“Lefu le Tla Etsoa Lefeela”
“E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.”—1 BAKORINTHE 15:26.
1, 2. (a) Moapostola Pauluse o ile a fana ka tšepo efe mabapi le bafu? (b) Pauluse o ile a tšohla lipotso life mabapi le tsoho?
“KE LUMELA . . . tsohong ea ’mele le bophelong bo sa feleng.” Ke kamoo Tumelo ea Baapostola e bolelang kateng. Mak’hatholike le Maprostanta ka ho tšoana a pheta mantsoe ana ka hlooho ka botšepehi, le hoja a sa hlokomele hore seo a se lumelang se batla se tšoana le filosofi ea Bagerike ho e-na le seo baapostola ba neng ba se lumela. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a hana filosofi ea Bagerike ’me o ne a sa lumele hore moea ha o shoe. Leha ho le joalo, o ne a lumela ka tieo bophelong ba nako e tlang ’me o ile a ngola sena tlas’a pululelo: “E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:26) Hantle-ntle seo se bolela eng ho moloko oa batho o shoang?
2 Hore re fumane karabo, a re boeleng morao puisanong ea Pauluse ea tsoho, e tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe khaolo ea 15. U tla hopola hore litemaneng tsa eona tse qalang, Pauluse o ile a bontša hore tsoho ke karolo ea bohlokoa ea thuto ea Bokreste. Joale o tšohla potso e tobileng: “Leha ho le joalo, e mong o tla re: ‘Bafu ba tla tsosoa joang? E, ba tla ka ’mele oa mofuta ofe?’”—1 Bakorinthe 15:35.
Ka ’Mele oa Mofuta Ofe?
3. Ke hobane’ng ha ba bang ba ne ba hana tsoho?
3 Ha a botsa potso ena, e ka ’na eaba Pauluse o ne a ikemiselitse ho loantša tšusumetso ea filosofi ea Plato. Plato o ne a ruta hore motho o na le moea o sa shoeng o pholohang lefu la ’mele. Ho ba hōlisitsoeng ka khopolo e joalo, ha ho pelaelo hore thuto ea Bokreste e ne e bonahala e sa hlokahale. Haeba moea o pholoha lefu, molemo oa tsoho ke ofe? Ho feta moo, tsoho e ne e ka ’na ea bonahala e sa utloahale. Hang ha ’mele o fetoha lerōle, tsoho ea bafu e ka ba teng joang? Mohlalosi oa Bibele Heinrich Meyer o bolela hore khanyetso e matla ea Bakorinthe ba bang mohlomong e ne e thehiloe “motheong oa filosofi ea hore ho tsosolosoa ha likarolo tsa ’mele ho ne ho ke ke ha etsahala.”
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha mabaka a ho hana a ba hlokang tumelo e ne e se a utloahalang? (b) Hlalosa papiso ea Pauluse ea “thollo e feela.” (c) Molimo o fa batlotsuoa ba tsositsoeng ’mele ea mofuta ofe?
4 Pauluse o pepesa bofeela ba monahano oa bona: “Uena motho ea se nang kahlolo e molemo! Seo u se jalang ha se phelisoe ntle le hore pele se shoe; ’me ha e le ka seo u se jalang, u jala, eseng ’mele o tla hlaha, empa thollo e feela, e ka ’na ea e-ba, ea koro kapa leha e le efe ea tse ling kaofela; empa Molimo o e fa ’mele feela joalokaha ho mo khahlile, ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea lipeō o e fa ’mele oa eona.” (1 Bakorinthe 15:36-38) Molimo o ne a sa tl’o tsosa ’mele eo batho ba neng ba e-na le eona ha ba le lefatšeng. Ho e-na le hoo, ho ne ho tla ba le phetoho.
5 Pauluse o bapisa tsoho ea bafu le ho mela ha peō. Peō e nyenyane ea koro ha ho na moo e tšoanang teng le semela se tla hlaha ho eona. The World Book Encyclopedia e re: “Ha peō e qala ho mela, e monya metsi a mangata. Metsi a etsa hore ho be le liphetoho tse ngata tsa lik’hemik’hale ka har’a peō. A boetse a hohomosa lihlopha tsa lisele tse ka har’a peō ’me a phunyelletsa karolong e ka ntle ea peō.” Ha e le hantle, peō e shoa e le peō ’me e hlaha e se e le semela. “Molimo o e fa ’mele” ka ho sebelisa melao ea saense ho laola khōlo ea eona, ’me peō e ’ngoe le e ’ngoe e fumana ’mele ho ea ka mofuta oa eona. (Genese 1:11) Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoa pele e le batho ba nama. Joale, ka nako ea Molimo e behiloeng, o ba khutlisetsa bophelong ka ’mele e mecha ka ho feletseng. Joalokaha Pauluse a ile a bolella Bafilippi, “Jesu Kreste [o] tla fetola ’mele ea rōna e kokobelitsoeng hore e lumellane le ’mele o khanyang oa hae.” (Bafilippi 3:20, 21; 2 Bakorinthe 5:1, 2) Ba tsosetsoa ’meleng oa moea ’me ba phela sebakeng sa moea.—1 Johanne 3:2.
6. Ke hobane’ng ha ho utloahala ho lumela hore Molimo a ka fa ba tsositsoeng ’mele e loketseng ea moea?
6 Na see ho hlile ho thata ho se lumela? Che. Pauluse o bontša hore liphoofolo li na le mefuta-futa e sa tšoaneng ea ’mele. Ho phaella moo, o bapisa mangeloi a leholimo le batho ba nama le mali, a re: “Ho na le ’mele ea leholimo, le ’mele ea lefatše.” Ho boetse ho na le phapang e khōlō pōpong e sa pheleng. Pauluse o boletse hore “naleli e fapana le naleli ka khanya,” nako e telele pele saense e sibolla lihlopha tsa linaleli tse kang sa linaleli tse putsoa, tse khubelu tse batlang li feta letsatsi ka boholo le tse tšoeu tse khanya e fokolang. Ha u nahana ka sena, na ha ho utloahale hore Molimo a ka fana ka ’mele e loketseng ea moea ho batlotsuoa ba tsositsoeng?—1 Bakorinthe 15:39-41.
7. Ke’ng se boleloang ke ho se bole? ho se shoe?
7 Joale Pauluse o re: “Le tsoho ea bafu e joalo. O jaloa o le ho boleng, o tsosoa o le ho se boleng.” (1 Bakorinthe 15:42) ’Mele oa motho oa bola, esita leha e le o phethahetseng. O ka bolaoa. Ka mohlala, Pauluse o ile a re Jesu ea tsositsoeng o ne a “reretsoe hore a se ke a hlola a khutlela ho boleng.” (Liketso 13:34) Le hoja a phethahetse, ha ho mohla a tla khutlela bophelong ba ’mele oa botho o bolang. ’Mele eo Molimo a e fang batlotsuoa ba tsositsoeng ke e sa boleng—e ka nģ’ane ho lefu le ho bola. Pauluse o tsoela pele: “O jaloa o le ho hlompholoheng, o tsosoa o le khanyeng. O jaloa o le ho fokoleng, o tsosoa o le matleng. O jaloa e le ’mele oa nama, o tsosoa e le ’mele oa moea.” (1 Bakorinthe 15:43, 44) Ho feta moo, Pauluse o re: “Sena se shoang se lokela ho apara ho se shoe.” Ho se shoe ho bolela bophelo bo sa feleng, bo ke keng ba timetsoa. (1 Bakorinthe 15:53; Baheberu 7:16) Ka tsela ena, ba tsositsoeng ba jara “setšoantšo sa oa leholimo,” Jesu, ea entseng hore ba tsohe.—1 Bakorinthe 15:45-49.
8. (a) Re tseba joang hore ba tsositsoeng bafung e ntse e le bona batho ba neng ba kile ba phela lefatšeng? (b) Ke boprofeta bofe bo phethahalang ha tsoho e etsahala?
8 Ho sa tsotellehe phetoho ena, ba tsositsoeng e ntse e le batho bao e neng e le bona pele ba e-shoa. Ba tla tsosoa ba e-na le mehopolo ea bona le boleng ba litšoaneleho tsa bona tsa Bokreste. (Malakia 3:3; Tšenolo 21:10, 18) Ntlheng ena ba tšoana le Jesu Kreste. O ile a fetoha sebōpehong sa moea a nka sa motho oa nama. Eaba oa shoa ’me a tsosoa e le moea. Leha ho le joalo, “Jesu Kreste ke ea tšoanang maobane le kajeno, le ka ho sa feleng.” (Baheberu 13:8) Ke tokelo e khanyang hakaakang eo batlotsuoa ba nang le eona! Pauluse o re: “Empa ha sena se ka bolang se apara ho se bole ’me sena se shoang se apara ho se shoe, joale ho tla etsahala polelo e ngoliloeng: ‘Lefu le metsitsoe ka ho sa feleng.’ ‘Lefu, tlhōlo ea hao e kae? Lefu, motsu oa hao o kae?’”—1 Bakorinthe 15:54, 55; Esaia 25:8; Hosea 13:14.
Ho Thoe’ng ka Tsoho ea Lefatšeng?
9, 10. (a) Ho ea ka taba e pota-potileng 1 Bakorinthe 15:24, “bofelo” ke eng, ’me ke liketsahalo life tse etsahalang mabapi le bona? (b) Ke eng se lokelang ho etsahala e le hore lefu le etsoe lefeela?
9 Na ho na le bokamoso leha e le bofe bakeng sa ba limilione ba se nang tšepo ea bophelo ba moea ba ho se shoe leholimong? Ka sebele e teng! Ka mor’a ho hlalosa hore tsoho ea leholimong e etsahala nakong ea ho ba teng ha Kreste, Pauluse o thathamisa liketsahalo tse tla latela, ka ho re: “Ka mor’a moo, bofelo, ha a nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntate oa hae, ha a entse puso eohle le tokelo eohle ea ho laela le matla lefeela.”—1 Bakorinthe 15:23, 24.
10 “Bofelo” ke qetello ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste, ha ka boikokobetso le ka botšepehi Jesu a nehelana ka ’Muso ho Molimo le Ntate oa hae. (Tšenolo 20:4) Morero oa Molimo oa “ho bokella lintho tsohle hammoho hape ho Kreste” o tla be o phethahetse. (Baefese 1:9, 10) Leha ho le joalo, pele Kreste o tla be a timelitse “puso eohle le tokelo eohle ea ho laela le matla” tse khahlanong le Bobusi ba Molimo. Sena se akarelletsa ho fetang timetso e feletseng ka Armagedone. (Tšenolo 16:16; 19:11-21) Pauluse o re: “[Kreste] o lokela ho busa e le morena ho fihlela Molimo a behile lira tsohle tlas’a maoto a hae. E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:25, 26) E, mesaletsa eohle ea sebe sa Adama le lefu e tla be e tlositsoe. Joale, ha ho pelaelo hore Molimo o tla be a khokhothile ‘mabitla a khopotso’ ka ho khutlisetsa bafu bophelong.—Johanne 5:28.
11. (a) Re tseba joang hore Molimo a ka boela a bōpa meea e shoeleng? (b) Ba tsohelang lefatšeng ba tla fuoa ’mele ea mofuta ofe?
11 Sena se bolela ho boela a bōpa meea ea batho. Na ho ke ke ha khoneha? Che, kaha Pesaleme ea 104:29, 30 (NW) e re tiisetsa hore Molimo a ka etsa sena: “Ha u tlosa moea oa tsona, lia shoa, ’me li khutlela lerōleng la tsona. Ha u romela moea oa hao, lia bōptjoa.” Le hoja ba tsositsoeng bafung e tla ba batho bao e neng e le bona pele ba shoa, ho ke ke ha hlokahala hore ba be le ’mele e tšoanang. Joaloka ba tsoselitsoeng leholimong, Molimo o tla ba fa ’mele oo a o ratang. Ntle ho pelaelo ’mele ea bona e mecha e tla ba e shahlileng ’me ka ho utloahalang e tla ba e tšoanang le ’mele ea bona ea pele e le hore baratuoa ba bona ba tle ba ba tsebe.
12. Tsoho ea lefatšeng e etsahala neng?
12 Tsoho ea lefatšeng e tla etsahala neng? Maretha o ile a re ka khaitseli ea hae e shoeleng, Lazaro: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Johanne 11:24) O ne a tseba seo joang? Tsoho e ne e le khang e khōlō mehleng ea hae, kaha Bafarisi ba ne ba lumela ho eona empa Basaduse ba sa lumele ho eona. (Liketso 23:8) Ho ntse ho le joalo, e tlameha ebe Maretha o ne a tseba ka lipaki tsa pele ho Bokreste tse neng li tšepetse tsohong. (Baheberu 11:35) Hape, e ka ’na eaba o ile a hlokomela ho Daniele 12:13 hore tsoho e tla etsahala letsatsing la ho qetela. Mohlomong e ka ’na eaba ebile o ithutile sena ho Jesu ka boeena. (Johanne 6:39) “Letsatsi [leo] la ho qetela” le tla ba ka nako e le ’ngoe le Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste. (Tšenolo 20:6) Nahana ka thabo e tla ba teng ‘letsatsing’ leo ha ketsahalo ena e khōlōhali e qaleha!—Bapisa le Luka 24:41.
Ke Mang ea Tla Tsosoa?
13. Ke pono efe ka tsoho e tlalehiloeng ho Tšenolo 20:12-14?
13 Ho Tšenolo 20:12-14 ho tlalehiloe pono eo Johanne a bileng le eona ka tsoho ea lefatšeng: “Eaba ke bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo. ’Me bafu ba ile ba ahloloa ho tsoa linthong tseo tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona. ’Me leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona, eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona. ’Me lefu le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo. Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo.”
14. Ke bo-mang ba tla akarelletsoa har’a ba tsositsoeng?
14 Tsoho ea bafu e tla kopanyelletsa batho “ba baholo le ba banyenyane,” ba tummeng hammoho le ba sa tumang ba kileng ba phela ’me ba shoa. Ke kahoo le masea a tlang ho kopanyelletsoa palong eo! (Jeremia 31:15, 16) Ho Liketso 24:15, ho senoloa ntlha e ’ngoe ea bohlokoa: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.” Har’a ba tummeng “ba lokileng” e tla ba banna le basali ba tšepahalang ba boholo-holo, ba kang Abele, Enoke, Noe, Abrahama, Sara le Rahaba. (Baheberu 11:1-40) Inahanele u se u khona ho buisana le batho bana ’me u ikutloela litaba ho ba boneng ka mahlo liketsahalo tsa Bibele tse etsahetseng nako e telele e fetileng! “Ba lokileng” ba tla boela ba akarelletsa batho ba likete ba tšabang Molimo ba shoeleng mehleng ea morao tjena ’me ba ne ba se na tšepo ea leholimo. Na u na le setho sa lelapa kapa motho eo u mo ratang ea ka ’nang a ba har’a bana? Ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore u tla boela u ba bona! Leha ho le joalo, ke bo-mang “ba sa lokang” bao le bona ba tla khutlela bophelong? Ba akarelletsa batho ba limilione, mohlomong ba limilione tse likete, ba shoeleng ba sa ba le monyetla oa ho ithuta le ho sebelisa ’nete ea Bibele.
15. Ho bolela eng hore ba khutlang ba tla “ahloloa ho tsoa linthong tseo tse ngotsoeng meqolong”?
15 Ke joang ba khutlang mabitleng ba tla “ahloloa ho tsoa linthong tseo tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona”? Meqolo ena hase tlaleho ea liketso tsa bona tsa nakong e fetileng; ha ba shoa, ba ile ba lokolloa libeng tseo ba li entseng bophelong ba bona. (Baroma 6:7, 23) Leha ho le joalo, batho ba tsositsoeng bafung ba tla be ba ntse ba le tlas’a sebe sa Adama. Joale, ke nakong eo meqolo ena e tlang ho fana ka litaelo tsa bomolimo tseo ba lokelang ho li latela e le hore ba rue molemo ka ho feletseng sehlabelong sa Jesu Kreste. E le moneketsela oa ho qetela oa sebe sa Adama o tla felisoa, “lefu le tla etsoa lefeela” ka kutloisiso e feletseng. Qetellong ea lilemo tse sekete, Molimo e tla ba “lintho tsohle ho e mong le e mong.” (1 Bakorinthe 15:28) Batho ha ba sa tla hlola ba hloka ho kenella ha Moprista ea Phahameng kapa Morekolli. Moloko oohle oa batho o tla be o tsosoloselitsoe boemong ba phetheho boo qalong Adama a neng a bo thabela.
Tsoho e Hlophisehileng
16. (a) Ke hobane’ng ha ho utloahala ho lumela hore tsoho e tla ba e hlophisehileng? (b) Ke bo-mang ba ka ’nang ba e-ba har’a ba pele ba ho tsosoa?
16 Kaha tsoho ea leholimong e hlophisehile, “e mong le e mong boemong ba hae,” ho hlakile hore tsoho ea lefatšeng e ke ke ea baka sepenya sa baahi se sa laoleheng. (1 Bakorinthe 15:23) Ka ho utloahalang, ba sa tsoa tsosoa ba tla hloka ho hlokomeloa. (Bapisa le Luka 8:55.) Ba tla hloka ho hlokomeloa nameng ’me—habohlokoa le ho feta—ho thusoa moeeng hore ba fumane tsebo e fanang ka bophelo ea Jehova Molimo le Jesu Kreste. (Johanne 17:3) Haeba bohle ba ne ba tla khutlela bophelong ka nako e le ’ngoe, ho ne ho ke ke ha etsahala hore ba hlokomeloe ka ho loketseng. Ke ho utloahalang ho nahana hore tsoho e tla etsahala mohato ka mohato. Bakreste ba tšepahalang ba shoeleng nakoana pele ho bofelo ba tsamaiso ea Satane mohlomong ke bona ba tla ba har’a ba pele ba ho tsosoa. Re ka boela ra lebella hore banna ba boholo-holo ba tšepahalang ba tlang ho sebeletsa e le “mahosana” ba tsosoe pele.—Pesaleme ea 45:16.
17. Ke lintlha life tse ling tse mabapi le tsoho tseo Bibele e sa bueng letho ka tsona, hona ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho ameha ka ho sa hlokahaleng ka litaba tse joalo?
17 Leha ho le joalo, ha rea lokela ho ba ba tsitlallang litabeng tse joalo. Litabeng tse ngata Bibele ha e bue letho. Ha e bolele ka ho qaqileng hore na batho ka bomong ba tla tsoha joang, neng, kapa ba tsohela libakeng life. Ha e re bolelle hore na ba khutlang mabitleng ba tla lula kae, ba feptjoe joang le hore na ba apare eng. Leha e le hore rōna re ka bolela ka kholiseho hore na Jehova o tla sebetsa lintho joang tabeng e kang ea ho hōlisa le ho hlokomela bana ba tsohang mabitleng kapa kamoo a tla hlokomela maemo a itseng a ka ’nang a ama metsoalle ea rōna le baratuoa ba rōna. Ke ’nete hore ke ha tlhaho ho ipotsa ka lintho tse kang tseno; empa e ka ba booatla ho senya nako u leka ho fumana likarabo tsa lipotso tseo hona joale li sa arabeleheng. Pakane ea rōna e lokela ho ba ho sebeletsa Jehova ka botšepehi le ho fumana bophelo bo sa feleng. Bakreste ba tlotsitsoeng ba behile tšepo ea bona tsohong e khanyang ea leholimo. (2 Petrose 1:10, 11) “Linku tse ling” li tšepa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo. (Johanne 10:16; Matheu 25:33, 34) Ha e le ka lintlha tse ngata tseo re sa li tsebeng ka tsoho, re beha tšepo ea rōna ho Jehova feela. Thabo ea rōna ea nako e tlang e sireletsehile matsohong a Ea ka ‘khotsofatsang takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.’—Pesaleme ea 145:16, NW; Jeremia 17:7.
18. (a) Pauluse o totobatsa tlhōlo ea eng? (b) Ke hobane’ng ha re lumela ka kholiseho tšepong ea tsoho?
18 Pauluse o ile a phetha khang ea hae ka ho hooa: “A ho lebohuoe Molimo, kaha o re fa tlhōlo ka Morena oa rōna Jesu Kreste!” (1 Bakorinthe 15:57) E, lefu la Adama le hlōtsoe ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, ’me batlotsuoa hammoho le “linku tse ling” ba kopanela tlhōlong eo. Ke ’nete hore “linku tse ling” tse phelang kajeno li na le tšepo e ikhethang molokong ona feela. E le karolo ea “bongata bo boholo” bo ntseng bo eketseha, li ka ’na tsa pholoha “matšoenyehong a maholo” a tlang ho se mohla li kileng tsa shoa! (Tšenolo 7:9, 14) Leha ho le joalo, esita le ba shoang ka lebaka la “nako le ketsahalo e sa lebelloang” kapa ba shoela matsohong a baemeli ba Satane ba ka beha tšepo ea bona tšepong ea tsoho.—Moeklesia 9:11, NW.
19. Ke khothatso efe eo Bakreste bohle ba lokelang ho e ela hloko kajeno?
19 Ka hona, re lebeletse ka cheseho letsatsi leo le khanyang ha lefu le tla etsoa lefeela. Tšepo ea rōna e sa thekeseleng tšepisong ea Jehova ea tsoho e re fa pono ea sebele ea lintho. Ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke eng bophelong bona—esita le haeba re ka shoa—ha ho letho le ka re amohang moputso oo Jehova a re tšepisitseng oona. Kahoo, khothatso e qetellang ea Pauluse ho Bakorinthe ke e loketseng kajeno joalokaha e ne e loketse lilemong tse likete tse peli tse fetileng: “Ka lebaka leo, barab’eso ba ratoang, le be ba tiileng, ba sa sutheng, ka mehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.”—1 Bakorinthe 15:58.
Na U ka Hlalosa?
◻ Pauluse o ile a araba potso e mabapi le ’mele eo batlotsuoa ba neng ba tla ba le eona ha ba tsosoa joang?
◻ Ke joang hona neng lefu le tla qetella le entsoe lefeela?
◻ Ke bo-mang ba tla akarelletsoa tsohong ea lefatšeng?
◻ Re lokela ho itšoara joang ka litaba tseo Bibele e sa bueng letho ka tsona?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Peō e “shoa” ka ho feta tlas’a phetoho e khōlō
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Banna le basali ba tšepahalang ba boholo-holo, ba kang Noe, Abrahama, Sara le Rahaba, ba tla ba har’a ba tla tsosoa
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Tsoho ea bafu e tla ba nako ea thabo e kaakang!