Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Hahamalla ho Etsisa Kreste?
    Molula-Qhooa—2015 | September 15
    • 2 Ka mor’a hore motho a ithute ka Jehova ’me a etse qeto ea ho kolobetsoa, kamano ea hae le Molimo e tiea le ho feta. Pakane ea hae ke ho ba Mokreste ea hōlileng tsebong. Ho hōla tsebong ha ho bolele hore motho o hōlile lilemong. Ho e-na le hoo, ho bolela hore o hōlile moeeng, kapa hore o na le kamano e haufi le Jehova. Moapostola Pauluse o ne a batla hore Bakreste ba Efese ba hōle tsebong. O ile a ba khothalletsa hore ba momahane tumelong ’me ba tsoele pele ho ithuta ka Jesu, e le hore e be ‘banna ba hōlileng ka ho feletseng, ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste.’—Baefese 4:13.

      3. Phutheho ea Efese e tšoana joang le bahlanka ba Jehova kajeno?

      3 E ne e se e le lilemo phutheho ea Efese e thehiloe ha Pauluse a e ngolla lengolo. Bakreste ba bangata phuthehong eo, ba ne ba e-na le phihlelo, ’me ba hōlile tsebong. Empa ho ne ho hlokahala hore ba bang ba bona ba matlafatse kamano ea bona le Jehova. Le kajeno, bara le barali babo rōna ba bangata ba sebelelitse Jehova ka nako e telele ’me ke Bakreste ba hōlileng tsebong. Leha ho le joalo, ba bang ka phuthehong ha ba e-s’o fihle boemong boo. Ka mohlala, ho kolobetsoa batho ba likete selemo le selemo, kahoo, ba bang ba ntse ba lokela ho hōla tsebong. Uena?—Bakolose 2:6, 7.

  • Na U Hahamalla ho Etsisa Kreste?
    Molula-Qhooa—2015 | September 15
    • 5 Mokreste ea hōlileng tsebong o etsisa Jesu ’me o latela “mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Jesu o ile a re motho o lokela ho rata Jehova ka pelo ea hae eohle, ka moea oa hae oohle le ka kelello ea hae eohle, ’me a rate moahelani oa hae joalokaha a ithata. (Matheu 22:37-39) Mokreste ea hōlileng tsebong o leka ka matla ho mamela taelo eo. Tsela eo a phelang ka eona e bontša hore o nka kamano ea hae le Jehova le ho rata ba bang e le habohlokoa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela