Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Phethola Menahano e Khahlanong le Tsebo ea Molimo
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2019 | June
    • “LE NCHAFALE MATLENG A SUSUMETSANG LIKELELLO TSA LONA”

      7. Na ho ka khoneha hore re fetole likelello tsa rona, hona re ka etsa seo joang?

      7 Na ho ka khoneha hore re fetole likelello tsa rona? Lentsoe la Molimo le re: “Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lona, le hore le apare botho bo bocha bo ileng ba boptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baef. 4:​22-24) Kahoo, ho ka khoneha hore re fetole likelello tsa rona, empa ha ho bonolo. Re lokela ho hanela menahano e fosahetseng, re be re khaotse ho etsa lintho tseo Molimo a sa li rateng. Re lokela ho fetola ‘matla a susumetsang likelello tsa rona.’ Taba eo e akareletsa ho fetola lintho tseo re li ratang, tseo re li tloaetseng le mabaka a re susumetsang ho li etsa. Ho etsa joalo ha se ntho ea letsatsi le le leng feela.

      8-9. Re ithuta’ng mohlaleng oa mor’abo rona e mong?

      8 Mohlala, mor’abo rona e mong o ne a rata ntoa mehleng ea hae. Ka mor’a hore a khaotse ho noa joala haholo le ho loana, o ile a tšoaneleha hore a ka kolobetsoa ’me taba eo e ile ea etsa hore batho ba motseng oa habo ba rate Lipaki. Empa mantsiboeeng a mang nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe, tumelo ea hae e ile ea lekoa ka tsela eo a neng a sa e nahana. Monna e mong ea tahiloeng o ile a fihla ha hae a le moeeng oa ntoa. Qalong mor’abo rona o ile a ithiba hore a se ke a mo loantša. Empa ha monna eo a se a rohaka Jehova, mor’abo rona o ile a hloleha ho ithiba ke khalefo. O ile a tsoa ka tlung a ea mo bolaisa liopa-pina. Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? Le hoja lintho tseo a ithutileng tsona Bibeleng li mo thusitse ho ithiba hore a se ke a loana, o ne a e-s’o ka a fetola kelello ea hae. Ka mantsoe a mang o ne a e-s’o ka a etsa liphetoho tse hlokehang bophelong ba hae.

      9 Leha ho le joalo, mor’abo rona ha aa ka a akhela thaole. (Liprov. 24:​16) Baholo ba ile ba mo thusa hore a tsoele pele a etsa liphetoho tse hlokehang. Qetellong o ile a tšoaneleha ho ba moholo. Eaba mantsiboeeng a mang ha a le kantle ho jarete ea Holo ea ’Muso, tumelo ea hae e lekoa ka tsela e batlang e tšoana le ea ha a sa tsoa kolobetsoa. Monna ea tahiloeng o ne a batla ho otla moholo e mong. Mor’abo rona o ile a etsa’ng? Ka bonolo o ile a leka ho buisana le monna eo ea tahiloeng, a ba a mo thusa hore a khobe matšoafo ’me a boela a mo thusa le hore a fihle moo a lulang teng. Ke hobane’ng ha mor’abo rona a ile a etsa joalo lekhetlong lee? O ne a se a fetotse kelello ea hae. E ne e se e le motho ea nang le khotso le ea ikokobelitseng ’me taba eo e ne e thabisa Jehova!

      10. Re lokela ho etsa’ng e le hore re fetole likelello tsa rona?

      10 Liphetoho tsena ha li itlele feela ka ho panya ha leihlo. Re ka ’na ra lokela ho sebetsa ka thata ka nako e telele. (2 Pet. 1:5) Liphetoho tsena li ke ke tsa e-ba teng hobane feela re se re e-na le nako e telele re le Lipaki. Re lokela ho loana ea khumamela e le hore re fetole likelello tsa rona. Ho na le lintho tsa bohlokoa tse ka re thusang ho etsa liphetoho tsena. A re ke re hlahlobeng tse ling tsa tsona.

      KAMOO RE KA FETOLANG LIKELELLO TSA RONA KATENG

      Morali’abo rona o thusoa ke ho rapela, ho thuisa a ichebile ka seiponeng le ho khetha metsoalle e nepahetseng hore a fetole tsela eo a nahanang ka eona

      11. Thapelo e ka re thusa joang hore re fetole likelello tsa rona?

      11 Thapelo ke ntho ea pele e ka re thusang. Re lokela ho rapela joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Molimo, bopa ka ho ’na pelo e hloekileng, u kenye ka hare ho ’na moea o mocha, o tiileng.” (Pes. 51:​10) Re lokela ho qala pele ka ho lumela hore re hloka ho fetola likelello tsa rona, ebe re kopa Jehova hore a re thuse. Re ka kholisoa ke’ng ho lumela hore Jehova o tla fela a re thuse? Re ka kholisoa ke tšepiso eo Jehova a ileng a e fa Baiseraele ba neng ba le hlooho li thata ba mehleng ea Ezekiele, e reng: “Ke tla ba fa pelo e le ’ngoe, ’me ke tla kenya moea o mocha ka hare ho bona . . . ’me ke ba fe pelo ea nama, [e leng pelo ea motho ea ikemiselitseng ho latela tataiso ea Molimo].” (Ezek. 11:​19) Jehova o ne a ikemiselitse ho thusa Baiseraele bao hore ba fetohe ’me o ntse a ikemiselitse ho re thusa le rona kajeno.

      12-13. (a) Ho ea ka Pesaleme ea 119:​59, re lokela ho thuisa ka eng? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life?

      12 Ho thuisa ke ntho ea bobeli eo re ka e etsang. Ha re ntse re bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi, re lokela ho ipha nako ea ho thuisa, kapa ea ho nahanisisa ka botebo ka lintho tseo re ntseng re li bala e le hore re ka bona hore na ke hokae moo re ka etsang liphetoho teng. (Bala Pesaleme ea 119:​59; Baheb. 4:​12; Jak. 1:​25) Re lokela ho itlhahloba hore na ke hokae moo e ka ’nang eaba re se re nahana le ho etsa lintho ka tsela ea lefatše lena. Re lokela ho lumela ha re bona moo re fokolang teng ’me re sebetse ka thata ho lokisa bothata boo.

      13 Mohlala, ipotse: ‘Na ho na le matšoao a hore ke mona?’ (1 Pet. 2:1) ‘Na ke na le ho ikutloa eka ke phahametse batho ba bang ka lebaka la setso sa ka, thuto eo ke nang le eona, kapa chelete?’ (Liprov. 16:5) ‘Na ke khella batho ba bang fatše hobane ba se na lintho tseo ke nang le tsona, kapa ka lebaka la setso sa bona?’ (Jak. 2:​2-4) ‘Na ke rata lintho tseo lefatše la Satane le ’nonosang tsona?’ (1 Joh. 2:​15-17) ‘Na ke thabela ho shebella lintho tse hlahisang boitšoaro bo bobe le lintoa?’ (Pes. 97:​10; 101:3; Amose 5:​15) Ha u ntse u araba lipotso tsena u ka ’na oa ela hloko moo u lokelang ho etsa liphetoho teng. Haeba re ka khona ho etsa liphetoho tsena “tse metseng ka matla” ka lipelong tsa rona, re tla thabisa Ntate oa rona ea leholimong.​—Pes. 19:14.

      14. Ke hobane’ng ha re lokela ho khetha metsoalle e nepahetseng?

      14 Ho khetha metsoalle e nepahetseng ke ntho ea boraro ea bohlokoa. Ebang rea hlokomela kapa ha re hlokomele, metsoalle ea rona e na le tšusumetso e kholo ho rona. (Liprov. 13:​20) Hangata ha re le sekolong kapa re le mesebetsing, re pota-potiloe ke batho ba ke keng ba re thusa ho nahana ka tsela eo Jehova a e amohelang. Empa, libokeng ke teng moo re ka fumanang metsoalle ea sebele. Ke teng moo re ka khothatsoang kapa ra susumeletsoa “leratong le mesebetsing e metle.”​—Baheb. 10:​24, 25.

  • Phethola Menahano e Khahlanong le Tsebo ea Molimo
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2019 | June
Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela