Bontša Boiphihlelo ha U Sebelisa “Sabole ea Moea”
“Le amohele . . . sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo.”—BAEF. 6:17.
1, 2. Kaha ho hlokahala baboleli ba ’Muso ba bangata, re lokela ho etsa’ng?
HA Jesu a ne a bona kamoo matšoele a neng a futsanehile kateng moeeng, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” Jesu ha aa ka a fella moo. Ka mor’a ho bua mantsoe ao, o ile “a bitsa barutuoa ba hae ba leshome le metso e ’meli” eaba o ba romela ho ea bolela kapa ho ea ‘kotula.’ (Mat. 9:35-38; 10:1, 5) Hamorao, Jesu o ile “a khetha ba bang ba mashome a supileng ’me a ba romela ka bobeli” hore ba e’o etsa mosebetsi oona oo.—Luka 10:1, 2.
2 Le kajeno ho sa ntse ho hlokahala baboleli ba ’Muso ba bangata. Batho ba bileng teng Sehopotsong lefatšeng lohle selemong sa tšebeletso sa 2009 ba ne ba le 18 168 323. Ba ne ba feta Lipaki Tsa Jehova ka limilione tse fetang 10. Ruri masimo a soeufetse bakeng sa kotulo. (Joh. 4:34, 35) Ka lebaka leo, re lokela ho rapela ’me re kōpe hore basebetsi ba eketsehe. Empa re ka sebetsa tumellanong le likōpo tseo tsa rōna joang? Ka hore re be baboleli ba bontšang bokhoni mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa.—Mat. 28:19, 20; Mar. 13:10.
3. Moea oa Molimo o phetha karolo e khōlō joang e le hore o re thuse ho ba baboleli ba atlehang?
3 Sehloohong se fetileng ho tšohliloe kamoo ho tataisoa ke moea oa Molimo ho re thusang kateng ho “bolela lentsoe la Molimo ka sebete.” (Lik. 4:31) Moea oo o ka boela oa re thusa hore re be baboleli ba nang le boiphihlelo. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka ntlafatsang tšebeletso ea rōna, ke ka hore re sebelise hantle sesebelisoa se molemo ka ho fetisisa seo Jehova Molimo a faneng ka sona—e leng Lentsoe la hae le ngotsoeng, Bibele. Le bululetsoe ka moea o halalelang. (2 Tim. 3:16) Molaetsa oa lona o bululetsoe ke Molimo. Kahoo, ha re hlalosa ’nete ea Mangolo ka tsela e bontšang boiphihlelo ha re le tšebeletsong, seo se bontša hore re tataisoa ke moea o halalelang. Pele re hlahloba hore na re ka etsa joalo joang, a re ke re boneng hore na Lentsoe leo le hlile le matla hakae.
‘Lentsoe la Molimo le Fana ka Matla’
4. Molaetsa oa Molimo o ka Bibeleng o ka fetola motho joang?
4 Ruri lentsoe la Molimo kapa molaetsa oa hae, le na le matla! (Baheb. 4:12) Ka tsela ea tšoantšetso, molaetsa oa Bibele o bohale ho feta sabole leha e le efe e entsoeng ke motho, hobane ka tsela ea tšoantšetso le phunyelletsa ho fihla moo ho arohanang masapo le moko oa ’ona. ’Nete ea Mangolo e fihla karolong e ka hare-hare ea motho ’me e phunyelletsa menahano ea hae le maikutlo, e pepesa seo a hlileng a leng sona botebong ba pelo. ’Nete eo e ka sebelisa matla a eona ’me ka sebele ea fetola motho. (Bala Bakolose 3:10.) Ruri Lentsoe la Molimo le ka fetola batho!
5. Bibele e ka re tataisa ka litsela life, hona litholoana tsa seo e ka ba life?
5 Ho feta moo, Bibele ke buka e nang le bohlale bo ke keng ba fumanoa kae kapa kae. E na le boitsebiso bo molemo bo ka bontšang batho hore na ba phele joang lefatšeng lena le aparetsoeng ke mathata. Lentsoe la Molimo ha le khantše mehato eo re e hatang hona joale feela, empa le boetse le khantša le tsela e ka pele. (Pes. 119:105) Le re thusa haholo ha re sebetsana le mathata kapa re etsa liqeto mabapi le ho khetha metsoalle, boithabiso, mosebetsi, moaparo le tse ling. (Pes. 37:25; Liprov. 13:20; Joh. 15:14; 1 Tim. 2:9) Ho sebelisa melao-motheo e fumanoang Lentsoeng la Molimo ho re thusa hore re sebelisane hantle le batho ba bang. (Mat. 7:12; Bafil. 2:3, 4) Haeba re lumella lentsoe la Molimo hore le khantše tsela e ka pel’a rōna, re khona ho bona hore na liqeto tsa rōna li tla re ama joang ka moso. (1 Tim. 6:9) Mangolo a boetse a bolela morero oa Molimo esale pele, e leng ho re thusang hore re phele ka tsela e lumellanang le morero oo. (Mat. 6:33; 1 Joh. 2:17, 18) Ruri motho a ka phela bophelo bo khotsofatsang haeba a lumella melao-motheo ea Molimo hore e mo tataise bophelong!
6. Bibele ke sebetsa se matla hakae ntoeng ea rōna ea moea?
6 Hape, nahana kamoo Bibele e leng sebetsa se matla kateng ntoeng ea rōna ea moea. Pauluse o ile a re lentsoe la Molimo ke “sabole ea moea.” (Bala Baefese 6:12, 17.) Ha molaetsa oa Bibele o fanoa ka tsela e atlehang, o ka lokolla batho taolong ea Satane. Ke sabole e pholosang bophelo ba batho ho e-na le ho bo felisa. Na ha rea lokela ho loanela ho e sebelisa ka tsela e bontšang boiphihlelo?
E Tšoare ka Nepo
7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ithute ho sebelisa “sabole ea moea” hantle?
7 Lesole le ka sebelisa libetsa tsa lona ka katleho ntoeng hafeela le ikoetlisitse ’me le ithutile ho li sebelisa hantle. Hoa tšoana le ka ho sebelisa “sabole ea moea” ntoeng ea rōna ea moea. Pauluse o ile a ngola a re: “Etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.”—2 Tim. 2:15.
8, 9. Ke eng e tla re thusa hore re utloisise seo Bibele e se buang? Fana ka mohlala.
8 Ke eng e tla re thusa ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ ha re le tšebeletsong? Ho hlokahala hore rōna ka borōna re utloisise seo Bibele e se buang, pele re ka se ruta ba bang ka tsela e hlakileng. Sena se hloka hore re ele hloko moelelo oa taba eo ho buuoang ka eona temaneng kapa karolong e itseng. Ho ea ka buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, “moelelo oa lentsoe, polelo kapa temana, o akarelletsa mantsoe, lipolelo kapa litemana tse tlang pele ho lona le ka mor’a lona le tse hlakisang hore na le bolela’ng.”
9 E le hore re utloisise karolo e itseng ea Mangolo ka nepo, ho hlokahala hore re nahane ka litemana tse e potolohileng. Polelo ea Pauluse e ho Bagalata 5:13 ke mohlala oa seo. O ile a ngola a re: “Le ile la bitsetsoa tokoloho, barab’eso; feela le se ke la sebelisa tokoloho ena e le tlhohlelletso bakeng sa nama, empa ka lerato le sebeletsane joaloka makhoba.” Pauluse o ne a bua ka tokoloho efe moo? Na o ne a bua ka ho lokoloha sebeng le lefung, botlamuoeng ba litumelo tsa bohata kapa nthong e ’ngoe? Moelelo oa taba o bontša hore Pauluse o ne a bua ka tokoloho e tlisoang ke ho ‘lokolloa thohakong ea Molao.’ (Bagal. 3:13, 19-24; 4:1-5) O ne a bua ka tokoloho ea Bokreste. Batho ba neng ba ananela tokoloho eo ba ne ba sebeletsana ka lerato. Ba neng ba se na lerato ba ne ba buana hampe ’me ba qabana.—Bagal. 5:15.
10. E le hore re utloisise moelelo oa Mangolo ka nepo, re lokela ho nahana ka boitsebiso ba mofuta ofe, hona re ka bo fumana joang?
10 Poleloana e reng “moelelo oa taba” e boetse e bolela ho hong. Mantsoe a mang a amanang le “moelelo oa taba” a akarelletsa “maemo, . . . ketsahalo.” E le hore re utloisise moelelo oa lengolo ka nepo, re lokela ho nahana ka boitsebiso bo fanang ka makolopetso, joaloka hore na ke mang ea ngotseng buka eo ea Bibele, e ngotsoe neng, ’me e ngotsoe tlas’a maemo afe. Ho boetse ho molemo ho tseba morero oo buka eo e ngotsoeng ka oona ’me haeba ho khoneha, le litloaelo tsa batho tsa bophelo, tsa boitšoaro le tsa bolumeli tsa mehleng eo.a
11. Ke ntho efe eo re lokelang ho e ela hloko ha re hlalosa mangolo?
11 Ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ ha ho felle feela ka ho hlalosa linnete tsa Mangolo ka nepo. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra sebelisa Bibele ka morero oa ho tšosa batho. Le hoja re ka sebelisa Mangolo ho sireletsa ’nete, joalokaha Jesu a ile a etsa ha a ne a lekoa ke Diabolose, ha rea lokela ho shapa batho ba re mametseng ka Bibele. (Deut. 6:16; 8:3; 10:20; Mat. 4:4, 7, 10) Re lokela ho mamela keletso ea moapostola Petrose e reng: “Halaletsang Kreste e le Morena ka lipelong tsa lōna, kamehla le loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.”—1 Pet. 3:15.
12, 13. Ke ‘lintho life tse metseng ka matla’ tseo ’nete ea Lentsoe la Molimo e ka li phetholang? Fana ka mohlala.
12 ’Nete ea Lentsoe la Molimo e ka finyella eng ha e tšoaroa ka nepo? (Bala 2 Bakorinthe 10:4, 5.) ’Nete ea Mangolo e ka phethola “lintho tse metseng ka matla,” ka mantsoe a mang, e ka pepesa lithuto tsa bohata, mekhoa e kotsi le lifilosofi tse bonahatsang bohlale ba batho ba sa phethahalang. Re ka sebelisa Bibele ho tlosa maikutlo leha e le afe a “phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo.” Lithuto tsa Bibele li ka sebelisetsoa ho thusa batho ba bang hore ba lumellanye monahano oa bona le ’nete.
13 Ka mohlala, nahana ka mosali-moholo e mong ea lilemo li 93 ea lulang India. Ho tloha boseeng o ne a rutiloe hore a lumele thuto ea ho tsoaloa hangata. Ha a ne a qala ho ithuta Bibele ka ngollano le mora oa hae ea neng a lula naheng e ’ngoe, o ile a amohela seo a neng a ithuta sona ka Jehova le litšepiso tsa hae habonolo. Leha ho le joalo, thuto ea ho tsoaloa hangata e ne e metse ka metso ka kelellong ea hae hoo a ileng a pheha khang ha mora oa hae a ne a mo ngolla ka boemo ba bafu. O ile a re: “Ho hang ha ke utloisise bonnete ba Mangolo ao a hao. Malumeli ’ohle a ruta hore ho na le ntho e itseng e sa shoeng ka hare ho rōna. Haesale ke lumela hore ’mele oa shoa le hore karolo e sa bonahaleng e tsoaloa ka ’mele o mong ka makhetlo a mangata a ka bang 8 400 000. Ebe see e ke ke ea e-ba ’nete joang? Na malumeli a mangata a fositse?” Na “sabole ea moea” e ka phethola tumelo e metseng ka matla joalo? Ka mor’a lipuisano tse ling tsa Mangolo mabapi le taba eo, o ile a ngola tjena ka mor’a libeke tse seng kae: “Ke hona ke qalang ho utloisisa seo ehlileng e leng ’nete ka lefu. Ke thaba haholo ho tseba hore ha bafu ba tsosoa, re tla khona ho kopana le baratuoa ba rōna ba shoeleng. E se eka ’Muso oa Molimo o ka tla kapele.”
E Sebelise ka Tsela e Susumetsang
14. Ho susumetsa batho ba re mametseng ho bolela’ng?
14 Ho sebelisa Bibele ka katleho ha re le tšebeletsong hase feela taba ea ho qotsa mangolo. Pauluse o ile a bua ka “tšusumetso,” ’me le rōna re lokela ho etsa joalo. (Bala Liketso 19:8, 9; 28:23.) Ho “susumetsa” ho bolela “ho kholisa.” Motho ea susumelitsoeng o “kholiseha hoo [a] behang tšepo nthong e itseng.” Ha re susumetsa motho hore a amohele thuto ea Bibele, re mo kholisa hore a tšepe thuto eo. E le hore re finyelle sena, ho hlokahala hore re kholise motho ea re mametseng hore seo re se buang ke ’nete. Re ka finyella sena ka litsela tse latelang.
15. U ka kenyelletsa Bibele joang ka tsela e etsang hore e hlomphuoe?
15 Bua ka Lentsoe la Molimo ka tsela e etsang hore le hlomphuoe. Ha u kenyelletsa lengolo, bontša hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore motho a tsebe monahano oa Molimo tabeng eo. Ka mor’a ho botsa potso le ho utloa karabo ea mong’a ntlo, u ka ’na ua re, ‘E-re re bone hore na monahano oa Molimo ke ofe tabeng ena.’ Kapa u ka ’na ua botsa, ‘Molimo o re’ng ka boemo boo?’ Ho kenyelletsa temana ka tsela ena ho hatisa hore Bibele e tsoa ho Molimo ’me ho thusa momameli hore a e hlomphe haholo. Ke habohlokoa le ho feta hore re etse joalo ha re pakela motho ea lumelang ho Molimo empa a sa tsebe seo Bibele e se rutang.—Pes. 19:7-10.
16. Ke eng e tla u thusa hore u hlalose mangolo ka nepo?
16 U se ke ua bala mangolo feela; a hlalose. Mokhoa oa Pauluse e ne e le hore a ‘hlalose le ho paka ka litšupiso’ lintho tseo a neng a li ruta. (Lik. 17:3) Hangata Lengolo le na le lintlha tse ’maloa, ’me u ka ’na ua lokela ho khetha mantsoe a sehlooho a amanang le taba eo le buisanang ka eona. U ka ’na ua etsa sena ka ho pheta mantsoe a fetisang mohopolo kapa ka ho botsa lipotso tse tla thusa mong’a ntlo hore a a hlokomele. Ka mor’a moo, hlalosa se boleloang ke karolo eo ea lengolo. Hang ha u entse joalo, thusa momameli hore a bone hore na temana eo e sebetsa joang ho eena ka ho toba.
17. U ka beha mabaka ka Mangolo joang ka tsela e kholisang?
17 Beha mabaka ka Mangolo ka tsela e kholisang. Pauluse o ile a sebelisa kōpo e tiileng le mabaka a utloahalang ’me o ile a ‘behelana mabaka le batho ka Mangolo’ ka tsela e kholisang. (Lik. 17:2, 4) Joaloka eena, loanela ho finyella pelo ea momameli. U ‘khe’ se ka hare ho eona ka lipotso tse botsoang ka mosa tse bontšang hore u thahasella motho eo. (Liprov. 20:5) Qoba ho ipuela feela u sa khethe mantsoe. Teka mabaka ka tsela e hlakileng le e utloahalang. A lokela ho tšehetsoa ka bopaki bo khotsofatsang. U lokela ho theha lipolelo tsa hao ka tieo Lentsoeng la Molimo. Ho molemo ho sebelisa temana e le ’ngoe hantle ka ho e hlalosa le ho totobatsa ntlha eo e buang ka eona, ho e-na le ho potlakela ho bala mangolo a mabeli kapa a mararo ka tatellano. Ho sebelisa bopaki bo tiisang taba ho ka boela ha ‘eketsa tšusumetso molomong ea hao.’ (Liprov. 16:23) Ka linako tse ling, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse lipatlisiso u be u fane ka boitsebiso bo eketsehileng. Ho ne ho hlokahala hore mosali-moholo eo ea lilemo li 93 eo ho builoeng ka eena pejana, a tsebe hore na ke hobane’ng ha thuto ea hore moea ha o shoe e atile hakana. Ho ne ho hlokahala hore a utloisise hore na thuto eo e simolohile hokae le hore na e kene joang malumeling a mangata a lefatše, e le hore a ka susumelletseha ho amohela seo Bibele e se rutang ka taba eo.b
Tsoela Pele ho e Sebelisa ka Tsela e Bontšang Boiphihlelo
18, 19. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re sebelisa “sabole ea moea” ka tsela e bontšang boiphihlelo?
18 Bibele e re: “Boemo ba lefatše lena boa fetoha.” Batho ba khopo ba tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang. (1 Bakor. 7:31; 2 Tim. 3:13) Kahoo, ke habohlokoa hore re tsoele pele ho phethola “lintho tse metseng ka matla” ka ho sebelisa “sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo.”
19 Re thaba hakaakang hore ebe re na le Lentsoe la Molimo, Bibele, ebile re sebelisa molaetsa oa lona o matla ho fothola lithuto tsa bohata le ho finyella batho ba lipelo li ntle! Ha ho ntho e metseng ka matla ho feta molaetsa oo. Ka lebaka leo, a re ikitlaelletseng ho sebelisa “sabole ea moea” ka tsela e bontšang boiphihlelo mosebetsing oo re o filoeng ke Molimo oa ho phatlalatsa ’Muso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka ea “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” Insight on the Scriptures, le lihlooho tse kang “Lentsoe la Jehova Lea Phela,” tse hlahang Molula-Qhooeng, li ka thusa haholo tabeng ea ho fumana boitsebiso bo hlokahalang mabapi le libuka tsa Bibele.
b Sheba bukana e nang le sehlooho se reng Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa? leqepheng la 5-16.
U Ithutile Eng?
• Lentsoe la Molimo le matla hakae?
• Re ka ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ joang?
• Molaetsa oa Bibele o ka finyella eng mabapi le “lintho tse metseng ka matla”?
• U ka ntlafatsa tsela eo u susumetsang batho ka eona joang tšebeletsong?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]
Re ka Sebelisa Lentsoe la Molimo ka Tsela e Susumetsang Joang?
▪ Etsa hore batho ba hlomphe Bibele
▪ Hlalosa Mangolo
▪ Beha mabaka ka tsela e kholisang e le hore u finyelle pelo
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
U lokela ho ithuta ho sebelisa “sabole ea moea” ka katleho