ho ba hlokolosi ka seo re se buang le tsela eo re se buang ka eona. (Bakolose 4:6) Hopola hore ‘mantsoe a buuoang ka ho se nahane a ka hlaba joaloka sabole.’ (Liproverbia 12:18, NW) Ho thoe’ng ka lapeng? Monna le mosali ba hlileng ba ratanang, e mong o nahanela maikutlo a e mong. (Baefese 5:33) Ba qoba mantsoe a bontšang ho hloka kutloelo-bohloko, ho tšoaea liphoso ho sa khaotseng le ho phoqa ho halefisang—tseo kaofela ha tsona li ka utloisang motho bohloko bo ke keng ba fola habonolo. Bana le bona ba na le maikutlo, ’me batsoali ba lerato ba nahanela sena. Ha ho hlokahala khalemelo, batsoali ba joalo ba fana ka eona ka litsela tse hlomphang seriti sa bana ba bona le tse sa ba hlabiseng lihlong ka ho sa hlokahaleng.c (Bakolose 3:21) Ka tsela eo, ha re nahanela ba bang, re bontša hore re na le kelello ea Kreste.
O ne a Ikemisetsa ho Tšepa ba Bang
12. Jesu o ne a e-na le pono efe e leka-lekaneng le ea sebele ka barutuoa ba hae?
12 Jesu o ne a e-na le pono e leka-lekaneng le ea sebele ka barutuoa ba hae. O ne a tseba hantle hore ha baa phethahala. Etsoe, o ne a ka bona se ka lipelong tsa batho. (Johanne 2:24, 25) Leha ho le joalo, ha aa ka a lebisa tlhokomelo mefokolong ea bona, empa o ile a e lebisa litšoanelehong tsa bona tse molemo. O ile a boela a bona monyetla o molemo ho banna bana bao Jehova a neng a ba hutse. (Johanne 6:44) Pono ea Jesu e nepahetseng ka barutuoa ba hae e ne e totobetse tseleng eo a neng a sebelisana le bona ka eona le kamoo a neng a ba tšoara kateng. Taba ea pele, o ile a bontša hore o ikemiselitse ho ba tšepa.
13. Jesu o ile a bontša joang hore o tšepa barutuoa ba hae?
13 Jesu o ile a bontša tšepo e joalo joang? Ha a tloha lefatšeng, o ile a fa barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng boikarabelo bo boima. O ile a ba fa boikarabelo ba ho hlokomela lithahasello tsa ’Muso oa hae lefatšeng ka bophara. (Matheu 25:14, 15; Luka 12:42-44) Nakong ea tšebeletso ea hae, o ile a bontša le ka litsela tse nyenyane, tse sa tobang, hore oa ba tšepa. Ha a ne a atisa lijo ka mohlolo e le hore a ka fepa bongata, o ile a fa barutuoa ba hae boikarabelo ba ho aba lijo tsena.—Matheu 14:15-21; 15:32-37.
14. U ne u ka akaretsa tlaleho e ho Mareka 4:35-41 joang?
14 Nahana hape ka tlaleho e ho Mareka 4:35-41. Ketsahalong ena Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba palama sekepe ’me ba se sesisetsa ka ’nģ’a bochabela ka mose ho Leoatle la Galilea. Kapele ka mor’a hore ba tlohe, Jesu o ile a robala karolong e ka morao ea seketsoana ’me a khaleha. Leha ho le joalo, “moea o moholo o befileng oa sefefo oa tsoha.” Lifefo tse joalo li ne li tloaelehile Leoatleng la Galilea. Ka lebaka la botlaase ba lona (limithara tse ka bang 200 ka tlas’a bophahamo ba leoatle), moea ona o futhumetse haholoanyane sebakeng seo ho feta sebakeng se se potolohileng, ’me sena se baka pherekano e itseng tikolohong. Ho ekelletsa ho sena, meea e matla e foka ka sekhahla ho theosa le Phula ea Jordane e tloha Thabeng ea Hermone, e ka leboea. Ho ka hla ha etsahala hore khutso ea nakoana e fetohe sefefo se matla. Nahana ka sena: Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a tseba lifefo tse tloaelehileng, hobane o ne a hōletse Galilea. Empa, o ile a robala ka khotso, a tšepile tsebo ea barutuoa ba hae, bao ba bang ba bona e neng e le batšoasi ba litlhapi.—Matheu 4:18, 19.
15. Re ka etsisa Jesu joang boikemisetsong ba hae ba ho tšepa barutuoa ba hae?
15 Na re ka etsisa Jesu boikemisetsong ba hae ba ho tšepa barutuoa ba hae? Batho ba bang ba bona ho le thata ho abela ba bang boikarabelo. Ba tlameha hore ka linako tsohle ba li hule pele, kamoo re ka behang taba kateng. Ba ka ’na ba nahana, ‘Haeba ke batla hore ntho e itseng e etsoe ka tsela e nepahetseng, e tlameha hore e etsoe ke ’na!’ Empa haeba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tlameha ho etsoa ke rōna, re kotsing ea ho khathala ’me mohlomong re bile re nka nako e telele ka ho sa hlokahaleng re le thōko le malapa a rōna. Ntle ho moo, haeba re sa abele ba bang mesebetsi e loketseng le boikarabelo, e ka ’na eaba re ba thibela ho fumana phihlelo le tsebo. E ka ba bohlale ho ithuta ho tšepa ba bang, re ba abele mesebetsi e meng. Ke hantle ha ka botšepehi re ipotsa, ‘Na ke na le kelello ea Kreste tabeng ee? Na ke ikemisetsa ho abela ba bang mesebetsi e itseng, ke tšepa hore ba tla etsa sohle seo ba se khonang?’
O ne a Bontša Hore o Tšepa Barutuoa ba Hae
16, 17. Bosiung ba ho qetela ba bophelo ba Jesu ba lefatšeng, o ile a tiisetsa baapostola ba hae eng, le hoja a ne a tseba hore ba tla mo lahla?
16 Jesu o bontšitse ka tsela e ’ngoe ea bohlokoa hore o na le pono e nepahetseng ka barutuoa ba hae. O ile a ba tsebisa hore oa ba tšepa. Sena se ile sa totobala mantsoeng a kholisang ao a ileng a a bolella baapostola ba hae bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae ba lefatšeng. Hlokomela se ileng sa etsahala.
17 E ne e le bosiu bo maphathaphathe ho Jesu. O ile a fa baapostola ba hae thuto e sebetsang e le mohlala oa boikokobetso ka ho ba hlatsoa maoto. Ka mor’a moo, o ile a theha sejo sa mantsiboea seo e neng e tla ba sehopotso sa lefu la hae. Joale, baapostola ba ile ba boela ba pheha khang e matla ka taba ea hore na ke mang eo ho neng ho bonahala e le e moholo ka ho fetisisa har’a bona. A ntse a sa fele pelo, Jesu ha aa ka a ba omanya empa o ile a buisana le bona.O ile a ba bolella se larileng ka pele: “Kaofela ha lōna le tla khoptjoa mabapi le ’na bosiung bona, etsoe ho ngoliloe, ‘Ka sebele ke tla otla molisa, ’me linku tsa mohlape li tla hasa-hasana.’” (Matheu 26:31; Zakaria 13:7) O ne a tseba hore metsoalle ea hae e haufi e ne e tla mo lahla nakong eo a e hlokang. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a e nyatsa. Ho fapana le hoo, o ile a e bolella: “Empa ka mor’a hore ke tsosoe, ka sebele ke tla le etella pele ho kena Galilea.” (Matheu 26:32) E, o ile a e kholisa hore le hoja e ne e tla mo lahla, o ne a sa tl’o e lahla. Ha ketsahalo ena e bohloko e fetile, o ne a tla kopana le eona hape.
18. Ha a le Galilea, Jesu o ile a tšepela barutuoa ba hae thōmo efe ea bohlokoa, ’me baapostola ba ile ba e phetha joang?
18 Jesu o ile a tšepahala. Hamorao ha a le Galilea, Jesu ea tsohileng bafung o ile a hlaha ho baapostola ba 11 ba tšepahalang, bao ka ho hlakileng ba neng ba bokane le ba bang ba bangata. (Matheu 28:16, 17; 1 Bakorinthe 15:6) Ha ba le moo, Jesu o ile a ba fa taelo ea bohlokoa e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Buka ea Liketso e re fa bopaki bo hlakileng ba hore baapostola ba ile ba phetha thōmo eo. Ka botšepehi ba ile ba etella pele mosebetsi oa boboleli ba litaba tse molemo lekholong la pele la lilemo.—Liketso 2:41, 42; 4:33; 5:27-32.
19. Liketso tsa Jesu tsa ka mor’a tsoho ea hae li re ruta eng ka kelello ea Kreste?
19 Tlaleho ee e senolang boitsebiso e re ruta eng ka kelello ea Kreste? Jesu o ne a bone baapostola ba hae nakong eo ba fokolang ka ho fetisisa, empa o ile “a ba rata ho isa bofelong.” (Johanne 13:1) Ho sa tsotellehe mefokolo ea bona, o ile a ba bolella hore oa ba tšepa. Hlokomela hore Jesu o ne a sa tšepa ntšepeli-a-ntšepe. Ha ho pelaelo hore tšepo le tumelo tseo a neng a ile a li bontša ho bona li ile tsa ba matlafalletsa hore ba etse qeto e tiileng ka lipelong tsa bona ea hore ba tla etsa mosebetsi oo a ba laetseng hore ba o etse.
20, 21. Re ka bontša pono e nepahetseng joang ka balumeli-’moho le rōna?
20 Re ka bonahatsa kelello ea Kreste joang tabeng ee? U se ke ua hloka tšepo ho balumeli-’moho le uena. Haeba u nahana se sebe ka ho fetisisa, mantsoe a hao le liketso li ka ’na tsa se senola. (Luka 6:45) Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore lerato “le lumela lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:7) Lerato le na le boikutlo bo nepahetseng, eseng bo fosahetseng. Lea haha ho e-na le ho heletsa. Batho ba arabela habonolo haholoanyane leratong le khothatsong ho feta litšosong. Re ka haha le ho khothatsa ba bang ka ho bontša hore rea ba tšepa. (1 Bathesalonika 5:11) Haeba, joaloka Kreste, re e-na le pono e nepahetseng ka barab’abo rōna, re tla ba tšoara ka litsela tse ba hahang ’me re fumane se molemohali ho bona.
21 Ho hlaolela kelello ea Kreste le ho e bonahatsa ho teba ho feta feela ho etsisa Jesu linthong tse itseng tseo a neng a li etsa. Joalokaha ho boletsoe sehloohong se etellang sena pele, e le hore re fele re etsise Jesu, re lokela hore re qale ka ho ithuta ho talima lintho ka tsela eo a neng a li talima ka eona. Likosepele li re nolofalletsa ho bona karolo e ’ngoe ea botho ba hae, menahano ea hae le maikutlo a hae ka mosebetsi oo a neng a o abetsoe, joalokaha sehlooho se latelang se tla bua ka eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tokomaneng ena, mongoli oa moikhakanyi o hlalosa seo a nahanang hore ke chebahalo ea Jesu, ho akarelletsa le ’mala oa moriri oa hae, oa litelu le oa mahlo. Mofetoleli oa Bibele Edgar J. Goodspeed o hlalosa hore tlhaloso ena ea boikhakanyo e “entsoe ka morero oa ho etsa hore tlhaloso e libukeng tsa baetsi ba litšoantšo mabapi le chebahalo ea Jesu e amohelehe.”
b Kamoo ho bonahalang kateng, e ne e le bana ba lilemo tse sa tšoaneng. Lentsoe leo mona le fetoletsoeng e le “bana ba banyenyane” le boetse le sebelisitsoe ho morali oa Jairase ea lilemo li 12. (Mareka 5:39, 42; 10:13) Leha ho le joalo, tlalehong e tšoanang le eo, Luka o sebelisa lentsoe leo hape le sebelisoang ho masea.—Luka 1:41; 2:12; 18:15.
c Bona sehlooho se reng “Na U Hlompha Seriti sa Bona?” tokollong ea Molula-Qhooa oa April 1, 1998.
-
-
Na U Susumelletseha ho Etsisa Jesu?Molula-Qhooa—2000 | February 15
-
-
Na U Susumelletseha ho Etsisa Jesu?
“A bona bongata bo boholo, empa a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa. ’Me a qala ho bo ruta.”—MAREKA 6:34.
1. Ke hobane’ng ha ho utloahala hore batho ba bontše litšoaneleho tse ntle?
HO THEOSA le histori batho ba bangata ba bontšitse litšoaneleho tse ntle. U ka utloisisa lebaka. Jehova Molimo o na le lerato, mosa, ho fana ka seatla se bulehileng ebile o bonahatsa litšobotsi tsena hammoho le litšoaneleho tse ling tseo re li nkang e le tsa bohlokoa. Batho ba bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo. Ka hona, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba ka bontša tekanyo e itseng ea lerato, mosa, qenehelo le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo, joalokaha ba bangata ba bontša hore ba na le letsoalo. (Genese 1:26; Baroma 2:14, 15) Leha ho le joalo, u ka ’na ua hlokomela hore ba bang ba nolofalloa ho bontša litšoaneleho tsena ho feta ba bang.
2. Mesebetsi e meng e molemo eo batho ba ka e etsang ke efe, mohlomong ba ikutloa hore ba etsisa Kreste?
2 Mohlomong u tseba banna le basali ba atisang ho etela ba kulang kapa ho ba thusa, ba bontšang qenehelo ho ba holofetseng kapa ba fang bafutsana lintho ka seatla se bulehileng. Hape nahana ka batho bao qenehelo ea bona e ba susumelletsang ho sebelisa bophelo ba bona ba sebetsa libakeng tseo ho tsona ho lulang balepera kapa likhutsana, ba ithaopelang ho sebetsa lipetlele kapa lenaneong la ho hlokomela ba kulelang lefu, kapa batho ba lekang ka matla ho thusa ba se nang mahae kapa baphaphathehi. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba bona ba na le maikutlo a hore ba etsisa Jesu, ea behetseng Bakreste mohlala. Likosepeleng re ithuta hore Kreste o ne a folisa ba kulang ’me a fepa ba lapileng. (Mareka 1:34; 8:1-9; Luka 4:40) Lipontšo tsa Jesu tsa lerato, bonolo le qenehelo li bontša “kelello ea Kreste,” eo ka lehlakoreng le leng a neng a etsisa Ntate oa hae oa leholimo.—1 Bakorinthe 2:16.
3. Ho hlokahala hore re nahane ka eng e le hore re be le pono e leka-lekaneng ka mesebetsi e molemo ea Jesu?
3 Leha ho le joalo, na u hlokometse hore kajeno ba bangata ba khahliloeng ke lerato la Jesu le qenehelo ea hae ba hlokomoloha tšobotsi e ka sehloohong ea kelello ea Kreste? Re ka ba le temohisiso ea sena ka ho hlahloba Mareka khaolo ea 6 ka hloko. Seo re se balang ho eona ke hore batho ba ile ba tlisa ho Jesu ba kulang hore a ba folise. Tabeng e potolohileng eo, re boetse re hlokomela hore ha Jesu a bona hore ba likete ba neng ba tlile ho eena ba lapile, o ile a ba fepa ka mohlolo. (Mareka 6:35-44, 54-56) Ho phekola ba kulang le ho fepa ba lapileng e ne e le lipontšo tse ikhethang tsa qenehelo e lerato, empa na e ne e le mekhoa e ka sehloohong eo ka eona Jesu a ileng a thusa ba bang? ’Me ke joang re ka etsisang hamolemohali mohlala oa hae o phethahetseng oa lerato, mosa le qenehelo, joalokaha a ile a etsisa Jehova?
O ne a Susumelletseha ho Arabela Litlhokong Tsa Moea
4. Tlaleho ea Mareka 6:30-34 e etsahetse tlas’a maemo afe?
4 Jesu o ile a hauhela ba mo potolohileng haholo-holo ka lebaka la litlhoko tsa bona tsa moea. Litlhoko tseo e ne e le tsa bohlokoahali ho feta litlhoko tsa nama. Nahana ka tlaleho ea Mareka 6:30-34. Ketsahalo e tlalehiloeng moo e ile ea etsahala lebōpong la Leoatle la Galilea, ha e se e tla ba nako ea Paseka ea 32 C.E. Baapostola ba ne ba thabile, ’me e le ka lebaka le letle. Kaha ba ne ba sa tsoa phetha leeto le lelelele, ba ile ba tla ho Jesu, ntle ho pelaelo ba labalabela ho mo phetela liphihlelo tsa bona. Leha ho le joalo, bongata bo ile ba bokana. Bo ne bo le boholo hoo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba sitoa ho ja kapa ho phomola. Jesu o ile a re ho baapostola: “Tloong, lōna ka bolōna, boinotšing sebakeng se ka thōko ’me le phomole hanyenyane.” (Mareka 6:31) Ha ba palama sekepe, mohlomong haufi le Kapernauma, ba ile ba se sesisetsa sebakeng se khutsitseng ka mose ho Leoatle la Galilea. Empa bongata bo ile ba matha lebōpong ’me ba fihla pele sekepe se fihla. Jesu o ne a tla arabela joang? Na o ile a tenehela hore ebe ho kena-kenanoa le boinotši ba hae? Le hanyenyane!
5. Jesu o ile a ikutloa joang ka bongata bo ileng ba tla ho eena, ’me a arabela joang?
5 Pelo ea Jesu e ile ea ameha ha a bona bongata bona ba batho ba likete, ho akarelletsa le ba kulang, ba neng ba mo letetse ka thahasello. (Matheu 14:14; Mareka 6:44) Ha Mareka a lebisa tlhokomelo ho se ileng sa tsosa qenehelo ea Jesu le kamoo A ileng a arabela kateng, o ile a ngola: “A bona bongata bo boholo, empa a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa. ’Me a qala ho bo ruta lintho tse ngata.” (Mareka 6:34) Jesu o ile a bona ho fetang letšoele la batho. O ile a bona batho ba nang le litlhoko tsa moea. Ba ne ba tšoana le linku tse lahlehileng tse hlokang thuso, tse se nang molisa ea ka li tataisetsang makhulong a matala kapa ea ka li sireletsang. Jesu o ne a tseba hore baeta-pele ba bolumeli ba lipelo li thata, bao e neng e lokela ho ba balisa ba tsotellang, ha e le hantle ba ne ba nyelisa batho feela ba tloaelehileng ’me ba hlokomoloha litlhoko tsa bona tsa moea. (Ezekiele 34:2-4; Johanne 7:47-49) Jesu o ne a tla ba tšoara ka tsela e fapaneng, a ba etsetse molemo o moholo ka hohle kamoo a ka khonang kateng. O ile a qala ho ba ruta ka ’Muso oa Molimo.
6, 7. (a) Likosepele li senola eng eo Jesu a neng a e etelletsa pele ha a arabela litlhokong tsa batho? (b) Ke’ng se neng se susumelletsa Jesu ho bolela le ho ruta?
6 Hlokomela tatellano ea liketsahalo le se bontšoang mabapi le ketsahalo e etelletsoang pele tlalehong e tšoanang le ena. Eona e ngotsoe ke Luka, eo e neng e le ngaka ’me a thahasella ka matla bophelo bo botle ba ’mele ba ba bang. “Bongata . . . ba [latela Jesu]. Eaba o bo amohela ka mosa ’me o qala ho bua le bona ka ’muso oa Molimo, ’me a folisa ba hlokang phekolo.” (Luka 9:11; Bakolose 4:14) Le hoja ho se joalo tlalehong e ’ngoe le e ’ngoe ea mohlolo, tabeng ena, tlaleho e bululetsoeng ea Luka e buile ka eng pele? Ka taba ea hore Jesu o ile a ruta batho.
7 Sena se hlile se lumellana le khatiso eo re e fumanang ho Mareka 6:34. Temana eo e bontša ka ho hlaka kamoo Jesu a ileng a susumelletseha haholo-holo ho bontša khauho ea hae kateng. O ile a ruta batho ba neng ba arabela litlhokong tsa bona tsa moea. Pejana tšebeletsong ea hae, Jesu o ne a ile a re: “Metseng e meng ke lokela ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo, hobane ke rometsoe bakeng sa sena.” (Luka 4:43) Ho ntse ho le joalo, re ne re tla be re fositse haeba re ne re ka nahana hore Jesu o ne a bolela molaetsa oa ’Muso hobane a ne a tlamehile, joalokaha eka o ne a etsa mosebetsi oa ho bolela oo a lokelang ho o etsa ka tloaelo feela tjee. Che, qenehelo ea hae e lerato bakeng sa batho e ne e le tšusumetso e ka sehloohong e etsang hore a ba abele litaba tse molemo. Molemo o fetisisang oo Jesu a neng a ka o etsa—esita le bakeng sa ba kulang, ba hlasetsoeng ke bademona, ba futsanehileng kapa ba lapileng—e ne e le ho ba thusa hore ba tsebe ’nete ea ’Muso oa Molimo, ba e amohele ba be ba e rate. ’Nete eo e ne e le ea bohlokoahali ka lebaka la karolo eo ’Muso o e phethang ho tloseng qoso bobusing ba Jehova le ho tlisetseng batho litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng.
8. Jesu o ne a ikutloa joang ka boboleli ba hae le ho ruta?
8 Ho bolela ha Jesu ’Muso ka mafolofolo e ne e le lebaka le ka sehloohong la ho tla ha hae lefatšeng. Ho ella qetellong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o ile a bolella Pilato a re: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete. E mong le e mong ea leng ka lehlakoreng la ’nete o mamela lentsoe la ka.” (Johanne 18:37) Lihloohong tse peli tse etellang sena pele re hlokometse hore Jesu e ne e le motho ea nang le maikutlo a bonolo—ea tsotellang, ea atamelehang, ea nahanelang, ea tšepang ba bang, ’me ka holimo ho tsohle, ea lerato. Ho hlokahala hore re ananele litšobotsi tseo tsa botho ba hae e le hore re ka fela ra utloisisa kelello ea Kreste. Ke habohlokoa ka ho tšoanang ho hlokomela hore kelello ea Kreste e akarelletsa ho etelletsa pele ha hae mosebetsi oa boboleli le ho ruta.
O ne a Khothalletsa ba Bang ho Paka
9. Ke bo-mang ba neng ba lokela ho etelletsa pele boboleli le ho ruta?
9 E ne e se Jesu feela ea neng a lokela ho etelletsa pele boboleli le ho ruta—e le pontšo ea lerato le qenehelo. O ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba etsise sepheo sa hae, lintho tseo a neng a li etelletsa pele le liketso tsa hae. Ka mohlala, ka mor’a hore Jesu a khethe baapostola ba hae ba 12, ba ne ba lokela ho etsa eng? Mareka 3:14, 15 ea re bolella: ‘O ile a etsa sehlopha sa ba leshome le metso e ’meli, bao hape a ileng a ba bitsa “baapostola,” e le hore ba ka tsoela pele le eena le hore a ka ba romela ho ea bolela le ho ba le matla a ho leleka bademona.’ Na ho na le ntho leha e le efe eo u e bonang eo baapostola ba neng ba lokela ho e etelletsa pele?
10, 11. (a) Ha Jesu a romela baapostola, o ile a ba bolella hore ba etse eng? (b) Ha a romela baapostola, o ile a hatisa eng?
10 Ha nako e ntse e feta, Jesu o ile a etsa hore ba 12 ba khone ho folisa ba bang ba be ba leleke bademona. (Matheu 10:1; Luka 9:1) Eaba o ba romela leetong la ho ea “linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” Hore ba e’o etsa’ng? Jesu o ile a ba laela: “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’ Phekolang batho ba kulang, le tsose batho ba shoeleng, le hloekise balepera, le leleke bademona.” (Matheu 10:5-8; Luka 9:2) Ha e le hantle, ba ile ba etsa eng? “Kahoo ba tsoa ’me [1] ba bolela e le hore batho ba ka baka; ’me [2] ba ne ba leleka bademona ba bangata ’me ba tšasa batho ba bangata ba likulane ka oli ’me ba ba phekola.”—Mareka 6:12, 13.
11 Kaha hase makhetlong ’ohle ao ho ’ona ho qaliloeng ka ho ruta, na ho hlokomela tatellano e ka holimo ke ho nka lintho tse etelletsoang pele kapa sepheo se amehang e le tsa bohlokoa ho feta tekano? (Luka 10:1-9) Ha e le hantle, ha rea lokela ho khella fatše tsela eo ho ruta ho boletsoeng pele ho ho folisa khafetsa ka eona. Hlahloba taba e potolohileng taba ena. Pele a romela baapostola ba 12, Jesu o ne a anngoe ke boemo boo bongata bo neng bo le ho bona. Rea bala: “Jesu a qala ho etela metse le metsana eohle, a ruta ka lisynagogeng tsa eona le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso ’me a phekola mofuta o mong le o mong oa lefu le mofuta o mong le o mong oa mefokolo. Ha a bona bongata a utloa a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa. Joale a re ho barutuoa ba hae: ‘E, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.’ ”—Matheu 9:35-38.
12. Mesebetsi ea mohlolo eo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba e etsa e ne e ka phetha morero ofe o mong?
12 Ka ho ba le eena, baapostola ba ne ba ka monya kelello ea Kreste ka tekanyo e itseng. Ba ne ba ka lemoha hore ho rata ha bona batho e le kannete le ho ba qenehela ho ne ho akarelletsa ho bolela le ho ruta ka ’Muso—eo e ne e lokela ho ba tšobotsi e ka sehloohong ea mesebetsi ea bona e molemo. Tumellanong le seo, liketso tse molemo tsa botho, tse kang ho folisa ba kulang, li ne li finyella se fetang ho thusa ba hlokang feela tjee. Joalokaha u ka inahanela, ho ka etsahala hore batho ba bang ba khahloe ke lipholiso le lijo tse fanoang ka mohlolo. (Matheu 4:24, 25; 8:16; 9:32, 33; 14:35, 36; Johanne 6:26) Leha ho le joalo, ho feta ho fana ka thuso ’meleng, ha e le hantle mesebetsi eo e ne e susumelletsa bashebelli ho hlokomela hore Jesu ke Mora oa Molimo le ‘moprofeta’ eo Moshe a neng a mo boletse esale pele.—Johanne 6:14; Deuteronoma 18:15.
13. Boprofeta bo ho Deuteronoma 18:18 bo hatisitse karolo efe e neng e tla phethoa ke ‘moprofeta’ ea tlang?
13 Ke hobane’ng ha taba ea hore Jesu ke ‘moprofeta’ e ne e le ea bohlokoa? Ha e le hantle, mosebetsi o ka sehloohong o neng o boletsoe esale pele bakeng sa hae e ne e le ofe? Na ‘moprofeta’ o ne a lokela ho tuma ka ho folisa ka mohlolo kapa ka hore ka qenehelo a hlahise lijo bakeng sa ba lapileng? Deuteronoma 18:18 e boletse sena esale pele: ‘Ke tla ba hlahisetsa moprofeta ea tsoang har’a banab’abo bona, ea joalo ka uena [Moshe]; ke tla bea mantsoe a ka molomong oa hae, ’me o tla ba bolella tsohle tsee ke tla mo laela tsona.’ Ka hona, le hoja baapostola ba ile ba ithuta ho ba le maikutlo a bonolo le ho a bontša, ba ne ba ka etsa qeto ea hore kelello ea Kreste e ne e lokela ho bonahala le mosebetsing oa bona oa ho bolela le ho ruta. Seo e ne e tla ba sona se molemohali seo ba neng ba ka se etsetsa batho. Ka mokhoa o joalo, ba kulang le ba futsanehileng ba ne ba ka fumana melemo e sa feleng, eseng feela e lekanyelitsoeng bophelong ba motho bo bokhutšoanyane kapa lijong tse fanoang ka makhetlo a seng makae.—Johanne 6:26-30.
Hlaolela Kelello ea Kreste Kajeno
14. Ho ba le kelello ea Kreste ho ameha joang boboleling ba rōna?
14 Ha ho le ea mong oa rōna ea neng a ka talima kelello ea Kreste e le e amanang ka ho khetheha le lekholo la pele la lilemo—e amanang le Jesu le barutuoa ba pele bao moapostola Pauluse a ileng a ngola tjena ka bona: “Re fela re e-na le kelello ea Kreste.” (1 Bakorinthe 2:16) ’Me ntle ho tikatiko re ka lumela hore re tlameha ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Empa, ho molemo ho hopola sepheo sa rōna sa ho etsa mosebetsi ona. Ha ea lokela ho ba ka lebaka la ho ikutloa re tlamehile feela tjee. Ho rata Molimo ke lebaka le ka sehloohong leo ka lona re kopanelang tšebeletsong, ’me ho tšoana le Jesu e le kannete ho akarelletsa ho bolela le ho ruta hobane re susumetsoa ke qenehelo.—Matheu 22:37-39.
15. Ke hobane’ng ha qenehelo e le karolo e loketseng ea tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa?
15 Ke ’nete hore hase kamehla ho leng bonolo hore motho a qenehele ba sa lumeleng seo re se lumelang, haholo-holo ha re thulana le boiphapanyo, ho khesoa, kapa khanyetso. Empa, haeba re ne re ka felloa ke lerato le qenehelo bakeng sa batho, re ne re ka felloa ke tšusumetso ea bohlokoa bakeng sa ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste. Joale, re ka hlaolela qenehelo joang? Re ka leka ho talima batho joalokaha Jesu a ne a ba talima, ba “qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Na seo ha se hlalose ba bangata kajeno? Ba hlokomolohiloe ba bile ba foufalitsoe moeeng ke balisa ba bolumeli ba bohata. Ka lebaka leo, ha ba tsebe letho ka tataiso e nepahetseng e fumanoang ka Bibeleng leha e le ka maemo a Paradeise ao ’Muso oa Molimo o tla tloha o a tlisa lefatšeng la rōna. Ba talimane le mathata a bophelo ba letsatsi le letsatsi—ho akarelletsa le bofutsana, likhohlano tsa malapa, ho kula le lefu—ba se na tšepo ea ’Muso. Re na le seo ba se hlokang: litaba tse molemo tse pholosang bophelo tsa ’Muso oa Molimo oo hona joale o thehiloeng leholimong!
16. Ke hobane’ng ha re lokela ho rata ho bolella ba bang litaba tse molemo?
16 Ka hona, ha u nahanisisa ka litlhoko tsa moea tsa ba u potolohileng, na pelo ea hao ha e u susumelletse hore u batle ho etsa sohle seo u ka se khonang ho ba bolella ka morero o lerato oa Molimo? E, mosebetsi oa rōna ke oa qenehelo. Ha re utloela batho bohloko joalokaha Jesu a ne a ba utloela bohloko, seo se tla totobala molumong oa rōna oa lentsoe, litšobotsing tsa lifahleho tsa rōna le tseleng eo re rutang ka eona. Sena sohle se etsa hore molaetsa oa rōna o ipiletse haholoanyane ho ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’—Liketso 13:48.
17. (a) Litsela tse ling tseo ka tsona re ka bontšang ba bang lerato le qenehelo ke life? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khetha ho etsa ho hong re tlohele ho hong pakeng tsa mesebetsi e molemo le ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa?
17 Ha e le hantle, lerato la rōna le qenehelo li lokela ho bonahala tseleng eohle ea bophelo ba rōna. Sena se akarelletsa hore re be mosa ho ba hlokang, ba kulang le ba futsanehileng—re etse sohle seo re ka se khonang ho ba lokolla mahlomoleng. Se akarelletsa hore ka mantsoe le ka liketso re leke ho tlosa mesarelo ea ba lahlehetsoeng ke baratuoa ka lefu. (Luka 7:11-15; Johanne 11:33-35) Empa lipontšo tse joalo tsa lerato, mosa le qenehelo ha ea lokela ho ba tsona lintho tsa sehlooho tseo re lekang ho li finyella ka mesebetsi ea rōna e molemo, joalokaha batho ba bang ba ntlafatsang boiketlo ba sechaba ba etsa. Mesebetsi ea bohlokoa bo tšoarellang ke e susumetsoang ke litšoaneleho tsa bomolimo tse tšoanang le tseo, empa tse bontšoang ka ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba Bokreste le ho ruta. Hopola seo Jesu a ileng a se bua ka baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda: “Le fana ka karolo ea leshome ea koena le dille le kumine, empa le hlokomolohile litaba tse tōma haholoanyane tsa Molao, e leng toka le mohau le botšepehi. Lintho tsena e ne e le tlamo ho li etsa, empa leha ho le joalo eseng hore ho hlokomolohuoe lintho tse ling.” (Matheu 23:23) Jesu o ne a sa khethe ho etsa ho hong a tlohele ho hong—ho thusa batho ka litlhoko tsa bona tsa nama kapa ho ba ruta litaba tsa moea tse fanang ka bophelo. Jesu o ne a li etsa ka bobeli. Ho ntse ho le joalo, ho hlakile hore mosebetsi oa hae oa ho ruta e ne e le oona o ka sehloohong hobane molemo oo a neng a o finyella ka oona e ne e ka ba thuso ea ka ho sa feleng.—Johanne 20:16.
18. Ho hlahloba ha rōna kelello ea Kreste ho lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?
18 Re ka ananela hakaakang hore ebe Jehova o re senoletse kelello ea Kreste! Ka Likosepele, re ka tseba hamolemo mehopolo, maikutlo, litšoaneleho, mesebetsi le lintho tseo motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela a neng a li etelletsa pele. Ho ho rōna ho bala seo Bibele e se senolang ka Jesu, ho se nahanisisa le ho se sebelisa. Hopola, e le hore re ka fela ra itšoara joaloka Jesu, re tlameha hore re qale ka ho ithuta ho nahana, ho ikutloa le ho lekanyetsa lintho joaloka eena, ka hohle kamoo re ka khonang joaloka batho ba sa phethahalang. Joale, a re ikemisetseng ho hlaolela le ho bontša kelello ea Kreste. Ha ho tsela e molemo ho feta eo, ea ho phela, ea ho tšoara batho le eo ka eona rōna le ba bang re ka atamelang haufi le eo e neng e le setšoantšo sa hae se phethahetseng, e leng Molimo oa rōna ea mosa, Jehova.—2 Bakorinthe 1:3; Baheberu 1:3.
-
-
Na U Susumelletseha ho Etsisa Jesu?Molula-Qhooa—2000 | February 15
-
-
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 23]
-