Batho ba Jehova ba Tiisoa Tumelong
“Liphutheho li ile tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka lenane letsatsi le letsatsi.”—LIKETSO 16:5, “NW.”
1. Molimo o ile oa sebelisa moapostola Pauluse joang?
JEHOVA MOLIMO o ile a sebelisa Saule oa Tarese joaloka “sejana se khethiloeng.” E se e le moapostola Pauluse, ‘o ile a hlokofatsoa ke lintho tse ngata.’ Empa ka mosebetsi oa hae le oa ba bang, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ile oa thabela bonngoe le katoloso e babatsehang.—Liketso 9:15, 16, NW.
2. Ke hobane’ng ha ho tla ba molemo ho nahanisisa ka Liketso 13:1–16:5?
2 Balichaba ba ne ba fetoha Bakreste ka bongata bo ntseng bo eketseha, ’me seboka sa bohlokoa sa sehlopha se busang se ile sa etsa ho hongata ho phahamisa bonngoe har’a batho ba Molimo le ho ba tiisa tumelong. Ho tla ba molemo haholo ho nahana ka lintlafatso tsena hammoho le tse ling tse tlalehiloeng ho Liketso 13:1–16:5, hobane hona joale Lipaki tsa Jehova li latsoa keketseho e tšoanang le mahlohonolo a moea. (Esaia 60:22) (Thutong ea botho ea lihlooho tsa Liketso tse tokollong ena, re etsa tlhahiso ea hore u bale likarolo tsa buka eo tse bontšitsoeng ka litemana tse ngotsoeng ka mongolo o motenya o motšo.)
Baromuoa ba Kena Tšebetsong
3. Ke mosebetsi ofe o neng o etsoa ke “baprofeta le matichere” Antioke?
3 Banna ba neng ba rometsoe ke phutheho ea Antioke, Syria, ba ile ba thusa balumeli hore ba tiee tumelong. (13:1-5, NW) Antioke ho ne ho e-na le “baprofeta le matichere” Barnabase, Simone (Nigere), Luciuse oa Cyrene, Manahene, le Saule oa Tarese. Baprofeta ba ne ba hlalosa Lentsoe la Molimo ba bile ba bolela liketsahalo tse tlang esale pele, ha matichere a ne a fana ka thuto ea Mangolo le ea bophelo ba bomolimo. (1 Ba-Korinthe 13:8; 14:4) Barnabase le Saule ba ile ba amohela kabelo e khethehileng. Ba tsamaea le Mareka motsoal’a Barnabase, ba ile ba ea Cypera. (Ba-Kolosse 4:10) Ba ne ba ruta masynagogeng koung e ka bochabela ea Salamina, empa ha ho tlaleho ea hore Bajode ba ile ba arabela hantle. Kaha batho ba joalo ba ne ba ruile lintho tse bonahalang haholo, ba ne ba hloka Messia bakeng sa eng?
4. Ho ile ha etsahala’ng ha baromuoa ba tsoela pele ho bolela Cypera?
4 Molimo o ile oa hlohonolofatsa mosebetsi o mong oa bopaki Cypera. (13:6-12) Ha ba le Pafose, baromuoa ba ile ba kopana le moloi oa Mojode eo hape e neng e le moprofeta oa bohata Bare-Jesu (Elymase). Ha a leka ho thibela ’Musisi Sergiuse Pauluse ho utloa lentsoe la Molimo, Saule o ile a tlala moea o halalelang eaba o re: ‘Uena motho ea tletseng thetso le mano a mabe, mor’a Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na u tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng, na?’ Eaba letsoho la Molimo la kahlolo le foufatsa Elymase ka nakoana, ’me Sergiuse Pauluse o ile “a lumela, a makalitsoe ke thuto ea Morena.”
5, 6. (a) Ha Pauluse a bua synagogeng Antioke ea Pisidia, o ile a re’ng ka Jesu? (b) Puo ea Pauluse e ile ea ba le phello efe?
5 Ho tloha Cypera, sehlopha seo se ile sa tsamaea ka sekepe ho ea motseng oa Perge, Asia Minor. Joale Pauluse le Barnabase ba ile ba leba leboea ba feta har’a makhalo a lithaba, mohlomong ‘likotsing tsa linōka le linokoane,’ ho ea Antioke, Pisidia. (2 Ba-Korinthe 11:25, 26, TLP) Pauluse o ile a bua synagogeng ea moo. (13:13-41) O ile a lokolisa tšebelisano ea Molimo le Iseraele ’me a tsebahatsa Jesu setloholo sa Davida e le ’Moloki. Le hoja babusi ba Bajode ba ne ba ile ba laela hore Jesu a bolaoe, tšepiso e entsoeng ho bo-ntat’a bona moholo e ile ea phethahatsoa ha Molimo o mo tsosa. (Pesaleme ea 2:7; 16:10; Esaia 55:3) Pauluse o ile a lemosa bamameli ba hae hore ba se nyelise mpho ea Molimo ea poloko ka Kreste.—Habakuke 1:5, Septuagint.
6 Puo ea Pauluse e ile ea tsosa thahasello, joalokaha lipuo tsa phatlalatsa tse fanoang ke Lipaki tsa Jehova li etsa kajeno. (13:42-52) Ka Sabbatha e latelang hoo e batlang e le motse oohle o ile oa phutheha ho tla utloa lentsoe la Jehova, ’me sena se ile sa tlatsa Bajode mohono. Etsoe ka beke e le ’ngoe feela, ho bonahala eka baromuoa ba ne ba se ba sokollotse Balichaba ba bangata ho feta bao Bajode bao ba neng ba ba sokollotse bophelong bohle ba bona! Kaha ka nyefolo Bajode ba ne ba hanyetsa Pauluse, e ne e le nako ea hore leseli la moea le chabele karolo e ’ngoe, ’me ba ile ba bolelloa: ‘Ereka ha le hana lentsoe la Molimo ’me le ikahlola e le lōna hore ha lea tšoaneloa ke bophelo bo sa feleng, re retelehela ho ba-lichaba.’—Esaia 49:6.
7. Pauluse le Barnabase ba ile ba arabela joang mahlorisong?
7 Joale Balichaba ba ile ba qala ho nyakalla, ’me bohle ba neng ba e-na le boikutlo bo nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ba ile ba fetoha balumeli. Leha ho le joalo, ha lentsoe la Jehova le ntse le hasoa ho pholletsa le naha eohle, Bajode ba ile ba susumelletsa basali ba hlomphehang (mohlomong hore ba tlisetse banna ba bona kapa ba bang khatello) le banna ba baholo hore ba hlorise Pauluse le Barnabase ba be ba ba ntšetse ka ntle ho meeli ea bona. Empa seo ha sea ka sa thiba baromuoa bao. Ba ile ba mpa ba “hlohlora lerōle le maotong a bona” eaba ba ea Ikone (Konya ea kajeno), motse o moholo o seterekeng sa Roma sa Galatia. (Luka 9:5; 10:11) Ho thoe’ng ka barutuoa ba neng ba setse Antioke ea Pisidia? Ha ba se ba tiisitsoe tumelong, “ba ne ba tletse thabo le Moea o Halalelang.” Sena se re thusa ho bona hore ha ho hlokahale hore khanyetso e sitise tsoelo-pele ea moea.
Ho Tiea Tumelong ho sa Tsotellehe Mahloriso
8. Ho ile ha etsahala’ng ka baka la bopaki bo atlehileng Ikone?
8 Pauluse le Barnabase ka bobona ba ile ba ipaka ba tiile tumelong ho sa tsotellehe mahloriso. (14:1-7) Ha ba arabela ho paka ha bona synagogeng ea Ikone, Bajode le Bagerike ba bangata ba ile ba fetoha balumeli. Ha Bajode ba sa lumelang ba susumelletsa Balichaba ho loantša balumeli ba bacha, basebetsi ba babeli ba ile ba bua ka sebete ka matla a Molimo, ’me o ile oa bontša kamohelo ea oona ka ho ba fa matla a ho etsa mehlolo. Sena se ile sa khaola sehlopha seo sa mahoohoo ka lehare, ba bang ba emela Bajode ’me ba bang ba emela baapostola (ba romiloeng). Baapostola e ne e se makoala, empa ha ba tseba ka ’momori o entsoeng oa ho ba tlepetsa ka majoe, ka bohlale ba ile ba tloha ho ea bolela Lykaonia, sebaka se Asia Minor Galatia boroa. Ka ho ba masene, le rōna hangata re ka lula re le mafolo-folo tšebeletsong ho sa tsotellehe khanyetso.—Mattheu 10:23.
9, 10. (a) Baahi ba Lystra ba ile ba arabela joang phekolong ea monna oa seritsa? (b) Pauluse le Barnabase ba ile ba arabela joang ha ba le Lystra?
9 Motse oa Lykaonia oa Lystra ke oona o latelang o ileng oa fumana bopaki. (14:8-18, TLP) Moo Pauluse o ile a phekola monna ea tsoetsoeng e le seritsa. A sa hlokomele hore Jehova e ne e le eena ea ikarabellang bakeng sa mohlolo oo, matšoele a ile a hooa: “Melimo e theohetse ho rōna ka sebōpeho sa batho!” Kaha sena se ne se buuoa ka leleme la Selykaonia, Barnabase le Pauluse ba ne ba sa tsebe hore na ho etsahala’ng. Kaha Pauluse ke eena ea neng a etelletse pele ho bueng, batho ba ne ba mo talima e le Hermese (lenģosa la kheleke la melimo) ’me ba nahana hore Barnabase e ne e le Seuse, molimo oa sehlooho oa Bagerike.
10 Moprista oa Seuse o ile a ba a tlisa lipoho le lifaha tsa lipalesa ho tla etsetsa Pauluse le Barnabase mahlabelo. Mohlomong ba bua Segerike se utloisisoang se tloaelehileng kapa ba sebelisa toloko, ka potlako baeti bao ba ile ba hlalosa hore le bona e ne e ntse e le batho ba nang le mefokolo le hore ba ne ba phatlalatsa litaba tse molemo e le hore batho ba ka furalla “mafeela ana” (melimo e se nang bophelo, kapa melimo ea litšoantšo) ho tla ho Molimo o phelang. (1 Marena 16:13, NW; Pesaleme ea 115:3-9; 146:6) E, pele Molimo o ile oa lumella lichaba (empa eseng Baheberu) ho itsamaela ka tsela ea tsona, le hoja o sa ka oa tlohela hore ho se be le bopaki ba ho ba teng ha oona le molemo oa oona ‘ka ho li fa pula le kotulo ka nako ea eona, ho li khōrisa le ho nyakalatsa lipelo tsa tsona.’ (Pesaleme ea 147:8) Ho sa tsotellehe ho beha mabaka ka tsela e joalo, Barnabase le Pauluse ba ile ba thiba matšoele ka thata hore a se ke a ba etsetsa mahlabelo. Leha ho le joalo, baromuoa bao ha baa ka ba amohela borapeli joaloka melimo, leha e le hona hore ba ile ba sebelisa matla a joalo ho thea Bokreste tikolohong eo. A mohlala o motle, haholo-holo haeba re e-na le tšekamelo ea ho lakatsa thoriso bakeng sa seo Jehova a re lumellang ho se finyella tšebeletsong ea hae!
11. Re ka ithuta eng polelong: “E ka khona re kene ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata”?
11 Hang-hang, mahloriso a ile a hlahella ka bobe ba ’ona. (14:19-28) Joang? A susumelitsoe ke Bajode ba tsoang Antioke ea Pisidia le Ikone, matšoele a ile a tlepetsa Pauluse ka majoe a ba a mo hulanyetsa ka ntle ho motse, a nahana hore o shoele. (2 Ba-Korinthe 11:24, 25) Empa ha barutuoa ba mo pota-pota, o ile a ema ’me a kena Lystra a sa hlokomelehe, mohlomong ho le lefifi. Letsatsing le hlahlamang, eena le Barnabase ba ile ba ea Derba, moo ba bangatanyana ba ileng ba fetoha barutuoa. Ha ba etetse Lystra, Ikone, le Antioke hape, baromuoa ba ile ba matlafatsa barutuoa, ba ba khothalletsa ho ema tumelong, ’me ba re: “E ka khona re kene ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” Joaloka Bakreste, le rōna re lebelletse ho feta matšoenyehong ’me ha rea lokela ho leka ho a phonyoha ka ho sekisetsa tumelo ea rōna. (2 Timothea 3:12) Ka nako eo, baholo ba ile ba khethoa liphuthehong tse neng li ngolletsoe lengolo la Pauluse le neng le ea ho Bagalata.
12. Ha leeto la Pauluse la ho qala la boromuoa le fela, baromuoa bao ba babeli ba ile ba etsa’ng?
12 Ha ba feta Pisidia, Pauluse le Barnabase ba ile ba bolela lentsoe Perge, motse o hlahelletseng oa Pamfylia. Ka mor’a nako, ba ile ba khutlela Antioke, Syria. Kaha joale leeto la Pauluse la ho qala le ne le felile, baromuoa bao ba babeli ba ile ba tsebisa phutheho “tse kholo tseo Molimo o li entseng ka bona, le kamoo o buletseng lichaba monyako oa tumelo.” Ba ile ba qeta nako e itseng ba e-na le barutuoa Antioke, ’me ha ho pelaelo hore sena se ile sa etsa ho hongata ho ba tiisa tumelong. Liketelo tsa balebeli ba tsamaeang kajeno li ba le liphello tsa moea tse tšoanang.
Potso ea Bohlokoa ea Rarolloa
13. Hore Bokreste bo se ke ba arohana ka lihlotšoana tsa Baheberu le bao e seng Bajode, ho ne ho hlokahala eng?
13 Ho tiea tumelong ho ne ho hloka ho ba le khopolo e le ’ngoe. (1 Ba-Korinthe 1:10) Hore Bokreste bo se ke ba arohana ho ba lihlotšoana tsa Baheberu le bao e seng Bajode, ho ile ha hlokahala hore sehlopha se busang se etse qeto ea hore na Balichaba ba phallelang ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ba ne ba lokela ho boloka Molao oa Moshe le ho bolla. (15:1-5) Banna ba itseng ba tsoang Judea ba ne ba se ba ntse ba tlile Antioke ea Syria ’me ba qalile ho ruta balumeli ba Balichaba moo hore ntle le hore ba bolle, ba ne ba ke ke ba bolokeha. (Exoda 12:48) Kahoo, Pauluse, Barnabase, le ba bang ba ile ba romeloa ho baapostola le baholo Jerusalema. Esita le hona moo, balumeli bao e neng e kile ea e-ba Bafarisi bao mehopolo ea bona e sekametseng molaong ba ne ba tsitlella hore Balichaba ba lokela ho bolla le ho boloka Molao.
14. (a) Le hoja ho ile ha ba le phehisano sebokeng Jerusalema, ke mohlala ofe o motle o ileng oa behoa? (b) ’Moko-taba oa tsela eo Petrose a ileng a beha mabaka ka eona ketsahalong eo e ne e le ofe?
14 Ho ile ha tšoaroa seboka ho fumana hantle seo e leng thato ea Molimo. (15:6-11, TLP) E, ho ile ha ba le phehisano, empa ha hoa ka ha ba le khohlano ha banna ba nang le kholiseho e matla ba itlhalosa—e leng mohlala o motle bakeng sa baholo kajeno! Ka mor’a nako Petrose o ile a re: ‘Molimo o khethile hore ka molomo oa ka ba-lichaba [ba kang Kornele] ba utloe molaetsa o molemo ’me ba lumele. O ile a ba ananela ka ho ba nea moea o halalelang ’me ha aa ka a khetholla pakeng tsa rōna le bona. [Liketso 10:44-47] Joale ekaba le lekela’ng Molimo ka ho ba jarisa joko [tlamo ea ho boloka Molao] eo rōna le bo-ntat’a rōna re sitiloeng ho e jara? Re [Bajode ka nama] lumela hore ke ka mohau oa Morena Jesu re pholosoang joaloka bona.’ Ho amohela ha Molimo Balichaba ba sa bollang ho ile ha bontša hore ho bolla le ho boloka Molao ho ne ho sa hlokahale bakeng sa ho bolokeha.—Ba-Galata 5:1.
15. Jakobo o ile a hatisa lintlha life tsa motheo, ’me o ile a etsa tlhahiso ea hore Bakreste ba Balichaba ba ngolloe eng?
15 Phutheho e ile ea khutsa ha Petrose a qetella, empa ho ne ho tla boleloa ho eketsehileng. (15:12-21) Barnabase le Pauluse ba ile ba bolela ka mehlolo eo Molimo o e entseng ka bona har’a Balichaba. Joale molula-setulo, Jakobo, ngoan’abo Jesu ka ’m’a bona, o ile a re: ‘Simone [lebitso la Petrose la Seheberu] o le phetetse kamoo Molimo o etetseng lichaba hore o ikhethele har’a tsona sechaba sa lebitso la oona.’ Jakobo o ile a bontša hore tsosoloso e boletsoeng esale pele ea “ntlo ea Davida” (ho theoa bocha ha borena lesikeng la Davida) e ne e ntse e phethahatsoa ka ho bokelloa ha barutuoa ba Jesu (majalefa a ’Muso) har’a Bajode hammoho le Balichaba. (Amose 9:11, 12, Septuagint; Ba-Roma 8:17) Kaha Molimo o ne o rerile sena, barutuoa ba lokela ho se amohela. Jakobo o ile a eletsa hore ho ngolloe Bakreste ba Balichaba hore ba tele (1) lintho tse silafalitsoeng ke melimo ea litšoantšo, (2) bohlola, le (3) mali le se fenethiloeng. Lithibelo tsena li ne li le teng mengolong ea Moshe e neng e baloa masynagogeng ka letsatsi le leng le le leng la Sabbatha.—Genese 9:3, 4; 12:15-17; 35:2, 4.
16. Ke lintlha life tse tharo tseo lengolo la sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo le faneng ka tataiso ho tsona ho tla fihlela kajeno?
16 Joale sehlopha se busang se ile sa romela lengolo ho Bakreste ba Balichaba ba Antioke, Syria, le Cilicia. (15:22-35, NW) Moea o halalelang le lingoli tsa lengolo li ile tsa laela hore ho teloe lintho tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo; mali (a jeoang ka tloaelo ke batho ba bang); lintho tse fenethiloeng ka ntle le hore ho fophisoe mali a tsona (bahedene ba bangata ba ne ba talima nama e joalo e le limenye-menye); le bohlola (ka Segerike, por·neiʹa e bontšang likamano tsa botona le botšehali tse litšila ka ntle ho lenyalo la Mangolo). Ka ho tela tse joalo, ba ne ba tla atleha moeeng, joalokaha Lipaki tsa Jehova le tsona li atleha hona joale kahobane li ipapisa le “lintho tsena tse hlokahalang.” Ha lengolo leo le baloa Antioke, phutheho e ile ea thabela khothatso eo le neng le fana ka eona. Ka nako eo, batho ba Molimo Antioke le bona ba ile ba tiisoa tumelong ke mantsoe a khothatsang a Pauluse, Silase, Barnabase, le ba bang. E se eka le rōna re ka batla litsela tsa ho khothatsa le ho haha balumeli ’moho.
Leeto la Bobeli la Boromuoa Lea Qala
17. (a) Ho ile ha hlaha bothata bofe ha ho buelloa leeto la bobeli la boromuoa? (b) Pauluse le Barnabase ba ile ba sebetsana le phehisano ea bona joang?
17 Ho ile ha hlaha bothata ha ho buelloa leeto la bobeli la boromuoa. (15:36-41, NW) Pauluse o ile a etsa tlhahiso ea hore eena le Barnabase ba boele ba etele liphutheho Cypera le Asia Minor. Barnabase o ile a lumela empa o ne a batla ho tsamaea le motsoal’ae Mareka. Pauluse o ne a sa lumellane le hoo ka baka la hore Mareka o ne a ile a ba lahla ha ba le Pamfylia. Eaba “ho tlakoloha ho matla ka khalefo” hoa hlaha. Empa Pauluse kapa Barnabase ha baa ka ba batla boiphetetso ba botho ka ho leka ho kenyelletsa baholo ba bang kapa sehlopha se busang tabeng ea bona ea botho. Ke mohlala o motle hakaakang!
18. Ho arohana ha Pauluse le Barnabase ho ile ha tlisa phello efe, hona re ka rua molemo joang ketsahalong ee?
18 Leha ho le joalo, phehisano ena e ile ea baka karohano. Barnabase o ile a nka Mareka a ea le eena Cypera. Pauluse, a e-na le Silase ’mate oa hae, “o ile a fapohela Syria le Cilicia, a matlafatsa liphutheho.” E ka ’na eaba Barnabase o ile a susumetsoa ke kamano ea lelapa, empa o ne a lokela ho amohela boapostola ba Pauluse le ho khethoa ha hae e le “sejana se khethiloeng.” (Liketso 9:15, NW) Ho thoe’ng ka rōna? Ketsahalo ena e lokela ho hatisa ho rōna tlhokahalo ea ho hlokomela taolo ea puso ea Molimo le ho sebelisana ka botlalo le “mohlanka ea khabane, ea bohlale”!—Mattheu 24:45-47.
Tsoelo-pele Khotsong
19. Bacha ba Bakreste ba mehleng ea kajeno ba fumana mohlala ofe ho Timothea?
19 Phehisano ena ha ea ka ea lumelloa ho ama khotso ea phutheho. Batho ba Molimo ba ile ba tsoela pele ho tiisoa tumelong. (16:1-5, NW) Pauluse le Silase ba ile ba ea Derba ba ba ba fetela Lystra. Timothea, mora oa molumeli oa Mojode Eunice le monna oa hae oa Mogerike ea sa lumelang, o ne a phela moo. Timothea o ne a sa le monyenyane, hobane esita le lilemo tse 18 kapa 20 hamorao, o ile a ’na a bolelloa: “Ho se ke ha e-ba ea nyatsang bocha ba hao.” (1 Timothea 4:12) Kaha o “ne a rorisoa ke baena Lystra le [lik’hilomithara tse ka bang 29 thōko] Ikone,” o ne a tsebahala ka tšebeletso ea hae e ntle le litšoaneleho tsa bomolimo. Bacha ba Bakreste kajeno ba lokela ho batla thuso ea Jehova bakeng sa ho haha botumo bo tšoanang. Pauluse o ile a bolotsa Timothea hobane ba ne ba tla ea malapeng le masynagogeng a Bajode ba neng ba tseba hore ntat’a Timothea e ne e le Molichaba, ’me moapostola o ne a sa batle hore ho be le letho le ka ba thibelang ho fihla ho banna le basali ba Bajode bao ho neng ho hlokahala hore ba ithute ka Messia. Ka ntle le ho tlōla melao-motheo ea Bibele, kajeno Lipaki tsa Jehova le tsona li etsa seo li ka se khonang ho etsa hore litaba tse molemo li amohelehe ho batho ba mefuta eohle.—1 Ba-Korinthe 9:19-23.
20. Ho ipapisa le lengolo la sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo ho ile ha ba le phello efe, ’me u nahana hore see se lokela ho re ama joang?
20 Ba e-na le Timothea joaloka mohlanka, Pauluse le Silase ba ile ba fetisetsa litaelo tsa sehlopha se busang tse lokelang ho bolokoa ho barutuoa. Phello ea e-ba efe? Mohlomong ha a bua ka Syria, Cilicia, le Galatia, Luka o ile a ngola: “Liphutheho li ile tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka lenane letsatsi le letsatsi.” E, ho ipapisa le lengolo la sehlopha se busang ho ile ha fella ka bonngoe le katleho moeeng. Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa linako tsa rōna tse thata, ha ho hlokahala hore batho ba Jehova ba lule ba le bonngoeng ba bile ba tiile tumelong!
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Pauluse le Barnabase ba ile ba arabela joang mahlorisong?
◻ Ke thuto efe e ka fumanoang polelong: “E ka khona re kene ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata”?
◻ Re fumana keletso efe lintlheng tse tharo tse lengolong le ileng la romeloa ke sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo?
◻ Mabaka a ileng a etsa hore lipaki tsa Jehova tsa lekholong la pele la lilemo li tiee tumelong a sebetsa joang ho rōna kajeno?