Bakreste ba Pele le Molao oa Moshe
“Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste.”—BAGALATA 3:24.
1, 2. E meng ea melemo e ileng ea tlela Baiseraele ba neng ba boloka Molao oa Moshe ka hloko ke efe?
KA 1513 B.C.E., Jehova o ile a fa Baiseraele molao. O ile a bolella sechaba seo hore ha se ka mamela lentsoe la hae, o tla se hlohonolofatsa ’me se tla thabela bophelo.—Exoda 19:5, 6.
2 Molao oo, o neng o bitsoa Molao oa Moshe, kapa “Molao,” ‘o ne o halalela ’me o lokile ’me o le molemo.’ (Baroma 7:12) O ne o khothalletsa makhabane a kang mosa, botšepehi, boitšoaro le moea oa boahisani. (Exoda 23:4, 5; Levitike 19:14; Deuteronoma 15:13-15; 22:10, 22) Molao o ne o boetse o khothalletsa Bajuda hore ba ratane. (Levitike 19:18) Ho feta moo, ba ne ba sa lokela ho tloaelana le Balichaba ba neng ba se tlas’a Molao hape ba ne ba sa lokela ho nyala barali ba bona. (Deuteronoma 7:3, 4) Molao oa Moshe o ne o tšoana le “lerako” le neng le arohanya Bajuda le Balichaba, ’me o ne o thibela sechaba sa Molimo hore se se ke sa silafatsoa ke monahano oa bahetene le mekhoa ea bona.—Baefese 2:14, 15; Johanne 18:28.
3. Kaha ho ne ho se motho ea ka bolokang Molao ka ho phethahetseng, molemo oa oona e ne e le ofe?
3 Leha ho le joalo, esita le Bajuda ba neng ba boloka Molao ka hloko ba ne ba ke ke ba boloka Molao oa Molimo ka ho phethahetseng. Na Jehova o ne a ba imetsa? Che. Lebaka le leng leo ka lona Baiseraele ba ileng ba fuoa Molao e ne e le “ho bonahatsa litlōlo.” (Bagalata 3:19) Molao o ile oa hlokomelisa Bajuda ba tšepahalang hore ba hlile ba hloka Molopolli. Ha A fihla, Bajuda ba tšepahalang ba ile ba thaba. Ho lopolloa ha bona thohakong ea sebe le lefu ho ne ho le haufi!—Johanne 1:29.
4. Molao e ne e le ‘motataisi ea isang ho Kreste’ ka kutloisiso efe?
4 Molao oa Moshe e ne e lokela ho ba tokisetso ea nakoana. Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste ba bang, o ile a hlalosa hore Molao e ne e le ‘motataisi ea isang ho Kreste.’ (Bagalata 3:24) Motataisi oa boholo-holo o ne a tsamaea le bana ha ba e-ea sekolong le ha ba khutla. Hangata e ne e se mosuoe, o ne a mpa a isa bana ho mosuoe. Ka tsela e tšoanang, Molao oa Moshe o ne o etselitsoe ho isa Bajuda ba tšabang Molimo ho Kreste. Jesu o ile a tšepisa hore o tla ba le balateli ba hae “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:20) Kahoo, hang ha ho thehiloe phutheho ea Bokreste, “motataisi”—e leng Molao—o ile a felloa ke mosebetsi. (Baroma 10:4; Bagalata 3:25) Empa Bakreste ba bang ba Bajuda ba ile ba lieha ho utloisisa ’nete ena ea bohlokoa. Ka lebaka leo, ba ile ba tsoela pele ba boloka likarolo tse itseng tsa Molao esita le ka mor’a tsoho ea Jesu. Ba bang, leha ho le joalo, ba ile ba fetola monahano oa bona. Ka ho etsa joalo, ba re behetse mohlala o motle kajeno. A re boneng hore na hoo ba ho entse joang.
Kutloisiso e Ncha Thutong ea Bokreste
5. Petrose o ile a fuoa litaelo life ponong, ’me ke hobane’ng ha a ile a tšoha?
5 Ka 36 C.E., Petrose, moapostola oa Mokreste, o ile a bona pono e makatsang. Ka nako eo, lentsoe le tsoang leholimong le ile la mo laela hore a hlabe ’me a je linonyana le liphoofolo tse neng li sa hloeka tlas’a Molao. Petrose o ile a tšoha! O ne a “e-s’o je ntho leha e le efe e silafetseng le e sa hloekang.” Empa lentsoe le ile la re ho eena: “U khaotse ho bitsa lintho tseo Molimo a li hloekisitseng hore li silafetse.” (Liketso 10:9-15) Ho e-na le ho khomarela Molaong, Petrose o ile a lokisa pono ea hae. Sena se ile sa mo hlokomelisa ntho e ’ngoe e makatsang ka merero ea Molimo.
6, 7. Ke eng e ileng ea thusa Petrose ho fihlela qeto ea hore joale a ka bolella Balichaba molaetsa, ’me ho ka etsahala hore ebe ke liqeto life hape tseo a ileng a li etsa?
6 Ho ile ha etsahala se latelang: Banna ba bararo ba ile ba ea moo Petrose a neng a lula teng ho ea mo kōpa hore a ee le bona tlung ea Molichaba ea sa bollang ea tšabang Molimo ea bitsoang Korneliase. Petrose o ile a kōpa banna bana hore ba kene ka tlung ’me a ba amohela. Ka mor’a hore Petrose a utloisise se boleloang ke pono ena, o ile a tsamaea le bona ka letsatsi le hlahlamang ho ea tlung ea Korneliase. Teng, Petrose o ile a paka Jesu Kreste ka ho feletseng. Ka nako eo, Petrose o ile a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” Korneliase hammoho le beng ka eena le metsoalle e haufi ba ile ba bontša tumelo ho Jesu, ’me ‘moea o halalelang o ile oa theohela holim’a bohle ba utloang lentsoe.’ Petrose o ile a hlokomela hore ke Jehova ea entseng sena ’me o ile a “laela hore ba kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste.”—Liketso 10:17-48.
7 Ke eng se ileng sa etsa hore Petrose a fihlele qeto ea hore Balichaba ba seng tlas’a Molao oa Moshe ba ka fetoha balateli ba Jesu Kreste? O ne a utloisisa lintho tsa moea. Kaha Molimo o ne a bontšitse hore O amohela Balichaba ba sa bollang ka ho ba tšollela moea oa hae o halalelang, Petrose o ile a utloisisa hore ba ka kolobetsoa. Ka nako e tšoanang, ho hlakile hore Petrose o ne a hlokomela hore Molimo o ne a sa lebella hore Bakreste ba Balichaba ba boloke Molao oa Moshe e le hore ba kolobetsoe. Haeba u ne u phetse ka nako eo, na u ka be u ile ua utloisisa ho fetola pono ea hao joaloka Petrose?
Ba Bang ba Ile ba Tsoela Pele ho Latela “Motataisi”
8. Bakreste ba bang ba neng ba lula Jerusalema ba ne ba buella pono efe e fapaneng le ea Petrose ka lebollo, hona hobane’ng?
8 Ha Petrose a tloha ha Korneliase, o ile a ea Jerusalema. Litaba tsa hore Balichaba ba sa bollang ba ne ba “amohetse lentsoe la Molimo” li ne li fihlile phuthehong ea teng, ’me taba ena e ne e sa thabisa barutuoa ba bang ba Bajuda. (Liketso 11:1-3) “Batšehetsi ba lebollo” ba ne ba lumela hore Balichaba e ka ba balateli ba Jesu empa ba ne ba tsitlella hore batho bana bao e seng Bajuda ba lokela ho boloka Molao e le hore ba bolokoe. Ka lehlakoreng le leng, libakeng tseo ho tsona Balichaba ba neng ba le bangata, ’me ho e-na le Bakreste ba fokolang ba Bajuda, ho ne ho sa tsekisanoe ka taba ea lebollo. Bakreste bana ba ile ba e-ba le maikutlo ana a sa tšoaneng ka lilemo tse ka bang 13. (1 Bakorinthe 1:10) Sena e tlameha ebe e ne e le teko e kaakang ho Bakreste bao ba pele—haholo-holo Balichaba ba neng ba lula libakeng tseo Bajuda ba neng ba le bangata ho tsona!
9. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore khang ea lebollo e rarolloe?
9 Khang ena e ile ea e-ba matla haholo ka 49 C.E. ha Bakreste ba tsoang Jerusalema ba fihla Antioke ea Syria, moo Pauluse a neng a ntse a bolela molaetsa teng. Ba ile ba qala ho ruta hore basokolohi ba Balichaba ba lokela ho bolla joalokaha Molao o laela. Ha baa ka ba lumellana le Pauluse le Barnabase ’me ba ile ba phehisana haholo le bona! Haeba khang ena e ne e sa rarolloe, Bakreste ba bang, ebang e ne e le ba Bajuda kapa ba Balichaba, ba ne ba tla kholokhotheha. Kahoo, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore Pauluse le ba bang ba seng bakae ba ee Jerusalema ’me ba kōpe sehlopha se busang sa Bakreste hore se rarolle khang ena ka ho feletseng.—Liketso 15:1, 2, 24.
Ka Mor’a ho Loantšana ka Maikutlo—Ho ba le Kutloano!
10. Ke lintlha life tseo sehlopha se busang se ileng sa li sekaseka pele se etsa qeto mabapi le boemo ba Balichaba?
10 Sebokeng seo, ho bonahala hore ba bang ba ile ba buella lebollo, ha bang ba ile ba le hanyetsa. Empa batho ha baa ka ba lumela ho laoloa ke maikutlo a bona. Ka mor’a ho phehisana khang haholo, moapostola Petrose le moapostola Pauluse ba ile ba hlalosa lipontšo tseo Jehova a neng a li entse har’a balumeli ba sa bollang. Ba ile ba hlalosa hore Molimo o ne a tšolletse moea o halalelang ho Balichaba ba sa bollang. Ha e le hantle, ba ile ba botsa, ba re, ‘Na phutheho ea Bokreste e ka lahla bao Molimo a ba amohetseng?’ Ka mor’a moo morutuoa Jakobo o ile a bala karolo ea Mangolo e ileng ea thusa bohle ba teng ho lemoha thato ea Jehova tabeng ena.—Liketso 15:4-17.
11. Ke ntlha efe e sa kang ea susumetsa qeto e ileng ea etsoa mabapi le lebollo, ’me ke eng se bontšang hore Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto ee?
11 Bohle ba ne ba thahasella ho tseba maikutlo a sehlopha se busang. Na se ne se tla etsa qeto e sokameng ’me se emele lebollo hobane feela litho tsa sona e le Bajuda? Che. Banna bana ba tšepahalang ba ne ba ikemiselitse ho latela Mangolo le tataiso ea moea o halalelang oa Molimo. Ka mor’a hore sehlopha se busang se utloe bopaki bohle bo amehang, se ile sa e-ba ntsoe-leng hore ha ho hlokahale hore Bakreste ba Balichaba ba bolle le hore ba be tlas’a Molao oa Moshe. Ha barab’abo rōna ba fumana molaetsa ona, ba ile ba thaba ’me liphutheho tsa qala “ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.” Bakreste ba ileng ba ikokobelletsa tataiso e hlakileng ea puso ea Molimo, ba ile ba fuoa karabo e theiloeng Mangolong. (Liketso 15:19-23, 28, 29; 16:1-5) Leha ho le joalo, ho ne ho sa ntsane ho hlokahala hore ho arabeloe potso e ’ngoe ea bohlokoa.
Ho Thoe’ng ka Bakreste ba Bajuda?
12. Ke potso efe e ileng ea sala e sa arajoa?
12 Sehlopha se busang se ne se bontšitse ka ho hlaka hore ha ho hlokahale hore Bakreste ba Balichaba ba bolle. Empa, na Bakreste ba Bajuda bona ba ne ba lokela ho bolla? Qeto ea sehlopha se busang e ne e sa araba potso eo ka ho toba.
13. Ke hobane’ng ha ho ne ho fosahetse ho etsa qeto ea hore ho boloka Molao oa Moshe ho ne ho hlokahala bakeng sa poloko?
13 Bakreste ba bang ba Bajuda ba neng ba “chesehela Molao” ba ile ba tsoela pele ba bolotsa bana ba bona le ho boloka likarolo tse itseng tsa Molao. (Liketso 21:20) Ba bang ba ile ba etsa ho fetang hoo, ba tsitlella hore hoa hlokahala hore Bakreste ba Bajuda ba boloke Molao e le hore ba bolokehe. Ba ne ba fositse haholo tabeng ena. Ka mohlala, ho ne ho se ho sa hlokahale hore Mokreste a nyehele sehlabelo sa phoofolo bakeng sa tšoarelo ea libe. Sehlabelo sa Kreste se ne se felisitse linyehelo tseo ka ho feletseng. Ho thoe’ng ka taelo ea Molao ea hore Bajuda ba se ke ba e-ba le setsoalle se haufi le Balichaba? Ho ka be ho bile thata haholo hore baboleli ba chesehang ba Bakreste ba hlomphe lithibelo tsena ba be ba etse mosebetsi oa ho ruta Balichaba lintho tsohle tseo Jesu a neng a li rutile. (Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8; 10:28)a Ha ho na bopaki ba hore litaba tsena li ile tsa hlakisoa ho se seng sa liboka tsa sehlopha se busang. Leha ho le joalo, phutheho ha ea ka ea siuoa lepalapaleng.
14. Mangolo a bululetsoeng a Pauluse a ile a fana ka tataiso efe mabapi le Molao?
14 Tataiso ha ea ka ea fanoa ka lengolo le tsoang ho sehlopha se busang, ho e-na le hoo, e ile ea tla ka mangolo a mang a bululetsoeng a ngotsoeng ke baapostola. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a romella Bajuda le Balichaba ba lulang Roma molaetsa o matla. Lengolong leo a ileng a ba ngolla lona o ile a hlalosa hore Mojuda oa sebele “ke eo e leng eena ka hare, ’me lebollo la hae ke la pelo ka moea.” (Baroma 2:28, 29) Lengolong lona leo, Pauluse o sebelisitse papiso ho bontša hore Bakreste ha ba sa le tlas’a Molao. O ile a bontša hore mosali a ke ke a nyaloa ke banna ba babeli ba ntseng ba phela. Empa ha monna oa hae a ka shoa, o ne a ka nyaloa. Ka mor’a moo Pauluse o ile a sebelisa papiso ena ho bontša hore Bakreste ba batlotsuoa ba ke ke ba ja ka mehlahare e ’meli, ba ikokobelletsa Molao oa Moshe le Kreste. Ba ne ba lokela ‘ho shoa mabapi le Molao’ e le hore ba ka ba bonngoeng le Kreste.—Baroma 7:1-5.
Ba Ile ba Lieha ho Utloisisa Hore ha ba sa Tlamehile ho Boloka Molao
15, 16. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba Bajuda ba ile ba sitoa ho utloisisa hore ha ba sa tlamehile ho boloka Molao, ’me see se bontša eng ka bohlokoa ba ho lula re falimehile moeeng?
15 Mabaka ao Pauluse a ileng a a beha mabapi le Molao a ne a ke ke a hanyetsoa. Joale, ho tla joang hore ebe Bakreste ba bang ba Bajuda ba ile ba sitoa ho utloisisa hore ha ba sa tlamehile ho boloka Molao? Lebaka le leng la sena ke hore ba ne ba sa utloisise lintho tsa moea. Ka mohlala, ba ile ba hlokomoloha ho ja lijo tse tiileng tsa moea. (Baheberu 5:11-14) Hape ba ne ba sa be teng kamehla libokeng tsa Bokreste. (Baheberu 10:23-25) Lebaka leo ka lona ba bang ba sa kang ba utloisisa hore ha ba sa tlamehile ho boloka Molao e ka ’na eaba le ne le amana le seo Molao ka booona o neng o le sona. O ne o thehiloe linthong tse ka bonoang le tse ka tšoaroang, tse kang tempele le boprista. Ho ne ho le bonolo haholo hore motho ea sa hōlang moeeng a amohele Molao ho feta hore a amohele melao-motheo e tebileng ea Bokreste, e neng e thehiloe linthong tsa sebele tse sa bonoeng.—2 Bakorinthe 4:18.
16 Lengolong la hae le neng le e-ea ho Bagalata, Pauluse o ile a bolela lebaka le leng hape leo ka lona Bakreste ka lebitso ba neng ba chesehela Molao. O ile a hlalosa hore batho bana ba ne ba batla ho shebahala ba hlompheha, e le litho tsa bolumeli bo boholo. Ho e-na le ho ikemisetsa ho hlahella e le Bakreste, ba ne ba ikemiselitse ho sekisetsa ka hohle e le hore feela e be karolo ea sechaba. Ba ne ba thabela haholo ho amoheloa ke batho ho e-na le ho amoheloa ke Molimo.—Bagalata 6:12.
17. Pono e loketseng mabapi le ho boloka Molao e ile ea hlaka neng?
17 Bakreste ba hlalohanyang litaba ba neng ba ithuta mangolo a bululetsoeng ke Molimo a Pauluse le ba bang, ba ile ba etsa liqeto tse nepahetseng tabeng ea Molao. Leha ho le joalo, litaba li ile tsa tsoela pele tjena ho fihlela ka selemo sa 70 C.E. ha pono e loketseng ka Molao oa Moshe e hlakela Bakreste bohle ba Bajuda. Sena se ile sa etsahala ha Molimo a tlohella Jerusalema, tempele ea eona le litlaleho tse amanang le boprista ba eona hore li senngoe. Sena se ile sa thatafaletsa bohle ho boloka lintho tsohle tse batloang ke Molao.
Ho Sebelisa Seo re Ithutang Sona Tabeng Ena Kajeno
18, 19. (a) Ke maikutlo afe ao re lokelang ho a amohela le ao re lokelang ho a qoba e le hore re lule re phela hantle moeeng? (b) Mohlala oa Pauluse o re ruta eng ka ho latela tataiso eo re e fumanang ho barab’abo rōna ba ikarabellang? (Bona lebokose le leqepheng la 24.)
18 Mohlomong ka mor’a ho hlahloba liketsahalo tsena tsa khale, ua ipotsa: ‘Hoja ke ne ke phetse nakong eo, nka be ke ile ka nka khato efe ha thato ea Molimo e ntse e senoloa butle-butle? Na nka be ke ile ka ngangella Molaong? Kapa nka be ke ile ka mamella ho fihlela kutloisiso e nepahetseng e hlaka? Ha kutloisiso e hlaka, na nka be ke ile ka fetola pono ea ka hore e lumellane le kutloisiso eo?’
19 Ho hlakile hore re ke ke ra nepisisa hore na re ka be re ile ra itšoara joang haeba re ne re phetse nakong eo. Empa re ka ipotsa: ‘Ebe kajeno ke etsa joang ha tsela eo re utloisisang Bibele ka eona e hlakisoa? (Matheu 24:45) Ha ho fanoa ka tataiso ea Mangolo, na ke leka ho e latela ke sa e khomarele hoo ke hlokomolohang melao-motheo e e laolang? (1 Bakorinthe 14:20) Na ka mamello ke letela Jehova ha ho bonahala lipotso tsa ka li lieha ho arajoa?’ Ke habohlokoa hore re sebelise hamolemo lijo tsa moea tse teng kajeno, e le hore “re se ke ra hoholeha.” (Baheberu 2:1) Ha Jehova a re tataisa ka Lentsoe la hae, moea oa hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng, a re mameleng ka hloko. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa ka bophelo bo sa feleng bo thabisang le bo khotsofatsang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Petrose o ile a thabela botsoalle bo mofuthu le balumeli ba Balichaba ha a ne a etetse Syria ea Antioke. Leha ho le joalo, ha Bakreste ba Bajuda ba tsoang Jerusalema ba fihla, Petrose o ile “a qala ho tloha le ho ikhetha, ka ho tšaba ba sehlopha se bolotseng.” Nahana feela hore na basokolohi bao ba Balichaba ba ile ba kholokhotheha hakaakang ha moapostola enoa ea hlomphehang a hana ho ja le bona!—Bagalata 2:11-13.
U ka Araba Joang?
• Molao oa Moshe o ne o tšoana le ‘motataisi ea isang ho Kreste’ joang?
• U ka hlalosa joang ho se tšoane tseleng eo Petrose le “batšehetsi ba lebollo” ba ileng ba itšoara ka eona ha ho lokisoa tsela eo ’nete e neng e utloisisoa ka eona?
• U ithutile eng tseleng eo Jehova a senolang ’nete ka eona kajeno?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
Pauluse o Tobana le Teko ka Boikokobetso
Pauluse o ile a fihla Jerusalema ka 56 C.E. ka mor’a leeto le atlehileng la boromuoa. Teng o ne a letetsoe ke teko. Litaba tsa hore o ne a ntse a ruta hore Molao ha o sa sebetsa li ne li fihlile phuthehong ea moo. Banna ba baholo ba ne ba tšohile hore Bajuda ba sa tsoa sokolohela Bokresteng ba ne ba ka kholokhotheha kahobane Pauluse a ne a bua pepenene ka taba ena ea Molao le hore ba ne ba ka ’na ba etsa qeto ea hore Bakreste ha ba hlomphe litokisetso tsa Jehova. Ka phuthehong, ho ne ho e-na le Bakreste ba bane ba Bajuda ba neng ba entse kano, mohlomong ea Bonazari. Ba ne ba lokela ho ea tempeleng e le hore ba phethahatse kano ena.
Banna ba baholo ba ile ba kōpa Pauluse hore a tsamaee le banna bana ba bane ha ba e-ea tempeleng le hore a lefelle litšenyehelo tsa bona. Pauluse o ne a ngotse bonyane mangolo a mabeli a bululetsoeng ao ho ’ona a neng a beha mabaka a hore ha ho hlokahale hore motho a boloke Molao e le hore a bolokehe. Leha ho le joalo, o ne a nahanela matsoalo a ba bang. Pele ho mona o ne a ile a ngola, a re: “Ho ba tlas’a molao ka ba joaloka ea tlas’a molao . . . e le hore nka rua ba tlas’a molao.” (1 Bakorinthe 9:20-23) Le hoja kamehla Pauluse a ne a sa sekisetse ha ho ameha melao-motheo ea bohlokoa ea Mangolo, o ile a bona ho loketse hore a amohele keletso ea banna bana ba baholo. (Liketso 21:15-26) Ho ne ho se phoso hore a etse joalo. Mangolo a ne a se khahlanong le likano, ’me tempele e ne e ile ea sebelisetsoa borapeli bo hloekileng, eseng ba litšoantšo. E le hore Pauluse a se ke a kholokhothehisa ba bang, o ile a etsa kamoo a kōptjoang. (1 Bakorinthe 8:13) Ha ho pelaelo hore sena se ne se hloka hore Pauluse a bontše boikokobetso bo feletseng, e leng ntlha e etsang hore re mo hlomphe ka botebo.
[Setšoantšo se leqepheng la 22, 23]
Ka lilemo tse itseng Bakreste ba ile ba e-ba le pono e sa tšoaneng ka Molao oa Moshe