KHAOLO EA 20
Ho “Hola le ho Hlola” Har’a Khanyetso
Se etsoang ke Apolose le Pauluse ho ntšetsa pele litaba tse monate
E Thehiloe ho Liketso 18:23–19:41
1, 2. (a) Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba e-ba kotsing efe ha ba le Efese? (b) Re tla tšohla eng khaolong ee?
HO UTLOAHALA molumo le lerata la batho ba bangata ba mathang literateng tsa Efese. Ba ikentse mokhopi ’me e se e le moferefere feela. Ba tšoara batho ba babeli ba tsamaeang le Pauluse baa ba hulanya. Kapele-pele ha ho sa na batho seterateng se seholo se nang le mabenkele ha letšoele le morusu le ntseng le eketseha le itšohlometsa ka lebaleng le leholo la lipapali la motse leo ho lona ho ka kenang batho ba 25 000. Boholo ba batho ha ba tsebe hore na moferefere o bakiloe ke eng empa ba nahana hore mohlomong ho sokeloa molimotsana oa bona ea ratehang ea bitsoang Artemise. Kahoo, ba qala ho hoeletsa le ho pheta-pheta mantsoe a reng: “O moholo Artemise oa Baefese!”—Lik. 19:34.
2 Re boetse re bona ha Satane a leka ho sebelisa mokhopi o tsoileng taolong ho thibela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo hore li se ke tsa phatlalatsoa. Ha e le hantle lena ha se lona feela leqheka leo Satane a le sebelisang. Khaolong ena re tla tšohla maqiti a ’maloa ao Satane a ileng a a sebelisa ho thibela mosebetsi oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le ho ba arola. Habohlokoa le ho feta, re tla hlokomela hore maqiti a hae ’ohle a ile a hloleha hobane “lentsoe la Jehova [le ile] la ’na la hola le ho hlola ka lebaka la matla a hae.” (Lik. 19:20) Ke hobane’ng ha Bakreste bao ba ile ba hlola? Ke ka mabaka ao re hlolang ka ’ona kajeno. Ha e le hantle ha se rona ba hlolang empa ke Jehova. Leha ho le joalo, joaloka Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo, ho hlokahala re phethe karolo ea rona. Ka thuso ea moea oa Jehova, re ka ba le litšobotsi tse tla re thusa hore re phethe tšebeletso ea rona. A re qale ka ho tšohla mohlala oa Apolose.
O ne a “Rutehile Haholo Mangolong” (Liketso 18:24-28)
3, 4. Akuila le Prisilla ba ile ba lemoha eng ka Apolose ’me ba ile ba mo thusa joang?
3 Ha Pauluse a leba Efese leetong la hae la boraro e le moromuoa, ho ile ha fihla Mojuda ea bitsoang Apolose motseng oo. O ne a tsoa motseng o tummeng oa Alexandria, Egepeta. Apolose o ne a e-na le litšobotsi tse ikhethang. O ne a bua hamonate. Ntle le ho ba kheleke, o ne a “rutehile haholo Mangolong.” Ntle ho moo, “o ne a cheseha ka lebaka la moea o halalelang.” Kaha Apolose o ne a cheseha, o ile a bua ka sebete ka pel’a Bajuda ntlong ea thapelo.—Lik. 18:24, 25.
4 Akuila le Prisilla ba ile ba mo utloa. Ha ho pelaelo hore ba ne ba thabetse ho utloa a “ruta lintho tse nepahetseng ha a bua ka Jesu.” Le hoja a ne a bua litaba tse nepahetseng ka Jesu, ka mor’a nakoana banyalani bana ba Bakreste ba ile ba lemoha hore ho na le ntho ea bohlokoa eo a sa e tsebeng. O ne “a tseba kolobetso ea Johanne feela.” Le hoja banyalani bana e ne e se barui empa e le baetsi ba litente, ha baa ka ba ikutloa ba le basesaane kahobane Apolose e le kheleke kapa a rutehile. Ho e-na le hoo, “ba tsamaea le eena ’me ba mo qaqisetsa litsela tsa Molimo ka tsela e nepahetseng.” (Lik. 18:25, 26) Monna eo oa kheleke, ea bileng a rutehileng o ile a etsa joang? Ho hlakile hore o ile a bontša e ’ngoe ea litšobotsi tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo Bakreste ba lokelang ho leka ho ba le tsona e leng boikokobetso.
5, 6. Apolose o ile a etsa eng hore Jehova a mo sebelise ’me re ka ithuta eng mohlaleng oa hae?
5 Kaha Apolose o ile a lumela ha Akuila le Prisilla ba mo thusa, e ile ea e-ba mohlanka ea atlehang haholoanyane oa Jehova. O ile a ea Akaia, moo a ileng “a thusa barutuoa haholo.” Hape o ile a atleha ho pakela Bajuda ba moo ba neng ba tsitlella hore Jesu e ne e se Mesia ea profetiloeng. Luka o re: “O ne a bua ka matla ka pel’a batho bohle, a fana ka bopaki ba hore Bajuda ba fositse, a bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.” (Lik. 18:27, 28) Apolose e bile tlhohonolofatso e kaakang liphuthehong. Ha e le hantle, ke e mong ea entseng hore “lentsoe la Jehova” le ’ne le hlole. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Apolose?
6 Bakreste ba tlameha ho ikokobetsa. E mong le e mong oa rona o na le makhabane a itseng ebang ke neo eo re tsoetsoeng ka eona, phihlelo kapa tsebo. Leha ho le joalo, boikokobetso ba rona bo lokela ho totobala ho feta makhabane a rona. Ho seng joalo a tla re bakela mathata. A ka ’na a etsa hore re ikhohomose. (1 Bakor. 4:7; Jak. 4:6) Haeba re ikokobelitse e le kannete, re tla leka ho nka hore ba bang ba re phahametse. (Bafil. 2:3) Re ke ke ra koata ha re khalemeloa kapa ra hana ho rutoa ke ba bang. Ka sebele re ke ke ra tsitlella maikutlong a rona ha re hlokomela hore ha a lumellane le kamoo moea o halalelang o re tataisang kateng hona joale. Hafeela re lula re ikokobelitse, Jehova le Mora oa hae ba tla re sebelisa.—Luka 1:51, 52.
7. Pauluse le Apolose ba behile mohlala oa boikokobetso ka tsela efe?
7 Boikokobetso bo boetse bo etsa hore re se ke ra qothisana lehlokoa le ba bang. Na u ka nahana kamoo Satane a neng a labalabela ho baka likarohano kateng har’a Bakreste bao ba pele? A ka be a ile a thaba hakaakang haeba batho ba nang le tšusumetso e matla joaloka Apolose le moapostola Pauluse ba ne ba ile ba itumella hore ba qothisane lehlokoa, mohlomong e mong a loanela hore a hlahelle ho feta e mong liphuthehong. Ho ka be ho bile bonolo hore ba etse joalo. Bakreste ba bang Korinthe ba ile ba qala ho re, “’Na ke oa Pauluse,” ha ba bang ba re, “’Na ke oa Apolose.” Na Pauluse le Apolose ba ne ba khothalletsa moea o joalo o bakang karohano? Le hanyenyane! Ka boikokobetso Pauluse o ile a lumela hore Apolose o phethile karolo e itseng mosebetsing oa boboleli, a ba a mo tlotla ka ho mo fa mesebetsi e meng e eketsehileng. Apolose eena a mamela keletso ea Pauluse. (1 Bakor. 1:10-12; 3:6, 9; Tite 3:12, 13) Ba re behetse mohlala o motle hakaakang kajeno oa hore re sebelisane le ba bang ka boikokobetso.
Ho “Kholisa Batho ka ’Muso oa Molimo” (Liketso 18:23; 19:1-10)
8. Pauluse o ile a khutlela Efese ka tsela efe, hona hobane’ng?
8 Pauluse o ne a tšepisitse hore o tla khutlela Efese ’me o ile a fela a etsa joalo.a (Lik. 18:20, 21) Leha ho le joalo, hlokomela hore na o ile a sebelisa tsela efe ha a khutla. Ha re qetela ho bua ka eena o ne a le Antioke, Siria. E le hore a fihle Efese, a ka be a ile a nka tsela e khutšoanyane e eang Seleusia, a kena sekepeng eaba o leba ka ho toba sebakeng seo a eang ho sona. Ho e-na le hoo, o ile “a tsamaea libakeng tse hare ho naha.” Ho hakanngoa hore leeto la Pauluse leo ho builoeng ka lona ho Liketso 18:23 le 19:1 le nkile lik’hilomithara tse ka bang 1 600. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khetha ho nka leeto le boima joalo? Hobane o ne a rerile ho “matlafatsa barutuoa bohle.” (Lik. 18:23) Leeto la hae la boraro e le moromuoa, joaloka a pele a mabeli, le ne le tla ba boima, empa e ne e se tšenyo ea nako. Kajeno bapotolohi le basali ba bona ba bontša moea o kang ona. Na ha re ananele lerato la bona le bontšang boitelo?
9. Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore barutuoa ba itseng ba kolobetsoe hape ’me seo ba se entseng se re ruta eng?
9 Ha Pauluse a fihla Efese, o ile a fumana barutuoa ba ka bang 12 ba Johanne Mokolobetsi. Ba ne ba kolobelitsoe ka kolobetso e neng e se e sa sebetse. Ho feta moo, ho ne ho bonahala ba sa tsebe hakaalo ka moea o halalelang kapa ba sa tsebe letho ka oona. Pauluse o ile a ba beha leseling ’me joaloka Apolose, ba ne ba ikokobelitse ba bile ba labalabela ho ithuta. Ha ba qeta ho kolobetsoa ka lebitso la Jesu, ba ile ba amohela moea o halalelang le limpho tsa ho etsa mehlolo. Ka ho hlakileng, ho latela tataiso ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hatelang pele ho tlisa mahlohonolo.—Lik. 19:1-7.
10. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a tloha ntlong ea thapelo a ea holong ’me o re behetse mohlala ofe ha re le tšebeletsong?
10 Kapele ka mor’a moo ho ile ha e-ba le mohlala o mong o bontšang hore ho bile le khatelo-pele. Ka sebete Pauluse o ile a ruta ka ntlong ea thapelo ka likhoeli tse tharo. Le hoja a ne “a kholisa batho ka ’Muso oa Molimo,” ba bang ba ile ba satalatsa melala ’me ba mo hanyetsa ka matla. Ho e-na le ho senya nako ka ba neng “ba bua hampe ka Tsela ea Morena,” Pauluse o ile a lokisetsa ho ea bua holong ea sekolo. (Lik. 19:8, 9) Ho ne ho hlokahala hore ba batlang ho hatela pele moeeng ba tlohe ka ntlong ea thapelo ba ee holong eo. Joaloka Pauluse, re ka khaotsa moqoqo ha re lemoha hore mong’a ntlo ha aa ikemisetsa ho mamela kapa o mpa a batla ho tsosa likhang feela. Ho sa ntsane ho e-na le batho ba bangata ba kang linku bao ho hlokahalang hore ba utloe molaetsa oa rona o khothatsang!
11, 12. (a) Pauluse o ile a beha mohlala oa ho khothala le ho fetoha le maemo ka litsela life? (b) Lipaki Tsa Jehova li bontšitse joang hore li khothetse ebile li fetoha le maemo tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa?
11 Ho ka etsahala hore Pauluse o ne a bolela litaba tse monate holong eo ea sekolo letsatsi le leng le le leng hoo e ka bang ho tloha ka 11:00 hoseng ho fihlela hoo e ka bang ka 4:00 thapama. (Lik. 19:9) Mohlomong ka nako eo ho ne ho chesa haholo ebile ho thotse kaha ba bangata ba ne ba khaolitse ho sebetsa ’me ba ja ba bile ba phomotse. Nahana feela hore haeba Pauluse o ile a phathahana joalo ka lilemo tse peli, e tlameha ebe o ile a qeta lihora tse fetang 3 000 a ruta.b Lena ke lebaka le leng le entseng hore ebe lentsoe la Jehova le ile la ’na la hola la ba la hlola. Pauluse o ne a khothetse a bile a fetoha le maemo e le hore tšebeletso ea hae e ka tsoela batho ba motseng oo molemo. Phello e bile efe? “Bajuda le Bagerike bohle ba lulang profinseng ea Asia ba ile ba utloa lentsoe la Morena.” (Lik. 19:10) Ruri o ile a paka ka ho phethahetseng.
12 Kajeno Lipaki Tsa Jehova le tsona li bontšitse hore li khothetse ebile li fetoha le maemo. Re leka ho buisana le batho kae kapa kae, neng kapa neng. Re paka literateng, limmarakeng le moo ho emisoang likoloi. Re ka ’na ra buisana le batho ka fono kapa ra ba ngolla. Ha re etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo, re leka ho ea ho batho ka linako tseo ho ka etsahalang hore ebe ba teng ka tsona.
“La Hola le ho Hlola” ho sa Tsotellehe Meea e Khopo (Liketso 19:11-22)
13, 14. (a) Jehova o ile a thusa Pauluse hore a etse eng? (b) Bara ba Skeva ba ile ba etsa phoso efe ’me kajeno batho ba bangata ba bolumeli ba bohata ba etsa phoso e tšoanang le ee joang?
13 Luka o re bolella hore tšebeletso ea Pauluse e ile ea beha litholoana tse thabisang, haholo-holo hobane Jehova o ile a mo thusa hore a etse “mehlolo e meholo.” Esita le masela le liforeskoto tseo Pauluse a neng a li apara li ne li isoa ho batho ba kulang, ebe baa fola. Le meea e khopo e ne e lelekoa ka tsela ena.c (Lik. 19:11, 12) Batho ba bangata ba ile ba lemoha ha makhotla a Satane a hloloa empa hase bohle ba ileng ba thaba.
14 “Bajuda ba bang ba neng ba tloaetse ho tsamaea hohle ba leleka bademona” ba ile ba leka ho etsa mehlolo eo Pauluse a neng a e etsa. Ba bang ba Bajuda bao ba ile ba leka ho leleka bademona ka ho ipiletsa lebitsong la Jesu le la Pauluse. Luka o re bolella ka bara ba supileng ba Skeva ba lelapa la boprista, ba ileng ba leka ho etsa sena. Modemona o ile a re ho bona: “Ke tseba Jesu le Pauluse, lona le bo-mang?” Eaba monna ea nang le modemona o hlasela bo-nketsisane bao, a tlolela holim’a bona joaloka phoofolo e hlaha ’me ba baleha ba tsoile maqeba ba bile ba hlobotse. (Lik. 19:13-16) “Lentsoe la Jehova” le ile la hlola ka ho feletseng, kaha ho ile ha totobala hore Pauluse o filoe matla empa litho tseo tsa bolumeli ba bohata ha li na oona. Kajeno ho na le ba limilione ba etsang phoso ea ho nahana hore ho lekane hafeela ba ipiletsa lebitsong la Jesu kapa ba ipitsa “Bakreste.” Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a bontšitse, ke feela ba hlileng ba etsang thato ea Ntate oa hae ba nang le tšepo ea sebele ea bokamoso.—Mat. 7:21-23.
15. Ke joang re ka etsisang mohlala oa Baefese tabeng ea ho sebelisana le meea le ho ba le lintho tse amanang le meea?
15 Ho hlabisoa lihlong hona ha bara ba Skeva ho ile ha etsa hore batho ba bangata ba tšabe Molimo, e leng se ileng sa etsa hore ba bangata e be balumeli ’me ba khaotse ho sebelisana le meea. Boselamose bo ne bo atile haholo Efese. Ho ne ho tloaelehile hore batho ba loee ba bang, ba roale, ba be ba ba betse ka lipolelo tsa boloi tseo hangata li neng li ngotsoe. Joale Baefese ba bangata ba ile ba susumelletseha ho ntša libuka tsa bona tsa boselamose eaba ba li chesa phatlalatsa, le hoja ho hlakile hore li ne li tura haholo.d Luka o re: “Lentsoe la Jehova la ’na la hola le ho hlola ka lebaka la matla a hae.” (Lik. 19:17-20) E bile bopaki bo babatsehang hakaakang ba hore ’nete e hlola leshano le bademona! Batho bao ba tšepahalang ba re behetse mohlala o motle kajeno. Le rona re phela lefatšeng leo ho lona batho ba bangata ba sebelisanang le meea. Haeba re ka fumana hore re na le ntho e amanang le meea, re lokela ho etsisa Baefese re e lahle hang-hang! A re tsamaeleng hole le mekhoa e nyonyehang joalo, ho sa tsotellehe hore na re tla lahleheloa hakae.
“Ha Tsoha Moferefere o Moholo” (Liketso 19:23-41)
16, 17. (a) Hlalosa kamoo Demetriase a ileng a baka moferefere kateng Efese. (b) Baefese ba ile ba bontša joang hore ba chesehela bolumeli ka ho feteletseng?
16 Joale re hlokomela leqheka le leng la Satane mantsoeng a Luka a reng: “Ha tsoha moferefere o moholo ka lebaka la Tsela ea Morena.” O ne a sa feteletse litaba.e (Lik. 19:23) Monna ea bitsoang Demetriase ea etsang lintho tsa silevera o ile a baka moferefere. O ile a qala ka ho kenya batho ba bang ba etsang lintho tsa silevera moea, a ba hopotsa hore ba ruisitsoe ke ho rekisa melimo ea litšoantšo. Eaba o ba bolella hore molaetsa oa Pauluse o beha khoebo ea bona ka mosing, hobane Bakreste ha ba rapele litšoantšo. Joale, kaha o ne a tseba hore batho bao ba ne ba ikhantša ka ho ba baahi ba Efese le ka bochaba ba bona, o ile a ba lemosa hore molimotsana Artemise le tempele ea bona e tummeng lefatšeng lohle e ne e le kotsing ea ho “nkoa e se na thuso.”—Lik. 19:24-27.
17 Ho ile ha etsahala seo Demetriase a neng a se batla. Batho bao ba etsang lintho tsa silevera ba ile ba qala ho hoeletsa ba ntse ba re “O moholo Artemise oa Baefese,” ’me ha e-ba le moferefere motseng, e leng se ileng sa etsa hore ho be le mokhopi o lerata oo re buileng ka oona qalong ea khaolo ena.f Kaha Pauluse o ne a itetse, o ne a batla ho ea lebaleng la liketsahalo ho ea bua le mokhopi oo, empa barutuoa ba mo kopa ka tieo hore a se ke a ipeha kotsing. Monna e mong ea bitsoang Alexandere o ile a ema ka pel’a letšoele leo eaba o leka ho bua le lona. Kaha e ne e le Mojuda, mohlomong o ne a labalabela ho hlalosa phapang pakeng tsa Bajuda le Bakreste bao. Letšoele leo le ne le se na taba le seo. Ha le hlokomela hore ke Mojuda, le ile la mo tlatsetsa lerata, la pheta-pheta mantsoe a reng “O moholo Artemise oa Baefese” ka lihora tse ka bang peli. Le kajeno batho ba ntse ba chesehela bolumeli ka ho feteletseng ’me sena se etsa hore ba tsoe taolong.—Lik. 19:28-34.
18, 19. (a) Motlalehi oa motse o ile a khutsisa mokhopi oa Efese joang? (b) Ka linako tse ling batho ba Jehova ba ile ba sireletsoa joang ke ba boholong ’me re ka etsa eng hore re sireletsoe joalo?
18 Qetellong motlalehi oa motse o ile a khutsisa letšoele leo. Monna enoa ea hlaphohetsoeng ka kelellong o ile a kholisa letšoele hore Bakreste bao ba ne ba sa sokele tempele ea bona le molimotsana oa bona, le hore Pauluse le bo-mphato ba hae ba ne ba sa siteloa Artemise ’me ho ne ho e-na le libaka tsa molao tseo ba ka isang liqoso tse joalo teng. Mohlomong o ile a atleha haholo ha a hopotsa mokhopi oo hore o kotsing ea ho halefisa Roma ka lebaka la seboka seo se seng molaong le se tsoileng taolong. Ka mor’a moo o ile a qhala mokhopi oo. Sena se ile sa etsa hore hang-hang moferefere o fele ka lebaka la mantsoe ao a utloahalang.—Lik. 19:35-41.
19 Lena e ne e se lekhetlo la pele leo ka lona motho ea hlaphohetsoeng ka kelellong ea nang le matla a itseng pusong a ileng a sireletsa balateli ba Jesu, ebile e ne e se lekhetlo la ho qetela. Ha e le hantle, moapostola Johanne o ile a bona ponong hore matsatsing ana a ho qetela, likarolo tse batlang li tsitsitse tse tšoantšetsoang ke lefatše, li ne li tla metsa moroallo oa mahloriso ao Satane a a tlisetsang balateli ba Jesu. (Tšen. 12:15, 16) Ke sona se etsahetseng. Hangata, baahloli ba hlokang leeme ba sirelelitse tokelo ea Lipaki Tsa Jehova ea ho bokana bakeng sa borapeli le ho bolella ba bang litaba tse monate. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore boitšoaro ba rona ke bona bo etsang hore re hlole. Ho bonahala hore boitšoaro ba Pauluse bo ile ba etsa hore a hlomphuoe ke ba bang ba boholong ’musong oa Efese, ke kahoo ba neng ba labalabela ho mo sireletsa. (Lik. 19:31) E se eka le rona ho tšepahala le ho hlompha ha rona ho ka khahla ba re bonang. Re ke ke ra tseba hore na liphello tsa seo e tla ba life.
20. (a) U ikutloa joang ka tsela eo lentsoe la Jehova le ileng la hlola kateng lekholong la pele la lilemo le kamoo le hlolang kateng kajeno? (b) U ikemiselitse ho etsang ha Jehova a ntse a hlola mehleng ea rona?
20 Na ha ho re thabise ho bona kamoo ‘lentsoe la Jehova le ileng la ’na la hola le ho hlola kateng’ lekholong la pele la lilemo? Hoa thabisa ho bona kamoo Jehova a entseng hore re hlole ka tsela e tšoanang kajeno. Na u ka thabela ho ba le tlotla ea ho nka karolo leha e ka ba e nyenyane tlholong ee? Haeba ho joalo, ithute mehlaleng eo re e tšohlileng. Lula u ikokobelitse, u latele tataiso ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hatelang pele, u tsoele pele ho sebetsa ka thata, u qobe tšebelisano le meea ’me u etse sohle seo u ka se khonang hore u fane ka bopaki bo botle ka ho tšepahala le ho hlompha.
a Sheba lebokose la sehlooho se reng “Efese, Motse-moholo oa Asia.”
b Pauluse o ile a boela a ngola 1 Bakorinthe ha a le Efese.
c Mohlomong masela ao e ne e le lisakatuku tseo Pauluse a neng a li fasa phatleng hore mofufutso o se ke oa kena ka mahlong. Hore ebe Pauluse o ne a apara liforeskoto nakong ena ho bolela hore e ka ’na eaba o ne a sebetsa ka thata mosebetsing oa hae oa ho etsa litente ha a sa bolele litaba tse monate, mohlomong a o etsa hoseng haholo.—Lik. 20:34, 35.
d Luka o re li ne li ja likotoana tse 50 000 tsa silevera. Haeba o ne a bua ka denari, sena se bolela hore mehleng eo, haeba motho o ne a sebetsa matsatsi a supileng ka beke, o ne a lokela ho sebeletsa chelete eo ka matsatsi a 50 000 e leng lilemo tse ka bang 137.
e Ba bang ba re Pauluse o ne a bua ka ketsahalo ena ha a re ho Bakorinthe, “re ne re bile re sa kholiseha hore na re tla phela kapa che.” (2 Bakor. 1:8) Leha ho le joalo, mohlomong o ne a nahanne boemo bo bong bo neng bo le kotsi ho feta bona. Ha Pauluse a re “ke loanne le libata Efese,” mohlomong o ne a bua ka liphoofolo tse hlaha lebaleng la lipapali kapa a bolela batho ba neng ba mo hanyetsa. (1 Bakor. 15:32) Ho ka etsahala hore o ne a bolela libata tsa sebele kapa tsa tšoantšetso.
f Mekhatlo ena ea barekisi e ne e le matla haholo. Ka mohlala, hoo e ka bang lilemo tse lekholo hamorao, mokhatlo oa batho ba bakang mahobe o ile oa baka moferefere o kang ona Efese.