“Le Ile la Rekoa ka Theko”
“Le ile la rekoa ka theko. Ka sebele, tlotlisang Molimo.”—1 BAKORINTHE 6:20.
1, 2. (a) Ho ea ka Molao oa Moshe, makhoba a Baiseraele a ne a lokela ho tšoaroa joang? (b) Lekhoba le neng le rata mong’a lona le ne le na le boikhethelo bofe?
HO EA kamoo Holman Illustrated Bible Dictionary e bolelang kateng, “Mehleng ea boholo-holo bokhoba bo ne bo atile ebile e le ntho e amoheloang hohle.” E phaella ka ho re: “Moruo oa Egepeta, Greece, le Roma o ne o itšetlehile ka mosebetsi oa makhoba. Lekholong la pele la lilemo la Bokreste, motho a le mong ho ba bararo Italy le a le mong ho ba bahlano linaheng tse ling e ne e le lekhoba.”
2 Le hoja bokhoba bo ne bo le teng le Iseraeleng ea boholo-holo, Molao oa Moshe o ne o tiisa hore makhoba a Baheberu aa sireletsoa. Ka mohlala, Molao o ne o laela hore Moiseraele a se ke a sebeletsa e le lekhoba ka lilemo tse fetang tse tšeletseng. Ka selemo sa bosupa, o ne a lumeletsoe ho “tsoa joaloka le lokolotsoeng ntle ho tefiso.” Empa melao e mabapi le tsela eo makhoba a neng a lokela ho tšoaroa ka eona e ne e hloka leeme ebile e bontša mosa hoo Molao oa Moshe o ileng oa etsa tokisetso e latelang: “Haeba ka ho tsitlella lekhoba le re, ‘Ruri ke rata mong’a ka, mosali oa ka le bara ba ka; ha ke batle ho tsamaea joaloka ea lokolotsoeng,’ joale mong’a lona a le atametse ho Molimo oa ’nete ’me a le emise pel’a lemati kapa kosene ea monyako; mong’a lona a le phunye tsebe ka elese, ’me le fetohe lekhoba la hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Exoda 21:2-6; Levitike 25:42, 43; Deuteronoma 15:12-18.
3. (a) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba amohela bokhoba ba mofuta ofe? (b) Ke eng e re susumelletsang ho sebeletsa Molimo?
3 Tokisetso ea ho ithaopela ho ba lekhoba e ile ea e-ba selelekela sa mofuta oa bokhoba boo Bakreste ba ’nete ba leng tlas’a bona. Ka mohlala, bangoli ba Bibele e leng Pauluse, Jakobo, Petrose le Juda ba ile ba ipitsa makhoba a Molimo le a Kreste. (Tite 1:1; Jakobo 1:1; 2 Petrose 1:1; Juda 1) Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Thesalonika hore ba ‘retelehetse ho Molimo ho tloha litšoantšong tsa bona tse rapeloang hore e be makhoba a Molimo ea phelang le oa ’nete.’ (1 Bathesalonika 1:9) Ke eng e ileng ea susumelletsa Bakreste baa hore ba ithaopele ho ba makhoba a Molimo? Ha e le hantle, ke eng e neng e susumelletsa lekhoba la Moiseraele hore le tele tokoloho ea lona? Na e ne e se lerato la lona bakeng sa mong’a lona? Bokhoba ba Bokreste bo thehiloe ho rateng Molimo. Ha re se re tseba Molimo oa ’nete, ea phelang re bile re mo rata, re susumeletseha ho mo sebeletsa ka ‘lipelo tsohle tsa rōna le moea oohle oa rōna.’ (Deuteronoma 10:12, 13) Leha ho le joalo, ho ba makhoba a Molimo le a Kreste ho akarelletsa eng? Ho ama bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi joang?
“Le Etse Lintho Tsohle Bakeng sa Thoriso ea Molimo”
4. Re fetoha makhoba a Molimo le a Kreste joang?
4 Lekhoba le ’nile la hlalosoa e le “motho eo e leng thepa ea molao ea motho kapa batho ba bang le ea tlamehileng ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e laeloang.” Ha re inehela ho Jehova ’me re kolobetsoa re fetoha thepa ea hae ea molao. Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Ha le ba lōna, kaha le ile la rekoa ka theko.” (1 Bakorinthe 6:19, 20) Ke ’nete hore, theko eo, ke sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo, kaha ke ka sona Molimo a re amohelang re le bahlanka ba hae, ebang re Bakreste ba tlotsitsoeng kapa re metsoalle ea bona e nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. (Baefese 1:7; 2:13; Tšenolo 5:9) Kahoo, ho tloha ha re kolobetsoa, “re ba Jehova.” (Baroma 14:8) Kaha re rekiloe ka mali a bohlokoa a Jesu Kreste, re boetse re fetoha makhoba a hae ’me re tlamehile ho boloka litaelo tsa hae.—1 Petrose 1:18, 19.
5. Joaloka makhoba a Jehova, re na le boikarabelo bofe bo boholo, hona re ka bo phetha joang?
5 Makhoba a tlamehile ho mamela mong’a ’ona. Re ithaopetse ho ba makhoba ’me re susumetsoa ke lerato la rōna bakeng sa Monghali oa rōna. Johanne oa Pele 5:3 e re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” Ka hona, ha re mamela re bontša lerato esita le boikokobetso ba rōna. Sena se bonahala linthong tsohle tseo re li etsang. Pauluse o itse: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.” (1 Bakorinthe 10:31) Bophelong ba letsatsi le letsatsi, esita le linthong tse nyenyane, re batla ho bontša hore re “makhoba a Jehova.”—Baroma 12:11.
6. Ho ba makhoba a Molimo ho ama joang liqeto tseo re li etsang bophelong? Bontša sena ka ho etsa mohlala.
6 Ka mohlala, ha re etsa liqeto, re lokela ho ba hlokolosi hore re nahane ka botebo ka thato ea Monghali oa rōna oa leholimo, Jehova. (Malakia 1:6) Liqeto tse thata li ka ’na tsa leka kutlo ea rōna ho Molimo. Na re tla ela hloko keletso ea hae ho e-na le ho latela litakatso tsa lipelo tsa rōna tse “bolotsana” le tse ‘tsitlellang seo li se batlang’? (Jeremia 17:9) Melisa, Mokreste oa lesoha, o ne a e-na le nako e khutšoanyane feela a kolobelitsoe ha mohlankana e mong a qala ho ba le thahasello ho eena. Mohlankana enoa o ne a bonahala e le motho ea hlomphehang, ebile o ne a se a ntse a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, moholo o ile a bua le Melisa ka bohlale ba ho boloka taelo ea Jehova ea ho nyala “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39; 2 Bakorinthe 6:14) Melisa oa lumela o re: “Ho ne ho se bonolo hore ke amohele keletso ena. Empa ke ile ka etsa qeto ea hore kaha ke inehetse ho Molimo hore ke etse thato ea hae, ke tla mamela litaelo tsa hae tse hlakileng.” Ha a nahana ka se ileng sa etsahala, o re: “Ke thabile haholo hore ebe ke ile ka amohela keletso eo. Kapele mohlankana enoa o ile a khaotsa ho ithuta. Haeba ke ne ke ile ka tsoela pele ka kamano eo, hona joale nka be ke nyetsoe ke motho ea sa lumelang.”
7, 8. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ameha ho tlōla ka ho khahlisa batho? (b) Bontša kamoo ho tšaba batho ho ka hlōloang kateng.
7 Joaloka makhoba a Molimo, ha rea lokela ho ba makhoba a batho. (1 Bakorinthe 7:23) Ke ’nete hore, ha ho le ea mong oa rōna ea sa batleng ho ratoa, empa re lokela ho hopola hore Bakreste ba na le litekanyetso tse sa tšoaneng le tsa batho ba lefatše. Pauluse o ile a botsa: “Na ke batla ho khahlisa batho?” O ile a phetha ka ho re: “Haeba ke ne ke sa ntse ke khahlisa batho, nka be ke se lekhoba la Kreste.” (Bagalata 1:10) Re ke ke ra inehela khatellong ea lithaka ebe re khahlisa batho. Joale, re lokela ho etsa’ng ha re tobana le khatello ea ho tšoana le ba bang?
8 Nahana ka mohlala oa Elena, Mokreste e mocha oa Spain. Liithuti-’moho le eena tse ’maloa li ne li fana ka mali. Li ne li tseba hore Elena, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ne a ke ke a fana ka mali kapa ho amohela tšelo ea mali. Ha ho hlaha monyetla oa hore a hlalosetse sehlopha sohle boemo ba hae, Elena o ile a ithaopela ho etsa nehelano. Elena oa hlalosa o re: “Bonneteng, ke ile ka ikutloa ke tšohile haholo ha ke lokela ho etsa joalo. Empa ke ile ka lokisetsa hantle, ’me liphello e bile tse hlollang. Ke ile ka ikhapela tlhompho ea liithuti-’moho le ’na tse ngata, ’me mosuoe o ile a mpolella hore o rata mosebetsi oo ke neng ke o etsa. Ka holim’a tsohle, ke ile ka ikutloa ke khotsofaletse hore ebe ke ile ka emela lebitso la Jehova le hore ke ile ka khona ho hlalosa mabaka a boemo ba ka ba Mangolo ka mokhoa o hlakileng.” (Genese 9:3, 4; Liketso 15:28, 29) Ke ’nete hore, joaloka makhoba a Molimo le a Kreste, re khethollehile ho batho ba bang. Leha ho le joalo, maemong a mangata re tla ikhapela tlhompho ea batho haeba re itokiselitse ho emela litumelo tsa rōna ka tlhompho.—1 Petrose 3:15.
9. Re ithuta’ng ho lengeloi le ileng la bonahala ho moapostola Johanne?
9 Ho hopola hore re makhoba a Molimo ho ka boela ha re thusa hore re lule re ikokobelitse. Ka lekhetlo le leng, moapostola Johanne o ile a khahloa haholo ke pono e hlollang ea Jerusalema ea leholimo hoo a ileng a itihela fatše ka pel’a maoto a lengeloi leo e neng e le ’muelli oa Molimo hore a le rapele. Lengeloi le ile la re ho eena: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo! Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno ba baprofeta le ba bolokang mantsoe a moqolo ona. Rapela Molimo.” (Tšenolo 22:8, 9) Ka sebele lengeloi leo le ile la behela makhoba ’ohle a Molimo mohlala o motle hakaakang! Ho ka ’na ha etsahala hore Bakreste ba bang ba be le boikarabelo bo khethehileng ka phuthehong. Leha ho le joalo, Jesu o itse: “Mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna, ’me mang kapa mang ea batlang ho ba oa pele har’a lōna e tla ba lekhoba la lōna.” (Matheu 20:26, 27) Joaloka balateli ba Jesu, kaofela ha rōna re makhoba.
“Seo re se Entseng ke Seo re Neng re Tšoanela Hore Ebe re se Entse”
10. Fana ka mehlala ea Mangolo ho bontša hore hase kamehla ho neng ho le bonolo hore bahlanka ba Molimo ba etse thato ea hae.
10 Hase kamehla ho leng bonolo hore batho ba sa phethahalang ba etse thato ea Molimo. Moprofeta Moshe o ne a le leqe ho mamela ha Jehova a ne a mo kōpa hore a ee ’me a ntše bara ba Iseraele bokhobeng Egepeta. (Exoda 3:10, 11; 4:1, 10) Ha Jonase a qeta ho fumana kabelo ea ho phatlalatsa molaetsa oa kahlolo ho batho ba Ninive, o ile “a ema eaba o balehela Tarshishe ho tloha ka pel’a Jehova.” (Jonase 1:2, 3) Baruke, mongoli oa moprofeta Jeremia, o ile a tletleba ka hore o tepeletse. (Jeremia 45:2, 3) Re lokela ho etsa joang ha litakatso tsa rōna kapa lintho tseo re li khethang li thulana le ho etsa thato ea Molimo? Papiso eo Jesu a faneng ka eona e fana ka karabo.
11, 12. (a) Ka bokhutšoanyane pheta papiso ea Jesu e tlalehiloeng ho Luka 17:7-10. (b) Re ithuta’ng papisong ea Jesu?
11 Jesu o ile a bua ka lekhoba le neng le ntse le hlokometse mohlape oa monghali oa lona letsatsi lohle tšimong. Ha lekhoba leo le fihla lapeng, le khathetse ka lebaka la ho sebetsa ka thata ka lihora tse 12, monghali oa lona ha aa ka a le mema hore le lule fatše ’me le thabele lijo tse hlabosang tsa mantsiboea. Ho e-na le hoo, monghali o ile a re: “Ntokisetse ho hong hore ke je lijo tsa ka tsa shoalane, u apare foreskoto ’me u ntšebeletse ho fihlela ke qeta ho ja le ho noa, ’me ka mor’a moo u ka ja oa noa.” Lekhoba leo le ne le ka hlokomela litlhoko tsa lona ha le se le qetile ho sebeletsa monghali oa lona. Jesu o ile a phetha papiso ena ka ho re: “Kahoo le lōna, ha le entse lintho tsohle tseo le li abetsoeng, le re, ‘Re makhoba a se nang molemo. Seo re se entseng ke seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’”—Luka 17:7-10.
12 Jesu o ne a sa etse papiso ena ho bontša hore Jehova ha a ananele seo re se etsang tšebeletsong ea hae. Ka ho hlakileng Bibele e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheberu 6:10) Ho e-na le hoo, ntlha ea papiso ea Jesu ke hore lekhoba le ke ke la ikhahlisa kapa ho ameha haholo ka boiketlo ba lona. Ha re ne re inehela ho Molimo le ho khetha ho ba makhoba a hae, re ile ra lumela hore re tla etelletsa thato ea hae ka pele ho ea rōna. Re lokela ho etsa hore thato ea Molimo e tle pele ho ea rōna.
13, 14. (a) Ke maemong afe ho ka ’nang ha hlokahala hore re hatelle litakatso tsa rōna? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho lumella thato ea Molimo hore e hlōle?
13 Ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla le likhatiso tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho ka ’na ha hloka hore re ikitlaetse haholo. (Matheu 24:45) Sena se ka ’na sa etsahala haholo-holo haeba re ’nile ra thatafalloa ke ho bala kapa haeba khatiso e itseng e bua ka “lintho tse tebileng tsa Molimo.” (1 Bakorinthe 2:10) Leha ho le joalo, na ha rea lokela ho etsa kemiso ea nako ea thuto ea botho? Ho ka ’na ha hlokahala hore re itaee e le hore re lule fatše ’me re qete nako re ithuta. Empa, haeba re sa etse joalo, ke joang re ka bang le takatso ea “lijo tse tiileng . . . tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng”?—Baheberu 5:14.
14 Ho thoe’ng ha ka linako tse ling re khutlela lapeng re khathetse ka mor’a ho qeta letsatsi lohle re sebetsa? Ho ka ’na ha hlokahala hore re iqobelle ho ea libokeng tsa Bokreste. Kapa mohlomong ka tlhaho ha re rate ho pakela batho bao re sa ba tsebeng. Pauluse ka boeena o ile a lumela hore ka linako tse ling re ne re tla bolela litaba tse molemo ‘khahlanong le thato ea rōna.’ (1 Bakorinthe 9:17) Leha ho le joalo, lintho tsena re li etsa hobane Jehova—Monghali oa rōna oa leholimo, eo re mo ratang—a re laela hore re li etse. Na kamehla ha re ikutloe re khotsofetse ebile re khatholohile ka mor’a ho ikitlaelletsa ho ithuta, ho ba teng libokeng le ho bolela?—Pesaleme ea 1:1, 2; 122:1; 145:10-13.
U se ke Ua Talima “Lintho Tse ka Morao”
15. Jesu o ile a beha mohlala oa ho ikokobelletsa Molimo joang?
15 Jesu Kreste o ile a bontša hore o ikokobelletsa Ntat’ae oa leholimo ka tsela e phahameng. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.” (Johanne 6:38) Ha a ne a utloa bohloko bo boholo serapeng sa Gethesemane, o ile a rapela a re: “Ntate, haeba ho khoneha, senoelo sena se ke se mphete. Empa leha ho le joalo, eseng kamoo ho ratang ’na, empa kamoo ho ratang uena.”—Matheu 26:39.
16, 17. (a) Re lokela ho talima lintho tseo re li siileng morao joang? (b) Bontša kamoo Pauluse a neng a talima lintho ka tsela ea sebele kateng ha a ne a nka menyetla ea hae ea lefatše e le “lithōle tse ngata.”
16 Jesu Kreste o batla hore re lule re tšepahalla qeto ea rōna ea ho ba makhoba a Molimo. O ile a re: “Ha ho motho ea behileng letsoho la hae mohomeng ’me a talima lintho tse ka morao ea loketseng ’muso oa Molimo.” (Luka 9:62) Ka sebele ha rea lokela ho lula re nahana ka lintho tseo re li siileng morao ha re le makhoba a Molimo. Ho e-na le hoo, re lokela ho ananela seo re se fumaneng ka ho ikhethela ho ba makhoba a Molimo. Pauluse o ile a ngolla Bafilipi a re: “Ka sebele ke hlile ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka. Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle tse ngata, e le hore nka rua Kreste.”—Bafilipi 3:8.
17 Nahana ka lintho tsohle tseo Pauluse a ileng a li nka e lithōle tse ngata le ho li tlohela e le hore a fumane meputso ea moea joaloka lekhoba la Molimo. Ha aa ka a tlohela menate ea lefatše lena feela empa hape o ile a tlohela le monyetla oa ho ba moeta-pele oa ka moso oa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Hoja Pauluse o ile a tsoela pele ka Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, mohlomong a ka be a ile a phahamisetsoa boemong bo tšoanang le ba Simeone, mora oa morupeli oa Pauluse, e leng Gamaliele. (Liketso 22:3; Bagalata 1:14) Simeone e ile ea e-ba moeta-pele oa Bafarisi ’me o ile a phetha karolo ea bohlokoa—le hoja a ne a e-na le lipelaelo tse itseng—phetohelong ea Bajuda khahlanong le Roma ka 66-70 C.E. O ile a shoella ntoeng eo, mohlomong a bolaoa ke Bajuda ba fetelletsang litaba kapa lebotho la Roma.
18. Fana ka mohlala o bontšang kamoo mesebetsi ea moea e tlisang meputso kateng.
18 Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ile tsa latela mohlala oa Pauluse. Jean o re: “Lilemo tse seng kae feela ke tlohetse sekolo, ke ile ka fumana mosebetsi oa ho ba mongoli ea ka sehloohong oa ramolao ea tummeng oa London. Ke ne ke rata mosebetsi oa ka ebile ke fumana chelete e ngata, empa ka pelong ke ne ke tseba hore nka etsa ho eketsehileng ho sebeletsa Jehova. Qetellong, ke ile ka fana ka lengolo la ho tlohela mosebetsi eaba ke qala ho bula maliboho. Ke motlōtlō hore ebe ke ile ka nka khato eo lilemo tse ka bang 20 tse fetileng! Tšebeletso ea ka ea nako e tletseng e nthuisitse molemo bophelong ho feta kamoo mosebetsi leha e le ofe oa ho ba mongoli o neng o ka etsa kateng. Ha ho letho le khotsofatsang ho feta ho bona kamoo Lentsoe la Jehova le ka fetolang bophelo ba motho kateng. Ho ba le karolo mosebetsing ona ho thabisa haholo. Seo re se fang Jehova hase letho ha se bapisoa le seo re se amohelang.”
19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?
19 Ha nako e ntse e tsamaea ho ka ’na ha etsahala hore le maemo a rōna a fetohe. Leha ho le joalo, boinehelo ba rōna ho Molimo bona ha bo fetohe. Re sa ntse re le makhoba a Jehova, ’me o re lumella hore re ikhethele hore na ke joang re ka sebelisang nako ea rōna, matla, bokhoni le lintho tse ling tsa bohlokoa ka tsela e molemohali. Kahoo, liqeto tseo re li etsang tabeng ena li ka bontša lerato la rōna ho Molimo. Li boetse li bontša hore na re ikemiselitse ho itela ho isa bohōleng bofe. (Matheu 6:33) Ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe, na ha rea lokela ho ikemisetsa ho fa Jehova se molemohali seo re nang le sona? Pauluse o ile a ngola a re: “Haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a nang le sona, eseng ho ea ka seo motho a se nang sona.”—2 Bakorinthe 8:12.
“Le Fumana Litholoana Tsa Lōna”
20, 21. (a) Makhoba a Molimo a hlahisa litholoana life? (b) Jehova o putsa ba mo fang se molemohali seo ba nang le sona joang?
20 Ho ba makhoba a Molimo ha ho re hatelle. Ho fapana le moo, ho re lokolla bokhobeng bo hatellang bo re amohang thabo. Pauluse o ile a ngola a re: “Kahobane le ile la lokolloa sebeng empa la fetoha makhoba ho Molimo, le fumana litholoana tsa lōna ka tsela ea khalalelo, ’me pheletso ke bophelo bo sa feleng.” (Baroma 6:22) Ho ba ha rōna makhoba a Molimo ho hlahisa litholoana ka tsela ea khalalelo ka kutloisiso ea hore re kotula melemo ea khalalelo, kapa ea boitšoaro bo halalelang le bo hloekileng. Ho feta moo, ho isa bophelong bo sa feleng nakong e tlang.
21 Jehova o fa makhoba a hae ka seatla se bulehileng. Ha re etsa sohle seo re ka se khonang seo re ka se etsang tšebeletsong ea hae, o re bulela “likhoro tsa moroallo tsa maholimo” ’me o re tšollela “tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.” (Malakia 3:10) Ho tla thabisa hakaakang ho tsoela pele re le makhoba a Jehova ka ho sa feleng!
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha re e-ba makhoba a Molimo?
• Re bontša joang hore re ikokobelletsa thato ea Molimo?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho itokisetsa ho etelletsa thato ea Jehova ka pele ho ea rōna?
• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho “talima lintho tse ka morao”?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Tokisetso ea ho ithaopela ho ba lekhoba Iseraeleng e ne e le selelekela sa bokhoba ba Bokreste
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ha re kolobetsoa re ba makhoba a Molimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Bakreste ba etelletsa thato ea Molimo pele
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Moshe o ne a le leqe ho amohela kabelo ea hae