“Bontša Bonolo Bohle ho Batho Bohle”
“Tsoela pele ho ba hopotsa . . . ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.”—TITE 3:1, 2.
1. Ke hobane’ng ha ho se bonolo kamehla ho bontša bonolo?
MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a ngola a re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.” (1 Bakorinthe 11:1) Bahlanka bohle ba Molimo kajeno ba leka ka matla ho mamela keletso ena. Empa ha ho bonolo hobane re futsitse litakatso tsa boithati le botho ba boithati bo sa lumellaneng le mohlala oa Kreste ho batsoali ba rōna ba pele. (Baroma 3:23; 7:21-25) Leha ho le joalo, bohle re ka atleha ho bontša bonolo haeba re iteka. Empa ho itšepa ha hoa lekana. Ho hlokahala eng hape?
2. Re ka bontša “bonolo bohle ho batho bohle” joang?
2 Bonolo ba bomolimo ke karolo ea litholoana tsa moea o halalelang. Ha re latela tataiso ea matla a sebetsang a Molimo, litholoana tsa ’ona li tla bonahala haholoanyane. Ke ka ho etsa joalo feela moo re ka bontšang “bonolo bohle” ho batho bohle. (Tite 3:2) A re ke re hlahlobeng hore na re ka etsisa mohlala oa Jesu joang ’me ra nolofalletsa ba tloaelanang le rōna hore ba ‘fumane khatholoho.’—Matheu 11:29; Bagalata 5:22, 23.
Ka Lapeng
3. Boemo bo bontšang moea oa lefatše ka malapeng ke bofe?
3 Bonolo bo hlokahala ka lapeng. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hakanya hore pefo ea ka lapeng e lematsa basali ho feta likotsi tsa mebileng le malaria li kopane. Ka mohlala, London, Engelane, litlōlong tsohle tsa molao tse tlalehoang, kotara ea tsona e etsoa ka malapeng. Hangata mapolesa a kopana le batho ba ntšang maikutlo a bona ka “ho tleroha le puo e nyefolang.” Ho hobe le ho feta ke hore banyalani ba bang ba lumeletse hore “lonya le bohale” li ame kamano ea bona. Sena sohle ka masoabi se bontša “moea oa lefatše” ’me ka lebaka leo ha se amohelehe malapeng a Bakreste.—Baefese 4:31; 1 Bakorinthe 2:12.
4. Bonolo bo ka ba le phello efe ka lapeng?
4 Re hloka moea oa Molimo hore re loantše mekhoa ea lefatše. “Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” (2 Bakorinthe 3:17) Lerato, mosa, boitšoaro le tiisetso li matlafatsa bonngoe ba monna le mosali ba sa phethahalang. (Baefese 5:33) Bonolo bo etsa hore ho be le thabo ka lapeng ’me bo etsa hore ho be monate ho fapana le hore ho tlatsetsanoe lerata ’me ho be le liqabang tse senyang malapa a mangata. Seo motho a se buang ke sa bohlokoa empa tsela eo motho a buang ka eona e bontša maikutlo a hae. Lintho tseo motho a tšoenyehileng ka tsona le tse mo khathatsang ha li boleloa ka bonolo li thethefatsa bohale. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.”—Liproverbia 15:1.
5. Bonolo bo ka thusa joang lelapeng le arohaneng bolumeling?
5 Bonolo ke ba bohlokoa ka ho khethehileng lelapeng le arohaneng bolumeling. Bonolo hammoho le liketso tse mosa bo ka thusa hore ba ratang ho hanyetsa ba tle ka lehlakoreng la Jehova. Petrose o ile a eletsa basali ba Bakreste, a re: “Le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng. Le se ke la lumella mokhabo oa lōna hore e be oa ho lohuoa ha moriri ha ka ntle le oa ho roala mekhabiso ea khauta kapa ho apara liaparo tsa ka ntle, empa e ke e be motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thōtseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.”—1 Petrose 3:1-4.
6. Ho bontša bonolo ho ka thusa joang ho matlafatsa kamano pakeng tsa batsoali le bana?
6 Tšebelisano pakeng tsa batsoali le bana e ka mpefala haholo-holo haeba ba sa rate Jehova. Empa malapeng ’ohle a Bakreste, ho hlokahala ho bontšoe bonolo. Pauluse o ile a eletsa bo-ntate a re: “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Ha litho tsa lelapa li bontšana bonolo, batsoali le bana ba atamelana haholo. Dean, eo habo ba leng bahlano, o ile a hopola sena ka ntat’ae: “Ntate o ne a le bonolo. Ha ke hopole ’na le eena re kile ra ngangisana—esita le lilemong tsa ka tsa bocha. O ne a le bonolo haholo ka linako tsohle, esita leha a ne a halefile. Ka linako tse ling o ne a ntelekela kamoreng ea ka kapa a nkhanela ka nakoana ka lintho tseo ke li ratang, empa ho ne ho se mohla re ngangisanang. E ne e se ntat’a rōna feela. E ne e boetse e le motsoalle oa rōna, ’me re ne re sa rate ho mo soabisa.” Ka sebele bonolo bo thusa ho tiisa kamano pakeng tsa batsoali le bana.
Tšebeletsong ea Rōna
7, 8. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ba bonolo tšimong?
7 Bonolo bo boetse ke ba bohlokoa tšimong. Ha re ntse re bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso, re kopana le batho ba sa tšoaneng. Ba bang ba thabela ho mamela molaetsa oa tšepo oo re ba tlisetsang oona. Ba bang, ka mabaka a sa tšoaneng ba ka ’na ba hana ho mamela. Ha batho ba hana ho mamela, bonolo bo re thusa haholo hore re phethe mosebetsi oo re o filoeng oa ho ba lipaki ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.—Liketso 1:8; 2 Timothea 4:5.
8 Moapostola Petrose o ile a ngola, a re: “Halaletsang Kreste e le Morena ka lipelong tsa lōna, kamehla le loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) Kaha re hlompha Kreste lipelong tsa rōna joaloka ’Mehi-mohlala oa rōna, re hlokolosi hore re bontše mosa le tlhompho ha re pakela ba re buisang hampe. Hangata boitšoaro ba mofuta ona bo ba le liphello tse babatsehang.
9, 10. Pheta phihlelo e bontšang hore bonolo ke ba bohlokoa tšimong.
9 Keith ha aa ka a hlahella ha mosali oa hae a e-ea monyako ho ea bona batho ba neng ba kokota. Ha mosali oa Keith a fumana hore moeti oa bona ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ka bohale o ile a qosa Lipaki ka hore li tšoara bana ka sehlōhō. Mor’abo rōna ha aa ka a phahamisa matšoafo. Ka bonolo o ile a re: “Ke masoabi hore ebe u ikutloa ka tsela ena. Na nka u bolella hore na Lipaki Tsa Jehova li lumela’ng?” Keith o ne a ntse a ba mametse ’me o ile a tla monyako ho tla bolella mor’abo rōna hore a tsamaee.
10 Hamorao, banyalani bana ba ile ba ikoahlaea hore ebe ba tšoere moeti oa bona hampe. Bonolo ba hae bo ile ba ba ama maikutlo. Ba ile ba makala hobane beke hamorao mor’abo rōna o ile a khutla, ’me Keith le mosali oa hae ba ile ba mo lumella hore a hlalose mabaka a Mangolo a seo a se lumelang. Hamorao ba ile ba re: “Ka lilemo tse peli tse latelang, re ile ra mamela lintho tse ngata tse neng li boleloa ke Lipaki tse ling.” Ba ile ba lumela ho ithuta Bibele, ’me qetellong ba ile ba kolobetsoa e le pontšo ea boinehelo ba bona ho Jehova. See e ile ea e-ba se thabisang hakaakang ho Paki e ileng ea etela Keith le mosali oa hae ka lekhetlo la pele! Paki eo e ile ea kopana le banyalani bana lilemo hamorao ’me ea fumana hore e se e le banab’abo eona ba moea. Bonolo boa sebetsa.
11. Bonolo bo ka nolofalletsa motho hore a amohele ’nete ea Bokreste joang?
11 Lintho tse ileng tsa hlahela Harold ha e le lesole li ile tsa etsa hore a hloname ’me a ipotse hore na Molimo o teng. Mathata a hae a ile a tota ka lebaka la kotsi ea mebileng e ileng ea bakoa ke mokhanni ea tahiloeng e ileng ea holofatsa Harold. Ha Lipaki Tsa Jehova li fihla ha hae, Harold o ile a li laela hore li se ke tsa hlola li tla. Empa ka letsatsi le leng, Paki e bitsoang Bill e ne e ikemiselitse ho etela motho ea thabelang molaetsa oa Bibele ea neng a lula matlo a mabeli ho tloha ha Harold. Ka phoso, Bill o ile a kokota ha Harold. Harold o ne a ikokotletse ka melamu e ’meli ha a bula monyako, ’me ka potlako Bill o ile a kōpa tšoarelo, a hlalosa hore o lahlehile. Harold o ile a etsa joang? Bill o ne a sa tsebe empa Harold o ne a bone litaba thelevisheneng tse bontšang Lipaki tse neng li sebetsa hammoho ho haha Holo ea ’Muso e ncha ka nako e khutšoanyane haholo. O ne a khahluoe ke ho bona batho ba bangata hakaalo ba sebetsa ka kutloano, ’me sena se ile sa fetola boikutlo ba hae ka Lipaki. Harold o ile a ameha maikutlo ha Bill a kōpa tšoarelo ka tsela e mosa, ’me o ile a angoa maikutlo le ke botho ba hae bo thabisang, bo bonolo, ’me a etsa qeto ea ho lumela hore Lipaki li mo etele. O ile a ithuta Bibele, a tsoela pele ’me ea e-ba mohlanka ea kolobelitsoeng oa Jehova.
Ka Phuthehong
12. Litho tsa phutheho ea Bokreste li lokela ho hanela mekhoa efe ea lefatše?
12 Bonolo bo hlokahala le ka phuthehong ea Bokreste. Kajeno ho tloaelehile hore batho ba be le likhohlano. Batho ba sa natseng lintho tsa moea ba tloaetse ho phehisana khang, ho ngangisana le ho arabisana. Ka linako tse ling, mekhoa ena ea lefatše e kenella ka phuthehong ea Bokreste ’me e iponahatsa ka hore batho ba rate likhang le ho loana ka mantsoe. Ke ho soabisang ho barab’abo rōna ba ikarabellang ha ba tlameha ho sebetsana le maemo ana. Leha ho le joalo, ho rata Jehova le barab’abo bona ho ba susumelletsa hore ba leke ho khutlisa bafosi.—Bagalata 5:25, 26.
13, 14. Phello ea ho ‘rupela ka bonolo ba ratang ho hanyetsa’ e ka ba efe?
13 Lekholong la pele la lilemo, Pauluse le mosebetsi-’moho le eena, Timothea, ba ile ba bakeloa mathata ke ba bang ka phuthehong. Pauluse o ile a lemosa Timothea hore a itebele ho barab’abo ba tšoanang le lijana tse etselitsoeng “morero o haelloang ke tlhompho.” Pauluse o ile a re: “Lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, le tšoanelehele ho ruta, le lule le ithibile bobeng, le rupele ka bonolo ba ratang ho hanyetsa.” Ha re e-ba bonolo esita le ha re qholotsoa, hangata ba sa lumellaneng le rōna ba tlohela ho re soma. Ho feta moo, lengolong la hae, Pauluse o tsoela pele o re Jehova a ka ’na a “ba fa pako e isang tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (2 Timothea 2:20, 21, 24, 25) Hlokomela hore Pauluse o amahanya mosa le ho ithiba le bonolo.
14 Pauluse o ne a phelela molaetsa oo a o bolelang. Ha a ne a sebetsana le “baapostola . . . ba lokileng ho tlōla” phuthehong ea Korinthe, o ile a khothatsa barab’abo a re: “Joale ’na, Pauluse, ke le kōpa ka tieo ka bonolo le mosa oa Kreste, le hoja ka ponahalo ke le ea tlaase har’a lōna, athe ha ke le sieo ke sebete mabapi le lōna.” (2 Bakorinthe 10:1; 11:5) Pauluse o ne a hlile a etsisa Kreste. Hlokomela hore o ile a ipiletsa ho bara bana babo ka “bonolo” ba Kreste. Kahoo o ile a qoba ho iphahamisa le ho iketsa ’mampoli. Ha ho pelaelo hore keletso ea hae e ile ea ipiletsa ho ba nang le lipelo tse utloang ka phuthehong. O ile a lokisa likamano tse senyehileng ’me a rala motheo oa khotso le bonngoe ka phuthehong. Na tsela ee hase eo bohle re ka loanelang ho e etsisa? Ka ho khethehileng baholo ke bona ba lokelang ho etsisa mohlala oa Kreste le Pauluse.
15. Ke hobane’ng ha bonolo e le ba bohlokoa ha ho fanoa ka keletso?
15 Ho hlakile hore boikarabelo ba ho thusa ba bang ha boa lekanyetsoa feela nakong ea ha ho sokeloa khotso le bonngoe ba phutheho. Le pele likamano li senyeha, barab’abo rōna ba hloka tataiso e lerato. Pauluse o ile a eletsa a re: “Barab’eso, esita le hoja motho a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng.” Empa ba ho etsa joang? “Ka moea o bonolo, ha ka bomong le ntse le ipehile leihlo, esere le lōna le ka lekoa.” (Bagalata 6:1) Ha ho bonolo kamehla ho ba le “moea o bonolo” haholo hobane Bakreste bohle, ho kopanyelletsa le banna ba khethiloeng, ke baetsalibe. Leha ho le joalo, bonolo ke bona bo tla thusa mofosi hore a fetohe.
16, 17. Ke eng se ka thusang ho loantša ho hana ho sebelisa keletso?
16 Ka Segerike sa mathomo, lentsoe le fetoletsoeng e le “khutlisetsa . . . tseleng” le ka boela la bolela ho khutlisetsa lesapo le robehileng malulong a lona, e leng ntho e utloisang bohloko. Ngaka e khothatsang e khutlisetsang lesapo le robehileng malulong a lona e buella sena. Ho khoba matšoafo ha eona hoa tšelisa. Mantsoe a seng makae ao e a buang pele aa thoba. Ka ho tšoanang, ho khutlisetsa motho boemong bo botle ba moea ho ka ’na ha e-ba bohloko. Empa bonolo bo tla thusa hore ho amohelehe, kahoo sena se tla etsa hore ho be le likamano tse ntle ’me se bule monyetla oa hore mofosi a lokise litsela tsa hae. Esita le haeba qalong mofosi a hana keletso, ha motho ea fanang ka keletso a le bonolo, sena se ka mo khothalletsa hore a latele keletso e utloahalang ea Mangolo.—Liproverbia 25:15.
17 Ha ho thusoa ba bang hore ba khutlele boemong bo botle, kamehla ho na le bothata ba hore keletso e nkoe e le nyatso. Mongoli e mong o re: “Ha motho a khalemela ba bang, ho tloaelehile hore a be thata ’me ka lebaka leo, ho hlokahala bonolo.” Ho sebeletsa ho ba le bonolo bo thehiloeng boikokobetsong ho tla thusa Mokreste ea fanang ka keletso ho qoba sena.
“Ho Batho Bohle”
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka thatafalloa ho ba bonolo ha ba sebelisana le ba boholong? (b) Ke eng se tla thusa Bakreste ho ba bonolo ho ba boholong, ’me see se ka ’na sa e-ba le phello efe?
18 Ba bangata ba boetse ba thatafalloa ho ba bonolo ha ba sebelisana le ba boholong. Ke ’nete hore ba bang ba boholong ke batho ba thata le ba sa nahaneleng. (Moeklesia 4:1; 8:9) Leha ho le joalo, lerato la rōna ho Jehova le tla re thusa ho ela hloko bolaoli ba hae bo phahameng le ho ikokobelletsa ba boholong ka tsela e ba tšoanelang e lekanyelitsoeng. (Baroma 13:1, 4; 1 Timothea 2:1, 2) Esita leha ba boholong ba batla ho lekanyetsa tsela eo re rapelang Jehova ka eona phatlalatsa, ka thabo re batla litsela tse ling tsa ho nyehela sehlabelo sa rōna sa thoriso.—Baheberu 13:15.
19 Le ka mohla ha re be mabifi. Re loanela ho ba le kahlolo e molemo empa re sa sekisetse melao-motheo e lokileng. Ka tsela ena, barab’abo rōna ba tsoela pele ka tšebeletso ea bona linaheng tse 234 lefatšeng lohle. Re utloa keletso ea Pauluse ea hore re ‘ipehe tlaase le ho mamela mebuso le balaoli joaloka babusi, ho lokela mosebetsi o mong le o mong o molemo, ho se eo re mo buang hampe, ho se rate ntoa, ho ba le kahlolo e molemo, ho bontša bonolo bohle ho batho bohle.’
20. Ba bonolo ba tla fumana meputso efe?
20 Bohle ba bonolo ba tla fumana lintho tse ngata tse molemo. Jesu o ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5) Ha barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ka moea ba lula ba le bonolo, ba ka kholiseha hore ba tla fumana thabo le tokelo ea ho busa lefatše ’Musong oa Molimo. “Bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo tsoela pele bo bontša bonolo ’me ka thabo bo lebeletse ho phela Paradeiseng lefatšeng. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16; Pesaleme 37:11) Re lebeletse lintho tse babatsehang hakaakang! Ka lebaka leo, le ka mohla a re se keng ra lebala seo Pauluse a ileng a se hopotsa Bakreste ba Efese ha a ne a re: “’Na, motšoaruoa Moreneng, ke le kōpa ka tieo hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang pitso eo le ileng la bitsoa ka eona, ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong le bonolo.”—Baefese 4:1, 2.
Tlhahlobo
• Ho ba bonolo ho tlisa litlhohonolofatso life
• ka lapeng?
• tšimong?
• ka phuthehong?
• Ba bonolo ba tšepisoa lintho life?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Bonolo ke ba bohlokoa ka ho khethehileng lelapeng le arohaneng bolumeling
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Bonolo bo matlafatsa likamano tsa lelapa
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ikarabelle ka bonolo le ka tlhompho e tebileng
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ha motho ea fanang ka keletso a le bonolo, sena se ka ’na sa thusa mofosi