Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kananelo Bakeng sa Banab’abo Rōna
    Molula-Qhooa—1988 | October 1
    • 10 Ho Linguistic Key to the Greek New Testament ea hae, Fritz Rienecker o hlalosa ka lentsoe le fetoletsoeng e le “ka matla,” kapa “ka ho sarolohileng,” ho 1 Petrose 1:22. Oa ngola: “Maikutlo a bohlokoa ke a ho etsa ntho ka tieo, cheseho (ho se etse ntho habobebe . . . empa kamoo ho leng kateng ho e etsa ka ho iqobella (Hort).” Har’a lintho tse ling, ho iqobella ho bolela “ho sarolla ntho ho fihlela moo e fellang teng.” Ka lebaka lena ho ratana ka matla ho tloha pelong ho bolela ho ikitlaetsa ho isa moo boiteko ba rōna bo ka fellang teng hore re be le lerato le mofuthu la bana ba motho bakeng sa metsoalle eohle ea rōna ea Bokreste. Na bana ba bang babo rōna ba petelitsoe leratong la rōna le mofuthu? Haeba ho joalo, re lokela ho atoloha.

  • Kananelo Bakeng sa Banab’abo Rōna
    Molula-Qhooa—1988 | October 1
    • 11, 12. (a) Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso efe ho Bakreste ba Korinthe? (b) Pauluse o ile a bea mohlala ofe o motle ntlheng ee?

      11 Ho hlakile hore moapostola Pauluse o ne a ikutloa hore hona hoa hlokahala phuthehong ea Korinthe. O ile a ngolla Bakreste ba moo: “Bakorinthe, molomo oa rōna o le ahlametse, lipelo tsa rōna li atolohile. Ha lea petetsana ka hare ho rōna, empa le petetsane leratong la lōna le mofuthu. Kahoo, ka ho buseletsa—ke bua joaloka ho bana—le lōna, atolohang.”—2 Ba-Korinthe 6:11-13, NW.

      12 Re ka atolosa lipelo tsa rōna joang hore re akarelletse bana bohle babo rōna? Pauluse o ile a bea mohlala o motle ntlheng ena. Ka ho totobetseng o ne a qamaka ho molemo ho banab’abo, ’me o ne a sa ba hopole ka lebaka la mefokolo ea bona empa ka lebaka la litšoaneleho tsa bona tse molemo. Khaolo ea ho qetela ea lengolo la hae le eang ho Bakreste ba Roma e bontša sena. A re hlahlobeng Ba-Roma khaolo ea 16, ’me re bone kamoo e bontšang boikutlo bo botle ba Pauluse mabapi le banab’abo.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela