Batsoali—Finyellang Pelo ea Ngoana oa lōna ho Tloha Boseeeng
“[Bana ba lōna] le ba hōlisetse Morena ka ho ba khalemela le ho ba ruta hantle.”—BA-EFESE 6:4, TLP.
1. Ho etsahetse eng nakong e thata ka ho fetisisa bophelong ba Jesu?
JESU KRESTE le barutuoa ba hae ba ne ba le tseleng e eang Jerusalema. Nakoana pele ho moo, ka makhetlo a mabeli a fapaneng, Jesu o ne a boleletse barutuoa ba hae hore o tla feta har’a mahlomola a mangata le hore o ne a tla bolaeloa motseng oo. (Mareka 8:31; 9:31) Nakong ena e thata haholo-holo bakeng sa Jesu, tlaleho ea Bibele e re: “Ha tlisoa le bana ba banyenyane ho eena hore a ba ame.”—Luka 18:15.
2. (a) E ka ’na eaba barutuoa ba ne ba leka ho leleka batho ka lebaka lefe? (b) Jesu o ile a arabela joang boemong boo?
2 Karabelo e bile efe ho see? Koana, barutuoa ba ile ba khalemela batho bao ’me ba leka ho ba leleka, ntle le pelaelo ba lumela hore ba ne ba thusa Jesu ka ho mo sireletsa ho ferekanngoeng ho sa hlokahaleng le khatellong e sa hlokahaleng. Empa Jesu a halefela barutuoa ba hae, a re: “‘Lesang bana ba tle ho ’na, ’me le se ke la ba thibela’ . . . ’Me ha a ba sikile, a ba bea matsoho holimo, a ba hlohonolofatsa.” (Mareka 10:13-16) E, ho sa tsotellehe sohle seo e tlamehang e be se ne se le kelellong ea hae le pelong ea hae, Jesu a ipha nako ea masea.
Thuto ke Efe Bakeng sa Batsoali?
3. Batsoali ba lokela ho ithuta eng ketsahalong ee?
3 Thuto eo batsoali ba ka e fumanang ho sena e lokela ho ba ena: Ho sa tsotellehe litlamo leha e le life tseo u nang le tsona kapa mathata leha e le afe ao u thulanang le ’ona, ho qeta nako le bana ba hao ho lokela ho tla pele ho tsohle. Nako eo u e qetang ’moho le bona e tla u fa monyetla oa hore u kenye ka ho bona litekanyetso tsa moea tse tla lebela lipelo tsa bana ba hao ’me li ba kenye tseleng e nepahetseng. (Deuteronoma 6:4-9; Liproverbia 4:23-27) Eunice le Loise, bao ka ho latelana e mong e neng e le ’m’a Timothea ’me e mong e le nkhono’ae, ba ile ba ipha nako ea ho mo nea thuto e ileng ea ama pelo ea hae e nyenyane ’me ea fetola bophelo ba hae hore a hōle ho ba mohlanka ea inehetseng oa Molimo.—2 Timothea 1:5; 3:15.
4. Bana ke ba bohlokoa hakae, ’me batsoali ba lokela ho bontša joang hore baa ba ananela?
4 Batsoali ba Bakreste ba ke ke ba hlokomoloha bana bao Jehova Molimo a ba fileng bona. E, bana ke mpho ea bohlokoahali e tsoang ho Jehova. (Pesaleme ea 127:3) Kahoo qetang nako le bona—finyellang lipelo tsa bona—joalokaha ’m’a Timothea le nkhono’ae ba behile mohlala. Hase feela hore le lokela ho qeta nako le buisana le bana ba hao ka boitšoaro ba bona ’me le ba khalemela empa hape ho hlokahala hore le je le bona, le bale le bona, le bapale le bona, le ba thuse ho itokisetsa ho kena liphateng bosiu. Nako ena eohle eo le e qetang le e-na le bana ba lōna ke ea bohlokoahali.
5. Fana ka mohlala oa ntate e mong ea bontšitseng kananelo bakeng sa boikarabelo ba hae ba botsoali.
5 Rakhoebo e mong ea tsebahalang oa Lejapane ea ileng a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a hlokomela ’nete ena. Tlas’a sehlooho, “Mookameli ea Ka Holimo-limo oa JNR o Tlohela Mosebetsi Hore a Lule le Lelapa,” Mainichi Daily News ea la 10 Tlhakola, 1986, e tlalehile: “Mookameli ea ka holimo-limo oa Mokhatlo oa Sechaba oa Seporo oa Japane (JNR) o khethile ho itokolla mosebetsing ho e-na le ho arohana le lelapa la hae . . . Tamura o re, ‘Mosebetsi oa ho ba motsamaisi-kakaretso o ka nkoa ke mang kapa mang. Empa ke ’na feela eo e ka bang ntate oa bana ba ka.’” Na u nka boikarabelo ba hao ba botsoali ka ho teba ho tšoanang?
Lebaka Leo ka Lona ho Hlokahalang Boiteko bo Khethehileng Hona Joale
6. Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho hōlisa bana ka tsela e nepahetseng kajeno?
6 Mohlomong historing ea batho ha ho mohla ho kileng ha e-ba thata hakana ho hōlisa bana ka tsela eo Lentsoe la Molimo le e laelang, “le ba hōlisetse Morena ka ho ba khalemela le ho ba ruta hantle.” (Ba-Efese 6:4, TLP) Lebaka la sena ke hore re phela “mehleng ea qetello,” ’me Satane le bademona ba hae ba hlahisa bomalimabe bo boholo kahobane ba halefile, ’me baa tseba hore ba saletsoe ke nako e khutšoanyane feela. (2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 12:7-12) Ka hona, boiteko ba batsoali ba ho hōlisa bana ba bona ka tsela ea bomolimo bo senngoa ke “moea” oa tšoantšetso oo Satane a o busang. “Moea” oo, kapa moea oa boikhabi le oa ho hloka kutlo, o tletse hohle joaloka moea oa sebele oo re o phefumolohang.—Ba-Efese 2:2, NW.
7, 8. (a) Thelevishine e ka tlisa eng ka lapeng, empa batsoali ba bangata ba etsa joang? (b) Ke hobane’ng ha ho sebelisa thelevishine hore e sale le bana e le ho hlokomolohuoa ho bohloko ha boikarabelo ba botsoali?
7 Ka ho khetheha, thelevishine e kenya ka malapeng ‘moea ona oa lefatše,’ “moea” ona o chefu. (1 Ba-Korinthe 2:12) Ha e le hantle, hangata se hlahang thelevishineng se susumetsoa haholo-holo ke karolo e matla ea boitšoaro bo bobe le bosodoma lebaleng la boithabiso. (Ba-Roma 1:24-32) Ka ho khethehileng bana ba hao ba ka hlaseloa ke monahano oo e seng oa bomolimo le litšila tsa boitšoaro tse bontšoang, joalokaha ba ka hlaseloa ke tšilafalo ea moea oa sebele. Empa batsoali ba bangata ba etsa joang?
8 Ba sebelisa thelevishine hore e sale le bana. Ba bolella bana ba bona hore: “Eseng hona joale moratuoa. Ke tšoarehile. Tsamaea u e’o shebella thelevishine.” Mophatlalatsi e mong ea tummeng oa thelevishine o bolela hore ana ke “mantsoe a buuoang ka makhetlo a mangata ka ho fetisisa malapeng a mangata a Maamerika.” Empa ho leleka bana ka hore ba e’o shebella eng kapa eng e ka hlahang thelevishineng, ha e le hantle, ho lekana le ho ba tlohella hore ba ipuse. (Liproverbia 29:15) Ho bontša ho hlokomolohuoa ho bohloko ha boikarabelo ba botsoali. Joalokaha mophatlalatsi enoa a boletse mabapi le ho hōlisa bana: “Taba ena ea botsoali e nka nako e khōlō e bile ke boikarabelo bo boholo ’me ke boo ka sebele bo ke keng ba hlohlolleloa thelevishineng.”
9. Ke tšilafalong efe eo ka ho khethehileng ho hlokahalang hore bana ba sireletsoe ho eona?
9 Leha ho le joalo, ka baka la khatello ea linako tseo re phelang ho tsona, joaloka barutuoa, u ka ’na ua sekamela ho qhela bana e le hore u ka shebana le taba ea bohlokoa haholoanyane. Empa ke eng eo e leng ea bohlokoa ho feta bana ba hao? Bophelo ba bona ba moea bo kotsing! U ka ’na ua hopola hore ha kotsi ea nuclear e hlaha Chernobyl, Soviet Union ka 1986, bana ba ile ba tlosoa sebakeng seo e le hore ba ka sireletsoa tšilafalong. Ka ho tšoanang, haeba u batla ho lebela bophelo ba moea ba bana ba hao, ho hlokahala hore u ba sireletse ho “moea” o chefu oa lefatše, o hasoang hangata hakana thelevishineng.—Liproverbia 13:20.
10. Mehloli e meng ea “moea” o chefu e ka ntšang bana kotsi ke efe, ’me ke mohlala ofe oa Bibele o bontšang see?
10 Leha ho le joalo, ho na le mehloli e meng ea “moea” o chefu, e ka senyang litekanyetso tsa boitšoaro ’me ea thatafatsa lipelo tsa bana ba banyenyane. Ho tloaelana hampe le bana ba baahisani le bao ba kenang sekolo le bona le hona ho ka pupetsa linnete tsa Bibele tse jetsoeng lipelong tse bonolo. (1 Ba-Korinthe 15:33) Re ka ithuta ka morali e monyenyane oa Jakobo, Dina, ea ileng “a tsoa ho chakela baroetsana ba naha eo” ’me, ka baka leo, a senngoa ke e mong oa bahlankana ba teng. (Genese 34:1, 2) Ho hlokahala hore bana ba rutoe hantle ’me ba koetlisoe hantle e le hore ba ka qoba likotsi tsa boitšoaro tsa lefatše leo kajeno le seng le oele boitšoarong le ho feta kamoo le neng le le kateng ka nako eo.
Ke Hobane’ng ha u ba Koetlisa ho Tloha Boseeeng?
11. (a) Koetliso ea botsoali e lokela ho qala neng? (b) Ho ka lebelloa litholoana life tse molemo?
11 Empa koetliso ea batsoali e lokela ho qala neng? Bibele e bolela hore Timothea o fumane koetliso ea hae “ho tloha boseeeng.” (2 Timothea 3:15, NW) Ho thahasellisang, lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona, breʹphos, le atisa ho sebelisoa bakeng sa ngoana ea e-s’o tsoaloe, joaloka ho Luka 1:41, 44, TLP. Mono ho boleloa hore lesea Johanne le ile la tlōla popelong ea ’m’a lona. Empa breʹphos e boetse e sebelisoa bakeng sa masea a Baiseraele a neng a sa tsoa tsoaloa ao bophelo ba ’ona bo neng bo sokeloa Egepeta nakong ea tsoalo ea Moshe. (Liketso 7:19, 20) Tabeng ea Timothea, ka ho hlakileng lentsoe leo le bolela lesea feela, eseng feela ngoana e monyenyane. Timothea o ile a fumana thuto e tsoang Mangolong a halalelang ho tloha khale kamoo a ka hopolang kateng, ho tloha ha e sa le lesea feela. ’Me hoo ha ba le liphello tse ntle hakaakang! (Ba-Filippi 2:19-22) Empa, na kannete masea a sa tsoa tsoaloa a ka fumana molemo thutong e joalo ea bonyenyaneng?
12. (a) Masea a ka ’na a qala ho amohela lithuto tse ncha le boitsebiso bo bocha neng? (b) Ke neng hona ke joang batsoali ba lokelang ho qala ho fa bana ba bona thuto ea moea?
12 Ka 1984 moprofesa oa Univesithi ea Yale, Dr. Edward Zigler o ile a tlaleha: “E ’ngoe ea likhatelo-pele tse thahasellisang ka ho fetisisa lebaleng lohle la boithuto ba kelello ke kutloisiso ea rōna e ncha ea matla a maholo a ho ithuta ao lesea le nang le ’ona.” Ha e le hantle, makasine oa Health o re: “Masea a sa ntsaneng a le ka popelong a ka khona ho bona, ho utloa, ho latsoa—le ho ‘utloa’ maikutlo, kamoo patlisiso e ncha e bolelang kateng.” Ka ho totobetseng, ha ho mohla ho ka thoeng batsoali ba qalile kapele haholo ho ruta bana ba bona. (Deuteronoma 31:12) Ba ka qala ka ho bontša bana ba bona litšoantšo tse tsoang libukeng le ho arolelana lipale le bona. Mongoli oa buka Kindergarten Is Too Late, Masaru Ibuka, o re: “Lilemo tsa bohlokoahali, ke lilemo tsa ho tloha ha a tsoaloa ho fihlela ha a le lilemo li tharo.” Lebaka ke hobane kelello ea ngoana e ruteha ka ho khethehileng, e amohela boitsebiso habobebe haholoanyane, joalokaha ho pakoa ke ha ngoana a ithuta puo e ncha ka potlako. Moprofesa e mong oa thuto ea bonyenyaneng Univesithing ea New York o bile a bolela hore “batsoali ba lokela ho qala ho ruta bana ba bona ho bala ho tloha hang feela ha ba e-tsoa sepetlele le bona”!
13. Ke eng e bontšang matla a ho ithuta ao masea a nang le ’ona?
13 ’Mè e mong oa Canada o ngola tjena mabapi le matla a ho ithuta ao ngoan’a hae a nang le ’ona: “Ka letsatsi le leng ke ne ke ntse ke balla mora oa ka ea lilemo li ’nè le halofo, Shaun, pale e tsoang ho Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Ha ke etsa khefu ha ke fihla karolong e ’ngoe, ka hlolloa ke ha ke fumana hore o qala ho tsoela pele ka pale eo, lentsoe ka lentsoe, kamoo e hlahang kateng bukeng ea Lipale tsa Bibele. . . . Ka leka pale e ’ngoe ’me ka fetela ho e ’ngoe, ’me o ne a tseba e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona ka hlooho. . . . O ne a hlile a tseba lipale tse 33 tse qalang ka hlooho, lentsoe ka lentsoe, ho akarelletsa mabitso a thata a libaka le a batho.”a
14. (a) Ke bo-mang ba sa makatsoeng ke se finyelloang ke masea? (b) Pakane ea batsoali ba Bakreste e lokela ho ba efe? (c) Bana ba lokela ho lokisetsoa eng, hona hobane’ng?
14 Ba tloaelaneng hamolemo le matla a ho ithuta ao masea a nang le ’ona ha ba makatsoe ke liketsahalo tse joalo. Dr. Glenn Doman, motsamaisi oa Litsi tsa se Ka Finyelloang ke Matla ao Batho ba Nang le ’Ona, o bolela hore: “Lefatše le ka be le tletse linatla tse bohlale thutong tse kang Einstein, Shakespeare, Beethoven le Leonardo da Vinci hoja re ne re ruta masea ho fapana le bana.” Ha e le hantle, pakane ea batsoali ba Bakreste hase ho hlahisa linatla tse bohlale thutong empa ke ho finyella lipelo tsa bana ba bona e le hore le ka mohla ba se tlohele ho sebeletsa Molimo. (Liproverbia 22:6) Boiteko bo joalo bo lokela ho etsoa nako e telele pele ngoana a kena sekolo, e le ho mo lokisetsa liteko tseo a tla thulana le tsona moo. Ka mohlala, sekolo sa bana ba banyenyane kapa mananeo a ho hlokomela bana motšehare, li bontša hore mekete ea matsatsi a tsoalo kapa a phomolo e ka ba monyaka o moholo bakeng sa bana. Kahoo ho hlokahala hore ngoana a utloisise hore na ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba sa kopanele ho eona. Ho seng joalo a ka ’na a hōla a hloile bolumeli ba batsoali ba hae.
Kamoo ho ka Finyelloang Pelo ea Ngoana
15, 16. Batsoali ba ka sebelisa eng hore e ba thuse ho finyella pelo ea ngoana oa bona, ’me ke joang litokisetso tsee li ka sebelisoang ka katleho?
15 Ho thusa batsoali ho finyella pelo ea ngoana oa bona, Lipaki tsa Jehova li entse likhatiso tse kang Ho Mamela Mosuoe e Moholo. Buka ena e bua ka mekete le kamoo ‘e ka bang le thabo e ngata’ khaolong ea eona e reng: “Banna ba Babeli ba Ketekileng Matsatsi a Tsoalo. ” Empa khaolo eo e hlalosa hore mekete feela e ’meli ea matsatsi a tsoalo e boletsoeng ka Bibeleng e ne e ketekoe ke bahedene, ba neng ba sa rapele Jehova, le hore moketeng ka mong ‘ho bile le motho e mong ea ileng a khaoloa hlooho.’ (Mareka 6:17-29; Genese 40:20-22) U ka sebelisa boitsebiso boo joang ho finyella pelo ea ngoana oa hao?
16 U ka sebelisa mokhoa o ipiletsang oa buka ea Mosuoe e Moholo ka ho re: “Joale, rea tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e teng ka Bibeleng ho na le lebaka leo e leng teng ka lona.” E be ua botsa: “Kahoo, u ne u ka re ke’ng eo Molimo o re bolellang eona ka mekete ea matsatsi a tsoalo?” Ka tsela eo ngoana oa hao o thusoa ho nahana ka taba eo le ho fihlela liqeto tse nepahetseng. Ntle ho buka ea Mosuoe e Moholo, ho entsoe libuka tse ling tseo batsoali ba ka li sebelisang, ho akarelletsa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele le letoto la lihlooho tsa “Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae” tse ’nileng tsa hlaha tokollong e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa ho tloha ka ’Mesa 1985. Na u sebelisitse lihlooho tsee ho ruta bana ba hao le hore uena ka bouena u ithute?
17. Ke litlhahiso life tse sebetsang tseo batsoali ba li neoang moo?
17 Mabapi le ngoana oa hao, ho hlokahala hore u pheta-phete boitsebiso bo akarelletsang litseko le maemo tseo a tla thulana le tsona sekolong. Etsa hore ngoana oa hao a tsebe hore ka bobeli ba lōna le na le boikarabelo ho Jehova. (Ba-Roma 14:12) Totobatsa lintho tse ntle tseo Jehova a re etsetsang tsona, ka tsela eo u susumetse pelo e nyenyane ea ngoana oa hao hore e batle ho khahlisa Jehova. (Liketso 14:17) Etsa hore mananeo a ho ithuta e be nako e thabisang. Bana ba rata lipale, kahoo sebeletsa hore u hle u fane ka thuto ka tsela e phelang e tla finyella pelo ea ngoana oa hao. Malapa a mangata a lahleheloa ke monyetla o babatsehang oa mananeo a joalo ka ho hlōleha ho ja a le ’moho ka mehla. Na le ja ’moho joaloka lelapa? Haeba ha ho joalo, na u ka ntlafatsa boemo boo?—Bapisa Liketso 2:42, 46, 47.
18, 19. (a) Batsoali ba lokela ho etsa kemiso ea ho ruta bana ba bona joang, ’me ke eng e ke keng ea hatisoa ho feta moo? (b) Ke litšobotsi life tsa mohlala oa mehleng ea kajeno oa koetliso ea botsoali tse u khahlang, ’me u lumela hore phello e ne e tla ba efe haeba motsoali a ne a ka li sebelisa?
18 Ho hlokahala hore lenaneo la ho ithuta le lumellane le lilemo tsa ngoana. Kahoo ka lesea, le ka mamelang ka nako e khutšoanyane, etsa mananeo a ’maloa a makhutšoanyane letsatsi le leng le le leng. Joale, butle-butle, u etse hore a nke nako e teletsana ’me u atolose thuto ea ’ona. Bohlokoa ba ho ba le linako tsa ho ruta bana ba hao ka mehla ho ke ke ha hatisoa ho feta mona. (Genese 18:19; Deuteronoma 11:18-21) Ntate e mong, eo joale a seng a le lilemong tsa bo-mashome a supileng, o behile mohlala o motle oa ho hōlisa mora oa hae, eo joale e seng e le moholo oa Mokreste. Lilemong tse fetileng, o ile a hlalosa kemiso ea hae, a hlalosa:
19 “Ha moshemane oa rōna a ne a ka ba selemo se le seng ka qala ho mo phetela lipale tsa Bibele ha e le nako ea ho robala, tse phetoang ka tsela e atolositsoeng, e monate e le hore li etse khatiso ea sebele. Hang ha a qala ho bua selemong sa hae sa bobeli re ne re khumama pel’a bethe ea hae ’me ke etsa hore a phete ‘Thapelo ea Morena’ ka morao ho ’na, polelo ka polelo. . . . Ha a le lilemo li tharo ka qala ho ba le thuto ea ka mehla ea Bibele le eena . . . O ne a ea le ’na a shebile bukeng ea hae, a pheta mantsoe ka morao ho ’na. Ka tsela ena a ithuta ho bitsa mantsoe hantle ’me a ithuta ho qapollisa esita le mantsoe a thata. . . . Ho thusa ho etsa hore linnete tsa Bibele li tebe pelong ea hae, ha a le lilemo li tharo ra qala ho etsa hore a tsebe litemana tsa Bibele tse bonolo ka hlooho. Nakong ea ha a ea sekolong sa bana ba banyenyane o ne a tseba litemana tse ka bang 30, ’me ka Loetse selemong se fetileng ha a qala ho kena sehlopheng sa pele o ne a se a tseba mangolo a 70 ka hlooho. . . . Pele moshemane oa rōna a ea tlung ke etsa hore a phete a mang a mangolo a hae. Ka ho tšoanang ha a tsoha hoseng o atisa ho pheta litemana tse seng kae tsa Bibele e le karolo ea litumeliso tsa hae bakeng sa letsatsi leo.”
20. Ho hlokahala hore ho kenyelletsoe eng lenaneong la ho ruta, ’me ngoana a ka thabela tšebeletso ea ntlo le ntlo joang?
20 Lenaneo le tsoelang pele joalo la thuto, ho akarelletsa mohlala o loketseng oa batsoali le ho sebelisoa ho sa khaotseng ha khalemelo, li tla etsa hore ngoana oa hao a qale bophelo ka tsela eo a tla e leboha ka ho sa feleng. (Liproverbia 22:15; 23:13, 14) Karolo ea bohlokoahali ea lananeo la thuto e lokela ho ba ho koetlisetsa ngoana tšebeletso ea pontšeng a sa le lilemong tse tlaase. E etse hore e be phihlelo e thabisang ka ho lokisetsa ngoana oa hao hore a nke karolo ea bohlokoahali. Ntate ea boletsoeng ka holimo o ile a tsoela pele ho hlalosa tjena mabapi le mora oa hae: “Matla ao a nang le ’ona a ho qotsa mangolo a etsa hore a atlehe haholo tšebeletsong ea ntlo le ntlo, kaha beng ba matlo ba bangata baa hlolloa ’me ba sitoa ho hana mpho ea limakasine tsa Bibele eo a fanang ka eona. O ’nile a kopanela tšebeletsong ena ea Bokreste ho tloha ha a le lilemo li tharo, ’me hona joale [ha a le lilemo li 6] hangata o atleha haholo ho tsamaisa libuka tsa Bibele ho batho ho feta ’na le mosali oa ka.”—Awake!, January 22, 1965, maqephe 3-4.
21. (a) Mpho e khōlō ka ho fetisisa eo batsoali ba ka e sielang bana ba bona ke efe? (b) Batsoali ba neoa keletso efe, ’me batsoali bohle ba nang le bana ba banyenyane ba lokela ho ba le eng?
21 Kannete batsoali ba Bakreste ba na le lefa le babatsehang, tsebo ea Jehova, leo ba ka le sielang bana ba bona ’me le tsamaea le litebello tsa bophelo bo ke keng ba fela, khotso, le thabo lefatšeng le lecha le khanyang. (Liproverbia 3:1-6, 13-18; 13:22) Ka holim’a tsohle, haha ka lipelong tsa bana ba hao ba banyenyane kholiseho bonneteng ba bokamoso boo bo hlollang, ’moho le takatso ea ho sebeletsa Jehova. Etsa hore borapeli ba ’nete e be phihlelo ea tlhaho le e thabisang bakeng sa bona. (1 Timothea 1:11, NW) Kenya ka ho bona ho tšepa Jehova ho tloha boseeeng. ’Me le ka mohla, che, le ka mohla, u se hlokomolohe mananeo a thuto a ka mehla ao u ba tšoarelang ’ona! A behe ka pele ho tsohle, ka mehla u ntse u hlahloba bocha boitsebiso boo bana ba hao ba bo hlokang le hore na ke joang u ka finyellang lipelo tsa bona ka boitsebiso boo ka tsela e molemohali. U tšoarehile ’me u tlas’a khatello; Satane le lefatše la hae ba bona hoo. Empa hopola mohlala oa Jesu! Le ka mohla u se tšoarehe haholo hore u ka ba le thuto ea ka mehla le bana ba hao!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Nako e telele pele a tseba ho bala, o ne a ithutile lipale tseo ka hore feela a mamele lik’hasete tse theipiloeng tsa buka eo.
U Ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ke bopaki bofe ba Bibele bo bontšang hore batsoali ba lokela ho hlokomela litlhoko tsa bana ba bona pele ho tsohle?
◻ Ke hobane’ng ha hona joale ho hlokahala boiteko bo khethehileng ho batsoali hore ba sireletse bana ba bona?
◻ Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hakaale hore bana ba koetlisoe ho tloha boseeeng?
◻ Litlhahiso tse ling tse sebetsang tsa kamoo batsoali ba ka finyellang pelo ea ngoana oa bona ke life?
◻ Ke eng eo le ka mohla batsoali ba Bakreste ba sa lokelang ho e hlokomoloha?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ha ho mohla ho ka thoeng koetliso ea botsoali e qalile kapele haholo