Lena ke Letsatsi la Poloko!
“Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng. Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.”—2 BAKORINTHE 6:2.
1. Ke’ng se hlokahalang bakeng sa ho ba boemong bo amohelehang ho Molimo le Kreste?
JEHOVA o behile letsatsi la ho ahlola moloko oa batho. (Liketso 17:31) E le hore e tle e be letsatsi la poloko ea rōna, ho hlokahala hore re be boemong bo amohelehang ho eena le ho Moahloli oa hae ea khethiloeng, Jesu Kreste. (Johanne 5:22) Ho ba boemong bo joalo ho hloka boitšoaro bo lumellanang le Lentsoe la Molimo le tumelo e re susumelletsang ho thusa ba bang hore e be barutuoa ba Jesu ba ’nete.
2. Ke hobane’ng ha lefatše la moloko oa batho le arohile ho Molimo?
2 Ka lebaka la sebe se futsitsoeng, lefatše la moloko oa batho le arohile ho Molimo. (Baroma 5:12; Baefese 4:17, 18) Ka lebaka leo, bao re ba pakelang ba ka bolokeha hafeela ba boelana le eena. Moapostola Pauluse o ile a hlakisa sena ha a ne a ngolla Bakreste ba Korinthe. A re hlahlobeng 2 Bakorinthe 5:10–6:10 ’me re bone seo Pauluse a se buileng ka kahlolo, ho boelana le Molimo, le poloko.
“Re Ntse re Susumelletsa Batho”
3. Pauluse o ile a ‘’na a susumelletsa batho’ joang, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo kajeno?
3 Pauluse o ile a amahanya kahlolo le boboleli ha a ne a ngola: “Kaofela re lokela ho bonahatsoa ka pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste, e le hore e mong le e mong a ka fumana moputso oa hae bakeng sa lintho tse entsoeng ka ’mele, ho ea ka lintho tseo a ’nileng a tloaela ho li etsa, ebang li molemo kapa lia nyonyeha. Ka hona, ka ho tseba tšabo ea Morena, re ntse re susumelletsa batho.” (2 Bakorinthe 5:10, 11) Moapostola ‘o ne a ntse a susumetsa batho’ ka ho bolela litaba tse molemo. Ho thoe’ng ka rōna? Kaha re talimane le bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho, re lokela ho etsa kahohle-hohle ho susumelletsa ba bang ho nka bohato bo hlokahalang e le hore Jesu a ka re ahlola hamolemo le hore re amoheloe ke Mohloli oa poloko, Jehova Molimo.
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ithorisa ka seo re se finyeletseng tšebeletsong ea Jehova? (b) Ho tlile joang hore Pauluse a ithorise “bakeng sa Molimo”?
4 Leha ho le joalo, haeba Molimo a hlohonolofalitse tšebeletso ea rōna, ha rea lokela ho ithorisa. Korinthe, ba bang ba ne ba hohomohile ke boikhohomoso ba bona kapa ba batho ba bang, kahoo ba baka likarohano ka har’a phutheho. (1 Bakorinthe 1:10-13; 3:3, 4) Ha a bua ka boemo bona ka mokhoa o sa tobang, Pauluse o ile a ngola: “Ha re ipuelle hape ho lōna, empa re le fa tlhohlelletso ea ho ithorisa mabapi le rōna, e le hore le ka ba le karabo bakeng sa ba ithorisang ka ponahalo ea ka ntle empa e se ka pelo. Etsoe haeba re ne re lahlehetsoe ke likelello, e ne e le bakeng sa Molimo; haeba re hlaphohetsoe likelellong, ke bakeng sa lōna.” (2 Bakorinthe 5:12, 13) Ba ikakasang ba ne ba sa thahaselle bonngoe ba phutheho le boiketlo ba eona moeeng. Ba ne ba batla ho ithorisa ka ponahalo ea ka ntle ho e-na le ho thusa balumeli-’moho le bona ho ba le lipelo tse ntle ka pel’a Molimo. Kahoo, Pauluse o ile a khalemela phutheho ’me hamorao a re: “Ea ithorisang, a a ithorise ka Jehova.”—2 Bakorinthe 10:17.
5 Na Pauluse ka boeena ha aa ka a ithorisa? E ka ’na eaba ba bang ba ile ba nahana joalo ka lebaka la seo a ileng a se bua ka ho ba moapostola. Empa o ne a tlameha ho ithorisa “bakeng sa Molimo.” O ne a ithorisa ka bopaki ba hore ke moapostola e le hore Bakorinthe ba se ke ba furalla Jehova. Pauluse o ile a etsa sena e le hore a ka ba khutlisetsa ho Molimo hobane baapostola ba bohata ba ne ba ba khelosetsa tseleng e fosahetseng. (2 Bakorinthe 11:16-21; 12:11, 12, 19-21; 13:10) Empa, Pauluse o ne a sa lule a leka ho khahlisa e mong le e mong ka seo a se finyeletseng.—Liproverbia 21:4.
Na Lerato la Kreste Lea U Qobella?
6. Lerato la Kreste le lokela ho re ama joang?
6 E le moapostola oa ’nete, Pauluse o ile a ruta ba bang ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo. Se ne se e-na le tšusumetso e matla bophelong ba Pauluse, hobane o ile a ngola: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella, hobane sena ke seo re se ahlotseng, hore motho a le mong o ile a shoela bohle; kahoo, joale, bohle ba ne ba shoele; ’me o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.” (2 Bakorinthe 5:14, 15) Jesu o bontšitse lerato le lekaakang ka ho re tella bophelo ba hae! Ka sebele, eo e lokela ho ba tšusumetso e qobellang bophelong ba rōna. Ho leboha Jesu ka ho re tella bophelo ba hae ho lokela ho re susumelletsa hore ka cheseho re bolele litaba tse molemo tsa poloko eo Jehova a faneng ka eona ka Mora oa hae ea ratoang. (Johanne 3:16; bapisa le Pesaleme ea 96:2.) Na “lerato leo Kreste a nang le lona” le u qobella hore ka cheseho u nke karolo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa?—Matheu 28:19, 20.
7. ‘Ho se be le motho eo re mo tsebang ho ea ka nama’ ho bolela’ng?
7 Ka ho sebelisa bophelo ba bona ka tsela e bontšang teboho bakeng sa seo Kreste a ba etselitseng sona, batlotsuoa ‘ha ba sa iphelela, empa ba phelela eena.’ Pauluse o itse: “Ka lebaka leo ho tloha hona joale ho ea pele ha ho motho eo re mo tsebang ho ea ka nama. Esita le haeba re tsebile Kreste ho ea ka nama, ka sebele hona joale ha re sa mo tseba joalo.” (2 Bakorinthe 5:16) Bakreste ha baa lokela ho talima batho ka tsela ea nama, mohlomong ba rata Bajuda ho feta Balichaba kapa barui ho feta bafutsana. ‘Ha ho motho eo batlotsuoa ba mo tsebang ho ea ka nama,’ hobane seo e leng sa bohlokoa ke kamano ea bona ea moea le balumeli-’moho le bona. Ba ‘tsebileng Kreste ho ea ka nama’ e ne e se feela batho ba ileng ba bona Jesu ha a ne a le lefatšeng. Esita le haeba ba bang ba tšepang Mesia ba kile ba talima Kreste e le motho oa nama feela tjee, ba ne ba lokela ho khaotsa ho etsa joalo. O fane ka ’mele oa hae e le thekollo ’me o tsositsoe e le moea o fanang ka bophelo. Ba bang ba tsosetsoang bophelong ba leholimo ba ne ba tla tela ’mele ea bona ea nama ho se mohla ba kileng ba bona Jesu Kreste e le motho oa nama.—1 Bakorinthe 15:45, 50; 2 Bakorinthe 5:1-5.
8. Ho tlile joang hore batho ka bomong ba be “kopanong le Kreste”?
8 A ntse a bua le batlotsuoa, Pauluse oa eketsa: “Haeba leha e le mang a le kopanong le Kreste, ke pōpo e ncha; lintho tsa khale li fetile, bonang! lintho tse ncha li teng.” (2 Bakorinthe 5:17) Ho ba “kopanong le Kreste” ho bolela ho thabela bonngoe le eena. (Johanne 17:21) Motho o bile le kamano ena ha Jehova a ne a mo hulela ho Mora oa hae ’me a mo tsoala ka moea o halalelang. E le mora oa Molimo ea tsoetsoeng ka moea, e ne e le “pōpo e ncha” e nang le tebello ea ho kopanela le Kreste ’Musong oa leholimo. (Johanne 3:3-8; 6:44; Bagalata 4:6, 7) Bakreste ba joalo ba tlotsitsoeng ba filoe tokelo e hlollang ea tšebeletso.
“Boelanang le Molimo”
9. Molimo o entse’ng e le hore poelano le eena e ka khoneha?
9 Jehova o ratile “pōpo e ncha” hakaakang! Pauluse o re: “Empa lintho tsohle li tsoa ho Molimo, ea ileng a re boelanya le eena ka boeena ka Kreste ’me a re fa bosebeletsi ba poelano, e leng hore Molimo ka Kreste o ne a boelanya lefatše le eena ka boeena, a sa ba balle litšito tsa bona, ’me o ile a beha lentsoe la poelano kalosong ea rōna.” (2 Bakorinthe 5:18, 19) Moloko oa batho o ’nile oa aroha ho Molimo ho tloha ha Adama a etsa sebe. Empa Jehova ka lerato o ile a nka bohato ba pele ba ho bula tsela ea poelano ka sehlabelo sa Jesu.—Baroma 5:6-12.
10. Jehova o ile a beha tšebeletso ea poelano kalosong ea bo-mang, ’me ba entse eng ho e phethahatsa?
10 Kaha Jehova o behile tšebeletso ea poelano tlhokomelong ea batlotsuoa, kahoo, Pauluse o ne a ka re: “Ka hona re manģosa a emeng bakeng sa Kreste, joalokaha eka Molimo o ne a etsa kōpo e tiileng ka rōna. Re le baemeli ba Kreste rea kōpa: ‘Boelanang le Molimo.’” (2 Bakorinthe 5:20) Mehleng ea boholo-holo, manģosa a ne a rongoa haholo-holo nakong ea ntoa ho ea bona hore na ntoa e ka qojoa. (Luka 14:31, 32) Kaha lefatše la moloko oa batho ba baetsalibe le arohile ho Molimo, o rometse manģosa a hae a tlotsitsoeng ho tsebisa batho ka litekanyetso tsa hae tsa poelano. E le baemeli ba Kreste, batlotsuoa ba kōpa ka tieo: “Boelanang le Molimo.” Kōpo ena e tiileng ke khothatso e etsoang ka mohau ea ho batla khotso le Molimo le ho amohela poloko eo a etsang hore e finyelloe ka Kreste.
11. Ka tumelo thekollong, ke bo-mang bao qetellong ba finyellang boemo ba ho loka ka pel’a Molimo?
11 Batho bohle ba sebelisang tumelo thekollong ba ka boelana le Molimo. (Johanne 3:36) Pauluse o re: “[Jesu] ea sa kang a tseba sebe [Jehova] o ile a mo etsa hore e be sebe bakeng sa rōna, e le hore re ka ba ho loka ha Molimo ka eena.” (2 Bakorinthe 5:21) Jesu motho ea phethahetseng e ne e le nyehelo ea sebe bakeng sa bana bohle ba Adama ba lopolotsoeng sebeng sa tlhaho. Ba fetoha “ho loka ha Molimo” ka Jesu. Ho loka hona, kapa boemo ba ho loka ka pel’a Molimo, ho tla pele ho majalefa hammoho le Kreste a 144 000. Pusong ea hae ea Lilemo tse Sekete, bana ba lefatšeng ba Ntate oa ka ho sa Feleng, Jesu Kreste, ba tla ba boemong ba ho loka e le batho ba phethahetseng. O tla ba tsosolosetsa boemong ba ho loka phethehong e le hore ba ka ipaka ba tšepahala ho Molimo ’me ba fumane mpho ea bophelo bo sa feleng.—Esaia 9:6; Tšenolo 14:1; 20:4-6, 11-15.
“Nako e Amohelehang ka ho Khethehileng”
12. Manģosa a Jehova le baemeli ba hae ba phetha tšebeletso efe ea bohlokoa?
12 E le hore re ka bolokeha, re lokela ho sebetsa tumellanong le mantsoe a Pauluse: “Ha re sebetsa hammoho le eena [Jehova], re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona. Kaha o re: ‘Ka nako e amohelehang ke ile ka u utloa, ’me ka letsatsi la poloko ke ile ka u thusa.’ Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng. Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.” (2 Bakorinthe 6:1, 2) Manģosa a Jehova a tlotsitsoeng le baemeli ba hae, “linku tse ling,” ha ba amohele mosa o sa tšoanelang oa Ntate oa bona oa leholimo ebe ba lahleheloa ke morero oa oona. (Johanne 10:16) Ka boitšoaro ba bona bo botle le tšebeletso e bontšang cheseho ‘nakong ena e amohelehang,’ ba batla ho amoheloa ke Molimo ’me ba tsebisa baahi ba lefatše hore lena ke “letsatsi la poloko.”
13. Moko-taba oa Esaia 49:8 ke ofe, hona e ile ea phethahala joang ka lekhetlo la pele?
13 Pauluse o qotsa Esaia 49:8 (NW) e balehang tjena: “Sena ke seo Jehova a se boletseng: ‘Ke u arabetse ka nako ea kamohelo, ’me ke u thusitse ka letsatsi la poloko; ke ’nile ka u sireletsa e le hore ke fane ka uena joaloka selekane bakeng sa batho, hore u etse hore naha e boele e ahoe, ho etsa hore mafa a entsoeng lesupi a ruuoe hape.’” Boprofeta bona bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele ha sechaba sa Iseraele se ne se lokolloa botlamuoeng ba Babylona ’me hamorao se khutlela naheng ea habo sona e lesupi.—Esaia 49:3, 9.
14. Esaia 49:8 e ile ea phethahala joang tabeng ea Jesu?
14 Phethahatsong e tsoelang pele ea boprofeta ba Esaia, Jehova o ile a fana ka “mohlanka” oa hae Jesu e le “leseli la lichaba, e le hore poloko ea [Molimo] e ka ba ho ea fihla lipheletsong tsa lefatše.” (Esaia 49:6, 8, NW; bapisa le Esaia 42:1-4, 6, 7; Matheu 12:18-21.) Ho hlakile hore “nako ea kamohelo,” kapa “nako e amohelehang,” e ne e sebetsa ho Jesu ha a sa ntse a le lefatšeng. O ile a rapela ’me Molimo o ile a mo ‘arabela.’ Sena se ile sa ipaka e le “letsatsi la poloko” bakeng sa Jesu hobane o ile a tšepahala ka ho phethahetseng ’me kahoo “a fetoha ea ikarabellang bakeng sa poloko e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.”—Baheberu 5:7, 9; Johanne 12:27, 28.
15. Baiseraele ba moea ba ile ba leka ka matla ho ipaka ba tšoaneleha bakeng sa mosa oa Molimo o sa tšoanelang ho tloha neng, hona e le ka sepheo sefe?
15 Pauluse o sebelisa Esaia 49:8 ho Bakreste ba tlotsitsoeng, a ipiletsa ho bona hore ba ‘se ke ba lahleheloa ke morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo’ ka ho hlōleha ho batla kamohelo ea hae ‘nakong e amohelehang’ le ‘letsatsing la poloko’ eo a fanang ka eona. Pauluse oa eketsa: “Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng. Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.” (2 Bakorinthe 6:2) Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., Baiseraele ba moea ba ’nile ba leka ka matla ho ipaka ba tšoaneleha bakeng sa mosa o sa tšoanelang oa Molimo e le hore “nako e amohelehang” e ne e ka ba “letsatsi la poloko” bakeng sa bona.
“Re Ipuella re le Basebeletsi ba Molimo”
16. Ke tlas’a maemo afe a lekang Pauluse a ileng a ipuella e le mosebeletsi oa Molimo?
16 Batho ba bang ba neng ba kopanela le phutheho ea Korinthe ba ne ba sa ipake ba tšoaneleha bakeng sa mosa o sa tšoanelang oa Molimo. Ba ne ba etselletsa Pauluse moo ba lekang ho felisa matla a hae a ho laela a boapostola, le hoja a ile a qoba ‘ho fana ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa.’ Ka sebele o ile a ipuella e le mosebeletsi oa Molimo “ka ho mamella ho hongata, ka matšoenyeho, ka maemo a ho hloka, ka mathata, ka likotlo, ka lichankana, ka ho hloka taolo, ka mesebetsi, ka ho se robale bosiu, ka linako tsa ho ba ntle ho lijo.” (2 Bakorinthe 6:3-5) Hamorao, Pauluse o ile a beha mabaka ka hore haeba bahanyetsi ba hae e ne e le basebeletsi, e ne e le “eena ka ho hlaheletseng haholoanyane” ka lebaka la ho kena literonkong hangata ho ba feta, ho otloa hangata ho ba feta, ho ba likotsing hangata ho ba feta le ho hlokeng haholoanyane.—2 Bakorinthe 11:23-27.
17. (a) Re ka ipuella re le basebeletsi ba Molimo ka ho bontša litšoaneleho life? (b) “Lihlomo tsa ho loka” ke eng?
17 Joaloka Pauluse le balekane ba hae, re ka ipuella re le basebeletsi ba Molimo. Joang? “Ka tlhoeko,” kapa ho hloeka boitšoarong le ka ho sebetsa tumellanong le tsebo e nepahetseng ea Bibele. Re ka ipuella “ka tiisetso,” ka ho se fele pelo re mamella ho siteloa kapa ho phephetsoa, le “ka mosa” ha re ntse re etsetsa ba bang lintho tse molemo. Ho feta moo, re ka ipuella re le basebeletsi ba Molimo ka ho amohela tataiso ea moea oa hae, re bontša “lerato le lokolohileng boikaketsing,” re bua ’nete, ’me re tšepa hore o tla re fa matla a ho phetha tšebeletso. Hoa thahasellisa hore ebe Pauluse o ile a boela a paka boemo ba hae ba bosebeletsi “ka lihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letšehali.” Ntoeng ea boholo-holo, hangata letsoho le letona le ne le tšoara sabole ha le letšehali le ne le tšoara thebe. Ha Pauluse a ne a loana ntoa ea moea, a loantša mesuoe ea bohata, ha aa ka a sebelisa lihlomo tsa nama ea boetsalibe—bolotsana, ho qhekella, thetso. (2 Bakorinthe 6:6, 7; 11:12-14; Liproverbia 3:32) O ile a sebelisa “lihlomo” tsa ho loka kapa mekhoa ea ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Le rōna re lokela ho etsa joalo.
18. Haeba re basebeletsi ba Molimo, re tla itšoara joang?
18 Haeba re basebeletsi ba Molimo, re tla itšoara joaloka Pauluse le basebetsi-’moho le eena. Re tla etsa lintho joaloka Bakreste ebang rea hlomphuoa kapa rea hlompholloa. Litlaleho tse mpe tse etsoang ka rōna ha li na ho emisa mosebetsi oa rōna oa ho bolela, leha e le hona hore re tla ikakasa haeba ho etsoa litlaleho tse ntle ka rōna. Re tla bua ’nete ’me mohlomong re ka amoheloa ka lebaka la mesebetsi ea bomolimo. Ha re le maqakabetsing a fellang ka lefu tlhaselong ea sera, re tla tšepa Jehova. ’Me re tla amohela taeo ka kananelo.—2 Bakorinthe 6:8, 9.
19. Ho “ruisa ba bangata” ho ka khoneha joang?
19 Ha a phetha puo ea hae mabapi le tšebeletso ea poelano, Pauluse o ile a bolela hore eena le basebetsi-’moho le eena ke ‘ba sareloang empa ba thabile ka mehla, joaloka ba futsanehileng empa ba ruisa ba bangata, joaloka ba se nang letho ’me leha ho le joalo ba e-na le lintho tsohle.’ (2 Bakorinthe 6:10) Le hoja basebeletsi bao ba ne ba e-na le lebaka la ho sareloa ka lebaka la mahlomola a bona, ba ne ba e-na le thabo ea ka hare. E ne e le mafutsana mabapi le lintho tse bonahalang, empa ba ne ba “ruisa ba bangata” moeeng. Ha e le hantle, ba ne ba “e-na le lintho tsohle” hobane tumelo ea bona e ne e ba tlisetsa maruo a moea—esita le tebello ea ho ba bara ba Molimo ba leholimo. ’Me ba ne ba phela bophelo bo enneng le bo thabileng e le basebeletsi ba Bakreste. (Liketso 20:35) Joaloka bona, re ka “ruisa ba bangata” ka ho kopanela tšebeletsong ea poelano hona joale—letsatsing lena la poloko!
Tšepa Poloko ea Jehova
20. (a) Pauluse o ne a e-na le takatso efe e tiileng, ’me ke hobane’ng ha nako e ne e lekane motinyane? (b) Ke’ng se tšoaeang letsatsi la poloko leo re phelang ho lona hona joale?
20 Ha Pauluse a ne a ngola lengolo la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe hoo e ka bang ka 55 C.E., ho ne ho setse lilemo tse ka bang 15 feela pele tsamaiso ea lintho ea Sejuda e fela. Moapostola enoa ka tieo o ne a batla hore Bajuda le Balichaba ba boelane le Molimo ka Kreste. Leo e ne e le letsatsi la poloko, ’me nako e ne e lekane motinyane. Ha e le hantle, re ’nile ra ba qetellong ea tsamaiso ea lintho e tšoanang le eo ho tloha ka 1914. Mosebetsi oa lefatše lohle oa ho bolela ka ’Muso o etsoang hona joale o tšoaea sena e le letsatsi la poloko.
21. (a) Ho khethiloe temana efe ea selemo bakeng sa 1999? (b) Re lokela hore ebe re ntse re etsa’ng letsatsing lee la poloko?
21 Ho hlokahala hore batho ba lichaba tsohle ba utloe ka tokisetso ea Molimo ea poloko ka Jesu Kreste. Nako e lekane motinyane. Pauluse o ile a ngola: “Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.” Mantsoe ao a 2 Bakorinthe 6:2 e tla ba temana ea selemo ea Lipaki tsa Jehova ea 1999. A loketse hakaakang, hobane re talimane le ho hong ho hobe haholo ho feta timetso ea Jerusalema le tempele ea eona! Bofelo ba tsamaiso ena eohle ea lintho bo larile ka pele, bo ama e mong le e mong ea leng lefatšeng. Hona joale—eseng hosasane—ke nako ea ho nka bohato. Haeba re lumela hore poloko ke ea Jehova, haeba rea mo rata le haeba re nka bophelo bo sa feleng e le ba bohlokoa, ha re na ho lahleheloa ke morero oa mosa o sa tšoanelang oa Molimo. Ka takatso e tlohang pelong ea ho hlompha Jehova, re tla paka ka mantsoe le ka liketso hore re hlile re tiile ha re hooa re re: “Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.”
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha ho boelana le Molimo e le habohlokoahali?
◻ Manģosa le baemeli ba kopanelang tšebeletsong ea poelano ke bo-mang?
◻ Re ka ipuella re le basebeletsi ba Molimo joang?
◻ Temana ea selemo ea Lipaki tsa Jehova ea 1999 e bolela’ng ho uena?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Joaloka Pauluse, na u bolela ka cheseho le ho thusa ba bang ho boelana le Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
United States
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Fora
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Côte d’Ivoire
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Letsatsing lena la poloko, na u har’a matšoele a boelanang le Jehova Molimo?