Tite “Mosebetsi-’moho Bakeng sa Lithahasello Tsa Lōna”
KA LINAKO tse ling, mathata a ile a hlaha phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. Mathata ana a ne a lokela ho rarolloa, ’me sena se ne se hloka sebete le kutlo. Monna ea ileng a sebetsana ka katleho le liphephetso tse ’maloa tse joalo ke Tite. E le e mong oa ba neng ba sebetsa le moapostola Pauluse, o ile a leka ka matla ho thusa ba bang hore ba etse lintho ka tsela ea Jehova. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Korinthe hore Tite e ne e le ‘mosebetsi-’moho bakeng sa lithahasello tsa bona.’—2 Bakorinthe 8:23.
Tite e ne e le mang? O phethile karolo efe ho rarolleng mathata? ’Me ke joang re ka ruang molemo ka ho hlahloba boitšoaro ba hae?
Taba ea Lebollo
Tite e ne e le Mogerike ea sa bollang. (Bagalata 2:3)a Kaha Pauluse o mo bitsa “ngoana oa ’nete ho ea ka tumelo e kopanetsoeng ke bohle,” e ka ’na eaba Tite e ne e le e mong oa bana ba moea ba moapostola eo. (Tite 1:4; bapisa le 1 Timothea 1:2.) Tite o ne a e-na le Pauluse, Barnabase le ba bang ba tsoang Antioke, Syria, ha ba e-ea Jerusalema hoo e ka bang ka 49 C.E. bakeng sa ho ea tšohla taba ea lebollo.—Liketso 15:1, 2; Bagalata 2:1.
Ho ’nile ha boleloa hore kaha ho ne ho tšohleloa taba ea ho sokoloha ha Balichaba ba sa bollang Jerusalema, ho ile ha tsamauoa le Tite ho bontša hore Bajuda le bao e seng Bajuda ba ka fumana kamohelo ea Molimo, ebang ba bolotse kapa ha baa bolla. Litho tse ling tsa phutheho ea Jerusalema tseo pele li amohela Bokreste e neng e le Bafarisi, li ile tsa pheha khang ea hore basokolohi ba Balichaba ba tlameha ho bolla le ho boloka Molao, empa khang eo e ile a hanyetsoa. Ho qobella Tite le Balichaba ba bang hore ba bolle e ka be e bile ho latola hore poloko e itšetlehile ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova le ka tumelo ho Jesu Kreste, ho e-na le ka mesebetsi ea Molao. Hape e ka be e bile ho hana bopaki ba hore Balichaba, kapa batho ba lichaba tse ling, ba ne ba amohetse moea o halalelang oa Molimo.—Liketso 15:5-12.
Ho Rongoa Korinthe
Ha ho se ho rarolotsoe taba ea lebollo, Pauluse le Barnabase ba ile ba fuoa matla a feletseng a ho bolela lichabeng lisele. Ka nako e tšoanang, ba ne ba boetse ba leka ka matla ho hopola mafutsana. (Bagalata 2:9, 10) Ka sebele, ha tlaleho e bululetsoeng e bua ka Tite hape lilemo tse tšeletseng hamorao, o ne a le Korinthe e le moemeli oa Pauluse ho bokelleng koleke bakeng sa bahalaleli. Leha ho le joalo, ha Tite a ntse a tsoela pele ho etsa mosebetsi ona, o ile a iphumana a le boemong bo bong bo hatellang haholo.
Lengolo la Pauluse le eang ho Bakorinthe le senola hore o ile a ba ngolla pele hore ba “khaotse ho itsoakanya hammoho le lihlola.” O ile a tlameha ho ba bolella hore ba tlose sehlola se sa bakeng ka har’a bona. E, Pauluse o ile a ba ngolla lengolo le matla, a le ngola ka “meokho e mengata.” (1 Bakorinthe 5:9-13; 2 Bakorinthe 2:4) Nakong eona eo, Tite o ile a romeloa Korinthe ho ea thusa ka koleke e neng e bokelloa moo bakeng sa Bakreste ba hlokang ba Judea. Ho ka etsahala hore ebe o ne a boetse a ronngoe hore a shebe karabelo ea Bakorinthe lengolong la Pauluse.—2 Bakorinthe 8:1-6.
Bakorinthe ba ne ba tla arabela joang keletsong eo ea Pauluse? A laba-labela ho tseba, e ka ’na eaba Pauluse o ile a roma Tite ho tloha ka mose ho Leoatle la Aegean Efese ho ea Korinthe, ka litaelo tsa hore a khutlise tlaleho ka potlako. Haeba thōmo eo e ne e ka phethoa pele maeto a likepe a mariha a khaotsa (hoo e ka bang bohareng ba November), Tite o ne a ka ea Troase ka sekepe kapa o ne a ka tsamaea ka tsela ea maoto e telele e potang Hellespont. Mohlomong Pauluse o ile a fihla pele sebakeng seo ba neng ba lumellane hore ba tla kopana ho sona Troase, kaha moferefere o neng o bakiloe ke litei tsa silevera o ile oa etsa hore a tlohe Efese kapele ho feta kamoo a neng a nahanne. Ka mor’a ho leta a tšoenyehile Troase, Pauluse o ile a hlokomela hore Tite ha a na ho tla ka sekepe. Kahoo, Pauluse a tsamaea ka matla ka tsela ea maoto, a e-na le tšepo ea hore o tla kopana le eena tseleng. Hang ha a fihla Europe, Pauluse o ne a tla tsamaea ka tsela ea Via Egnatia, ’me o ile a qetella a kopane le Tite Macedonia. Se ileng sa imolla Pauluse haholo le ho mo thabisa ke hore litaba tse tsoang Korinthe li ne li le monate. Phutheho eo e ne e arabetse hantle keletsong ea moapostola eo.—2 Bakorinthe 2:12, 13; 7:5-7.
Le hoja Pauluse a ne a ile a tšoenyeha ka hore na moemeli eo oa hae o ne a tla amoheloa joang, Molimo o ile a thusa Tite ho phetha thōmo ea hae. Tite o ne a amohetsoe ka “tšabo le thothomelo.” (2 Bakorinthe 7:8-15) Ha re sebelisa mantsoe a mohlalosi W. D. Thomas: “Re ka nka hore a sa fokotse matla a khalemelo e tiileng ea Pauluse, [Tite] o ile a ipiletsa ho Bakorinthe ka tsebo le ka masene; a ba tiisetsa hore Pauluse o ne a nahanne feela ka boiketlo ba bona ba moea ha a tla bua ka tsela eo a buileng ka eona.” Nakong eo, Tite o ile a rata Bakreste ba Korinthe ka lebaka la moea oa bona oa kutlo le liphetoho tse nepahetseng tseo ba ileng ba li etsa. Boikutlo ba bona bo babatsehang bo ile ba ipaka e le mohloli oa khothatso ho eena.
Ho thoe’ng ka karolo e ’ngoe ea thōmo ea Tite Korinthe—ho bokella koleke bakeng sa bahalaleli ba Judea? Tite o ile a boela a sebetsana le ntlha eo, joalokaha qeto eo e ka fihleloa ka lebaka la boitsebiso bo fumanoang ho 2 Bakorinthe. Ho ka etsahala hore ebe lengolo leo le ngotsoe Macedonia bofelong ba 55 C.E., kapele ka mor’a hore Tite le Pauluse ba kopane. Pauluse o ile a ngola hore Tite, eo e leng eena ea ileng a qala ho bokella koleke, joale o ne a khutlisetsoa moo le bathusi ba babeli ba sa boleloang ka mabitso, hore ba qetele mosebetsi oo. Kaha o ne a thahasella Bakorinthe ka pelo eohle, Tite o ne a rata ho khutlela. Ha Tite a khutlela Korinthe, mohlomong o ne a nkile lengolo la bobeli le bululetsoeng la Pauluse le eang ho Bakorinthe.—2 Bakorinthe 8:6, 17, 18, 22.
Tite e ne e se feela mohlophisi ea molemo, empa e ne e boetse e le motho ea ka tšepeloang ho rongoa maemong a boima ao ho hlokahalang tlhokomelo e khōlō. O ne a le sebete, a hōlile tsebong a bile a tiile. Ka ho hlakileng, Pauluse o ne a nka Tite a tšoaneleha bakeng sa ho sebetsana le liphephetso tse sa feleng tse neng li hlahisoa ke ‘baapostola ba Korinthe ba neng ba lokile ho tlōla.’ (2 Bakorinthe 11:5) Hore o ne a e-na le maikutlo ana ka Tite ho tiisoa ke ho hlaha ha hae ho latelang ka Mangolong, kabelong e ’ngoe e hlokang tlhokomelo.
Sehlekehlekeng sa Kreta
Ho ka etsahala hore ebe neng-neng lipakeng tsa 61 le 64 C.E., Pauluse o ile a ngolla Tite, eo ka nako eo a neng a sebeletsa sehlekehlekeng sa Mediterranean sa Kreta. Pauluse o ne a mo siile moo hore a ‘lokise lintho tse neng li e-na le moo li haelloang’ le ho “beha banna ba baholo motseng o mong ka mor’a o mong.” Ka kakaretso, Bakreta ba ne ba tsebahala ka hore ke ‘ba leshano, libata tse kotsi, menyollo e hlokang mosebetsi.’ Kahoo, Tite o ne a boetse a ka biletsoa ho nka khato ka sebete le ka ho tiea moo Kreta. (Tite 1:5, 10-12) Oo e ne e le mosebetsi oa boikarabelo bo boholo hobane o ne o ka rera hore na bokamoso ba Bokreste e tla ba bofe sehlekehlekeng seo. Tlas’a pululelo, Pauluse o ile a thusa Tite ka ho mo bolella ka ho hlaka hore na o ne a tlameha ho sheba eng bathong bao e neng e tla ba balebeli. Litšoaneleho tseo li sa ntse li nahaneloa ha ho khethoa baholo ba Bakreste.
Mangolo ha a bolele hore na Tite o ile a tloha neng Kreta. O bile moo nako e telele ho lekana hore Pauluse a mo kōpe hore a hlokomele litlhoko tsa Zenase le Apolose, ba neng ba emisitse moo ba le leetong nakong e sa boleloang. Empa Tite o ne a sa tl’o ba sehlekehlekeng seo nako e telele haholo. Pauluse o ne a rera ho romela Artemase kapa Tykikase moo, ’me Tite o ne a lokela ho kopana le moapostola motseng oa Nikopolise o ka leboea bophirimela Greece, oo e ka ’nang eaba o ne o tumme ka lebitso leo.—Tite 3:12, 13.
Tlalehong ea Bibele ea ho qetela e khutšoanyane e buang ka Tite, re hlokomela hore hoo e ka bang ka 65 C.E., Pauluse o ile a mo rōma kabelong e ’ngoe hape. E ile ea mo lebisa Dalmatia, sebaka se ka bochabela ho Leoatle la Adriatic se leng Croatia ea kajeno. (2 Timothea 4:10) Ha rea bolelloa hore na Tite o ne a lokela ho etsa eng moo, empa ho ’nile ha bontšoa hore o ne a ronngoe ho ea lokisa litaba tsa phutheho le ho etsa mosebetsi oa boromuoa. Haeba ho joalo, Tite o ne a tla be a sebetsana le boemo bo tšoanang le boo a neng a sebetsane le bona Kreta.
Re leboha hakaakang ka balebeli ba Bakreste ba hōlileng tsebong joaloka Tite! Kutloisiso ea bona e hlakileng ea melao-motheo ea Mangolo le ho e sebelisa ha bona ka sebete li thusa ho sireletsa bomoea ba phutheho. A re etsiseng tumelo ea bona ’me re ipake re tšoana le Tite ka ho ntšetsa pele lithahasello tsa moea tsa balumeli-’moho le rōna.—Baheberu 13:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bagalata 2:3 e hlalosa Tite e le Mogerike (Helʹlen). Sena se ka ’na sa bolela hore e ne e le oa lesika la Magerike. Leha ho le joalo, ho boleloa hore bangoli ba bang ba Magerike ba ne ba sebelisa sebōpeho se ka bongateng (Helʹle·nes) ha ba bua ka batho bao e seng Magerike empa ba bua Segerike le setso sa bona e le sa Magerike. Ho ka etsahala hore ebe Tite e ne e le Mogerike ka kutloisiso eo.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Tite e ne e le mosebetsi-’moho ea sebete bakeng sa lithahasello tsa Bakreste ba Korinthe le ba libakeng tse ling