Ke Hobane’ng ha Saule a ne a Hlorisa Bakreste?
‘KA SEBELE KE NE KE NAHANA hore ke tšoanela ho etsa liketso tse ngata tsa khanyetso khahlanong le lebitso la Jesu Monazaretha; e leng seo, ha e le hantle, ke ileng ka se etsa Jerusalema. Ba bangata ba bahalaleli ka ba koalla lichankaneng, kaha ke ne ke amohetse matla ho baprista ba ka sehloohong. Ha barutuoa ba il’o bolaoa, ka vouta khahlanong le bona. Ka ho ba fa kotlo ka makhetlo a mangata ka lisynagogeng tsohle, ka leka ho ba qobella ho latola tumelo. Kaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ke ile ka ba ka ea bohōleng ba ho ba hlorisa esita le metseng e ka ntle.’—Liketso 26:9-11.
SEO se builoe ke Saule oa Tarsase, eo hape a tsejoang e le moapostola Pauluse. Ha e le hantle, nakong eo a neng a bua sena e ne e le motho ea fetohileng. E ne e se e se mohanyetsi oa Bokreste, empa e se e le e mong oa babuelli ba bona ba chesehang ka ho fetisisa. Empa ke’ng se neng se ile sa susumelletsa Saule ho hlorisa Bakreste? Ke hobane’ng ha a ne a nahana hore ‘o tšoanela ho etsa’ liketso tse joalo? ’Me na ho na le se ka ithutoang tabeng ea hae?
Ho Tlepetsoa ha Setefane ka Majoe
Saule o kenella tlalehong ea Bibele a le har’a ba bolaeang Setefane. “Ka mor’a ho . . . lahlela [Setefane] ka ntle ho motse, ba qala ho mo betsa ka majoe. ’Me lipaki tsa beha liaparo tsa tsona tsa ka ntle maotong a mohlankana ea bitsoang Saule.” “Saule, ka lehlakoreng la hae, o ne a amohela polao ea hae.” (Liketso 7:58; 8:1) Ke’ng se ileng sa lebisa tlhaselong eo? Bajuda, ho akarelletsa le ba bang ba tsoang Silisia, ba ile ba phehisana le Setefane empa ba ne ba sa khone ho ikemela khahlanong le eena. Ha hoa boleloa hore na Saule, eo le eena e neng e le Mosilisia, o ne a le har’a bona. Leha ho le joalo, ba ile ba sebelisa lipaki tsa bohata ho qosa Setefane ka bonyefoli ’me ba mo hulanyetsa ka pel’a Sanhedrine. (Liketso 6:9-14) Seboka sena, se neng se okametsoe ke moprista ea phahameng, se ile sa sebeletsa e le lekhotla le phahameng la Sejuda. Kaha le ne le e-na le matla a bolumeli a phahameng ka ho fetisisa, litho tsa lona le tsona li ne li sireletsa seo li neng li nka hore ke thuto e hloekileng ea bolumeli. Ponong ea tsona Setefane o ne a lokela ho shoa. Na o ile a ba le sebete sa ho li qosa ka hore ha li boloke Molao? (Liketso 7:53) Li ne li tla mo bontša hore na o lokela ho bolokoa joang!
Ho amohela ha Saule maikutlo ao e ne e le phello e loketseng ea seo a neng a se lumela. E ne e le Mofarisi. Sehlopha sena sa bokhelohi se matla se ne se hloka hore a boloke molao le neano ka ho feletseng. Ho ne ho nkoa hore Bokreste bo hanyetsana ka ho toba le molao le neano, bo ruta tsela e ncha ea poloko ka Jesu. Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lebeletse hore Mesia e be Morena ea khanyang ea neng a tla ba lokolla khatellong ea puso ea Baroma e hloiloeng. Kahoo, hore motho ea neng a ahlotsoe ke Sanhedrine e Khōlō ka bonyefoli ’me ka mor’a moo a khokhotheloa thupeng ea tlhokofatso joaloka senokoane se rohakiloeng e ne e ka ba Mesia, e ne e le ho makatsang ka ho feletseng, ho sa amoheleheng le manyala likelellong tsa bona.
Molao o ne o re motho ea fanyehiloeng thupeng o ne a ‘rohakiloe ke Molimo.’ (Deuteronoma 21:22, 23; Bagalata 3:13) Ponong ea Saule, “ho ne ho hlakile hore mantsoe ana a sebetsa ho Jesu,” ke kamoo Frederick F. Bruce a hlalosang kateng. “O ne a shoele ka lebaka la ho rohakoa ke Molimo, ka lebaka leo, hoa utloahala hore e ne e ke ke ea e-ba Mesia, eo ho latela neano, a neng a hlohonolofatsoa ke Molimo ka tekanyo e ikhethang. Ka lebaka leo, ho bolela hore Jesu ke Mesia e ne e le ho nyefola; ba neng ba bua ntho e sa utloahaleng joalo ba ne ba lokela ho fumana kotlo ea ho ba banyefoli.” Joalokaha Saule ka boeena hamorao a ile a lumela, eona khopolo ea ‘Kreste ea khokhothetsoeng thupeng, ho Bajuda [e ne e le] sesosa sa ho khoptjoa.’—1 Bakorinthe 1:23.
Karabelo ea Saule thutong e joalo e bile ho e hanyetsa ka boikemisetso bo boholo ka ho fetisisa bo neng bo ka khoneha. Ho ne ho lokela hore ho etsoe boiteko ba ho e felisa esita le ka bokhopo. O ne a tiisehile hore sena ke sona seo Molimo a neng a se batla. Ha a hlalosa maikutlo ao a neng a e-na le ’ona, Saule o itse: “Mabapi le cheseho, ke [ne ke] le ea hlorisang phutheho; mabapi le ho loka ho teng ka molao, ke le ea ileng a ipaka a sa tšoauoe phoso.” “Ho isa ntlheng ea ho fetella ke ile ka tsoela pele ke ntse ke hlorisa phutheho ea Molimo le ho e ripitla, ’me ke ne ke hatela pele haholoanyane Bojudeng ho feta ba bangata ba lilemo tsa ka morabeng oa heso, kaha ke ne ke cheseha haholo ho feta bakeng sa lineano tsa bo-ntate.”—Bafilippi 3:6; Bagalata 1:13, 14.
’Mampoli Mahlorisong
Ka mor’a lefu la Setefane, Saule ha a sa hlahella e le ea tlaasana mahlorisong empa o hlahella e le ’mampoli oa ’ona. Ka lebaka leo, e tlameha ebe o ile a ba le botumo bo itseng bo bobe, kaha esita le ka mor’a ho sokoloha ha hae, ha a leka ho ikopanya le barutuoa, “kaofela ba ne ba mo tšaba, hobane ba ne ba sa lumele hore e ne e le morutuoa.” Ha ho ne ho hlaka hore ka sebele ke Mokreste, tšokoloho ea hae e ile ea e-ba sesosa sa thabo le teboho har’a barutuoa, ba ileng ba utloa hore hase feela hore ho ne ho sokolohile mohanyetsi feela tjee, empa ho e-na le hoo, “monna ea neng a re hlorisa pele hona joale o se a bolela litaba tse molemo tse mabapi le tumelo eo a neng a e ripitla pele.”—Liketso 9:26; Bagalata 1:23, 24.
Damaseka e bohōle ba lik’hilomithara tse 220—leeto la matsatsi a supileng kapa a robeli ka maoto—ho tloha Jerusalema. Empa, Saule “a sa ntse a phefumoloha tšokelo le polao e khahlanong le molao khahlanong le barutuoa,” o ile a ea ho moprista ea phahameng ’me a kōpa hore a mo fe mangolo a eang lisynagogeng tsa Damaseka. Hobane’ng? E le hore leha e le bafe bao e neng e le ba “Tsela Eo,” bao Saule a neng a ba fumana, a ka ba tlisa ba tlamiloe Jerusalema. Ka tumello ea ba boholong, o ile a ‘qala ho sebetsana ka ho nyelisa le phutheho, a futuhela ntlo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe, a hulanyetsa banna hammoho le basali hore a nehelane ka bona chankaneng.’ Ba bang o ne a ba ‘shapela lisynagogeng’ ’me ‘a vouta’ (ka ho toba ka ‘lejoana la hae la ho vouta’) a lumellana le hore ba bolaoe.—Liketso 8:3; 9:1, 2, 14; 22:5, 19; 26:10, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
Ha li nahana ka thuto eo Saule a neng a e-na le eona eo a e fumaneng ho Gamaliele le matla ao joale a neng a a sebelisa, litsebi tse ling li lumela hore o ne a tsoetse pele ho tloha ho beng seithuti sa Molao feela tjee ho ea bohōleng ba ho sebelisa tekanyo e itseng ea matla a ho laela Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda. Ka mohlala, e mong o ne a nahana hore e ka ’na eaba Saule e ile ea e-ba mosuoe synagogeng ea Jerusalema. Leha ho le joalo, hore na ho boleloa’ng ha ho thoe Saule o ile ‘a vouta’—ebang ke joaloka setho sa lekhotla kapa ea thoholetsang lipolao tsa Bakreste—ha re tiisehe.a
Kaha qalong Bakreste bohle e ne e le Bajuda kapa batho ba sokolohetseng Sejudeng, ho totobetse hore Saule o ne a utloisisa hore Bokreste ke mokhatlo oa bokoenehi o ka har’a Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, ’me o ne a nka hore ke boikarabelo ba Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e lumelletsoeng ka molao ho fetola ba bo tšehetsang. Setsebi Arland J. Hultgren se re: “Ho ke ke ha etsahala hore ebe Pauluse oa mohlorisi o ile a hanyetsa Bokreste hobane a ne a bona e le bolumeli boo ho seng moo bo amanang teng le Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, bo qothisanang lehlokoa le eona. Eena le ba bang ba ile ba bona mokhatlo oa Bokreste e le o ntseng o le tlas’a taolo ea Bojuda.” Joale, sepheo sa hae e ne e le ho sebelisa mekhoa eohle hore a qobelle Bajuda ba tsoileng tseleng hore ba koenehe ’me ba boele bolumeling ba neano. (Liketso 26:11) Mokhoa o mong oo a neng a ka o sebelisa e ne e le ho ba kenya teronkong. O mong e ne e le ho ba shapa lisynagogeng, e leng mokhoa o tloaelehileng oa ho laea o neng o ka sebelisetsoa ho otla ba sa ikokobeletseng taolo ea bo-rabi lekhotleng lefe kapa lefe la sebaka la baahloli ba bararo.
Ka sebele, ponahalo ea Jesu ho Saule tseleng e eang Damaseka, e ile ea felisa seo sohle. Ha Saule a tlohela ho ba sera se mabifi sa Bokreste, ka tšohanyetso o ile a fetoha ’muelli ea chesehang oa bona, ’me kapele-pele Bajuda ba Damaseka ba ile ba batla ho mo bolaea. (Liketso 9:1-23) Mohlolo ke hore, ha e le Mokreste, Saule o ile a tlameha ho hlaheloa ke lintho tse ngata tseo eena joaloka mohlorisi a neng a li entse ba bang, e le hore ka mor’a nako e telele o ne a ka re: “Ka makhetlo a mahlano ke ile ka amohela ho Bajuda lichapo tse mashome a mane ka ntle ho e le ’ngoe.”—2 Bakorinthe 11:24.
Cheseho e ka Lebisoa Hosele
“Pele ke ne ke le monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi,” Saule o ile a ngola seo ka mor’a hore a sokolohe, ha a se a tsebahala hamolemo e le Pauluse. “Leha ho le joalo, ke ile ka bontšoa mohau, hobane ke ne ke hloka tsebo ’me ke etsa ka ho hloka tumelo.” (1 Timothea 1:13) Ka lebaka leo, ha motho a tiile a bile a le mafolofolo bolumeling ba hae, hase tiiso ea hore o amoheloa ke Molimo. Saule o ne a cheseha ’me o ile a sebetsa tumellanong le letsoalo la hae, empa seo ha sea ka sa etsa hore ebe o nepile. Cheseho ea hae e tukang e ne e lebisitsoe hosele. (Bapisa le Baroma 10:2, 3.) Seo se lokela ho etsa hore re nahane.
Kajeno ba bangata ba kholisehile ka tieo hore boitšoaro bo botle ke sohle seo Molimo a se hlokang ho bona. Empa na ho joalo? E ka ba hantle ha motho ka mong a ka mamela khothatso ea Pauluse e reng: “Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle.” (1 Bathesalonika 5:21) Seo se bolela ho nka nako ho fumana tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo la ’nete le ho phela tumellanong e feletseng le lona. Haeba ha re hlahloba Bibele re hlokomela hore re lokela ho etsa liphetoho tse itseng, joale re lokela hore joang kapa joang re li etse ntle ho tieho. Mohlomong ba seng bakae ho rōna e kile ea e-ba banyefoli, bahlorisi kapa batho ba nyelisang joaloka Saule. Leha ho le joalo, ke feela ka ho sebetsa tumellanong le tumelo le tsebo e nepahetseng rōna, joaloka eena, re ka amoheloang ke Molimo.—Johanne 17:3, 17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho latela buka ea The History of the Jewish People in the Age of Jesus Christ (175 B.C.–A.D. 135), ea Emil Schürer, le hoja Mishnah e se na tlaleho ea tsamaiso ea Sanhedrine e Khōlō, kapa Sanhedrine ea ba Mashome a Supileng a Motso o Mong, tsamaiso ea Lisanhedrine tse tlaasana, tsa litho tse 23, e qaqisitsoe ka ho feletseng. Liithuti tsa Molao li ne li lumelletsoe ho ba teng linyeoeng tse amang kahlolo ea lefu tse neng li tšoareloa Lisanhedrineng tse tlaasana, moo li neng li lumelloa ho buella moqosuoa eseng ho mo tsoa. Linyeoeng tse sa ameng kahlolo ea lefu, li ne li ka buella moqosuoa tsa ba tsa mo tsoa.