Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Bakorinthe
MOAPOSTOLA Pauluse o amehile haholo ka boiketlo ba moea ba phutheho ea Korinthe. O utloile hore ho na le ho hloka kutloano har’a barab’abo sebakeng seo. Boitšoaro bo bobe boa lumelloa. Phutheho e boetse e ngoletse Pauluse, e botsa ka litaba tse itseng. Kahoo, hoo e ka bang ka 55 C.E., ha Pauluse a le Efese leetong la hae la boraro la boromuoa, o ngola lengolo la hae la pele ho a mabeli ao a ileng a a ngolla Bakorinthe.
Kamoo ho bonahalang kateng, lengolo la bobeli, le ngotsoeng likhoeli tse seng kae feela ka mor’a la pele, le ntšetsa pele litaba tsa lengolo leo la pele. Kaha maemo a ka hare le ka ntle ho phutheho ea lekholo la pele la lilemo ea Korinthe a tšoana le a mehla ea rōna ka litsela tse ngata, molaetsa o mangolong ao Pauluse a a ngoletseng Bakorinthe ke oa bohlokoa haholo ho rōna.—Baheb. 4:12.
‘LULANG LE FALIMEHILE, LE EME LE TIILE, LE BE MATLA’
Pauluse o fana ka khothatso e latelang: “Kaofela le bue ka tumellano.” (1 Bakor. 1:10) Ha ho ‘motheo o mong ntle ho Jesu Kreste,’ oo ho hahuoang litšobotsi tsa Bokreste holim’a oona. (1 Bakor. 3:11-13) Mabapi le motho e mong ea neng a feba ka phuthehong, Pauluse o re: “Tlosang motho eo ea khopo har’a lōna.” (1 Bakor. 5:13) O re: “’Mele hase oa bohlola, empa ke oa Morena.”—1 Bakor. 6:13.
Ha Pauluse a araba ‘lintho tseo ba ileng ba ngola ka tsona,’ o fana ka keletso e utloahalang mabapi le lenyalo le bosoha. (1 Bakor. 7:1) Ka mor’a hore Pauluse a bue ka bohlooho ba Bokreste, ho hlophiseha libokeng tsa Bokreste le ka ’nete ea hore tsoho e tla fela e etsahale, o fana ka khothatso ena: “Lulang le falimehile, le eme le tiile tumelong, le tsoele pele joaloka banna, le be matla.”—1 Bakor. 16:13.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:21—Na Jehova o hlile o sebelisa “booatla” ho pholosa ba lumelang? Che, ha ho joalo. Leha ho le joalo, kaha “lefatše bohlaleng ba lona ha lea ka la tseba Molimo,” ho lona ho bonahala eka seo Molimo a se sebelisang ho pholosa batho ke booatla.—Joh. 17:25.
5:5—Ho ‘nehelana ka motho ea khopo ho Satane hore ho timetsoe nama, e le hore moea o ka pholoha’ ho bolela’ng? Ha motho ea sa bakeng ea entseng sebe se tebileng a khaoloa ka phuthehong, o boetse e ba karolo ea lefatše la Satane le khopo. (1 Joh. 5:19) Kahoo, ho ka thoe ho nehelanoe ka eena ho Satane. Ho lelekoa ha motho eo ho fella ka hore ho felisoe, kapa ho tlosoe tšusumetso ea hae e mpe ka phuthehong le hore ho sireletsoe moea oa eona, kapa maikutlo a renang ho eona.—2 Tim. 4:22.
7:33, 34—Ho boleloa’ng ka “lintho tsa lefatše” tseo monna kapa mosali ea lenyalong a tšoenyehang ka tsona? Pauluse o bua ka lintho tse tloaelehileng tsa bophelo tseo Bakreste ba leng lenyalong ba lokelang ho ameha ka tsona. Li akarelletsa lijo, liaparo le bolulo, empa ha li akarelletse lintho tse mpe tsa lefatše lena, tseo Bakreste ba lokelang ho li phema.—1 Joh. 2:15-17.
11:26—Lefu la Jesu le lokela ho hopoloa “nako le nako” joang, hona e tla ba “ho fihlela” neng? Pauluse o ne a sa bolele hore lefu la Jesu le ne le lokela ho hopoloa khafetsa. Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng bakeng sa “nako le nako” le bolela “neng le neng” kapa “kamehla ha.” Kahoo, Pauluse o ne a bolela hore nako le nako ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba ja litšoantšetso tsa Sehopotso, hanngoe ka selemo, ka la 14 Nisane, ba “phatlalatsa lefu la Morena.” Ba etsa sena “ho fihlela a fihla,” ke hore, ho fihlela a ba amohela maholimong ka tsoho.—1 Bathes. 4:14-17.
13:13—Ke ka tsela efe lerato le fetang tumelo le tšepo? Ha “lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona” li etsahala “tebello e tiisitsoeng” ea tsona ea phethahala, tumelo le tšepo ha li sa phetha karolo eo li neng li e phetha pele lintho tseo li etsahala. (Baheb. 11:1) Lerato le feta tumelo le tšepo hobane le lula ka ho sa feleng.
15:29—Ho “kolobetsoa ka morero oa ho ba ba shoeleng” ho bolela’ng? Pauluse o ne a sa fane ka maikutlo a hore batho ba phelang ba kolobetsoe molemong oa ba ileng ba shoa ba sa kolobetsoa. Mona Pauluse o bolela hore Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba qoelisetsoa ho phela bophelo boo ho bona ba tšepahalang ho fihlela lefung, leo ka mor’a lona ba tsosetsoang bophelong ba moea.
Seo re Ithutang Sona:
1:26-31; 3:3-9; 4:7. Ho ithorisa ka Jehova ka boikokobetso, eseng ka rōna ka borōna, ho etsa hore ho be le bonngoe ka phuthehong.
2:3-5. Ha Pauluse a ntse a paka Korinthe, e leng setsi sa filosofi ea Bagerike le sa thuto, e ka ’na eaba o ne a tšoenyehile ka hore na ebe o tla khona ho susumetsa bamameli ba hae kapa che. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella bofokoli leha e le bofe kapa tšabo eo e ka ’nang eaba o ne a e-na le eona hore e mo sitise ho phetha mosebetsi oa ho bolela oo Molimo a neng a mo file oona. Ka ho tšoanang, ha rea lokela ho lumella maemo a sa tloaelehang hore a re sitise ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Re ka kholiseha joaloka Pauluse hore Jehova o tla re thusa.
2:16. Ho ba le “kelello ea Kreste” ke ho tseba tsela eo a nahanang ka eona, ho nahana joaloka eena, ho utloisisa botho ba hae ka ho feletseng le ho etsisa mohlala oa hae. (1 Pet. 2:21; 4:1) Ke habohlokoa hakaakang hore re ithute ka hloko bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae!
3:10-15; 4:17. Re lokela ho sekaseka le ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ruta le ea ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Haeba re sa rute hantle, seithuti sa rōna se ka ’na sa hlōloa ho pholoha liteko tsa tumelo, ’me re ka ’na ra lahleheloa habohloko hoo ho pholoha ha rōna ho tla ba “joalokaha eka ke ka ho feta mollong.”
6:18. Ho ‘balehela bohlola’ hase feela ho qoba liketso tsa por·neiʹa empa e boetse ke ho qoba le litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, boitšoaro bo sa hloekang, ho nahana ka boitšoaro bo bobe, lebonyo—eng kapa eng e ka bakang bohlola.—Mat. 5:28; Jak. 3:17.
7:29. Banyalani ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba ameha feela ka lenyalo la bona e leng se ka etsang hore mosebetsi oa ’Muso o nke sebaka sa bobeli bophelong ba bona.
10:8-11. Jehova o ile a halefa haholo ha Baiseraele ba ne ba korotlela Moshe le Arone. Ho molemo hore re se ke ra ithuta ho tloaela ho korotla.
16:2. Re tla lula re fana ka menehelo ea chelete ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle haeba re hlophisa esale pele re bile re etsa joalo kamehla.
‘LE TSOELE PELE HO KHUTLISETSOA TSELENG’
Pauluse o bolella Bakorinthe hore ba lokela ho “tšoarela ka mosa le ho . . . tšelisa” mofosi ea bakileng ea khalemetsoeng ka matla. Le hoja lengolo la Pauluse la pele le ne le entse hore ba hlomohe, oa thaba hobane ba ile ba “hlomoha hore [ba] bake.”—2 Bakor 2:6, 7; 7:8, 9.
“Feela joalokaha [ba] ateloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe,” Pauluse o khothalletsa Bakorinthe hore ba ‘ateloe ke ho fana.’ Ka mor’a ho araba bahanyetsi, o fana ka keletso ea ho qetela ho bohle: “Le tsoele pele ho thaba, ho khutlisetsoa tseleng, ho tšelisoa, ho nahana ka tumellano, ho phela ka khotso.”—2 Bakor. 8:7; 13:11.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
2:15, 16—Re “monko o monate oa Kreste” joang? Kahobane re mamela seo Bibele e se buang ebile re bolela molaetsa oa eona. Le hoja “monko” o joalo o ka ’na oa e-ba mobe ho batho ba sa lokang o monate ho Jehova le ho batho ba lipelo li ntle.
5:16—Ho boleloa’ng ha ho thoe Bakreste ba tlotsitsoeng “ha ho motho eo [ba] mo tsebang ho ea ka nama”? Ha ba shebe batho ka leihlo la nama, ke hore, ha ba ee ka leeme ba shebile leruo, ’mala, kapa morabe kapa sechaba sa habo motho. Ntho ea bohlokoa ho bona ke kamano ea bona ea moea le balumeli-’moho le bona.
11:1, 16; 12:11—Na Pauluse o ne a bontša ho se be le kahlolo e molemo ho Bakorinthe? Che, ho ne ho se joalo. Leha ho le joalo, ho ne ho ka ’na ha bonahala eka oa ikhohomosa ebile ha a na kahlolo e molemo ka lebaka la seo a ileng a tlameha ho se bua ha a ne a sireletsa boapostola ba hae.
12:1-4—Ke mang ea ileng “a nkeloa paradeiseng”? Kaha ha ho motho e mong hape eo Bibele e bolelang hore o ile a ba le pono e joalo ’me litemana tsena li tla ka mor’a hore Pauluse a behe mabaka ao a sireletsang boapostola ba hae ka ’ona, ho ka etsahala hore ebe o ne a pheta se etsahetseng ho eena. Mohlomong seo moapostola enoa a ileng a se bona e ne e le paradeise ea moea e neng e thabeloa ke phutheho ea Bokreste “nakong ea bofelo.”—Dan. 12:4.
Seo re Ithutang Sona:
3:5. Ha e le hantle, temana ena e re bolella hore Jehova o sebelisa Lentsoe la hae, moea oa hae o halalelang le karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ho etsa hore Bakreste ba tšoanelehe ka ho lekaneng bakeng sa mosebetsi oa boboleli. (Joh. 16:7; 2 Tim. 3:16, 17) Re lokela ho ithuta ka hloko Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, re phehelle ho rapella moea o halalelang, re be re be teng kamehla libokeng tsa Bokreste le ho nka karolo ho tsona.—Pes. 1:1-3; Luka 11:10-13; Baheb. 10:24, 25.
4:16. Kaha Jehova o nchafatsa ‘motho eo re leng eena ka hare letsatsi le letsatsi,’ kamehla re lokela ho sebelisa hamolemo litokisetso tsa Jehova, re se ke ra lumella hore letsatsi le fete re sa ka ra etsa letho ho matlafatsa kamano ea rōna le Molimo.
4:17, 18. Ho hopola hore ‘matšoenyeho ke a motsotsoana ’me a bobebe’ ho ka re thusa hore re lule re tšepahala ho Jehova nakong ea mathata.
5:1-5. Pauluse o hlalosa hamonate hakaakang maikutlo ao Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le ’ona ka tšepo ea bona ea ho ea phela leholimong!
10:13. Ntle le haeba re etselitsoe litokisetso tse khethehileng tsa hore re thuse moo ho nang le tlhokahalo e khōlō, re lokela ho sebetsa feela tšimo e abetsoeng phutheho ea habo rōna.
13:5. E le hore re ‘inonye hore na re tumelong,’ re lokela ho tiisa hore boitšoaro ba rōna bo lumellana le seo re ithutang sona Bibeleng. E le hore re ‘leke seo re leng sona,’ re lokela ho hlahloba botebo ba bomoea ba rōna, ho akarelletsa hore na ‘matla a rōna a ho lemoha’ a chatsi hakae le hore na mesebetsi ea rōna ea tumelo e meholo hakae. (Baheb. 5:14; Jak. 1:22-25) Ha re sebelisa keletso e utloahalang ea Pauluse, re ka tsoela pele ho tsamaea tseleng ea ’nete.
[Setšoantšo se leqepheng la 26, 27]
Mantsoe a reng “nako le nako ha le ja bohobe bona le ho noa senoelo sena” a bolela’ng?—1 Bakor. 11:26