Ho Hlomelloa ka ho Feletseng re le Mesuoe ea Lentsoe la Molimo
“Molimo . . . ka sebele [o re entse] hore re tšoanelehe ka ho lekaneng ho ba basebeletsi.”—2 BAKORINTHE 3:5, 6.
1, 2. Ka linako tse ling ho etsoa boiteko bofe ba ho bolela, empa ke hobane’ng ha ka makhetlo a mangata bo hlōleha?
UKA ikutloa joang ha u ka fuoa mosebetsi oo u sa tšoaneleheng ho o etsa? Nahana: Thepa eo u e hlokang e tletse hohle ka pel’a hao ’me lithulusi li haufi. Empa ha u tsebe ho hang hore na u nke eng u e kopanye le eng. Ho hobe le ho feta, mosebetsi ona o potlakile. Batho ba eme ka uena. Boo e ne e tla ba boemo bo nyahamisang hakaakang!
2 Pharela e tjena hase khopolo-taba feela. Nahana ka mohlala ona. Ka linako tse ling e ’ngoe ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana e ’nile ea leka ho hlophisa le ho etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo. Ka makhetlo a mangata boiteko bo joalo bo ’nile ba hlōleha, ba fella moeeng feela ka mor’a libeke kapa likhoeli tse seng kae. Hobane’ng? Hobane Bokreste-’mōtoana ha boa thusa litho tsa bona hore li tšoanelehe bakeng sa mosebetsi ona. Esita le baruti ha ba tšoanelehe bakeng sa mosebetsi oo oa boboleli, ho sa tsotellehe lilemo tse ngata tseo ba li qetileng ba ithuta likolong le liseminaring tsa lefatše. Ke hobane’ng ha re rialo?
3. Ho 2 Bakorinthe 3:5, 6, ho sebelisitsoe polelo efe hararo, hona e bolela’ng?
3 Lentsoe la Molimo le hlalosa se etsang hore ’moleli oa ’nete oa litaba tse molemo tsa Bokreste a tšoanelehe. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole: “Eseng hore re tšoaneleha ka ho lekaneng ho lekanya hore ntho leha e le efe e tsoa ho rōna, empa ho tšoaneleha ha rōna ka ho lekaneng ho tsoa ho Molimo, eo ka sebele a re entseng hore re tšoanelehe ka ho lekaneng ho ba basebeletsi.” (2 Bakorinthe 3:5, 6) Hlokomela polelo eo e sebelisitsoeng hararo mona—‘ho tšoaneleha ka ho lekaneng.’ E bolela’ng? Vine’s Expository Dictionary of Biblical Words e re: “Ha ho buuoa ka lintho [lentsoe la mathomo la Segerike] le bolela ‘ho lekana’ . . . ; ha ho buuoa ka batho, le bolela ‘ho tšoaneleha,’ ‘ho lokela.’” Kahoo, motho ea ‘tšoanelehang ka ho lekaneng’ oa tšoaneleha ’me o loketse ho etsa mosebetsi. E, basebeletsi ba ’nete ba litaba tse molemo baa tšoaneleha ho etsa mosebetsi ona. Ba tšoanelehela ho bolela, kapa ba ho loketse.
4. (a) Mohlala oa Pauluse o bontša joang hore ho tšoaneleha bakeng sa tšebeletso ea Bokreste hase ha ba seng bakae ba khethehileng? (b) Mekhoa e meraro eo Jehova a e sebelisang hore re tšoanelehe re le basebeletsi ke efe?
4 Empa ke eng e etsang hore motho a tšoanelehe? Na ke talenta feela ea motho? Na ke bohlale bo phahameng? Na ke thuto e khethehileng e tsoang likolong tse tummeng? Ntle ho pelaelo moapostola Pauluse o ne a e-na le lintho tseo kaofela. (Liketso 22:3; Bafilipi 3:4, 5) Leha ho le joalo, o ile a lumela ka boikokobetso hore ho tšoaneleha ha hae e le mosebeletsi ha ho tsoe likolong tsa thuto e phahameng, empa ho tsoa ho Jehova Molimo. Na ho tšoaneleha ho joalo ke ha ba seng bakae ba khethehileng? Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Korinthe ka “ho tšoaneleha ha rōna ka ho lekaneng.” Ka sebele sena se fana ka maikutlo a hore Jehova o tiisa hore bahlanka bohle ba hae ba tšepahalang baa tšoaneleha, ba khona ho etsa mosebetsi oo a ba abetseng oona hore ba o etse. Jehova o etsa hore Bakreste ba ’nete ba tšoanelehe joang kajeno? A re tšohleng mekhoa e meraro eo a e sebelisang: (1) Lentsoe la hae, (2) moea oa hae o halalelang le (3) mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o lefatšeng.
Lentsoe la Jehova le Etsa Hore re Tšoanelehe
5, 6. Mangolo a Halalelang a na le phello efe ho Bakreste ba ’nete?
5 Tabeng ea pele, Lentsoe la Molimo le re thusa joang hore re tšoanelehele ho ba basebeletsi? Pauluse o ile a ngola: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Kahoo Mangolo a Halalelang a etsa hore re ‘tšoanelehe ka botlalo, re hlomelloe ka ho feletseng’ hore re phethahatse ‘mosebetsi o molemo’ oa ho ruta batho Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka litho tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana? Li na le Bibele. Ho tla joang hore buka e le ’ngoe e thuse batho ba bang hore e be basebeletsi ba tšoanelehang ebe ha e thuse ba bang? Karabo e itšetlehile ka boikutlo ba rōna ka Bibele.
6 Ka masoabi, batho ba bangata ba kenang kereke ha ba amohele molaetsa oa Bibele ‘feela joalokaha kannete o le joalo, e le lentsoe la Molimo.’ (1 Bathesalonika 2:13) Bokreste-’mōtoana bo iketselitse tlaleho e hlabisang lihlong tabeng ena. Ka mor’a ho qeta lilemo tse ngata ba ithuta likolong tsa thuto ea bolumeli, na baruti ba hlomelletsoe ho ba mesuoe ea Lentsoe la Molimo? Le hanyenyane. Liithuti tse ling li qalisa lithuto tsa tsona tsa seminari li lumela Bibeleng empa li qeta sekolong li e-na le lipelaelo! Ka mor’a moo, ho e-na le ho ruta Lentsoe la Molimo—leo bongata ba tsona bo seng bo sa le lumele—li lebisa bosebeletsi ba tsona hosele, li nka lehlakore liphehisanong tsa lipolotiki, li ntšetsa pele seo ho thoeng ke kosepele e buellang kahisano kapa li buella lifilosofi tsa batho litherong tsa tsona. (2 Timothea 4:3) Ho fapana le sena, Bakreste ba sebele ba latela mohlala oa Jesu Kreste.
7, 8. Boikutlo ba Jesu ka Lentsoe la Molimo bo ne bo fapane joang le ba baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae?
7 Jesu ha aa ka a lumella baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae hore ba laole kelello ea hae. Ebang o ne a ruta sehlopha se senyenyane joaloka baapostola ba hae kapa matšoele-tšoele, Jesu o ne a sebelisa mangolo a halalelang hamolemo. (Matheu 13:10-17; 15:1-11) Mokhoa ona o ne o mo khetholla ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo. Ho hang ba ne ba sa khothalletse batho ba tloaelehileng hore ba hlahlobe lintho tse tebileng tsa Molimo. Ha e le hantle, ho ne ho tloaelehile hore mosuoe oa mehleng eo a lumele hore likarolo tse itseng tsa Bibele li tebile haholo ’me li ka tšohloa feela le morutuoa oa hae ea haufi-ufi—’me ho ntse ho le joalo, li tšohloe ka lentsoe le tlaase ’me motho a roetse hloohong. Baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba laoloa ke tumela-khoela mabapi le ho tšohla likarolo tse itseng tsa Bibele joalokaha ba ne ba laoloa ke tumela-khoela mabapi le ho bitsa lebitso la Molimo!
8 Kreste o ne a se joalo. O ne a sa lumele hore ke batho ba seng bakae feela ba khethehileng, empa hore ke batho ka kakaretso bao ho neng ho hlokahala hore ba ele hloko “polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” Jesu o ne a sa thahaselle ho fana ka senotlolo sa tsebo ho sehlopha se khethehileng sa litsebi tsa Mangolo. O ile a bolella barutuoa ba hae: “Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bue leseling; ’me seo le se utloang se hoeshetsoa, le se bolele le le holim’a matlo.” (Matheu 4:4; 10:27) Jesu o ne a labalabela ho arolelana tsebo ea Molimo le batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng.
9. Bakreste ba ’nete ba sebelisa Bibele joang?
9 Lentsoe la Molimo e lokela hore e be motheo oa seo re se rutang. Ka mohlala, ha re fana ka puo Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, hangata ha hoa lekana ho bala litemana tsa Bibele tse khethiloeng. Ho ka ’na ha hlokahala hore re hlalose, re etse papiso le ho bontša kamoo lengolo le sebetsang kateng. Sepheo sa rōna ke hore molaetsa oa Bibele o ngotsoeng o hatisoe lipelong tsa batho ba re mamelang. (Nehemia 8:8, 12) Bibele e boetse e lokela ho sebelisoa ha ho hlokahala ho fana ka keletso kapa ho fana ka khalemelo. Le hoja batho ba Jehova ba bua lipuo tse sa tšoaneng ’me ba tsoa limelong tse sa tšoaneng, kaofela ha bona ba hlompha Buka ea libuka—Bibele.
10. Molaetsa o bululetsoeng oa Bibele o ka ba le phello efe ho rōna?
10 Ha e sebelisoa ka tlhompho e joalo, molaetsa oa Bibele o na le matla. (Baheberu 4:12) O susumelletsa batho ho etsa liphetoho tsa bohlokoa bophelong ba bona, tse kang ho furalla mekhoa eo e seng ea Mangolo ea bohlola, bofebe, borapeli ba litšoantšo, botahoa le bosholu. O thusitse ba bangata hore ba lahle botho ba khale ’me ba apare bo bocha. (Baefese 4:20-24) E, haeba re hlompha Bibele ho feta khopolo kapa neano leha e le efe ea batho ’me re e sebelisa ka botšepehi, e ka etsa hore re tšoanelehe, re hlomelloe ka ho feletseng re le mesuoe ea Lentsoe la Molimo.
Moea oa Jehova o Etsa Hore re Tšoanelehe
11. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ho thoe moea oa Jehova o halalelang ke “mothusi”?
11 Tabeng ea bobeli, a re buisaneng ka karolo e phethoang ke moea o halalelang oa Jehova, kapa matla a hae a sebetsang, ntlheng ea ho re hlomella ka ho feletseng. Le ka mohla re se ke ra lebala hore moea oa Jehova ke matla a maholo ka ho fetisisa. Jehova o file Mora oa hae ea ratoang matla a hore a sebelise matla ao a hlollang molemong oa Bakreste bohle ba ’nete. Ka ho loketseng Jesu o ile a re moea o halalelang ke “mothusi.” (Johanne 16:7) O ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba kōpe moea oo ho Jehova, a ba tiisetsa hore Jehova o tla fana ka oona ka seatla se bulehileng.—Luka 11:10-13; Jakobo 1:17.
12, 13. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re rapelle hore moea o halalelang o re thuse tšebeletsong ea rōna? (b) Bafarisi ba ile ba bontša joang hore moea o halalelang o ne o sa sebetse ka ho bona?
12 Ho hlokahala hore re rapelle moea o halalelang letsatsi le letsatsi, haholo-holo hore o re thuse tšebeletsong ea rōna. Matla ao a sebetsang a ka ba le phello efe ho rōna? A ka sebetsa ka likelellong le lipelong tsa rōna, a re thusa ho fetoha, ho hōla le ho nkela botho ba khale sebaka ka bo bocha. (Bakolose 3:9, 10) A ka re thusa ho hlaolela litšoaneleho tsa bohlokoa, tse kang tsa Kreste. Ba bangata ba rōna re ka pheta Bagalata 5:22, 23 ka hlooho. Litemana tseo li thathamisa litholoana tsa moea oa Molimo. Ea pele ke lerato. Tšoaneleho eo ke ea bohlokoa tšebeletsong ea rōna. Hobane’ng?
13 Lerato ke tšusumetso e khōlō. Ho rata Jehova le batho ba bang ho susumelletsa Bakreste ba ’nete ho bolella ba bang litaba tse molemo. (Mareka 12:28-31) Kantle ho lerato le joalo, re ne re ke ke ra tšoaneleha hantle hore re be mesuoe ea Lentsoe la Molimo. Hlokomela phapang pakeng tsa Jesu le Bafarisi. Matheu 9:36 e re ka Jesu: “Ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” Bafarisi ba ne ba ikutloa joang ka batho ba tloaelehileng? Ba ne ba re: “Bongata bona bo sa tsebeng Molao ke batho ba rohakiloeng.” (Johanne 7:49) Bafarisi bao ba ne ba sa rate batho empa ba ne ba ba khesa haholo. Ka ho hlakileng, moea oa Jehova o ne o sa sebetse ka ho bona.
14. Mohlala oa Jesu oa ho bontša lerato tšebeletsong ea hae o lokela ho re susumetsa joang?
14 Jesu o ne a utloela batho bohloko. O ne a hlokomela bohloko boo ba leng ho bona. O ne a tseba hore ba hlekefelitsoe, ba sohlokehile ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa. Johanne 2:25 e re bolella hore Jesu “o ne a tseba se leng ho motho.” Kahobane e ne e le Mosebetsi ea Hloahloa oa Jehova nakong ea pōpo, Jesu o ne a utloisisa sebōpeho sa batho hantle. (Liproverbia 8:30, 31) Kutloisiso eo e ile ea etsa hore lerato la hae e be le tebileng. E se eka lerato le joalo le ka lula le re susumetsa mosebetsing oa rōna oa boboleli! Haeba re ikutloa hore re lokela ho ntlafatsa tabeng ena, a re rapelleng moea o halalelang oa Jehova ’me re sebetse tumellanong le lithapelo tsa rōna. Jehova o tla re araba. O tla romela matla ana a sa hlōloeng ke letho hore a re thuse hore re tšoane le Kreste haholoanyane, ea neng a tšoaneleha ka ho fetisisa ho bolela litaba tse molemo.
15. Mantsoe a Esaia 61:1-3 a ile a sebetsa joang ho Jesu ’me ka nako e tšoanang a pepesa bangoli le Bafarisi?
15 Ho tšoaneleha ha Jesu ho ne ho tsoa hokae? O ile a re: “Moea oa Jehova o holim’a ka.” (Luka 4:17-21) E, Jehova ka boeena o ile a khetha Jesu ka moea o halalelang. Jesu o ne a sa hloke ho tšoaneleha ka ho eketsehileng. Na baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ba ne ba khethiloe ke moea o halalelang? Che. Ebile ba ne ba sa hlomelloa ho phethahatsa Esaia 61:1-3, eo Jesu a ileng a e balla holimo ’me a bolela hore e sebetsa ho eena. Ka kōpo bala litemana tsena ’me u iponele ka bouena hore bangoli le Bafarisi ba baikaketsi ba ne ba sa tšoanelehe. Ba ne ba se na litaba tse molemo tseo ba ka li bolellang mafutsana. Ba ne ba ka khona joang ho bolella baholehuoa tokollo le ho bolella ba foufetseng hore ba tla boela ba bone? Ka kutloisiso ea moea, bona ka bobona ba ne ba foufetse ’me ba le botlamuoeng ba lineano tsa batho! Ho fapana le banna bao, na rea tšoaneleha ho ruta batho?
16. Kajeno batho ba Jehova ba ka kholiseha ka eng mabapi le ho tšoaneleha ha bona e le basebeletsi?
16 Ke ’nete hore ha rea ithuta likolong tsa Bokreste-’mōtoana tsa thuto e phahameng. Ho khethoa ha rōna re le mesuoe ha ho tsoe seminaring ea thuto ea bolumeli. Na joale ho tšoaneleha ha rōna hoa fokola? Che! Re khethiloe ke Jehova hore re be Lipaki tsa hae. (Esaia 43:10-12) Haeba re rapella moea oa hae ’me re sebetsa tumellanong le oona, re tšoaneleha ka mokhoa o phahameng ka ho fetisisa. Ke ’nete hore ha rea phethahala ’me ha re khone ho finyella mohlala o behiloeng ke Mosuoe e Moholo, Jesu. Leha ho le joalo, na ha re lebohe hore ebe Jehova o sebelisa moea oa hae ho etsa hore re tšoanelehe le ho re hlomella re le mesuoe ea Lentsoe la hae?
Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova o Etsa Hore re Tšoanelehe
17-19. Liboka tse hlano tsa beke le beke tse lokiselitsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova li re thusa joang ho etsa hore re tšoanelehe re le basebeletsi?
17 Joale a re tšohleng mokhoa oa boraro oo Jehova a o sebelisang ho re hlomella ka ho feletseng re le mesuoe ea Lentsoe la hae—phutheho ea hae e lefatšeng kapa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o re koetlisang hore re be basebeletsi. Joang? Nahana feela ka lenaneo la thuto leo re le thabelang! Ka tloaelo re ba teng libokeng tse hlano tsa Bokreste ka beke. (Baheberu 10:24, 25) Re bokana ka lihlopha tse nyenyane Thutong ea Buka ea Phutheho bakeng sa thuto e keneletseng ea Bibele ho sebelisoa buka e lokiselitsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ha re mamela le ha re fana ka litlhaloso, re ithuta ho ba bang ’me rea khothatsana. Re boetse re fumana thuto le tlhokomelo e tobileng ea molebeli oa thuto ea buka. Sebokeng sa Phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa, re fumana lijo tsa moea tse eketsehileng tse enneng.
18 Sekolo sa rōna sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se reretsoe ho re rupela kamoo re lokelang ho ruta kateng. Ka ho lokisetsa lipuo tsa liithuti, re ithuta mokhoa oa ho sebelisa Lentsoe la Molimo bakeng sa ho ruta litabeng tse sa tšoaneng. (1 Petrose 3:15) Na u kile ua fuoa puo e buang ka taba e bonahalang e tloaelehile haholo, ebe u iphumana u ithutile ntho e ncha ho eona? Eo ke phihlelo e tloaelehileng. Ho ruta ba bang ka taba e itseng ke tsela e molemohali ea ho leotsa tsebo ea rōna ka eona. Esita le haeba re sa abeloa puo, re ntse re ka ithuta ho ba mesuoe e molemo. Seithuting se seng le se seng, re hlokomela litšoaneleho tse ntle ’me re ka nahana kamoo re ka etsisang litšoaneleho tseo kateng.
19 Seboka sa Tšebeletso le sona se reretsoe ho re hlomella hore re be mesuoe ea Lentsoe la Molimo. Beke le beke, re thabela lipuo, lipuisano le lipontšo tse matla tse tšoanelang tšebeletso ea rōna. Re tla sebelisa nehelano efe? Re ka sebetsana joang le liphephetso tse khethehileng tšebeletsong ea rōna ea phatlalatsa? Re bulehetsoe ke menyetla efe ea boboleli eo ho ka ’nang ha hlokahala hore re e leke ka ho eketsehileng? Ke eng se ka re thusang hore re be mesuoe e atlehileng haholoanyane ha re etsa maeto a ho boela le ha re khanna lithuto tsa Bibele? (1 Bakorinthe 9:19-22) Lipotso tse joalo li angoa le ho tšohloa ka ho qaqileng Sebokeng sa Tšebeletso. Lipuo tse ngata tsa seboka sena li thehiloe lihloohong tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, e leng kofuto e ’ngoe e lokiselitsoeng ho re hlomella bakeng sa mosebetsi oa rōna oa bohlokoa.
20. Re ka rua molemo joang ka ho feletseng libokeng le likopanong?
20 Ka ho lokisetsa liboka tsa rōna le ho ba teng ho tsona le ho sebelisa seo re ithutileng sona mosebetsing oa rōna re le mesuoe, re fumana koetliso e pharaletseng. Empa hase hoo feela. Re boetse re na le liboka tse khōlō—likopano tse nyenyane le tse khōlō—tse reretsoeng ho re hlomella hamolemo re le mesuoe ea Lentsoe la Molimo. Re lebella ka thabo hakaakang ho mamela ka hloko le ho sebelisa keletso e joalo!—Luka 8:18.
21. Ke bopaki bofe bo bontšang hore koetliso ea rōna e atlehile, hona ke mang ea tlotlisoang?
21 Na koetliso eo Jehova a e lokiselitseng e atlehile? Bopaki bo hlakile. Selemo le selemo, batho ba likete tse makholo ba thusoa hore ba ithute lithuto tsa motheo tsa Bibele le ho phela tumellanong le seo Molimo a se hlokang ho bona. Palo ea rōna ea eketseha, empa ha ho le ea mong oa rōna ea ka itlotlisang ka seo. Re lokela ho talima litaba ka tsela ea sebele, joaloka Jesu. O ile a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” Joaloka baapostola ba boholo-holo, ka kakaretso re batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng. (Johanne 6:44; Liketso 4:13) Katleho ea rōna e itšetlehile ka Jehova, ea hulelang batho ba lipelo li tšepahalang ’neteng. Pauluse o ile a beha taba hantle: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Molimo a ’na a hōlisa.”—1 Bakorinthe 3:6.
22. Ke hobane’ng ha le ka mohla re sa lokela ho nyahama ka ho fetisisa mabapi le ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea Bokreste?
22 E, Jehova Molimo o tšoarehile ka mafolofolo mosebetsing oa rōna re le mesuoe ea Lentsoe la hae. Hase kamehla re ka ikutloang re le mesuoe e tšoanelehang. Empa hopola, ke Jehova ea hulelang batho ho eena le ho Mora oa hae. Ke Jehova ea etsang hore re tšoanelehele ho sebeletsa bao ba bacha ka Lentsoe la hae, moea oa hae o halalelang le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o lefatšeng. A re arabeleng hamolemo koetlisong ea Jehova ka ho sebelisa lintho tse molemo tseo a fanang ka tsona hona joale bakeng sa ho re hlomella ka ho feletseng re le mesuoe ea Lentsoe la Molimo!
U ka Araba Joang?
• Bibele e re hlomella joang bakeng sa mosebetsi oa boboleli?
• Moea o halalelang o phetha karolo efe ho re etsa hore re tšoanelehe re le basebeletsi?
• Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o lefatšeng o u thusitse ka litsela life hore u tšoanelehe u le ’moleli oa litaba tse molemo?
• Ke hobane’ng ha re ka ba sebete ha re le tšebeletsong?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
E le mosuoe oa Lentsoe la Molimo, Jesu o ile a bontša lerato bakeng sa batho