Jehova ke “Moputsi oa ba mo Batlang ka Tieo”
“Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—BAHEBERU 11:6.
1, 2. Ke hobane’ng ha bahlanka ba bang ba Jehova ba ka ’na ba tšoenngoa ke maikutlo a fosahetseng?
BARBARA o re: “E se e batla e le lilemo tse 30 ke le Paki ea Jehova, empa ha ke e-s’o ikutloe ke tšoaneloa ho bitsoa hore ke eona.a Esita leha ke ’nile ka bula maliboho ka ba ka fuoa likabelo tse ling tse ngata, ha ho le e ’ngoe ho tsona e etsang hore ka pelong ea ka ke ikutloe ke tšoaneloa ho bitsoa Paki.” Ka ho tšoanang, Keith le eena o re: “Ka linako tse ling ke ’nile ka ikutloa ke sa tšoanelehe hobane bahlanka ba Jehova ba na le mabaka a mangata a ho thaba, empa ’na ha ke na ’ona. Sena se ne se etsa hore ke ikutloe ke le molato, e leng se neng se mpefatsa lintho le ho feta.”
2 Bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Jehova—ba nakong e fetileng le ba kajeno—ba ’nile ba tšoenngoa ke maikutlo a kang ao. Na ka linako tse ling le uena u tšoenngoa ke maikutlo ao? Mathata a ka ’na a u hloa setha, empa balumeli-’moho le uena ba bonahala ba thabela bophelo, ba sa tšoenyeha ka letho ba bile ba thabile. Ka lebaka leo, u ka ’na ua nka hore Jehova ha a u rate ebile ha u tšoaneloe ke hore a u ele hloko. U se potlakele ho etsa qeto ea hore ho joalo. Bibele ea re kholisa: “[Jehova] ha aa nyelisa kapa a nyonya mahloreho a ea hlorileng; ha aa mo patela sefahleho sa hae, o ile a utloa ha a hoeletsa ho kōpa thuso ho eena.” (Pesaleme ea 22:24) Mantsoe ao a boprofeta a buang ka Mesia a bontša hore hase feela hore Jehova o mamela batho ba hae ba tšepahalang, empa hape oa ba putsa.
3. Ke hobane’ng ha le rōna re angoa ke mathata a tsamaiso ee ea lintho?
3 Ha ho le ea mong ea sa angoeng ke mathata a tsamaiso ena ea lintho—a ama esita le batho ba Jehova. Re phela lefatšeng le busoang ke sera se seholo sa Jehova, e leng Satane Diabolose. (2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 5:19) Ho e-na le hore bahlanka ba Jehova ba sireletsoe ka mohlolo, ha e le hantle, ke bona ba ka sehloohong bao Satane a batlang ho ba hlasela. (Jobo 1:7-12; Tšenolo 2:10) Kahoo, ho fihlela nako eo Molimo a e behileng e fihla, re lokela ho ‘mamella matšoenyeho’ ’me re ‘phehelle thapelong,’ re kholisehile hore Jehova oa re tsotella. (Baroma 12:12) Ha rea lokela ho inehela boikutlong ba hore Jehova, Molimo oa rōna ha a re rate!
Mehlala ea Batho ba Boholo-holo ba Ileng ba Mamella
4. Fana ka mehlala e meng ea bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ileng ba mamella maemo a sithabetsang.
4 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba boholo-holo ba ne ba lokela ho mamella maemo a bohloko. Ka mohlala, ‘moea oa Anna o ne o utloile bohloko’ ka lebaka la hore o ne a se na bana—e leng boemo boo a neng a nka bo tšoana le ho lebaloa ke Molimo. (1 Samuele 1:9-11) Ha Elia a ne a lelekisoa ke Mofumahali Jezebele oa ’molai, o ile a tšoha eaba o rapela Jehova o re: “Ho lekane! Joale, Jehova, tlosa moea oa ka, etsoe ha ke molemo ho feta baholo-holo ba ka.” (1 Marena 19:4) Hape e tlameha ebe moapostola Pauluse o ile a ikutloa a sithabelitsoe ke ho se phethahale ha hae ha a tla qetella a itse: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.” O ile a eketsa ka ho re: “Ke monna ea sōtō hakaakang!”—Baroma 7:21-24.
5. (a) Anna, Elia le Pauluse ba ile ba putsoa joang? (b) Lentsoe la Molimo le ka re tšelisa joang haeba re tšoenngoa ke maikutlo a re sithabetsang?
5 Rea tseba hore batho bana kaofela—Anna, Elia le Pauluse ba ile ba mamella tšebeletsong ea Jehova, eaba o ba putsa haholo. (1 Samuele 1:20; 2:21; 1 Marena 19:5-18; 2 Timothea 4:8) Leha ho le joalo, ba ne ba tšoenngoa ke maikutlo a mefuta eohle ao batho ba bang le ’ona, a akarelletsang ho ikutloa ba saretsoe, ba nyahame ba bile ba tšohile. Kahoo, ha rea lokela ho makala haeba ka linako tse ling re ikutloa re sithabetse. Empa u ka etsa’ng ha matšoenyeho a bophelo a etsa hore u ipotse hore na ehlile Jehova oa u rata? Lentsoe la Molimo le ka u tšelisa. Ka mohlala, sehloohong se fetileng, re tšohlile polelo ea Jesu e reng Jehova o balile “moriri oa lihlooho tsa lōna.” (Matheu 10:30) Mantsoe ao a khothatsang a bontša hore Jehova o amehile haholo ka mohlanka e mong le e mong oa hae. Hape, hopola papiso ea Jesu ea lirobele. Haeba ha ho le e ’ngoe ea linonyana tseo tse nyenyane e oelang fatše Jehova a sa e bona, na a ka iphapanyetsa mahlomola a hao?
6. Ke joang Bibele e ka tšelisang ba tšoenngoang ke maikutlo a ba sithabetsang?
6 Na ehlile ho ka etsahala hore rōna batho ba sa phethahalang re be ba bohlokoa mahlong a ’Mōpi ea matla ’ohle, Jehova Molimo? E! Ha e le hantle, ho na le litemana tse ngata tsa Bibele tse re kholisang hore ho hlile ho joalo. Haeba re lula re nahanne ka tsona, le rōna re ka bua mantsoe a mopesaleme ea ileng a re: “Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.” (Pesaleme ea 94:19) A re hlahlobeng tse ling tsa lipolelo tsena tse tšelisang tse fumanoang Lentsoeng la Molimo tse tla re thusa ho utloisisa hantle hore Molimo o re nka re le ba bohlokoa ebile o tla re putsa haeba re tsoela pele ho etsa thato ea hae.
“Thepa e Khethehileng” ea Jehova
7. Ke boprofeta bofe bo khothatsang boo Jehova a ileng a re Malakia a bo bolelle sechaba se tletseng bobolu?
7 Ho ne ho e-na le boemo bo utloisang bohloko har’a Bajuda ba lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Baprista ba ne ba nka liphoofolo tse kulang ’me ba etsa mahlabelo ka tsona aletareng ea Jehova. Baahloli ba ne ba le leeme. Ho ne ho atile boloi, ho bua leshano, bolotsana le bofebe. (Malakia 1:8; 2:9; 3:5) Ha Malakia a bua le sechaba sena se neng se hlabisa lihlong ka lebaka la bobolu ba sona, o ile a bua mantsoe a makatsang a boprofeta. Ka mor’a nako e itseng, Jehova o ne a tla etsa hore batho ba hae ba boele ba amohelehe ho eena. Mantsoe ao a re: “‘Ka sebele e tla ba ba ka,’ ho boletse Jehova oa mabotho, ‘ka letsatsi la ha ke hlahisa thepa e khethehileng. Ke tla ba bontša qenehelo, feela joalokaha motho a bontša qenehelo ho mora oa hae ea mo sebeletsang.’”—Malakia 3:17.
8. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Malakia 3:17 ea sebetsa le ho bongata bo boholo?
8 Kajeno boprofeta ba Malakia bo phethahala ho Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, e leng sechaba sa moea sa ba 144 000. Ka sebele, ho Jehova, sechaba seo ke “thepa e khethehileng” kapa “batho bakeng sa letlotlo le khethehileng.” (1 Petrose 2:9) Boprofeta ba Malakia bo ka boela ba khothatsa “bongata bo boholo” ‘bo emeng ka pel’a terone le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu.’ (Tšenolo 7:4, 9) Bongata bona e ba mohlape o le mong le batlotsuoa, tlas’a Molisa a le mong, Jesu Kreste.—Johanne 10:16.
9. Ke hobane’ng ha Jehova a nka batho ba hae e le “thepa e khethehileng”?
9 Jehova o ikutloa joang ka batho ba khethang ho mo sebeletsa? Joalokaha re bone ho Malakia 3:17, o ikutloa ka tsela eo ntate ea lerato a ikutloang ka eona ka mora oa hae. Mamela tsela e babatsehang eo a phafang batho ba hae ka eona—o re ke “thepa e khethehileng.” Liphetolelo tse ling li fetolela poleloana ena e le “ba ka ka sebele,” “letlotlo la ka la bohlokoa ka ho fetisisa” le “mahakoe a ka.” Ke hobane’ng ha Jehova a nka ba mo sebeletsang e le ba bohlokoa hakaalo? Lebaka le ka sehloohong ke ho re, ke Molimo ea nang le teboho. (Baheberu 6:10) Ha batho ba mo sebeletsa ka pelo eohle, o atamela ho bona ebile o ba nka e le ba khethehileng.
10. Jehova o sireletsa batho ba hae joang?
10 Na u na le ntho ea bohlokoa eo u e nkang e le thepa e khethehileng? Na ha u etse boiteko ba ho e sireletsa? Sena ke sona seo Jehova a se etsang ka “thepa [ea hae] e khethehileng.” Ke ’nete hore ha a sireletse batho ba hae litekong le litlokotsing tsohle tsa bophelo. (Moeklesia 9:11) Empa ka kutloisiso ea moea, Jehova o tla sireletsa bahlanka ba hae ba tšepahalang ebile o na le matla a ho ba sireletsa. O ba fa matla ao ba a hlokang e le hore ba mamelle teko leha e le efe. (1 Bakorinthe 10:13) Kahoo, Moshe o ile a re ho Baiseraele, e leng batho ba Molimo ba boholo-holo: “Le be sebete ’me le be matla. . . . Jehova Molimo oa lōna ke eena ea tsamaeang le lōna. A ke ke a le lahla kapa a le tlohela ka ho feletseng.” (Deuteronoma 31:6) Jehova o putsa batho ba hae. Ho eena, ke “thepa e khethehileng.”
Jehova ke “Moputsi”
11, 12. Ho utloisisa karolo eo Jehova a e phethang e le Moputsi oa rōna ho tla re thusa joang ho thibela lipelaelo?
11 Ntho e ’ngoe e bontšang hore Jehova o nka bahlanka ba hae e le ba bohlokoa ke hore oa ba putsa. O ile a re ho Baiseraele: “‘Ka kōpo, ntekeng tabeng ena,’ ho boletse Jehova oa mabotho, ‘hore na ebe nke ke ka le bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo ’me ke le tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.’” (Malakia 3:10) ’Nete ke hore, qetellong Jehova o tla putsa bahlanka ba hae ka bophelo bo sa feleng. (Johanne 5:24; Tšenolo 21:4) Moputso ona oa bohlokoahali o bontša boholo ba lerato la Jehova le kamoo a fanang haholo kateng. O boetse o bontša hore ka sebele Molimo o nka ba khethang ho mo sebeletsa e le ba bohlokoa. Ho ithuta ho talima Jehova e le Moputsi ea fanang haholo ho ka re thusa ho thibela lipelaelo leha e le life tse mabapi le kamano ea rōna le Molimo. Ha e le hantle, Jehova o re khothalletsa ho mo nka e le Moputsi! Pauluse o ile a ngola tjena: “Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:6.
12 Ke ’nete hore ha re sebeletse Jehova hobane a re tšepisitse lintho tse itseng, empa ke hobane re mo rata. Ho ntse ho le joalo, hore motho a lule a nahana ka tšepo ea hore o tla fuoa moputso hase phoso ebile hase boithati. (Bakolose 3:23, 24) Jehova o nka bohato ba pele ebile o putsa ba mo batlang ka tieo ka lebaka la lerato leo a ba ratang ka lona le tsela eo a ba talimang e le ba bohlokoa ka eona.
13. Ke hobane’ng ha thekollo eo Jehova a faneng ka eona e le bopaki bo boholo ba hore oa re rata?
13 Tsela e phahameng ka ho fetisisa eo ka eona Jehova a bontšitseng hore o nka moloko oa batho e le oa bohlokoa, ke hore o fane ka thekollo. Moapostola Johanne o ile a ngola tjena: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Taba ea hore ho fanoe ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste e hanyetsa boikutlo ba hore Jehova ha a re nke re le ba bohlokoa ebile ha a re rate. Ka sebele, e tlameha ebe Jehova o re rata ho tsoa botebong ba pelo, hobane o re rekile ka theko e phahameng haholo—e leng ka bophelo ba Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.
14. Ke eng se bontšang hore na Pauluse o ne a talima thekollo joang?
14 Kahoo, haeba u ka ba le maikutlo a u sithabetsang a hore ha u oa bohlokoa, nahanisisa ka thekollo. U hle u e talime e le mpho eo Jehova a u fang eona. Moapostola Pauluse o ile a etsa sona seo. Hopola hore o itse: “Ke monna ea sōtō hakaakang!” Empa joale Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna,” “ea ileng a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.” (Baroma 7:24, 25; Bagalata 2:20) Ka ho rialo, Pauluse o ne a sa ithorise. O ne a mpa a bontša hore o kholisehile hore Jehova o mo nka e le oa bohlokoa. Le uena u lokela ho etsisa Pauluse ka hore u ithute ho talima thekollo e le mpho eo Molimo a u fang eona. Hase feela hore Jehova ke Mopholosi ea matla, empa hape ke Moputsi ea nang le lerato.
Hlokomela “Maqiti” a Satane
15-17. (a) Ke joang Diabolose a qhekellang batho ka maikutlo a ba sithabetsang? (b) Se hlahetseng Jobo se ka re khothatsa ka tsela efe?
15 Ho ntse ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba thata hore u lumele hore matšeliso a bululetsoeng a ka Lentsoeng la Molimo a hlile a u ama. U ka ’na ua nka hore ba bang ba ka fumana moputso oa ho phela ka ho sa feleng, empa eseng uena. U ka etsa joang haeba u ikutloa joalo?
16 Ha ho pelaelo hore u tseba keletso ena ea Pauluse e eang ho Baefese: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.” (Baefese 6:11) Lintho tsa pele tseo re nahanang ka tsona ha ho buuoa ka maraba a Satane ke lerato la lintho tse bonahalang le boitšoaro bo hlephileng, ’me ha rea fosa ha re nahana joalo. Liteko tsena li tšoasitse batho ba bangata ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo le ba kajeno. Leha ho le joalo, ho na le maqiti a mang a Satane ao re sa lokelang ho a hlokomoloha—e leng boiteko ba hae ba ho kholisa batho hore Jehova Molimo ha a ba rate.
17 Diabolose o tseba ho qhekella batho ka maikutlo a joalo moo a lekang hore ba furalle Molimo. Hopola mantsoe ao Bildade a ileng a a bolella Jobo: “Motho ea shoang e ka ba ea nepileng joang ka pel’a Molimo, kapa motho ea tsoetsoeng ke mosali e ka ba ea hloekileng joang? Bona! Ho na le khoeli, ’me ha e khanye; linaleli ha lia hloeka mahlong a hae. Ho joalo hakaakang ka motho ea shoang, eo e leng tšenyane, le mora oa motho, eo e leng sebōkō!” (Jobo 25:4-6; Johanne 8:44) U ka inahanela feela hore e tlameha ebe mantsoe ao a ile a sulafalletsa Jobo bophelo hakae! Kahoo, u se ke ua lumella Satane ho u sulafalletsa bophelo. Ka lehlakoreng le leng, hlokomela merero ea Satane e le hore u ka ba sebete esita le ho ba le matla a hore u loane ea khumamela hore u etse se nepahetseng. (2 Bakorinthe 2:11) Esita le hoja Jobo a ne a lokela ho khalemeloa, Jehova o ile a mo putsa ka lebaka la mamello ea hae ka ho mo buseletsa habeli lintho tsohle tsa hae tse neng li lahlehile.—Jobo 42:10.
Jehova “o Moholo ho Lipelo Tsa Rōna”
18, 19. “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna” joang, hona ke joang ‘a tsebang lintho tsohle’?
18 Ke ’nete hore ho ka ba thata ho khaotsa ho nyahama haeba u nyahame haholo. Leha ho le joalo, moea oa Jehova o ka u thusa hore u lule u ntse u “phethola lintho tse metseng ka matla . . . [tse] phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo.” (2 Bakorinthe 10:4, 5) Ha maikutlo a sithabetsang a batla ho u hlōla, nahanisisa ka mantsoe ana a moapostola Johanne: “Re tla tseba ka sena hore re simoloha ’neteng, ’me re tla kholisa lipelo tsa rōna ka pel’a hae mabapi le eng kapa eng eo lipelo tsa rōna li ka re tsoang ho eona, hobane Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.”—1 Johanne 3:19, 20.
19 Poleloana e reng “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna” e bolela’ng? Ka linako tse ling, lipelo tsa rōna li ka ’na tsa re nyatsa, haholo ha re utloisoa bohloko ke ho hlokomela mefokolo ea rōna le liphoso tsa rōna. Kapa mohlomong ka lebaka la tsela eo re hōlisitsoeng ka eona, re na le boikutlo bo feteletseng ba ho ikhesa, joalokaha eka ha ho letho leo re ka le etsang leo Jehova a ka le amohelang. Mantsoe a moapostola Johanne aa re kholisa hore Jehova o moholo ho boikutlo boo! Ha a lule a shebile liphoso tsa rōna empa oa tseba hore na re ka khona ho etsa’ng. Hape o tseba sepheo sa rōna le merero ea rōna. Davida o ile a ngola: “O tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:14) Ka sebele Jehova o re tseba haholo ho feta kamoo re itsebang kateng!
“Moqhaka oa Botle” le “Tuku ea Borena”
20. Boprofeta ba Esaia ba tsosoloso bo bontša eng mabapi le kamoo Jehova a talimang bahlanka ba hae?
20 Jehova o ile a sebelisa moprofeta Esaia e le hore a fe batho ba hae ba mehleng ea boholo-holo tšepo ea hore ba tla tsosolosoa. Ka sebele, batho bana ba neng ba tla ba mahlomoleng Babylona ba ne ba tla hloka ho tšelisoa le ho kholisoa hore ba tla hle ba tsosolosoe! Ha a bua ka nako e tlang ea ha ba ne ba tla khutlisetsoa naheng ea habo bona, Jehova o ile a re: “U tla fetoha moqhaka oa botle letsohong la Jehova, le tuku ea borena letsohong la Molimo oa hao.” (Esaia 62:3) Ka mantsoe ana, Jehova o ile a apesa batho ba hae khanya le tlhompho. Ke sona seo a se entseng ka sechaba sa hae sa Iseraele ea moea kajeno. Ho joalokaha eka o se phahamiselitse holimo e le hore batho bohle ba hlolloe ha ba se boha.
21. U ka kholiseha joang hore Jehova o tla u putsa ha u mameletse ka botšepehi?
21 Le hoja boprofeta bona bo phethahala haholo ho batlotsuoa, bo bontša tlhompho eo Jehova a e fileng bohle ba mo sebeletsang. Kahoo, ha u hlasetsoe ke lipelaelo, hopola hore le hoja u sa phethahala, u ka ba oa bohlokoa ho Jehova joaloka “moqhaka oa botle” le “tuku ea borena.” Kahoo, tsoela pele u thabisa pelo ea hae ka ho etsa thato ea hae ka tieo. (Liproverbia 27:11) Ka ho etsa joalo, u ka kholiseha hore Jehova o tla u putsa hobane u mameletse ka botšepehi!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
U sa Hopola?
• Ke joang re leng “thepa e khethehileng” ho Jehova?
• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho talima Jehova e le Moputsi?
• Ke “maqiti” afe a Satane ao re lokelang ho itebela ho ’ona?
• Ke ka litsela life Molimo a leng “moholo ho lipelo tsa rōna”?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Pauluse
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Elia
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Anna
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Lentsoe la Molimo le na le matšeliso a mangata