“Le Hanyetse Diabolose”
“Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.”—JAKOBO 4:7.
1. Re ka hlalosa lefatše la kajeno joang, ’me ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batlotsuoa le metsoalle ea bona ba falimehe?
“MOLIMO o nyametse, empa Diabolose o setse.” Mantsoe ao a mongoli oa Lefora André Malraux a ka sebetsa lefatšeng leo re phelang ho lona kajeno, kahobane ho bonahala liketso tsa batho li senola mano a Diabolose ho feta thato ea Molimo. Satane o khelosa batho “ka mosebetsi o mong le o mong o matla le lipontšo le limakatso tsa leshano le ka thetso e ’ngoe le e ’ngoe e sa lokang bakeng sa ba timelang.” (2 Bathesalonika 2:9, 10) Leha ho le joalo, ‘matsatsing ana a ho qetela’ Satane o hlasela ka ho feletseng bahlanka ba inehetseng ba Molimo, o loana le Bakreste ba tlotsitsoeng, “ba bolokang litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.” (2 Timothea 3:1; Tšenolo 12:9, 17) Ho hlokahala hore bahlanka bana ba tlotsitsoeng ba Molimo le metsoalle ea bona e nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba falimehe.
2. Satane o ile a eka Eva joang, ’me moapostola Pauluse o ile a re o tšohile’ng?
2 Satane ke mothetsi ka hohle-hohle. O ile a ikhakanya ka ho sebelisa noha ha a qhekella Eva hore a nahane hore o tla thaba haholoanyane ka ho hlokomoloha Molimo. (Genese 3:1-6) Lilemo tse ka bang likete tse ’nè hamorao, moapostola Pauluse o ile a bolela hore o tšohile hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba Korinthe ba ka ’na ba tšoasoa ke bolotsana ba Satane. Pauluse o ile a ngola a re: “Ke tšaba hore ka tsela e itseng, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka bolisoa hore li tlohe botšepehing le tlhoekong e lokelang Kreste.” (2 Bakorinthe 11:3) Satane o senya likelello tsa batho ’me o sotha menahano ea bona. Feela joalokaha a ile a eka Eva, a ka etsa hore Bakreste ba nahane ka mokhoa o sa nepahalang ’me ba nke hore thabo ea bona e itšetlehile ka seo Jehova le Mora oa hae ba se hanelang.
3. Jehova o fana ka tšireletso efe khahlanong le Diabolose?
3 Satane a ka tšoantšoa le motšoasi oa linonyana ea chehang maraba hore a tšoase linonyana li sa lebella. Re ka qoba maraba a Satane ka hore re ‘lule sebakeng se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa,’ e leng sebaka sa tšoantšetso sa tšireletso seo Jehova a se lokiselitseng ba ikokobelletsang bobusi ba hae ba bokahohle ho seo ba se etsang. (Pesaleme ea 91:1-3) Re hloka tšireletso eohle eo Molimo a fanang ka eona ka Lentsoe la hae, moea oa hae o halalelang le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ‘e le hore re ka khona ho ema re tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.’ (Baefese 6:11) Lentsoe la Segerike bakeng sa “maqiti” le ka boela la fetoleloa e le “liketso tsa bolotsana,” kapa “mano.” Ha ho pelaelo hore Diabolose o sebelisa mano a mangata le liketso tsa bolotsana boitekong ba hae ba ho tšoasa bahlanka ba Jehova.
Maraba ao Satane a Neng a a Chehetse Bakreste ba Pele
4. Bakreste ba pele ba ne ba phela lefatšeng la mofuta ofe?
4 Bakreste ba neng ba phela lekholong la pele la lilemo le la bobeli la lilemo C.E. ba ne ba phela nakong eo ka eona ’Muso oa Roma o neng o le matla ka ho fetisisa. Se neng se bitsoa khotso ea Roma se ile sa atlehisa khoebo. Katleho ena e ile ea fa ba maemong a phahameng nako e ngata ea boikhathollo, ’me babusi ba ile ba etsa bonnete ba hore batho ba be le boithabiso bo bongata e le hore ba se ke ba ba fetohela. Ka linako tse ling, matsatsi a phomolo ea sechaba a ne a le mangata joaloka ao ho uoang mosebetsing ka ’ona. Baeta-pele ba ne ba sebelisa lichelete tsa sechaba ho qekisa batho ka lijo le menyaka, ba lula ba ba fepa ebile ba ba koala likelello.
5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho sa lokela hore Bakreste ba khathaletse mabaleng le liholong tsa boithabiso tsa Roma? (b) Satane o ile a sebelisa mano afe, ’me Bakreste ba ne ba ka a qoba joang?
5 Na boemo boo bo ne bo le kotsi ho Bakreste ba pele? Litemoso tse ngotsoeng ke bangoli ba kang Tertullian ba phetseng ka mor’a ho shoa ha baapostola, li bontša hore lintho tse ngata tseo ho neng ho ithabisoa ka tsona ka nako eo, li ne li tletse likotsi tsa moea le tsa boitšoaro bakeng sa Bakreste ba ’nete. Kotsi e ’ngoe e ne e bakoa ke hore boholo ba mekete ea sechaba le lipapali li ne li etsetsoa ho hlompha melimo ea bohetene. (2 Bakorinthe 6:14-18) Mabaleng a boithabiso, esita le lipapali tse ngata tse tloaelehileng li ne li bontša boitšoaro bo bobe ka ho feteletseng kapa tšollo ea mali e mabifi. Ha nako e ntse e feta, batho ha baa ka ba hlola ba rata lipapali tse tloaelehileng, ’me li ile tsa nkeloa sebaka ke litšoantšo tsa boitšoaro bo litšila tseo ho tsona batšoantšisi ba sa bueng. Bukeng ea hae e bitsoang Daily Life in Ancient Rome, rahistori Jérôme Carcopino o re: “Lipapaling tsena batšoantšisi ba basali ba ne ba lumeletsoe ho hlobola ka ho feletseng . . . Mali a ne a tšolloa ka bongata. . . . [Batšoantšisi ba litšoantšo tsa botlaopa] ba ne ba bontša ka ho feteletseng boitšoaro bo bobe bo neng bo hapile matšoele a motse-moholo. A ne a sa felisoe pelo ke lipontšo tse joalo hobane lipolao tse tšabehang tsa liholong tsa boithabiso, e ne e le khale li bolaile matsoalo a bona le ho silafatsa boitšoaro ba bona.”—Matheu 5:27, 28.
6 Liholong tsa boithabiso, bahlabani ba ne ba loana hore ba bolaeane, kapa ba loana le libata, ba li bolaea kapa li ba bolaea. Batlōli ba babe ka ho fetisisa ba molao ba ile ba lahleloa libataneng tse mabifi, ’me hamorao ha lahleloa Bakreste ba bangata. Esita le mehleng eo ea pele, mano a Satane e ne e le hore batho ba se ke ba hlola ba nyonya boitšoaro bo bobe le pefo ho fihlela ba li tloaela ba bile ba li batla. Mokhoa feela oa ho qoba sefi seo e ne e le ho koekoetla mabala le liholo tseo tsa boithabiso.—1 Bakorinthe 15:32, 33.
7, 8. (a) Ke hobane’ng ha e ne e tla ba bothoto hore Mokreste a ee lipeisong tsa likoloi tsa lipere? (b) Satane o ne a ka sebelisa libaka tsa Baroma tsa ho hlapela joang ho cheha Bakreste?
7 Ha ho pelaelo hore lipeiso tsa likoloi tsa lipere tse neng li tšoareloa mabaleng a maholo li ne li thabisa haholo, empa li ne li sa amohelehe ho Bakreste hobane hangata matšoele a ne a e-ba mabifi. Mongoli e mong oa lekholong la boraro la lilemo o ile a tlaleha hore bashebelli ba bang ba ne ba loantšana, ’me Carcopino o bolela hore “linohe tsa linaleli le matekatse ba ne ba e-na le libaka tsa bona tsa khoebo” liphasejeng tsa mehaho ea mabala. Ho hlakile hore mabala ana a Baroma a ne a sa lokela Bakreste.—1 Bakorinthe 6:9, 10.
8 Ho thoe’ng ka libaka tse tummeng tsa Baroma tsa ho hlapela? Ka sebele ho ne ho se letho le phoso ka hore motho a hlape e le hore a hloeke. Empa libaka tse ngata tsa Baroma tseo ho neng ho hlapeloa ho tsona e ne e le mehaho e meholo e neng e e-na le likamore tsa ho silila ’mele, tsa lipapali tsa ka tlung, tsa ho becha le libaka tsa ho jela le ho noela. Le hoja ka molomo ho ne ho behiloe linako tseo ka tsona basali ba hlapang ba le bang, le banna ba hlapang ba le bang, empa hangata ho ne ho lumelloa hore ba hlape hammoho. Clement oa Alexandria o ile a ngola a re: “Libaka tsa ho hlapela li ne li ka sebelisoa ke banna le basali ho sa khethoe; ’me ke moo ba neng ba hlobola ka ho feletseng bakeng sa ho ikhotsofatsa ka bolokolohi.” Kahoo, Satane o ne a ka sebelisa habonolo feela libaka tse amohelehang tsa sechaba e le sefi bakeng sa Bakreste. Ba bohlale ba ne ba sa ee libakeng tseo.
9. Bakreste ba pele ba ne ba lokela ho qoba maraba afe?
9 Nakong eo ’Muso oa Roma o neng o le matla ka ho fetisisa batho ba ne ba rata ho phomotsa kelello ka ho becha. Bakreste ba pele ba ne ba ka qoba ho becha ho neng ho etsoa lipeisong tsa likoloi tsa lipere ka ho se ee mabaleng a maholo. Batho ba ne ba boetse ba becha ba ikutsoa likamoreng tse poteletseng tsa lihotele le libara. Ba bechang ba ne ba bapala phupe ka lefe ba bolela hore na majoana a chitja kapa masapo a linōkō tsa menoana a aroloang ka peli kapa a sa aroloeng ka peli a ka letsohong lefe. Ho becha ho ne ho hlaphola batho likelello hobane ho ne ho ba fa tšepo ea ho fumana chelete. (Baefese 5:5) Ho feta moo, hangata basali ba rekisang joala libakeng tse joalo e ne e le matekatse, e leng ho neng ho eketsa kotsi ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Ana e ne e le a mang a maraba ao Satane a neng a a chehela Bakreste ba neng ba phela metseng ea ’Muso oa Roma. Na lintho li fapane haholo kajeno?
Maraba a Satane Kajeno
10. Boemo ba kajeno bo tšoana joang le maemo a neng a atile ’Musong oa Roma?
10 Boholo ba mano a Satane ha boa fetoha ho theosa le makholo a lilemo. Moapostola Pauluse o ile a fa Bakreste ba neng ba phela motseng oa Korinthe o silafetseng boitšoarong keletso e matla e le hore ba se ke ba “qhekelloa ke Satane.” O ile a re: “Re tseba merero ea [Satane].” (2 Bakorinthe 2:11) Linaheng tse ngata tse tsoetseng pele, boemo kajeno bo tšoana le bo neng bo rena nakong eo ’Muso oa Roma o neng o le matla ka ho fetisisa. Batho ba bangata ba na le nako e ngata ea boikhathollo ho feta leha e le neng pele. Lilothari tsa ’muso li fa esita le mafutsana tšepo ea hore a tla atleha. Ho na le boithabiso bo bongata bo sa lefelloeng chelete e ngata boo batho ba tšoarehang ho bona. Mabala a lipapali aa tlala, batho baa becha, ka linako tse ling matšoele a ba mabifi, ’me le libapali hangata li ba mabifi. Batho ba mamela ’mino o hlephileng, ’me ho bontšoa boitšoaro bo litšila liholong tsa boithabiso haesita le libaesekopong le lithelevisheneng. Linaheng tse ling ho tloaelehile hore banna le basali ba arubele hammoho ka har’a li-sauna le ho hlapa hammoho matamong a runyang metsi a chesang, re se re sa re letho ka ho sesa batho ba hlobotse ka ho feletseng leoatleng. Joaloka makholong a lilemo a pele a Bokreste, Satane o leka ho eka bahlanka ba Molimo ka boikhathollo ba lefatše.
11. Takatso ea ho roba monakeli e tlisa maraba afe?
11 Lefatšeng lena la batho ba imetsoeng likelellong, hoa utloahala hore batho ba ikutloe ba hloka ho roba monakeli kapa ho ikhatholla. Leha ho le joalo, feela joalokaha libakeng tsa ho hlapela tsa Roma ho ne ho e-na le lintho tse ka bang kotsi ho Bakreste ba pele, Satane o sebelisitse libaka tse ling tsa phomolo ho tšoasa Bakreste ba kajeno hore ba etse boitšoaro bo bobe kapa ba noe ka ho feteletseng. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Korinthe a re: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle. Tsohang le hlaphoheloe ka tsela e lokileng ’me le se ke la tloaela ho etsa sebe, etsoe ba bang ha ba na tsebo ea Molimo.”—1 Bakorinthe 15:33, 34.
12. Satane o boetse o sebelisa mano afe ho tšoasa bahlanka ba Jehova kajeno?
12 Re se re bone tabeng ea Eva hore na Satane o ile a sebelisa mano joang ho silafatsa monahano oa hae. (2 Bakorinthe 11:3) Kajeno, le leng la maraba a Diabolose ke ho etsa hore Bakreste ba nahane hore haeba ba etsa sohle ho bontša hore Lipaki Tsa Jehova li ntse li tšoana le batho ba bang, ba ka atleha ho hulela ba bang ’neteng ea Bokreste. Ka linako tse ling ba fetelletsa lintho, ’me qetello e ba hore ho huleloa bona kantle. (Hagai 2:12-14) Satane o boetse o sebelisa mano a ho betefatsa Bakreste ba inehetseng, ba banyenyane le ba baholo, hore ba phele bophelo ba boikaketsi ’me ba ‘soabise moea o halalelang oa Molimo.’ (Baefese 4:30) Ba bang ba oetse sefing sena ka ho sebelisa Internet hampe.
13. Ke leraba lefe le ipatileng leo e leng e ’ngoe ea liketso tsa bolotsana tsa Diabolose, ’me ke keletso efe ea Liproverbia e loketseng moo?
13 Leraba le leng la Satane ke kotsi e ipatileng ea boloi. Ha ho Mokreste oa ’nete ea ka qhafutsang ka boomo borapeling ba Satane kapa tšebelisanong le meea e khopo. Leha ho le joalo, ba bang ba khoehlisa marapo ba sa hlokomela ka ho shebella libaesekopo, mananeo a TV, lipapali tsa video esita le ka ho bala libuka tsa bana le tsa metlae tse buellang pefo le boselamose. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nang le boloi ka hare ho eona e lokela ho qojoa. Maele a bohlale a re: “Meutloa le lifi li tseleng ea ea khopameng; ea lebelang moea oa hae o emella hōle le tsona.” (Liproverbia 22:5) Kaha Satane ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” ho ka etsahala hore ebe ntho leha e le efe e ratoang haholo e patile se seng sa lifi tsa hae.—2 Bakorinthe 4:4; 1 Johanne 2:15, 16.
Jesu o Ile a Hanyetsa Diabolose
14. Jesu o ile a hanela moleko oa pele oa Diabolose joang?
14 Jesu o ile a beha mohlala o motle oa ho hanyetsa Diabolose le ho etsa hore a balehe. Ka mor’a hore a kolobetsoe le ho itima lijo ka matsatsi a 40, Satane o ile a mo leka. (Matheu 4:1-11) Ntho ea pele eo a ileng a mo leka ka eona ke tlala e tloaelehileng e neng e mo tšoere ka mor’a ho itima lijo. Satane o ile a re Jesu a etse mohlolo oa hae oa pele hore a khotsofatse seo a se hlokang nameng. Jesu o ile a qotsa Deuteronoma 8:3, ’me a hana ho sebelisa matla a hae ka boithati empa a nka hore lijo tsa moea ke tsa bohlokoa ho feta tsa nama.
15. (a) Ke takatso efe ea tlhaho eo Satane a ileng a leka Jesu ka eona? (b) E ’ngoe ea liketso tse ka sehloohong tsa bolotsana tseo Diabolose a li sebelisang khahlanong le bahlanka ba Molimo kajeno ke efe, empa re ka mo hanyetsa joang?
15 Ho hlokomelehang ka teko ena ke hore Diabolose ha aa ka a batla hore Jesu a etse sebe sa ho kopanela liphate. Kaha ho tloaelehile hore ha motho a sa je a lape, ho ile ha bonahala takatso ena ea tlhaho e le eona e matla e ka sebelisetsoang ho leka Jesu nakong ena. Diabolose o sebelisa liteko life kajeno ho eka batho ba Molimo? Li ngata ebile li fapane, empa o sebelisa ho kopanela liphate e le e ’ngoe ea liketso tse ka sehloohong tsa bolotsana tseo a lekang ka tsona ho senya botšepehi ba batho ba Jehova. Re ka hanyetsa Diabolose le ho hanela liteko ka ho etsisa Jesu. Feela joalokaha Jesu ka lebaka la ho hopola mangolo a loketseng a ile a hlōla boiteko ba Satane ba ho mo susumetsa, le rōna ha re lekoa ka boitšoaro ba ho kopanela liphate, re ka hopola litemana tse kang Genese 39:9 le 1 Bakorinthe 6:18.
16. (a) Satane o ile a leka Jesu joang ka lekhetlo la bobeli? (b) Satane a ka re eka ka litsela life hore re leke Jehova?
16 Ka mor’a moo, Diabolose o ile a leka Jesu hore a itihe lerakong la tempele ’me a leke matla a Molimo a ho mo sireletsa ka mangeloi a Hae. Jesu o ile a hana ho leka Ntat’ae eaba o qotsa Deuteronoma 6:16. Ho ka etsahala hore Satane a se ke a re leka hore re itihe toreng ea tempele, empa a ka re eka hore re leke Jehova. Na re ee re lekehe ho bona hore na re ka etsisa lifeshene tsa lefatše hakae moaparong le boitlhophong pele re khalemeloa? Na re lekoa ke boithabiso bo belaetsang? Haeba ho joalo re tla be re leka Jehova. Haeba re e-na le mekhoa e joalo, Satane o tla hanella ho rōna, ho e-na le ho re balehela, a phehella ho re eka hore re eme le eena.
17. (a) Diabolose o ile a leka Jesu joang ka lekhetlo la boraro? (b) Jakobo 4:7 e ka phethahala joang ho rōna?
17 Ha Satane a re a ka fa Jesu mebuso eohle ea lefatše haeba a ka mo etsetsa ketso e le ’ngoe ea borapeli, Jesu o ile a boela a mo hanyetsa ka ho qotsa Mangolo, a ema a tiile hore borapeli bo fuoe Ntat’ae feela. (Deuteronoma 5:9; 6:13; 10:20) Ho ka etsahala hore Satane a se ke a re tšepisa mebuso ea lefatše, empa nako le nako o re leka ka mahalihali a lintho tse bonahalang le ho nahana hore re ka ikhona. Na re etsisa Jesu, ’me re inehela ho Jehova a ’notši? Haeba re etsa joalo, re tla hlaheloa ke se ileng sa etsahalla Jesu, hobane tlaleho ea Matheu e re: “Joale Diabolose a mo tlohela.” (Matheu 4:11) Satane o tla re tlohela haeba re mo hanyetsa ka tieo ka ho hopola melao-motheo e loketseng ea Bibele ’me re e sebelisa. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Mokreste e mong o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Fora a re: “Ka sebele Satane o bolotsana. Leha ke leka ka hohle hore ke laole maikutlo a ka le litakatso tsa ka, hoa nyolosetsa. Empa ka ho ba sebete, ho se fele pelo, ’me ka holim’a tsohle, ka thuso ea Jehova, ke tšepahetse ’me ke tšoareletse ’neteng.”
Ho Hlomelloa ka ho Feletseng Hore re Hanyetse Diabolose
18. Ke lihlomo life tsa moea tse re hlomellang hore re hanyetse Diabolose?
18 Jehova o re file seaparo se feletseng sa moea hore ‘re eme re tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.’ (Baefese 6:11-18) Ho rata ’nete ho tla tlama matheka a rōna kapa ho re lokisetse ho etsa tšebeletso ea Bokreste. Ho itšoarella ha rōna ka litekanyetso tsa Jehova tsa ho loka ho tla tšoana le tšireletso ea sefuba e sirelelitseng lipelo tsa rōna. Haeba maoto a rōna a roetse litaba tse molemo, a tla re isa kamehla tšimong, ’me sena se tla re matlafatsa le ho re sireletsa moeeng. Tumelo ea rōna e matla e tla tšoana le thebe e khōlō e re sireletsang ‘metsung e tukang ea ea khopo,’ e leng litlhaselo tsa hae tsa bolotsana le liteko. Tšepo ea rōna e tiileng phethahatsong ea litšepiso tsa Jehova e tla tšoana le thebe e sireletsang monahano oa rōna ’me e re fe khotso ea kelello. (Bafilipi 4:7) Haeba re e-na le bokhoni ba ho sebelisa Lentsoe la Molimo, le tla tšoana le thebe eo re ka e sebelisetsang ho lokolla batho botlamuoeng boo Satane a ba kenyang ho bona moeeng. Re ka boela ra le sebelisetsa ho itšireletsa, feela joalokaha Jesu a ile a itšireletsa ka lona ha a lekoa.
19. Ntle ho ‘ho hanyetsa Diabolose,’ ho hlokahala’ng hape?
19 Ka ho lula re apere ‘liaparo tsena tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo’ le ka ho rapela re sa phetse, re ka kholiseha hore Jehova o tla re sireletsa litlhaselong tsa Satane. (Johanne 17:15; 1 Bakorinthe 10:13) Empa Jakobo o ile a bontša hore taba ha e felle feela ka ho ‘hanyetsa Diabolose.’ Ka holim’a tsohle, re tlameha hore hape ‘re ipehe tlas’a Molimo’ hobane oa re tsotella. (Jakobo 4:7, 8) Tsela eo re ka etsang sena ka eona e tla tšohloa sehloohong se latelang.
U ka Araba Joang?
• Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba pele ba qobe maraba afe a Satane?
• Kajeno Satane o sebelisa liketso life tsa bolotsana ho leka ho tšoasa bahlanka ba Jehova?
• Jesu o ile a hanyetsa liteko tsa Diabolose joang?
• Ke lihlomo life tsa moea tse re thusang ho hanyetsa Diabolose?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Jesu o ile a hanyetsa Diabolose ka tieo
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hana boithabiso bo mabifi le bo tletseng boitšoaro bo bobe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck