Apolose—’Moleli oa ’Nete ea Bokreste ea Kheleke Puong
EBANG e bile litho tsa phutheho ea Bokreste ka lilemo tse ngata kapa ka tse seng kae feela, baboleli bohle ba ’Muso ba lokela ho thahasella ho hatela pele e le baboleli ba litaba tse molemo. Sena se akarelletsa ho eketsa tsebo ea rōna ea Lentsoe la Molimo le bokhoni ba rōna ba ho le ruta ba bang. Ho ba bang, ho ka ’na ha bolela ho talimana le liphephetso, ho hlōla mathata kapa ho iketsa ba fumanehang bakeng sa mosebetsi o eketsehileng.
Bibele e na le mehlala e mengata ea banna le basali ba linakong tsa boholo-holo ba inehetseng, bao ka litsela tse sa tšoaneng ba ileng ba atleha ho hatela pele haholo moeeng ’me ba kotula meputso bakeng sa boiteko ba bona. E mong oa bona ke Apolose. Ha Mangolo a re tsebisa eena, ke motho ea se nang kutloisiso e feletseng ea lithuto tsa Bokreste; leha ho le joalo, lilemong tse seng kae feela hamorao o sebeletsa e le moemeli ea tsamaeang oa phutheho ea lekholo la pele la lilemo. Ke’ng e ileng ea mo nolofalletsa ho etsa tsoelo-pele e joalo? O ne a e-na le litšoaneleho tseo kaofela ha rōna e ka bang hantle hore re li etsise.
“O ne a Rutehile Haholo Mangolong”
Hoo e ka bang ka selemo sa 52 C.E., ho latela mongoli oa Bibele Luka, “Mojuda ea itseng ea bitsoang Apolose, letsoalloa la Alexandria, monna ea kheleke puong, a fihla Efese; ’me o ne a rutehile haholo Mangolong. Monna enoa o ne a rutiloe ka molomo tsela ea Jehova ’me, kaha o ne a cheseha ke moea, a qala ho bua le ho ruta ka mokhoa o nepahetseng lintho tse mabapi le Jesu, empa a tloaelane le kolobetso ea Johanne feela. Eaba monna enoa o qala ho bua ka sebete ka synagogeng.”—Liketso 18:24-26.
Alexandria, Egepeta, e ne e le motse oa bobeli ka boholo lefatšeng o latelang Roma ’me e ne e le se seng sa litsi tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa temo bakeng sa Bajuda le Magerike. Ho ka etsahala hore ebe Apolose o ile a fumana tsebo ea hae e tebileng ea Mangolo a Seheberu le bokheleke bo itseng ka lebaka la thuto eo a e fumaneng sechabeng se seholo sa Bajuda ba motse oo. Ho thata haholoanyane ho hakanya hore na Apolose o ithutile ka Jesu hokae. Setsebi F. F. Bruce, se re: “Ho hlakile hore e ne e le motsamai—mohlomong e le morekisi ea tsamaeang ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, ’me ho ka etsahala hore ebe o ile a kopana le baboleli ba Bakreste ho se seng sa libaka tse ’maloa tseo a ileng a li etela.” Leha ho le joalo, le hoja a ne a bua le ho ruta ka nepo ka Jesu, ho bonahala hore o ne a ile a pakeloa pele ho Pentekonta ea 33 C.E., kaha o ne a “tloaelane le kolobetso ea Johanne feela.”
E le selelekela sa Jesu, Johanne Mokolobetsi o ne a fane ka bopaki bo matla sechabeng sohle sa Iseraele, ’me ba bangata ba ne ba kolobelitsoe ke eena e le pontšo ea pako. (Mareka 1:5; Luka 3:15, 16) Ho latela bo-rahistori ba ’maloa, har’a baahi ba Bajuda ba ’Muso oa Roma, tsebo ea batho ba bangata ka Jesu e ne e lekanyelitsoe ho se neng se ile sa rutoa mabōpong a Jordane. W. J. Conybeare le J. S. Howson ba re: “Bokreste ba bona bo ne bo le boemong bo tšoanang le boo bo neng bo le ho bona qalong ea tšebeletso ea Morena oa rōna. Ba ne ba sa tsebe moelelo o feletseng oa lefu la Kreste; mohlomong ba ne ba sa tsebe le bonnete ba tsoho ea Hae.” Ho bonahala eka Apolose o ne a boetse a sa tsebe letho ka ho tšolloa ha moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E. Leha ho le joalo, o ne a fumane boitsebiso bo nepahetseng ka Jesu, ’me ha aa ka a bo boloka ho eena. Ha e le hantle, ka sebete o ile a batla menyetla ea ho bua ka seo a neng a se tseba. Leha ho le joalo, cheseho ea hae le mafolo-folo li ne li e-s’o be ho ea ka tsebo e nepahetseng.
O ne a Cheseha Empa a Ikokobelitse
Tlaleho ea Luka e tsoela pele: “Ha Prisila le Akuila ba mo utloa, ba mo nka hore a be ’moho le bona ’me ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.” (Liketso 18:26) E tlameha ebe Akuila le Prisila ba ile ba hlokomela hore tumelo ea Apolose e ne e e-na le ho hongata hoo e tšoanang le ea bona ka hona, empa ka bohlale ha baa ka ba leka ho lokisa kutloisiso ea hae e sa fellang phatlalatsa. Ho ka etsahala hore ebe ba buisane le Apolose ka makhetlo a ’maloa, ka morero oa ho mo thusa. Apolose, monna ea “matla . . . Mangolong,” o ile a itšoara joang? (Liketso 18:24, Kingdom Interlinear) Ho ka hla ha etsahala hore Apolose o ne a ntse a bolela molaetsa oa hae o sa fellang phatlalatsa ka nako e itseng pele a kopana le Akuila le Prisila. Motho ea ikhohomosang a ka be a ile a hana ho tšoauoa phoso leha e le hofe, empa Apolose o ne a ikokobelitse a bile a thabetse ho khona ho phethisisa tsebo ea hae.
Boikutlo bo tšoanang ba Apolose ba ho ikokobetsa bo totobala hape le boikemisetsong ba hae ba ho amohela lengolo la puello le tsoang ho barab’abo ba Efese le eang phuthehong ea Korinthe. Tlaleho ena e tsoela pele: “Ho ekelletsa moo, kahobane o ne a lakatsa ho tšelela Akaia, barab’abo rōna ba ngolla barutuoa, ba ba eletsa hore ba mo amohele ka mosa.” (Liketso 18:27; 19:1) Apolose o ne a sa batle ho amoheloa ka lebaka la makhabane a hae empa ka boikokobetso o ile a latela tokisetso ea phutheho ea Bokreste.
Korinthe
Liphello tsa pele tsa tšebeletso ea Apolose Korinthe li ne li le ntle haholo. Buka ea Liketso ea tlaleha: “Ha a fihla moo, a thusa ka tsela e khōlō ba neng ba lumetse ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Molimo; kaha ka matla a maholo o ile a paka ka ho phethahetseng phatlalatsa hore Bajuda ba fositse, ha a ntse a bontša ka Mangolo hore Jesu e ne e le Kreste.”—Liketso 18:27, 28.
Apolose o ile a sebeletsa phutheho, a khothatsa barab’abo ka tokisetso le cheseho ea hae. Senotlolo sa katleho ea hae e ne e le sefe? Ka sebele Apolose o ne a e-na le bokhoni ba tlhaho ’me o ne a le sebete sa ho ntšetsa pele puisano ea phatlalatsa le Bajuda. Empa habohlokoa le ho feta, o ne a beha mabaka a sebelisa Mangolo.
Le hoja Apolose a ne a e-na le tšusumetso e matla har’a Bakorinthe, ka bomalimabe boboleli ba hae bo ile ba ba le liphello tse sa lebelloang tse seng molemo. Ka tsela efe? Pauluse le Apolose ba ne ba entse mosebetsi o motle haholo oa ho lema le ho nosetsa peō ea ’nete ea ’Muso Korinthe. Pauluse o ne a ile a bolela sebakeng seo hoo e ka bang ka 50 C.E., lilemo tse ka bang peli pele Apolose a fihla. Ka nako eo Pauluse a neng a ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bakorinthe, hoo e ka bang ka 55 C.E., ho ne ho hlahile likarohano. Ba bang ba ne ba talima Apolose e le moeta-pele oa bona, ha ba bang ba ne ba rata Pauluse haholo kapa Petrose kapa ba khomaretse Kreste feela. (1 Bakorinthe 1:10-12) Ba bang ba ne ba re: “’Na ke oa Apolose.” Hobane’ng?
Molaetsa oo Pauluse le Apolose ba neng ba o bolela o ne o tšoana, empa ba ne ba e-na le botho bo sa tšoaneng. Pauluse o ne a lumela hore e ne e “se kheleke puong”; Apolose, ka lehlakoreng le leng, e ne e le “kheleke puong.” (2 Bakorinthe 10:10; 11:6) O ne a e-na le bokhoni bo neng bo etsa hore sechaba sa Bajuda se Korinthe se mo utloe. O ile a atleha ho “paka ka ho phethahetseng phatlalatsa hore Bajuda ba fositse,” nakoana ka mor’a hore Pauluse a tsoe synagogeng.—Liketso 18:1, 4-6.
Na ho ka etsahala hore ebe lee e ne e le lona lebaka la hore ba bang ba sekamele ho Apolose? Bangoli ba ’maloa ba lumela hore takatso e matla ea tlhaho bakeng sa puisano e thehiloeng filosofing har’a Magerike e ka ’na eaba e ile ea etsa hore ba bang ba rate katamelo ea Apolose e hlasimollang haholoanyane. Giuseppe Ricciotti o bontša hore “puo [ea Apolose] e thahasellisang le litšoantšo tsa hae tse khabisitsoeng li ne li entse hore a khahle ba bangata ba neng ba mo rata ho feta Pauluse, sebui se neng se ikokobelitse se bile se se na bokheleke.” Ka sebele, haeba ba itseng ka phoso ba ne ba lumella boikhethelo bo joalo ba botho hore bo arohanye barab’abo bona, ho bonolo ho utloisisa lebaka leo ka lona Pauluse ka matla a ileng a nyatsa ho phahamisoa ha “bohlale ba banna ba bohlale.”—1 Bakorinthe 1:17-25.
Leha ho le joalo, ho nyatsa ho joalo ha ho bontše hore ho ne ho e-na le khohlano pakeng tsa Pauluse le Apolose. Le hoja ba bang ka ho iqapela ba ile ba nahana hore baboleli bana ba babeli e ne e le lira tse mabifi tse loanelang ho fumana boikutlo bo mofuthu ba Bakorinthe, Mangolo ha a bue ka ntho e joalo. Ho e-na le ho leka ho iketsa moeta-pele oa lequloana le itseng, Apolose o ne a tlohile Korinthe, a khutletse Efese, ’me o ne a e-na le Pauluse ha a ngola lengolo la pele le eang phuthehong ena e arohaneng.
Ho ne ho se na karohano kapa tlhōlisano lipakeng tsa bona; ho e-na le hoo, ho ne ho totobetse hore ka bobeli ba ne ba sebelisana ho rarolla mathata Korinthe ka kholiseho e kopanetsoeng. Mohlomong Pauluse o ne a e-na le khoao ka ba bang Korinthe empa ka sebele e seng ka Apolose. Mosebetsi oa banna bana ba babeli o ne o lumellana ka ho feletseng; lithuto tsa bona li ne li tlatsetsana. Ha re qotsa mantsoe a Pauluse ka boeena, o re: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa,” hobane ka bobeli e ne e le “basebetsi-’moho le Molimo.”—1 Bakorinthe 3:6, 9, 21-23.
Joaloka Pauluse, Bakorinthe ba ne ba hlompha Apolose haholo, ba lakatsa hore a boele a ba etele. Empa ha Pauluse a ne a mema Apolose ho khutlela Korinthe, Moalexandria enoa o ile a hana. Pauluse o re: “Joale malebana le Apolose mor’abo rōna, ke ile ka mo kōpa ka tieo haholo hore a tle ho lōna . . . , leha ho le joalo e ne e se thato ea hae ho hang ho tla hona joale; empa o tla tla ha a e-na le monyetla.” (1 Bakorinthe 16:12) Ho ka etsahala hore ebe Apolose o ne a le leqe ho khutla hobane a tšaba ho baka karohano e eketsehileng kapa feela hobane a ne a tšoarehile sebakeng se seng.
Lekhetlo la ho qetela leo ka lona ho buuoang ka Apolose ka Mangolong, o ne a etela Kreta ’me mohlomong le ka ’nģane ho eona. Pauluse o boetse o bontša tlhokomelo e khethehileng ho motsoalle enoa oa hae le mosebetsi-’moho le eena, o kōpa Tite hore a hlokomele Apolose le eo a tsamaeang le eena, Zenase, ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba ka e hlokang bakeng sa leeto la bona. (Tite 3:13) Ka nako ena, ka mor’a lilemo tse leshome tsa koetliso ea Bokreste, Apolose o ne a entse tsoelo-pele e lekaneng hore a ka sebeletsa e le moemeli ea tsamaeang oa phutheho.
Litšoaneleho Tsa Bomolimo Tse Nolofatsang Khōlo ea Moea
’Moleli enoa oa Moalexandria o behetse bahoeletsi bohle ba litaba tse molemo ba kajeno mohlala o motle, ka sebele le bohle ba lakatsang ho hatela pele moeeng. Ho ka etsahala hore re se be likheleke joalokaha e ne e le eona, empa ka sebele re ka loanela ho etsisa tsebo le bokhoni tsa hae tšebelisong ea Mangolo, kahoo re thusa ba batlang ’nete ka tieo. Ka mohlala oa hae oa tšebeletso e chesehang, Apolose o ile “a thusa ka tsela e khōlō ba neng ba lumetse.” (Liketso 18:27) Apolose o ne a ikokobelitse, a itela, ’me a ikemiselitse ho sebeletsa ba bang. O ne a utloisisa hantle hore ha ho na sebaka sa tlhōlisano kapa takatso e matla ea bophahamo ka phuthehong ea Bokreste, hobane kaofela re “basebetsi-’moho le Molimo.”—1 Bakorinthe 3:4-9; Luka 17:10.
Rōna, joaloka Apolose, re ka hatela pele moeeng. Na re ikemiselitse ho ntlafatsa kapa ho atolosa tšebeletso ea rōna e halalelang, re ipeha boemong ba ho sebelisoa ka botlalo haholoanyane ke Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng? Ha re etsa joalo re tla ba liithuti tsa ’nete ea Bokreste le baboleli ba eona ba chesehang.