Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kamoo U ka Koetlisang Letsoalo la Hao Kateng
    Molula-Qhooa—1997 | August 1
    • Ka mohlala, leka ho thuisa ka mantsoe a moapostola Pauluse a fumanoang ho 2 Bakorinthe 7:1: “Ka hona, kaha re na le litšepiso tsena, baratuoa, a re itlhoekiseng tšilafatso e ’ngoe le e ’ngoe ea nama le moea, re phethahatsa khalalelo tšabong ea Molimo.” Utloisisa mantsoe ana. Ipotse, ‘Ha e le hantle “litšepiso tsena” tseo Pauluse a buang ka tsona ke life?’ Ha u bala litemana tse potolohileng, u tla hlokomela hore temana e ka pele ho eo e re: “‘“Tsoang har’a bona, ’me le ikarole,” ho bolela Jehova, “’me le khaotse ho ama ntho e sa hloekang”’; ‘“’me ka sebele ke tla le amohela.”’ ‘“’Me ke tla ba ntate oa lōna, ’me le tla ba bara le barali ba ka,” ho bolela Jehova ea Matla ’Ohle.’”—2 Bakorinthe 6:17, 18.

      Taelo ea Pauluse ea hore ‘re itlhoekise tšilafatso’ e matla haholoanyane hona joale! E le khothatso e matla ea hore re etse joalo, Molimo o tšepisa ho ‘re amohela,’ ka mantsoe a mang, ho re hlokomela ka mokhoa o sireletsehileng. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ke tla thabela botsoalle bo haufi le eena—bo kang ba mora kapa morali le ntate oa hae?’ Na ka sebele khopolo ea ho ‘amoheloa’ kapa ho ratoa ke Molimo ea bohlale, ea lerato, ha e ipiletse haholoanyane? Haeba u bona eka khopolo eo ha e sebetse, lemoha tsela eo ka eona bo-ntate ba lerato ba bontšang bana ba bona lerato le boikutlo bo mofuthu. Joale thuisa ka kamano e joalo e se e le lipakeng tsa hao le Jehova! Ha u nahana ka eona haholoanyane, takatso ea hao ea ho ba le botsoalle bo joalo e tla eketseha.

      Empa hlokomela: U ka ba haufi le Molimo feela haeba u ‘khaotsa ho ama ntho e sa hloekang.’ Ipotse: ‘Na ho lemalla koae hase e ’ngoe ea ‘lintho tse sa hloekang’ tseo Molimo a li nyatsang? Na ha ke e sebelisa e tla ba ke ‘itšilafatsa nama,’ ke ipepesetsa likotsi tsohle tsa bophelo bo botle ba ’mele? Kaha Jehova ke Molimo ea hloekileng, kapa ea “halalelang,” na a ka amohela ho itšilafatsa hoo ha ka ha ka boomo?’ (1 Petrose 1:15, 16) Hlokomela hore Pauluse o boetse o re lemosa khahlanong le ho ‘itšilafatsa moea,’ kapa tšekamelo ea maikutlo. Ipotse: ‘Na ho lemalla koae hoo ho busa monahano oa ka? Na ke tla tsoela pele ho khotsofatsa takatso ea ka, mohlomong ka ho beha kotsing bophelo ba ka, lelapa la ka kapa esita le boemo ba ka ka pel’a Molimo? Ke ho isa bohōleng bofe ke lumeletseng ho lemalla ha ka koae hore ho senye bophelo ba ka?’ Ho arabela lipotso tsena tse bohloko ho ka ’na ha u fa sebete sa ho e tlohela!

  • O Fumane “Perela ea Theko e Phahameng”
    Molula-Qhooa—1997 | August 1
    • Pele ba ithuta ’nete, ba ha Lin ba ne ba lemme lifate tsa betel nut tse 1300 jareteng ea bona. Le hoja ho ne ho tla nka lilemo tse hlano hore lifate tseo li kenye chelete, hang ha li beha litholoana, ba ha Lin ba ne ba ka lebella ho etsa chelete e kaalo ka R360-000 ka selemo. Ha nako ea pele ea ho kotula e atamela, ba ha Lin ba ile ba lokela ho etsa qeto ea bohlokoa. Ha ba ntse ba ithuta Bibele, ba ile ba tseba hore Bakreste ba lokela ho itlhoekisa “tšilafatso e ’ngoe le e ’ngoe ea nama le moea” ka ho qoba ho sebelisa kapa ho khothalletsa mekhoa e litšila, e kang ho tsuba koae, ho sebelisa lithethefatsi hampe le ho hlafuna betel nut. (2 Bakorinthe 7:1) Ba ne ba tla etsa eng?

      A tšoenngoa ke letsoalo le neng le mo khathatsa, Monghali Lin o ile a etsa qeto ea ho khaotsa ho bala. Nakong eo, Mofumahali Lin o ile a rekisa li-betel nut tsa lifate tsa bona tse hōlileng ’me a fumana chelete e ka holimo ho R14 000. Seo e ne e mpa e le pontšo feela ea se neng se tla tloha se etsahala haeba ba ne ba ka boloka lifate tsa bona. Leha ho le joalo, letsoalo la Monghali Lin le ile la tsoela pele ho mo khebetla.

      O ile a loantšana le bothata bona ho fihlela ha ka letsatsi le leng a kōpa Lipaki tsa moo hore li mo remele lifate tseo tsa betel nut. Lipaki li ile tsa mo hlalosetsa hore eo ke qeto ea hae; ka hona, o tla lokela ho “jara mojaro oa hae” ’me e be eena ea remang lifate tseo. (Bagalata 6:4, 5) Li ile tsa mo khothalletsa hore a hopole tšepiso e ho 1 Bakorinthe 10:13, e reng: “Ha ho moleko o le tšoereng haese se tloaelehileng ho batho. Empa Molimo oa tšepahala, ’me ha a na ho le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” Lipaki li ile tsa boela tsa mo behela lebaka, tsa re: “Haeba re u remela lifate tsena, u ka ’na ua ikoahlaea eaba u beha rōna molato.” Nakoana ka mor’a moo, Mofumahali Lin o ile a tsosoa ke lerata la sakha. Monna oa hae le bana ba ne ba rema lifate tsa betel nut!

      Monghali Lin o ile a bona hore Jehova o phetha tšepiso ea Hae. O ile a fumana mosebetsi o sieang letsoalo la hae le hloekile, o mo lumellang ho ba mororisi oa Jehova. O ile a kolobetsoa ka April 1996 kopanong ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela