Bontša Cheseho ea ho Bolela Litaba tse Molemo
‘Ke na le cheseho ea ho le bolella taba tse molemo.’—BAROMA 1:15, NW.
1, 2. Batho ba atisa ho itšoara joang ha tlokotsi e le teng?
“BAITHAOPI ba makholo-kholo . . . ba ne ba hlaha ka makhalo ’ohle ba kena ba phalla sebakeng se kopantseng litereke tse peli, ba fihla ka literaka tse tletseng lijo le liaparo, ba hloma mek’huk’hu ea nakoana, ba bang ba sebetsa lihora tse 18 ho ea ho tse 20 ka letsatsi, ba bang ba sa robale ho hang ka matsatsi a seng makae a pele, kamor’a ho phunyeha ha letamo ho tšosang.”
2 Ke kamoo batho ba ileng ba arabela ha sekhohola se hohola motse o bohareng California ngoahola, se etsa hore batho ba ka bang 24 000 ba balehele moo ba ka sireletsehang teng. E, ha tlokotsi—e bakoang ke likhohola, litšisinyeho tsa lefatše le litsietsi tsa nuclear—e otla, batho ba atisa ho arabela ka boithatelo ’me ba hlahe ho tla thusa. Re ka re ba itlama matheka, ba thulana le likotsi le litšitiso tse ngata, ’me ba chesehela ho thusa ba bang—le bao ba sa ba tsebeng ho hang.
Nako ea ho Potlaka
3. Ke tlokotsi efe e fetisang eo batho ba talimaneng le eona kajeno?
3 Kajeno, batho ba tobane le tlokotsi e khōlōhali historing. Ha e bakoe ke hore motho o senya tikoloho, tšokelo ea ntoa ea nuclear, kapa keketseho ea tlōlo ea molao le pefo, joalokaha lintho tsena li le mpe hakana. Ho e-na le hoo, batho ba talimane le seo Jesu Kreste a itseng ke ‘mahlomola a maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kaalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.’ Ho bontša hore na ‘mahlomolo a maholo’ a tla senya hakae, Jesu o ile a tsoela pele: “Le hojane matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutšofatsoa.”—Mattheu 24:21, 22.
4. Tlokotsing e joalo, re lokela ho itšoara joang?
4 U ne u tla itšoara joang haeba u tseba hore batho ba bangata, ho akarelletsa ba bang ba amanang le uena haufi-ufi, ba ne ba tla tloha ba timela mahlomoleng ao? Na u ne u tla chesehela ho thusa? Hopola pono ea boprofeta ea Ezekiele ea monna ea nang le lenaka la mongoli. O ile a bolelloa hore timetsong ea Jerusalema ho ne ho tla sala feela ba nang le letšoao la tšoantšetso liphatleng tsa bona, ’me e ne e le eena ea neng a tla bea letšoao leo ho ba tla sala ba phela. O ile a arabela joang? O tlalehile, “Ke entse kamoo u ntaetseng kateng.”—Ezekiele 9:1-11.
5. Re laetsoe hore re etse mosebetsi ofe, ’me o potlakile hakae?
5 Na u bontša boithaopo le cheseho tse tšoanang joaloka monna ea apereng line, u etsa kamoo Jehova a laetseng? Jehova o laetse eng? Ka Mora oa hae, Jesu Kreste, o fane ka taelo ena: “E-eang ke hona le lichaba tsohle, le li etse barutuoa, . . . le ba rute ho bōlōka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20, TLP) Ona ke mosebetsi o pholosang bophelo joaloka mosebetsi oa tšoantšetso oa ho tšoaea liphatla oa mehleng ea Ezekiele. Mang kapa mang ea sa nkeng bohato ’me a fetoha morutuoa oa Jesu Kreste o tla timetsoa ke Moahloli e Moholo oa Molimo. (2 Ba-Thessalonika 1:6-8) Na u utloa ho potlaka? Na u chesehela ho bolela litaba tse molemo?
Cheseho—E Bontšoa Joang?
6. Ho boleloa eng ka “cheseho”?
6 Batho ba Jehova, ka kakaretso, baa utloa hore mehla e potlakile. Bohle re chesehela ho bona batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba pholosoa ‘mahlomoleng a maholo’ a ntseng a atamela. Cheseho, ho latela buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, “ke takatso e chesang kapa e matla ea ho phehella ntho kapa ea ho finyella ho hong ho itseng.” Motho ea chesehelang ho hong ho itseng o lebisa monahano oa hae le liketso tsa hae ho finyelleng ntho eo. O tla etsa sohle se matleng a hae hore a hlōle litšitiso le likhoreletso leha e le life, ’me o tla phehella ho etsa hoo ho fihlela a finyella pakane ea hae. Ke kamoo moapostola Pauluse a neng a ikutloa kateng ka tšebeletso ea hae, ’me ke hantle ha re mo etsisa.—1 Ba-Korinthe 4:16.
7. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a batla ho ea Roma?
7 Ka mohlala, nahana ka mantsoe a Pauluse ho Bakreste ba Roma, ho Ba-Roma 1:13-16. “Ke rerile hangata ho ea ho lōna.” Hobane’ng? Oa ba hlalosetsa: “Ke tle ke khe litholoana tse ling le ho lōna.” Na ka see, Pauluse o ne a mpa a hopotse feela ho etela baena ba Roma ’me mohlomong le ho ba khothatsa hore ba hōlise haholoanyane “tholoana ea Moea,” joalokaha bahlalosi ba bang ba bolela? (Ba-Galata 5:22, 23) Che, hobane mantsoe a mang a hae “joale ka ha ke entse lichabeng tse ling” a hlakisa hore o ne a ikemiselitse ho rua tholoana ea ’Muso har’a batho bao e seng Bakreste ba moo Roma. O ne a batla ho isa litaba tse molemo Roma ’me mohlomong ha a tloha moo a ee libakeng tse thōko ho moo.—Ba-Roma 15:23, 24.
8. Pauluse o ne a “thibetsoe” joang ho ea Roma?
8 “Ke mpa ke thibetsoe ho fihlela joale,” ho itsalo Pauluse. A thibetsoe ke eng? Na o ne tšoarehile haholo ka litaba tsa botho hore a ka etsa ho hoholoanyane? Pauluse e ne e le motho ea tšoarehileng empa a sa tšoareha ka lithahasello tsa botho. Nakong ea ha a ngolla Baroma (hoo e ka bang ka 56 C.E.), o ne a se a phethile maeto a malelele a mabeli a boromuoa ’me o ne a tšoarehile ho la boraro. Hangata, maetong ana o ne a tsamaisoa ke moea o halalelang ho ea likabelong tse khethehileng. (Bona Liketso 16:6-9.) Ha a ngola lengolo la hae, ho ne ho se ho ntse ho entsoe litokisetso tsa hore a ee Jerusalema ho ea “sebeletsa bahalaleli” ba moo. (Ba-Roma 15:25, 26) Hape o ne a se a fetile har’a ‘litšitiso’ tse ling tse ngata tsa mofuta ona.—Bona 2 Ba-Korinthe 11:23-28.
9. Pauluse o bontšitse cheseho ea ho bolela litaba tse molemo joang?
9 Leha ho le joalo, Pauluse ha a ka a ikutloa hore o na le mosebetsi o mo lekaneng, leha e le hore o kile a nahana hore o na le seo a se abetsoeng ’me se le sengata. O ne a batla ho etsa ho eketsehileng. O itse: “Ke na le cheseho ea ho bolella le lōna ba leng Roma litaba tse molemo.” Ke sona seo cheseho e leng sona! Setsebi F. F. Bruce bukeng ea hae The Epistle of Paul to the Romans o buile tjena ka moapostola: “Ho bolela molaetsa o molemo ho maling a hae, ’me a ke ke a ho tlohela; ha ho mohla ‘a seng mosebetsing’ empa o tlameha hore a be teng ka mehla, a lefa haholoanyane molato oo a nang le oona ho batho bohle—molato oo ho seng mohla a tla o lefa ka ho feletseng hafeela a ntse a phela.” Na u talima tšebeletso joalo?
10. Ke ‘litšitiso’ life tse ka ’nang tsa ema tseleng ea rōna, empa re lokela ho sebetsana le tsona joang?
10 Kajeno, batho bohle ba Jehova ba tšoarehile boikarabelong bo bongata. Ba bang ba na le malapa ao ba a hlokomelang. Ba bang ba tlamiloe ke lintho tse ling. Ba bang ba khaotsoe matsoho hobane ba tsofetse kapa ba fokola bophelong. ’Me ba bang ba na le likabelo tse boima ka phuthehong ea Bokreste. Leha ho le joalo, re boetse rea hlokomela hore tsamaiso ea hona joale e felloa ke nako, le hore bopaki ba ’Muso bo tlameha ho fanoa. (Mareka 13:10) Kahoo, joaloka Pauluse, re lokela ho bontša cheseho ea ho sebetsa haholoanyane mosebetsing oa ho bolela ho sa tsotellehe ‘litšitiso’ tse ka ’nang tsa e-ba tseleng ea rōna. Ha rea lokela ho ikutloa re khotsofetse, re nahana hore re na le mosebetsi o lekaneng.—1 Ba-Korinthe 15:58.
Ea “Molato” ho Bohle
11. Lentsoe “molato” mona le bolela eng?
11 Ho ne ho e-na le matla a mang a susumetsang boiteko bo sa khathaleng ba Pauluse ba ho bolela litaba tse molemo. “Ke molato ho ba-Gerike le ho babarebare, ho ba bohlale le ho ba maoatla,” ho boletse Pauluse. (Ba-Roma 1:14) Pauluse o ne a le “molato” ka tsela efe? Liphetolelo tse ling li ngola polelo ena tjena “Ke tlas’a tlamo” (New English Bible), “ke tlamehile” (Today’s English Version), kapa “ke kolota tšebeletso” (Jerusalem Bible). Joale, na o ne a re mosebetsi oa ho bolela ke tšoanelo e boima kapa tlamo e boima eo a neng a lokela ho e phetha ka pel’a Molimo? Ho bonolo ho ba le boikutlo bo joalo haeba re lahleheloa ke pono ea ho potlaka kapa re faposoa ke lintho tse hohelang tsa lefatše. Empa hase seo Pauluse a neng a se hopotse.
12. Pauluse o ne a le “molato” ho mang, hona ka lebaka lefe?
12 Joaloka ‘lefiso le khethiloeng’ ke Molimo ’me hape e le “moapostola oa ba-lichaba,” Pauluse o ne a na le boikarabelo bo boima haholo ka pel’a Molimo. (Liketso 9:15; Ba-Roma 11:13) Leha ho le joalo, kutloisiso ea hae ea hore o tlamehile e ne e se feela ho Molimo. O itse o ne a le “molato” ho ‘ba-Gerike, babarebare, ba bohlale le ba maoatla.’ Ka mohau le tokelo tseo a neng a li filoe, o ne a ikutloa hore ke tšoanelo ea hae ho bolela e le hore batho bohle ba ka utloa litaba tse molemo. Hape, o ne a hlokomela hore ke thato ea Molimo hore “batho bohle ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete.” (1 Timothea 1:12-16; 2:3, 4) Ke ka lebaka leo a sebelitseng a sa khaotse, e seng feela ho phethahatsa boikarabelo ba hae ho Molimo empa le ho lefa molato oa hae ho batho ba bang. Na u ikutloa u e-na le molato o joalo ho batho ba tšimong ea heno? Na u ikutloa hore u ba kolota hore u etse ka matla ho ba isetsa litaba tse molemo?
O ‘ne a se Lihlong ka Litaba tse Molemo’
13. Pauluse o ne a nka litaba tse molemo joang?
13 Pauluse ka sebele e ne e le mohlala o totobetseng oa ho bontša cheseho ea ho bolela litaba tse molemo. O ne a ananela ka botebo mosa o sa tšoanelang oo Molimo o mo bontšitseng oona, ’me o ne a sa batle hore e be oa lefeela. (1 Ba-Korinthe 15:9, 10) Ke ka lebaka leo a ileng a tsoela pele hore: ‘Ha ke lihlong ka litaba tse molemo.’ (Ba-Roma 1:16, NW) Ponong ea botho, Bakreste ba ne ba sa hlouoa feela empa hape ba ne ba nyelisoa. “Re entsoe lithōle tsa lefatše, le lilahloa tsa bohle,” ho rialo Pauluse. (1 Ba-Korinthe 4:13) Leha ho le joalo o ne a se lihlong ho isa litaba tse molemo Roma, setsi sa lefatše le rutehileng le setsi sa ’Muso o Moholo oa Roma. Ha re talimane le boiphapanyo, tlatlapo kapa khanyetso mosebetsing oa rōna oa boboleli, re ka hopola mohlala o khothatsang oa Pauluse.
14. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a se ‘lihlong ka litaba tse molemo’?
14 ‘Ho se be lihlong ka litaba tse molemo,’ ke tsela e ’ngoe ea ho re “ke motlōtlō ka litaba tse molemo,” ’me ke seo re lokelang ho ba sona. Hobane’ng? Hobane “ke matla a Molimo a ho pholosa mang le mang ea lumelang,” ho hlalositse Pauluse. O ne a e-na le liphihlelo tse ngata tsa botho ho tšehetsa polelo ea hae. Pauluse o boletse hore ka litaba tse molemo ‘re liha merero le liphahamo tsohle tse phahamelang ho loantša tsebo ea Molimo, ’me re hapa mehopolo eohle, e tle e utloe Kreste.’ (2 Ba-Korinthe 10:5) E-bang litaba tse molemo li ne li hanana le neano ea Bajode, khopolo ea Bagerike, kapa matla a Baroma, li ipakile hore lia hlōla.
15. Cheseho e ne e le matla a susumetsang joang bophelong ba Pauluse?
15 Ke ho hotle hakaakang hore ho e-na le ho ikutloa hore ke moroalo, Pauluse o ne a ‘chesehela’ ho phethahatsa boikarabelo boo a bo filoeng ke Molimo! Joalokaha eena ka boeena a boletse: “Hobane tlamo e holim’a ka. Ruri, ho malimabe ’na ha ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!” (1 Ba-Korinthe 9:16, NW) Cheseho ena e ile ea mo thusa hore a tsoele pele a sa khathale tšebeletsong ea lilemo tse telele, hoo qetellong a neng a ka re: “Ke loanne ntoa e molemo, ke titimile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.”—2 Timothea 4:7.
Ho ba ea Beang ho Eketsa Litholoana
16. U nahana hore monna ea nang le lenaka la mongoli ponong ea Ezekiele e ka ’na eaba o ile a talimana le phephetso efe?
16 Joaloka Pauluse, monna ea nang le lenaka la mongoli ponong ea Ezekiele ha ho pelaelo hore o ne a chesehela kabelo ea hae. O ile a khutlisa tlaleho e ntle: Thōmo e phethiloe! Tlaleho ha e re bolelle hore na o ile a etsa joang ho fumana bohle “ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang.” (Ezekiele 9:4) Le hoja ho se letho le boletsoeng ka hore na ho tšoaea hona hohle ho finyelletsoe joang, ho hlakile hore e ne e se mosebetsi o bonolo.
17. (a) Uena u talimane le phephetso efe mosebetsing oa ho etsa barutuoa, ’me u sebetsana joang le eona? (b) Na boiteko bo hlokahalang boa tšoaneleha?
17 Ka ho tšoanang kajeno, thōmo ea rōna ha e bonolo. Ka baka leo, potso ke hore: Re bea hakae mosebetsing ona oa ho pholosa bophelo? Ho etsa barutuoa ka batho ba bangata kamoo ho ka khonehang, re tlameha ho tšoareha ka mehla le ka mokhoa o laolehileng mosebetsing ona, re sa fose monyetla leha o le mong oa ho kopanela litaba tse molemo le ba bang. Joaloka rōna, batho ba metseng ea habo rōna, le bona ba tšoarehile; mohlomong ba fumaneha ka seoelo malapeng ha re ba etetse, ’me le haeba ba le teng, hangata ba tšoarehile ka ho hong. Re ka etsa joang? Ho hlokahala hore re boloke litlaleho tse nepahetseng ’me re khutlele khafetsa ka linako tse sa tšoaneng, ka tšepo ea hore re tla fumana e mong eo re ka buisanang le eena. Na boiteko bo joalo boa tšoaneleha? Ak’u re litlaleho tse latelang tse khutšoaane tse tsoang ho beng ba matlo ba babeli li arabele:
“Ke lakatsa ho bolela kananelo ea ka ho Lipaki tsa Jehova ka ho nketela hangata lapeng ha ka. Kea tseba hore ka linako tse ling ba ka ntle ho kereke ea lōna ha ba talime thōmo ea lōna ka cheseho e matla e e tšoanelang. Ka hona ke ile ka nahana hore ke kopanele le lōna liphihlelo tsa ka ’me ke re kea leboha!”
“Ho na le ba bangata haholo ho rōna ba lapetseng ’nete, ba bangata ho rōna ba lumelang hore litsela tsohle li isa polokong. Lōna ba ikhathatsang ho batlisisa eo le ka mo sebeletsang, le se re tele! Ha re batho ba babe, le hoja re le rohaka, re le tlontlolla le ho le leleka. Le se ke la tela, hobane re rutiloe mashano a mangata, re boleletsoe lintho tse ngata tse tšosang, ’me re rutiloe hore re le hloee hore re se ke ra amohela molaetsa oa ’Muso oa Jehova.”
18. (a) U ka thusa ba bang joang hore ba utloisise litaba tse molemo? (b) ’Moleli e mong o ile a hlōla boiphapanyo bo totobetseng joang?
18 Ho finyella lipelo tsa batho ka bo mong le ho ba thusa hore ba utloisise litaba tse molemo ho hloka ho kopana le bona ka tieo, ho ba nea molaetsa o lokiselitsoeng kapa ho ba siela lingoliloeng tse itseng tsa Bibele. Re tlameha ho iteka ho lemoha seo ba se hlokang le seo ba amehileng ke sona, seo ba se ratang le seo ba sa se rateng, seo ba se tšohileng le kahlolo ea bona e leeme. Hona hohle ho hloka ho nahana ka matla le ho iteka—le cheseho. Nahana ka phihlelo e latelang:
’Moleli o ile a buisana le mosali e mong monyakong oa matlo a hirisoang empa a se ke a arabeloa hantle hakaalo. Ha a hlokomela hore ho na le bana ba bangata moo, a botsa hore na mosali eo o na le bana ba bakae. A arabela ka hore bana bana hase ba hae empa ke ba ngoan’abo monna, ea sa tsoa fihla ho tsoa naheng e ’ngoe. Kapele puisano ea lebisa khaellong ea matlo. ’Moleli a lumela hore matlo a tšoanelehang a fumaneha ka thata metseng e meholo, kaha le eena o ne a e-na le beng ka eena ba tla tloha ba e-tla, ’me a re a ka thusa. Mofumahali eo a thaba ’me a bitsa ngoana’bo monna ho tla monyakong. Puisano ea tsoela pele, ’me ba fanana linomoro tsa mohala. ’Moleli a sa lebala morero oa leeto, ka bohlale a phetla leqephe la 157 bukeng Phela ka ho sa Feleng ’me a hlalosa hore tsamaisong e ncha e tšepisitsoeng, mathata a matlo le a mesebetsi a tla fela. Monna eo a khahloa haholo ’me a amohela buka habonolo. Hamorao, ’moleli eo a khutla ho ea bolela ka ntlo e hirisoang; a boetse a tsosa puisano ea bona ea Bibele.
19. Hona joale ke nako ea hore re etse eng? ’Me ho hlokahala hore re buisane ka eng hape?
19 Nako ea ho bolela litaba tse molemo e fela ka potlako. Hore na ke halelele hakae “mangeloi a mane” a tlang ho ‘thibela meea e mene ea lefatše,’ ha re tsebe. (Tšenolo 7:1) Leha ho le joalo, ‘mahlomola a maholo’ ke hona a tlang, ’me batho ba pelo li tšepahalang baa bokelloa. Ka sebele, ‘masimo a soeufaletse ho kotuloa.’ (Mattheu 24:21, 22; Johanne 4:35) Hona joale ke nako ea hore re ikitlaetse mosebetsing ona o ke keng oa hlola o phetoa hape. Re ka sebelisa nako e saletseng hamolemo joang? Re ka etsa joang hore re be le karolo e kholoanyane mosebetsing oo o pholosang bophelo? ’Me ke eng e ka re thusang hore re tsoele pele ho bontša cheseho ea ho bolela litaba tse molemo. Ho tla buisanoa ka lipotso tsena sehloohong se latelang.
Nahana ka Mohlala oa Pauluse ho Ba-Roma 1:13-16—
◻ Ke hobane’ng ha a ne a chesehela ho ea Roma?
◻ Ke eng e ileng ea mo thibela ho ea? Empa o ile a itšoara joang?
◻ O ne a le “molato” ho mang hona hobane’ng?
◻ O ile a ikutloa joang ka litaba tse molemo? Hobane’ng?
◻ Joaloka Pauluse, re ka etsa’ng hore re be ba beang boboleling ba litaba tse molemo?