Ela ho Ruta ha Hao Hloko Kamehla
“Ikele hloko ka mehla le [ho ruta ha] hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa hammoho le ba u mamelang.”—1 TIMOTHEA 4:16.
1, 2. Ke hobane’ng ha kajeno ho hlokahala ka potlako mesuoe e chesehang?
“E-EANG ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Ka lebaka la taelo ena ea Jesu Kreste, Bakreste bohle ba lokela ho ikitlaeletsa ho ba mesuoe. Ho hlokahala mesuoe e chesehang hore e thuse batho ba lipelo li tšepahalang ho tseba Molimo pele e e-ba morao haholo. (Baroma 13:11) Moapostola Pauluse o ile a phehella: “U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho phehella ka potlako nakong e tšoanelang, nakong e likhathatso.” (2 Timothea 4:2) Sena se bolela ho ruta ka hare ho phutheho le ka ntle ho eona. Ha e le hantle, thomo ea ho bolela e akarelletsa ho fetang ho phatlalatsoa ha molaetsa oa Molimo feela. Ho ruta ka tsela e atlehang hoa hlokahala e le hore ba thahasellang e be barutuoa.
2 Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Batho ba ’nile ba khelosoa ke lifilosofi tsa lefatše le lithuto tsa bohata. Ba bangata ba “lefifing likelellong” ’me ba ‘feletsoe ke kutlo eohle ea boitšoaro.” (Baefese 4:18, 19) Ba bang ba utloile bohloko ka ho tebileng maikutlong. E, ruri batho ba ‘sohlokehile ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.’ (Matheu 9:36) Leha ho le joalo, ka ho sebelisa tsebo ea ho ruta, re ka thusa batho ba lipelo li tšepahalang ho etsa liphetoho tse hlokahalang.
Mesuoe ka Phuthehong
3. (a) Thomo ea Jesu ea ho ruta e akarelletsa eng? (b) Ke bo-mang ba nang le boikarabelo ba sehlooho ba ho ruta ka phuthehong?
3 Ka thuso ea tokisetso ea thuto ea lehae ea Bibele, ba limilione ba fumana thuto ea motho ka mong. Leha ho le joalo, ka mor’a hore ba kolobetsoe, bana ba bacha ba hloka thuso e eketsehileng e le hore ba ‘mele ka metso le ho tsepama motheong.’ (Baefese 3:17) Ha re ntse re phetha thomo ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 28:19, 20 ’me re lebisa ba bacha mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, ba rua molemo oa ho rutoa ka phuthehong. Ho ea ka Baefese 4:11-13, ho khethiloe banna ba sebeletsang “e le balisa le mesuoe, ka sepheo sa ho khutlisetsoa tseleng ha bahalaleli, bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste.” Ka linako tse ling, tsebo ea bona ea ho ruta e akarelletsa ‘ho khalemela, ho nyatsa ka matla, ho eletsa, ka tiisetso eohle.’ (2 Timothea 4:2) Mosebetsi oa mesuoe e ne e le oa bohlokoa hoo, Pauluse ha a ngolla Bakorinthe a thathamisang mesuoe ka mor’a baapostola le baprofeta.—1 Bakorinthe 12:28.
4. Tsebo ea ho ruta e re thusa joang ho mamela khothatso ea Pauluse e tlalehiloeng ho Baheberu 10:24, 25?
4 Ke ’nete hore hase Bakreste bohle ba sebeletsang e le baholo, kapa balebeli. Leha ho le joalo, bohle ba khothalletsoa ho susumelletsana “leratong le mesebetsing e metle.” (Baheberu 10:24, 25) Ho etsa seo libokeng ho akarelletsa litlhaloso tse lokiselitsoeng hantle le tse tsoang pelong tse ka hahang le ho khothatsa ba bang. Bahoeletsi ba ’Muso ba nang le phihlelo le bona ba ka ‘susumelletsa ba bang mesebetsing e metle’ ka ho arolela ba bacha tsebo le phihlelo tseo ba nang le tsona ha ba ntse ba sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo. Linakong tse joalo le liketsahalong tse ling tse sa reroang, thuto ea bohlokoa e ka fanoa. Ka mohlala, basali ba hōlileng ba phehelloa ho ba “mesuoe ea se molemo.”—Tite 2:3.
Ba Susumelletsoa ho Lumela
5, 6. (a) Bokreste ba ’nete bo fapana joang le borapeli ba bohata? (b) Baholo ba thusa ba bacha joang ho etsa liqeto ka bohlale?
5 Bokreste ba ’nete bo fapane ka ho feletseng le malumeli a bohata a batlang ho laola monahano oa litho tsa ’ona. Ha Jesu a sa le lefatšeng, baeta-pele ba bolumeli ba ne ba batla ho laola hoo e ka bang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba batho ka lineano tsa batho tse hatellang. (Luka 11:46) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba entse joalo hangata.
6 Leha ho le joalo, borapeli bo hloekileng ke “tšebeletso e halalelang” eo re e etsang ka ‘matla a rōna a ho nahana.’ (Baroma 12:1) Bahlanka ba Jehova ba ‘susumelletsoa ho lumela.’ (2 Timothea 3:14) Ka linako tse ling, ho ka ’na ha hlokahala hore ba etellang pele ba etse melao e tataisang le ea tsamaiso molemong oa hore lintho li tsamaee hantle ka phuthehong. Leha ho le joalo, ho e-na le hore baholo ba batle ho etsetsa Bakreste-’moho le bona liqeto, ba ba ruta “ho khetholla ka bobeli se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:14) Tsela e ka sehloohong eo baholo ba etsang sena ka eona ke ka ho fepa phutheho “ka mantsoe a tumelo le a thuto e ntle.”—1 Timothea 4:6.
Ho Ela Hloko ho Ruta ha Hao
7, 8. (a) Batho ba nang le bokhoni bo itekanetseng ba khona joang ho sebeletsa e le mesuoe? (b) Ke eng e bontšang hore ho hlokahala boiteko ba motho ka mong hore motho e be mosuoe ea atlehang?
7 Ka hona, a re khutleleng thomong ea rōna ea ho ruta e re amang kaofela. Na ho kopanela mosebetsing ona ho hloka tsebo e ikhethang, thuto ea sekolong, kapa bokhoni bo ikhethang? Che. Karolo e khōlō ea mosebetsi ona oa ho ruta o etsoang lefatšeng ka bophara e etsoa ke batho feela ba nang le bokhoni bo itekanetseng. (1 Bakorinthe 1:26-29) Pauluse oa hlalosa: “Re na le letlotlo lena [la tšebeletso] lijaneng tsa letsopa [’meleng e sa phethahalang], e le hore matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna.” (2 Bakorinthe 4:7) Katleho e khōlō e finyeletsoeng mosebetsing ona oa lefatše ka bophara oa boboleli ba ’Muso ke bopaki ba matla a moea oa Jehova!
8 Leha ho le joalo, ho hlokahala boiteko bo kopanetsoeng ba batho ka bomong hore motho e be “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.” (2 Timothea 2:15) Pauluse o ile a phehella Timothea: “Ikele hloko ka mehla le [ho ruta ha] hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa hammoho le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16) Empa ke joang motho a ka elang hloko ho ruta ha hae, e-bang ke ka hare kapa ka ntle ho phutheho? Na ho etsa joalo ho hlile ho akarelletsa ho ba le tsebo e itseng kapa mekhoa e itseng ea ho ruta?
9.Ke eng e leng bohlokoa ho feta bokhoni ba tsoalo?
9 Ka sebele Jesu o ile a bontša tsebo e ikhethang ea mekhoa ea ho ruta Thutong ea hae ea Thabeng e tsebahalang haholo. Ha a qeta ho bua, “bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” (Matheu 7:28) Ke ’nete hore ha ho le ea mong oa rōna ea ka rutang hantle joalokaha Jesu a ile a ruta. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore re be libui tsa likheleke hore re be mesuoe e atlehang. Etsoe, ho ea ka Jobo 12:7 (NW), esita le “liphoofolo tse ruuoang” le “libōpuoa tse nang le mapheo” li ka ruta li ntse li khutsitse! Ho phaella bokhoning kapa tsebong eo mohlomong re tsoaloang le eona, seo e hlileng e leng sa bohlokoa ke hore na re “batho ba mofuta ofe”—re na le litšoaneleho life le hore na re hlaoletse mekhoa efe ea moea eo liithuti li ka e etsisang.—2 Petrose 3:11; Luka 6:40.
Liithuti Tsa Lentsoe la Molimo
10. Jesu o ile a beha mohlala o motle joang joaloka seithuti sa Lentsoe la Molimo?
10 Mosuoe ea atlehang oa linnete tsa Mangolo e tlameha ho ba seithuti sa Lentsoe la Molimo. (Baroma 2:21) Jesu Kreste o ile a beha mohlala o motle haholo tabeng ena. Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a bua kapa a hlalosa lintlha tse tšoanang le tse litemaneng tse ka libukeng tse ka etsang halofo ea libuka tsa Mangolo a Seheberu.a Ho tloaelana ha hae le Lentsoe la Molimo ho ile ha totobala ha a le lilemo li 12, ha a fumanoa ‘a lutse har’a mesuoe ’me a e mametse le ho e botsa.’ (Luka 2:46) Jesu ha a se a hōlile, e ne e le tloaelo ea hae ho ea synagogeng, moo Lentsoe la Molimo le neng le baloa teng.—Luka 4:16.
11. Mosuoe o lokela ho hlaolela mekhoa efe e metle ea ho ithuta?
11 Na u ’mali ea hloahloa oa Lentsoe la Molimo? Ho rafa ho lona ke tsela eo ka eona “u tla tseba ho tšaba Jehova, u fihlele tsebo ea Molimo.” (Liproverbia 2:4, 5) Kahoo, hlaolela mekhoa e metle ea ho ithuta. Leka ho bala karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi. (Pesaleme ea 1:2) Itloaetse ho bala tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa le Tsoha! hang ha e fihla. Mamela ka hloko libokeng tsa phutheho. Ithute ho batla ka hloko boitsebiso bo amehang. Ka ho ithuta ho ‘sala morao lintho tsohle ka ho nepahala,’ u ka qoba ho feteletsa lintho le ho bua lintho tse fosahetseng ha u ruta.—Luka 1:3.
Ho Rata le ho Hlompha ba Rutoang
12. Jesu o ne a ikutloa joang ka barutuoa ba hae?
12 Tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa ke ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka bao u ba rutang. Bafarisi ba ile ba khesa batho ba neng ba mamela Jesu. Ba ile ba re: “Bongata bona bo sa tsebeng Molao ke batho ba malimabe.” (Johanne 7:49) Empa Jesu o ne a e-na le lerato le tlhompho e tebileng ho barutuoa ba hae. O ile a re: “Ha ke sa le bitsa makhoba, hobane lekhoba ha le tsebe seo mong’a lona a se etsang. Empa ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.” (Johanne 15:15) Sena se ile sa bontša tsela eo barutuoa ba Jesu ba lokelang ho etsa mosebetsi oa bona oa ho ruta ka eona.
13. Pauluse o ne a ikutloa joang ka batho bao a ba rutang?
13 Ka mohlala, Pauluse ha aa ka a etsa hore pakeng tsa hae le liithuti tsa hae ho be le kamano e hlokang botsoalle, e kang ea batho ba khoebo. O ile a bolella Bakorinthe: “Le hoja le ka ba le batataisi ba likete tse leshome ho Kreste, ka sebele ha le na bo-ntate ba bangata; kaha ho Kreste Jesu ke bile ntate oa lōna ka litaba tse molemo.” (1 Bakorinthe 4:15) Ka linako tse ling, Pauluse o ne a bile a keleketla likeleli ha a eletsa bao a ba rutang! (Liketso 20:31) Hape o ile a bontša mamello le mosa ka tsela e ikhethang. Ka hona o ne a ka bolella Bathesalonika: “Re ile ra ba bonolo har’a lōna, joaloka ha ’mè ea anyesang a baballa bana ba hae.”—1 Bathesalonika 2:7.
14. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re thahaselle liithuti tsa rōna tsa Bibele? Bontša.
14 Na u etsisa Jesu le Pauluse? Lerato le tiileng ho liithuti tsa rōna le ka koala sekheo sa khaello leha e le efe eo e ka ’nang eaba re na le eona bokhoning ba tlhaho. Na liithuti tsa rōna tsa Bibele lia hlokomela hore re na le thahasello e tiileng ho tsona? Na re ipha nako ea ho li tseba? Ha mosali e mong oa Mokreste a ne a thatafalloa ho thusa seithuti ho tsoela pele moeeng, ka mosa o ile a se botsa: “Ebe ho na le ho hong ho u tšoenyang?” Mosali eo o ile a qala ho tšolla maikutlo a hae, a mo bolella lintho tse ngata tse mo khathatsang le ho mo tšoenya. Puisano eo e lerato e ile ea etsa phetoho e khōlō ho mosali eo. Maemong a joalo litemana tsa Mangolo le mantsoe a matšeliso le a khothatso ke tse loketseng. (Baroma 15:4) Leha ho le joalo, hlokomela: Seithuti sa Bibele se ka ’na sa etsa tsoelo-pele e potlakileng empa mohlomong ho ntse ho e-na le litsela tse itseng tseo e seng tsa Bokreste tseo se lokelang ho li tlohela. Kahoo, e ka ’na ea se ke ea e-ba bohlale ho ba le botsoalle bo haufi-ufi ka ho sa hlokahaleng le motho ea joalo. Meeli e loketseng ea Bokreste e lokela ho bolokoa.—1 Bakorinthe 15:33.
15. Re ka bontša joang hore re hlompha liithuti tsa rōna tsa Bibele?
15 Ho hlompha liithuti tsa rōna ho akarelletsa ho se leke ho laola bophelo ba tsona. (1 Bathesalonika 4:11) Ka mohlala, mohlomong re ithuta le mosali ea lulang le monna ea sa nyalanang le eena. Mohlomong ba bile ba na le bana. Kaha o se a e-na le tsebo e nepahetseng ea Molimo, mosali eo o batla ho otlolla lintho le Jehova. (Baheberu 13:4) Na o lokela ho nyalana le monna eo kapa ba lokela ho arohana? Re ka ’na ra ba le maikutlo a matla a hore ho nyalana le monna ea sa thahaselleng hakaalo kapa ea se nang thahasello ka ho feletseng linthong tsa moea ho tla sitisa tsoelo-pele ea hae nakong e tlang. Ka lehlakoreng le leng, re ka ’na ra ameha ka boiketlo ba bana ’me ra nahana hore ho tla ba molemo hore ba nyalane. Boemong leha e le bofe, ke ho hloka tlhompho le lerato ho itšunya-tšunya bophelong ba seithuti le ho leka ho se qobella hore se latele maikutlo a rōna litabeng tse joalo. Etsoe, ke sona se lokelang ho phela le liphello tsa se tla latela qeto ea sona. Kahoo, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo hore re koetlise seithuti se joalo ho sebelisa ‘matla a sona a ho lemoha’ ’me se iketsetse qeto ka seo a lokelang ho se etsa?—Baheberu 5:14.
16. Baholo ba ka bontša joang lerato le tlhompho ho mohlape oa Molimo?
16 Ke habohlokoa ka ho khetheha hore baholo ba phutheho ba tšoare mohlape ka lerato le tlhompho. Ha a ngolla Filemone, Pauluse o ile a re: “Le hoja ke e-na le bolokolohi bo boholo ba puo mabapi le Kreste ho u laela hore u etse se tšoanetseng, ho e-na le hoo ke u eletsa motheong oa lerato.” (Filemone 8, 9) Ka linako tse ling, ho ka ’na ha hlaha maemo a ferekanyang ka phuthehong. Mohlomong a ka ba a hloka hore ho nkoe khato e tiileng. Pauluse o ile a phehella Tite hore a ’ne a “tsoele pele ho . . . khalemela [bafosi] ka tieo, e le hore ba ka phela hantle tumelong.” (Tite 1:13) Leha ho le joalo, baholo ba lokela ho ba hlokolosi hore le ka mohla ba se bue le phutheho ka tsela e hlokang mosa. Pauluse o ile a ngola: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, le tšoanelehele ho ruta, le lule le ithibile bobeng.”—2 Timothea 2:24; Pesaleme ea 141:3.
17. Moshe o ile a etsa phoso efe, hona baholo ba ka ithuta eng ho eona?
17 Balebeli ba tlameha ho lula ba ikhopotsa hore ba sebetsana le “mohlape oa Molimo.” (1 Petrose 5:2) Le hoja Moshe a ne a le bonolo, o ile a lahleheloa ke pono ena ka nakoana. Baiseraele ba ile ba “halefisa moea oa hae, ’me a bua ka molomo oa hae ka potlako.” (Pesaleme ea 106:33) Molimo ha aa ka a thabela tšoaro ena e mpe ea mohlape oa Hae, le hoja mohlape le oona o ne o le molato. (Numere 20:2-12) Ha ba talimane le liphephetso tse tšoanang kajeno, baholo ba lokela ho loanela ho ruta le ho laea ka temohisiso le ka mosa. Barab’abo rōna ba arabela hantle ha ba bontšoa ho nahaneloa ’me ba tšoaroa e le batho ka bomong ba hlokang thuso, eseng joaloka bafosi ba seng ba ke ke ba thusoa. Baholo ba lokela ho lula ba e-na le boikutlo bo nepahetseng boo Pauluse a neng a e-na le bona ha a ne a re: “Re na le kholiseho ho Morena mabapi le lōna, hore lea etsa ’me le tla tsoela pele le etsa lintho tseo re li laelang.”—2 Bathesalonika 3:4.
Ho Arabela Litlhokong Tsa Bona
18, 19. (a) Re lokela ho arabela joang litlhokong tsa liithuti tsa Bibele tse nang le mefokolo e itseng? (b) Re ka thusa joang liithuti tse nang le bothata ka lintlha tse itseng?
18 Mosuoe ea atlehang o ikemisetsa ho ikamahanya le bokhoni le mefokolo ea liithuti tsa hae. (Bapisa le Johanne 16:12.) Papisong ea Jesu ea litalenta, monghali o ile a fana ka litokelo ho lekhoba “le leng le le leng ho ea ka bokhoni ba lona.” (Matheu 25:15) Re ka latela mohlala oo ha re khanna lithuto tsa Bibele. Ha ho pelaelo hore ke ho lakatsehang ho akaretsa sengoliloeng sa Bibele ka nako e batlang e le khutšoanyane. Leha ho le joalo, re tlameha ho hlokomela hore hase bohle ba tsebang ho bala hantle kapa ba khonang ho amohela likhopolo tse ncha ka potlako. Ka hona, ho hlokahala re sebelise temoho hore na re fetela ntlheng e latelang neng thutong haeba liithuti li thatafalloa ho li utloisisa ka potlako. Ntho ea bohlokoa ho feta ho akaretsa boitsebiso ka mokhoa o itseng o potlakileng ke ho thusa liithuti ho utloisisa seo li ithutang sona.—Matheu 13:51.
19 Boemo boa tšoana le ka liithuti tsa Bibele tse thatafalloang ke lintlha tse itseng, tse kang Boraro-bo-bong kapa matsatsi a phomolo a bolumeli. Le hoja ka tloaelo ho sa hlokahale hore re akarelletse boitsebiso ba lipatlisiso tsa lintlha tse thehiloeng Bibeleng thutong ea rōna, ka linako tse ling re ka ’na ra etsa joalo haeba ho hlakile hore sena se tla hlahisa molemo. Re tlameha ho sebelisa kahlolo e molemo e le hore ho se liehisoe tsoelo-pele ea seithuti ka ho sa hlokahaleng.
Cheseha!
20. Pauluse o ile a beha mohlala oa cheseho le kholiseho joang ha a ruta?
20 Pauluse o re: “Chesehang ke moea.” (Baroma 12:11) E, e bang re khanna thuto ea lehae ea Bibele kapa re nka karolo sebokeng sa phutheho, re lokela ho etsa joalo ka phehello le cheseho. Pauluse o ile a bolella Bathesalonika: “Litaba tse molemo tseo re li bolelang ha lia ka tsa hlaha har’a lōna ka puo feela empa hape le ka matla le ka moea o halalelang le kholiseho e matla.” (1 Bathesalonika 1:5) Ka hona, Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba fana ‘eseng feela ka litaba tse molemo tsa Molimo, empa le ka lisoule tsa [bona].’—1 Bathesalonika 2:8.
21.Re ka boloka boikutlo ba cheseho joang likabelong tsa rōna tsa ho ruta?
21 Cheseho ea sebele e hlahisoa ke ho ba le kholiseho e tiileng ea hore hoa hlokahala hore liithuti tsa rōna tsa Bibele li utloe seo re se bolelang. Le ka mohla re se ke ra nka kabelo leha e le efe ea ho ruta ka tloaelo feela tjee. Ka sebele, ntlheng ena mongoli Esdrase o ile a ela hloko kamoo a rutang kateng. O ile a ‘sekehela pelo ea hae ho batleng molao oa Jehova le ho etseng ka oona, le ho ruteng Baiseraele melao le likahlolo.’ (Esdrase 7:10) Re lokela ho etsa se tšoanang ka ho lokisetsa ka ho feletseng le ka ho nahanisisa ka bohlokoa ba boitsebiso. A re rapeleng Jehova hore a re tlatse ka tumelo le kholiseho. (Luka 17:5) Cheseho ea rōna e ka thusa liithuti tsa Bibele ho hlaolela lerato la sebele ’neteng. Ha e le hantle, ho ela hloko kamoo re rutang kateng ho ka akarelletsa ho sebelisa mekhoa e nepahetseng ea ho ruta. Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla e meng ea eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 2, leqepheng la 1071, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York,
Na U sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala mesuoe ea Bakreste e nang le tsebo kajeno?
◻ Re ka hlaolela mekhoa efe e molemo ea ho ithuta?
◻ Ke hobane’ng ha lerato le tlhompho ho bao re ba rutang e le tsa bohlokoa hakaale?
◻ Re ka arabela joang litlhokong tsa liithuti tsa rōna tsa Bibele?
◻ Ke hobane’ng ha cheseho le kholiseho e le tsa bohlokoa hakaale ha re ruta ba bang?
Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Mesuoe e molemo ke liithuti tsa Lentsoe la Molimo ka boeona
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Take a personal interest in Bible students