Lithethefatsi
Tlhaloso: Lentsoe “lithethefatsi” le hlalosoa ka mekhoa e mengata. Ka kutloisiso e sebelisoang mona, lithethefatsi ke lintho tseo e seng lijo, tse fetolang maikutlo tseo ho nahanoang hore ha li etse pheko ea letho empa li sebelisoa ka boiteko ba ho balehela mathata a bophelo, ho fumana boikutlo boo e kang ba toro kapa ba ho phela hantle kapa ba thabo.
Na Bibele e hlile e thibela tšebeliso ea lithethefatsi bakeng sa monyaka?
Ha e bolele ka mabitso lintho tse kang heroin, cocaine, LSD, PCP (angel dust), le koae. Empa e fana ka tataiso ea bohlokoa e le hore re ka tseba hore na re etse joang le seo re lokelang ho se qoba hore re khahlise Molimo. Ka ho tšoanang, Bibele ha e re ho phoso ho bolaea motho ka sethunya, empa e hanela ho bolaea.
Luka 10:25-27: “Ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng? . . . U tla rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle, le ka khopolo ea hao eohle; le oa heno, u mo rate joale ka ha u ithata.” (Na motho o hlile o rata Molimo ka moea oa hae oohle le ka khopolo ea hae eohle haeba a itloaetsa lintho tse khutsufatsang bophelo ba hae ntle ho mabaka ’me li fifatsa khopolo ea hae? Na o bontša ho rata moahelani oa hae haeba a utsoetsa ba bang ho ntšetsa pele tloaelo ea hae ea lithethefatsi?)
2 Ba-Kor. 7:1: “Baratuoa, ha re e-na le lipallo tseo [tsa ho ba le Jehova e le Molimo oa rōna le Ntate oa rōna], a re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re ntse re phetha khalalelo ea rōna ka ho tšaba Molimo.” (Empa na re ka lebella hore Molimo o re amohele ha re etsa ka boomo lintho tse silafatsang ’mele ea rōna?)
Tite 2:11, 12: “Mohau oa Molimo, o ka bolokang batho bohle, o bonahetse; o ntse o re ruta ho tela ho se tšabe Molimo le litakatso tsa lefatše, re tle re phele nakong ea joale ka kelello [“re le ba itšoereng,” JB; ‘ho phela bophelo ba boitšoaro,’ TEV], ka ho loka, le ka borapeli.” (Na tšebeliso ea lithethefatsi e sitisang kahlolo ea motho kapa e bakelang motho ho lahleheloa ke boitšoaro e tumellanong le keletso eo?)
Ba-Gal. 5:19-21: “Mesebetsi ea nama e pepeneneng: Ke . . . boloi, . . . botahoa, . . . le lintho tse joalo, . . . ba etsang tse joalo, ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.” (Se boleloang ke lentsoe la Segerike phar·ma·kiʹa, leo mona le ngotsoeng e le “boloi,” ke ho “tšereanya ka litlhare.” An Expository Dictionary of New Testament Words, ea W. E. Vine, ha e hlalosa ka lentsoe lena la Segerike, e re: “Boloing, tšebeliso ea lithethefatsi, e-bang ke tse bonolo feela kapa tse matla, ka kakaretso e ne e tsamaea le ho ‘betsa’ le ho ipiletsa matleng a mehlolo, ka thuso ea liroala tsa mefuta-futa, jj., tseo ho neng ho boleloa hore li lokiselitsoe ho lelekela mokuli kapa ea li sebelisang tlhokomelo le matla a bademona, empa haele hantle e le ho hapa kelello ea ea li sebelisang ka mehloli ea mohlolo le matla a mohlolo tsa moloi.” [London, 1940, Moq. IV, maq. 51, 52] Hoa tšoana le kajeno, ba bangata ba sebelisang lithethefatsi ba ameha mekhoeng ea tšebelisano le meea e mebe kapa ba iphumana ba kopanela le bao, ka baka la likelello tse se nang letho kapa tse ferekaneng ke lipono tsa bohata ba hlaseloang habonolo ke bademona. Bapisa Luka 11:24-26.)
Tite 3:1: ‘Ba utloe lihloho le marena.’ (Libakeng tse ngata, ho ba le lithethefatsi tse itseng kapa ho li sebelisa ke tlōlo ea molao.)
Kaha lithethefatsi tse ling li ka ’na tsa thusa motho ho re a ikutloe hamonate, na li hlile li kotsi hakaalo?
2 Tim. 3:1-5: “Mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba . . . ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; . . . ba joalo u ba furalle.” (Ka ho hlakileng Bibele e hlokomelisa khahlanong le ho lakatsa menyaka hoo re e etelletsang ka pel’a ho sebelisa metheo e lokileng ea Lentsoe la Molimo le ho amoheleha ho oona.)
LITHETHEFATSI tse ling li thōlisa ho opa e be li etsa hore motho a ikutloe a khotsofetse, empa li boetse lia lemalloa ’me li ka fella ka lefu ha li ka tlōlisoa tekanyetso. Ho tsuba lithethefatsi tse ling ho ka etsa hore motho a ikutloe a thabile, empa hape ho ka fella ka ho hoeleketsa, ho se bone hantle, letōōpe, ntle ho tšenyeho e ke keng ea lokisoa ea boko, sebete le liphio. Lithethefatsi tse HLASIMOLLANG li etsa hore motho a ikutloe a le “plakeng” ’me ho bonahala li leleka mokhathala, empa hape li fosisa ho lekanya libaka, li khathatsana le ho nahana hantle, li ka fetola botho ba motho ho hang ’me tsa baka hore motho a lakatse ho ipolaea kapa a lakatse ho bolaea batho ba bang.
Ho thoe’ng ka matekoane—na ha a kotsi? Lingaka tse ling li rialo
David Powelson, M.D., eo pele e neng e le ngaka e khōlō ea mafu a kelello, Sepetleleng sa Cowell, Univesithing ea California, Berkeley, o kile a buella hore matekoane a lumelloe ka molao. Hamorao, hoba ho fumanehe bopaki bo bongata, a ngola: “Joale ke lumela hore matekoane ke sethethefatsi se kotsi ka ho fetisisa seo re tlamehang ho loana le sona: 1. Aa phoqa ha u qala ho a sebelisa. Ea a sebelisang o ba le maikutlo a fosahetseng a ho ikutloa hamonate; ha a utloe hore kelello ea hae le tšebetso ea ’mele lia senyeha. 2. Tšebeliso e tsoetseng pele ea oona e etsa hore motho a nahane ka ho thetsehileng. Kamor’a ho a sebelisa ntle ho khaotso selemo ho isa ho tse tharo, menahano e fosahetseng e qala ho nka sebaka sa tšebetso e nepahetseng ea ho nahana.”—Executive Health Report, October 1977, leq. 8.
Dr. Robert L. DuPont, eo e neng e le motsamaisi oa Mokhatlo oa Sechaba oa Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi United States, eo nakong e fetileng a ileng a qotsoa a nyenyefatsa hore matekoane a kotsi, o sa tsoa re: “Khang ea sebele ke kotsi eo seoa sena [sa matekoane a sebelisoang ke moloko o mocha] se e bakang bophelong, kotsi ea mefuta e ’meli bonyane. E ’ngoe ke liphello tsa ho taoa, tse bonoang ka hore motho a qhobe ka mokhoa o kotsi le hore a qetelle a sa tsotelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Kotsi e ’ngoe e ’meleng. Mona ho amehang ke ho tšoaroa ke bohloko ba masobana a matšoafo bo hlahang hangata har’a ba sebelisang matekoane, monyetla oa liphello tse kotsi marong a ’mele, liphello tsamaisong ea ho itšireletsa hoa ’mele maloetseng ’me mohlomong le hona ho tšoaroa ke kankere.”—Montreal Gazette, March 22, 1979, leq. 9.
Science Digest e fane ka qaqiso ena: “Ho pakutsa matekoane kamehla, qetellong, ho ka ’na hoa ahlamisa makhalo a pakeng tsa methapo e ka bokong a hlokahalang bakeng sa tšebetso ea bohlokoa e kang mohopolo, maikutlo le boitšoaro. Hore methapo e etse mesebetsi ea eona, e tlameha ho buisana.” Joale, sehlooho se tsoela pele ha se hlalosa ka liphello tsa liteko tse amang liphoofolo: “Liphello tse hlokomelehang haholo li ne li etsahala libakeng tse arohanyang likarolo tsa linama tse bonojoana tsa ’mele, tse amanang le maikutlo (septal region); tse amanang le qaleho ea mohopolo (hippocampus), tse ikarabellang bakeng sa tšebetso e itseng e amanang le boitšoaro (amygdala).”—March 1981, leq. 104.
Na ho sebelisa matekoane ho hobe ho feta ho noa lino tse tahang?
Joala ke lijo ’me ’mele o bo chesa hore bo fane ka matla; ho sa hlokahaleng ’mele o-oa ho hleka. Leha ho le joalo, setsebi sa phello ea lithethefatsi ’meleng le kelellong se itse: “Matekoane ke sethethefatsi se matla haholo, ’me phoso e khōlōhali eo re e etsang ke ho a bapisa le joala.” “Ha ho bapisoa likaroloana tsa tsona, sethethefatsi sa matekoane se matla ho feta sa joala ka makhetlo a 10 000 hore motho a taoe hanyenyane feela . . . ho thethefatsa hoa matekoane ho hlekoa butle-butle ’meleng, ’me ho hlokahala likhoeli tse ngata ho hlaphoheloa liphellong tsa oona.” (Executive Health Report, October 1977, leq. 3) ’Mōpi o-oa tseba hore na re entsoe joang, ’me Lentsoe la hae le lumella tšebeliso e leka-lekaneng ea lino tse tahang. (Pes. 104:15; 1 Tim. 5:23) Empa o boetse o nyatsa ka matla ho noa joala ho tlōla, joalokaha a nyatsa meharo ea lijo.—Liprov. 23:20, 21; 1 Ba-Kor. 6:9, 10.
Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li talima ho tsuba koae e le khopiso e tebileng hakaale?
Ho bontša ho hlompholla neo ea bophelo
Lik. 17:24, 25: “Molimo o entseng lefatše le tsohle tse ho lona, . . . ke oona o fang bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.”
“Bopaki ba hore lisakarete li khutsufatsa bophelo bo bongata haholo; hore lia kulisa bo pakiloe joaloka eng le eng bongakeng.”—Science 80, September/October, leq. 42.
Litlaleho li bontša hore United States lenane la ba shoang ka selemo ka baka la ho tsuba ke 300 000; Brithani, 50 000; Canada, 50 000. “Batho ba fetang millione o le mong ba shoa selemo le selemo ka baka la maloetse a amanang le ho tsuba ’me Linaheng tse Fokolang moruong, tse ikarabellang bakeng sa karolo ea 52 lekholong ea tšebeliso ea koae, li eketsa lenane la ba shoang joalo ka potlako.”—The Journal (Toronto), September 1, 1983, leq. 16.
Eo e neng e le Mongoli oa tsa Bophelo, Thuto le Boiketlo U.S., Joseph Califano, o itse: “Kajeno ha ho pelaelo hore ruri ho tsuba ke ho ipolaea butle-butle.”—Scholastic Science World, March 20, 1980, leq. 13.
Ha ho lumellane le seo Molimo o hlokang hore Bakreste ba o etsetse sona
Ba-Roma 12:1: “Banab’eso, kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng.”
Ngaka e khōlō ea United States, C. Everett Koop, o itse: “Ho hlakile hore ho tsuba sakarete ke sesosa se seholo sa lefu se ka thibeloang sechabeng sa rōna.” (The New York Times, February 23, 1982, leq. A1) “Liphuputso tsa bongaka li bontša hore . . . motho ea tsubang ho ka lebelloa hore bophelo ba hae bo be bokhutšoaane ho ba motho ea sa tsubeng ka lilemo tse tharo ho isa ho tse ’nè. Bophelo ba motho ea tsubang haholo—motho ea tsubang lipakete tsa lisakarete tse peli kapa ho feta ka letsatsi—bo ka ’na ba e-ba bokhutšoaane ho ba ea sa tsubeng ka lilemo tse robeli.” (The World Book Encyclopedia, 1984, Moq. 17, leq. 430) Na ho loketse hore motho a nehele bophelo ba hae tšebeletsong ea Molimo ebe joale o senya bophelo boo butle-butle?
“Ho tsuba ho senya haholo, haholo-holo pelong le matšoafong, hoo meriana e meng e phekolang e batlang e fetoha lefeela haeba motho a tsuba.” (Tšebeletso ea Litaba ea Univesithi ea California-Boroa, February 18, 1982) “Ho tsuba mohlomong ke sesosa se le seng se seholohali sa ho kula se ka thibeloang lefatšeng.” (Dr. H. Mahler, motsamaisi-kakaretso oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, ho World Health, February/March 1980, leq. 3) Na hoa lumellana hore motho a inehele ho Molimo bakeng sa tšebeletso e halalelang e be joale o senya bophelo ba hae ka boomo?
Ho tsuba ke ho tlōla tlhoko ea bomolimo ea hore re rate bao re ahelaneng le bona
Jak. 2:8: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.”—Bapisa Mattheu 7:12.
“Phuputso e sa tsoa etsoa . . . e senotse hore ha ho bapisoa basali ba sa tsubeng ba banna ba tsubang ba shoa lilemo tse ’nè pele ho basali bao banna ba bona le bona ba sa tsubeng.” (The New York Times, November 22, 1978, leq. C5) “Ho tsuba nakong ea boimana ho ka holofatsa ngoana ea ka popelong hoo a ka shoang pele a hlaha, kapa nakoana hoba a hlahe.” (Family Health, May 1979, leq. 8) Tšoaro e se nang lerato joalo ea litho tsa lelapa ke bopaki bo hlakileng ba hore motho ha a itšoara joaloka Mokreste.—Bapisa 1 Timothea 5:8.
“Liphuputso li bontšitse hore kaha ea sa tsubeng ka matla o tsuba sakarete ea hae ka nakoana e nyenyane feela ha e hotelitsoe, motho ea sa tsubeng ea lutseng pel’a hae mohlomong o hlile o qobelloa hore a phefumolohe karolo e ngata haholo ea moea o litšila, tire le bokoali joaloka ea tsubang.” (Today’s Health, April 1972, leq. 39) Motho ea se nang lerato joalo ho motho e mong ha a fane ka bopaki ba hore o rata le oona Molimo.—Bona 1 Johanne 4:20.
Ke hobane’ng ha Molimo o entse limela tseo lithethefatsi li etsoang ka tsona haeba ho le phoso ho li sebelisa?
Lintho tse sebelisoang hampe hangata li boetse li na le tšebeliso e loketseng. Ho joalo le ka matla a motho a ho ikatisa. Ke ’nete ka veine. Koae ea matekoane e etsoa ka makhapetla le lipalesa tsa semela sa matekoane, tse ka ntšang likhole tsa bohlokoa tsa ho etsa liropo le lesela. Makhapetla a koae, a sebelisoang hampe ke ba tsubang, le oona a ka sebelisetsoa ho etsa lintho tse bolaeang likokoana-hloko le likokoanyana tse senyang limela. Ka mehloli e mengata ea lefatše, ho sa ntse ho e-na le ho hongata ho ka ithutoang ka hore na li ka sebelisoa hamolemo joang. Le lona lehola le molemo ho thibela khoholeho ea mobu le ho tšoara mongobo ha mobu o sa lengoe.
Motho a ka etsa joang haeba a lekile ho tlohela ho tsuba kapa ho sebelisa lithethefatsi tse ling empa a sa atleha?
Pele, ka ho ithuta Bibele le ho nahanisisa ho hlokahala u hlaolele takatso e matla ea ho khahlisa Molimo le ea ho phela tsamaisong ea oona e ncha ea lintho. Ha u atamela haufi le oona, o tla atamela haufi le uena, o u nee thuso e hlokahalang.—Jak. 4:8.
Ke hoa bohlokoa ho kholiseha hore mekhoa ena e mebe ’me u ithute ho e hloea kannete. (Pes. 97:10) Hona ho ka etsoa ka ho hlahloba linnete tse ngotsoeng karolong ena ea buka le ka ho se nahanisise ka menyaka ea hona joale ea nakoana e ka ’nang ea tlisoa ke mekhoa ena, empa ka ho thuisa ka se khahlisang Molimo le kamoo liphello tsa mekhoa e mebe li nyonyehang kateng.
Haeba u ikutloa u lakatsa ho tsuba ka matla kapa ho sebelisa sethethefatsi se seng, rapela ka tieo hore Molimo o u thuse. (Luka 11:9, 13; bapisa Ba-Filippi 4:13.) Ho etse hona hoo. Hape, nka Bibele ea hao ’me u e bale ka lentsoe le phepa, kapa u ikopanye le Mokreste ea hōlileng tsebong. Mo bolelle ho etsahalang ’me u kōpe thuso ea hae.