Ho Fetola Sebōpeho sa Batho
RAFILOSOFI Monghali Isaiah Berlin o itse: “Batho ha ba phele ka ho loantša lintho tse mpe feela. Ba phela ka lipakane tse molemo, e le pakane ka ’ngoe kapa tse ngata.” Empa ke ba bakae ba ka fumanang “lipakane tse molemo” joalo? Hangata sebōpeho sa batho se hoheloa ke se sa nepahalang le se senyang.
Ka mohlala, haufinyane tjena tlōlo ea molao e mabifi e ile ea nyoloha ka karolo ea 11 lekholong Brithani. Tona-khōlō ea Brithani e re: “Mosebetsi oa rōna ke ho leka ho fumana litšitiso e le hore tsoelo-pele e khōlō e ka tsoela pele.” Empa na melao le khatello ea lipolotiki, le hoja li e-na le morero o motle, li ka hla tsa fetola tšekamelo ea batho ea ho etsa se fosahetseng? ’Nete ea hore ho hloka molao ho teng ’me ho ntse ho eketseha ho sa tsotellehe ho etsoa ha melao le ho phethahatsoa ha eona ka thata-thata, ea ipuella ka boeona. Ho hlokahala ho hong ho fetang thibelo ea molao. Sebōpeho sa batho ka bosona se lokela ho fetoha.
Bibele, ha e talima bophelo ka mokhoa oa sebele, le ka mokhoa o sebetsang, e hlalosa litšobotsi tsa motho tse mpe. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba habo ba Galatia ka “liketso tsa boitšoaro bo bobe, tse litšila, le tse sa hlompheheng . . . Batho ba fetoha lira ’me baa loana; ba fetoha ba mōna, ba bohale, le . . . ba mohono, baa tahoa, ba etsa mekete ea botahoa, ’me ba etsa lintho tse ling tse tšoanang le tsena.” Ho ea ka Today’s English Version, e qotsitsoeng mona, mekhoa ena kaofela e hlephileng ke “seo sebōpeho sa batho se se etsang.”—Ba-Galata 5:19-21.
Motso oa Bothata
Leha ho le joalo, Today’s English Version ke phetolelo e sa fetoleleng lentsoe ka lentsoe ’me polelo “seo sebōpeho sa batho se se etsang” ke tsela feela ea ho beha ka mantsoe a mang seo Pauluse a se buileng. Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng ke Pauluse, sarx, le bolela “nama,” eseng “sebōpeho sa batho.” Ka lebaka lena, liphetolelo tse fetolelang lentsoe ka lentsoe mona li bua ka “mesebetsi ea nama” ho fetisetsa polelo ea Pauluse ka mokhoa o nepahetseng puong ea rōna ea kajeno.a
Tlaleho ea Bibele ea ho kena ha sebe ho batho e hlakile ’me e bonolo—ha e le hantle, e bonolo hoo batho ba bangata ba khethang ho se e lumele. Pauluse o ile a e hlalosa tjena: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Mona Pauluse o supa Genese, buka ea pele ea Bibele, le pōpo ea motho oa pele, Adama, le mosali oa hae, Eva. Ho se utloe ha bona ha ka boomo ho tsebahala hantle. Ka lebaka la sena, ba ile ba ahloleloa lefu. Bana ba bona ba neng ba futsitse ho se phethahale ha bona ba ile ba shoa ka mokhoa o tšoanang. Kahoo, “bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” Ka lebaka lena la motheo, kajeno sebōpeho sa batho ke seipone se lerootho ka ho fetisisa sa kamoo se neng se le ka teng qalong ha Molimo o bōpa motho a phethahetse.—Ba-Roma 3:23; Genese, likhaolo 2 le 3.
Sebōpeho sa Batho Sea Fetoha
Leha ho le joalo, ho hlōla litšobotsi tse ngata tse mpe ka ho fetisisa tsa sebōpeho sa batho hoa khoneha. Ka sebele, Bibele e bolela hore re ka fetola sebōpeho sa rōna ka kutloisiso ea ho fetola botho ba rōna. Joang? Ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo.—Ba-Roma 8:9.
Lengolong la hae le eang ho Bakreste ba habo Kolosse, Pauluse o ho hlalositse tjena: “Le hlobole botho ba khale le mekhoa ea bona, ’me le ikapese botho bo bocha, bo ntseng bo nchafatsoa ka tsebo e nepahetseng ho latela setšoantšo sa ea bo bōpileng.” Har’a mekhoa ea botho ba khale, o thathamisa tse ling tsa litšobotsi tse susumelletsang batho hore ba hoheloe ke se senyang: takatso e kotsi, bohale, khalefo, le bobe.—Ba-Kolosse 3:5-10, NW.
Ka ho tšoanang ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Efese, o boetse o bua ka tlhokahalo ea “botho bo bocha,” boo a ba bolellang hore bo ‘bōpiloe ka ho tšoana le Molimo ka ho loka le ka khalalelo ea ’nete.’ O atolosa tlhaloso ea hae ka ho re: “Felisang bosoele bohle, le bohale, le khalefo, le lerata, le bonyefoli, le bobe bohle. Rekolohelanang, le hauhelane.”—Ba-Efese 4:24, 31, 32, BPN.
Na seo Pauluse a se boletseng e ne e le ntho e ka etsahalang? Na ka sebele botho ba batho bo ka fetoloa? Bopaki ke hore Bakreste bao ba pele ba ile ba etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba bona. Joaloka sehlopha sa batho, ba ile ba lula ba ikarotse lefatšeng le ba potolohileng. Rahistori oa mehleng ea pele ea Bokreste, Justin Martyr, o ile a ngola: “Rōna ba hloeaneng le ba bolaeanang, le bao, ka lebaka la ho fapana ha mekhoa, re neng re hana ho lula le batho ba morabe o fapaneng, hona joale, ho tloha nakong ea ho hlaha ha Kreste, re phela ka kamano e tloaelehileng le bona, ’me re rapella lira tsa rōna, ’me re leka ka matla ho phehella ba re hloileng ka ntle ho lebaka hore re pheleng ka tsela e lumellanang le melao-motheo e phethahetseng ea Kreste.”
Ho thoe’ng kajeno? Na ho etsa liphetoho tse khōlō joalo sebōpehong sa motho ho sa ntsane ho ka khoneha? E! Mehlala e mashome a likete e bontša hore liphetoho tse khōlō li sa ntsane li etsahala. Mohlala o latelang ke o mong oa eona.
Stephen o ile a hōlisetsoa setsing se seng sa khoebo sa Engelane. Ntate oa hae o ne a sa lumele hore Molimo o teng. Ha a le lilemo li 12, Stephen o ile a ahloleloa lilemo tse tharo sekolong sa koetliso ea bana ba litlokotsebe. O ne a ile a lumela hore o molato linyeoeng tse 64 tsa ho thuha mehaho ka morero oa bosholu! Ka potlako o ile a felloa ke tlhompho bakeng sa bolaoli leha e le bofe, ’me ha a ntse a hōla, litlōlo tsa hae tsa molao e ile ea e-ba tse tebileng haholoanyane. Li ne li kopanyelletsa ho se tšepahale, botahoa, ho baka mofere-fere, le ho hlasela mapolesa, e leng tlōlo ea molao ea ho qetela eo Stephen a ileng a isoa teronkong ka lebaka la eona. Sebōpeho sa hae se ile sa fetoha se mabifi haholo. O ile a re: “Ha ho tlōlo ea molao eo motho ea se nang bomolimo a ke keng a e etsa haeba litlhoko tsa hae li le khōlō ka ho lekaneng.”
Ke’ng se neng se ka fetola motlōli oa molao ea seng a thathafetse pelo joalo? Qetellong Stephen o ile a amohela thuso e tsoang ho ngoan’abo ea neng a se a fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a ho ithuta Bibele ka nako e khutšoanyane, Stephen o ile a qala ho apara “botho bo bocha.” Ka sebele o ile a etsa liphetoho tse khōlō. Hona joale, lilemo tse hlano hamorao, o lenyalong le thabileng, ’me ke setho se nang le boikarabelo sa phutheho ea Lipaki tsa Jehova, eo a sebeletsang e le mohlanka ea sebeletsang ho eona.
Kahoo sebōpeho sa batho se ka fetoloa ho ea ka maemo a motho ka mong. Empa na bofokoli ba batho ke lona feela lebaka le ‘fokolisang tsoelo-pele’ kajeno?
“Diabolose ea Boleloang Lengolong”
Moapostola Pauluse o ile a ngola boprofeta bo tsotehang bo mabapi le ‘mehla ena ea qetello.’ Mantsoe a hae a hlahisitsoe lebokoseng le ka holimo. Hlokomela hore ho phahama ha pefo le bobe ho tlisa “linako tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Na sebōpeho sa batho ke sona feela se ikarabellang bakeng sa sena sohle?—2 Timothea 3:1, NW.
Che, ho na le ho hong hape, tšusumetso e khopo ea bobe e laola bofokoli ba batho. Feela joalokaha batho ba fumana ho le thata ho lumela hore motho o futsitse sebe, ka mokhoa o tšoanang ba fumana ho le thata ho amohela hore ho na le matla a phahametseng motho a batlang ho mo laola. Empa Bibele e bolela hore matla a joalo a teng: Satane Diabolose.
Lentsoe “Diabolose” (le bolelang “moetselletsi”) le hlaha ka makhetlo a 33 ka Bibeleng, ’me “Satane” (e bolelang “mohanyetsi”) e hlaha ka makhetlo a 52. Boholo ba litšupiso tsena li bua ka motho a le mong ea khopo oa moea. Leha ho le joalo, ba bang ba latola boteng ba Satane e le motho oa sebele, ba khetha ho re: “Sebōpeho sa batho le ho sekamela ha bona sebeng ke eena diabolose ea boleloang Lengolong.”b Leha ho le joalo, ka ho thahasellisang tlalehong ea mohlanka ea tšepahalang oa Jehova Jobo, taba e ngotsoeng ka Seheberu e sebelisa polelo has·Sa·tanʹ, Satane (“the Satan,” ka Senyesemane), ’me ho Luka 4:2 re bala hore ke Diabolose (“the Devil,” ka Senyesemane) (ho di·aʹbo·los, ka Segerike) ea ileng a leka Jesu. (Jobo 1:6) Maemong ana ka bobeli, ho ea ka melao ea ho ngoloa ha puo ho boleloa motho ea itseng. Sebōpeho sa batho ha se amehe.
Moapostola Pauluse o eketsa kutloisiso ea rōna ea kamoo Satane a leng matla ka teng, ha a ngolla Baefese, o bua ka “marena a lefifi la lefatše lena, . . . meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” (Ba-Efese 6:12) Satane Diabolose hammoho le ‘marena ao a lefatše’ ke bademona, libōpuoa tsa moea tse khopo tse sa bonahaleng. Ba ‘thetsa lefatše kaofela,’ ba sebelisa boemo ba motho ba boetsalibe hampe ka hohle kamoo ba ka khonang. (Tšenolo 12:9) Ke ka lebaka lena Pauluse a phehellang Mokreste e mong le e mong ka matla ho re a ‘eme a tiile khahlanong le liketso tsa bolotsana tsa Diabolose.’ Ke sona sesosa se seholo sa ho senyeha ha batho ka kakaretso hoo re ho bonang ho re pota-potile.—Ba-Efese 6:11, NW.
Ho Tsosolosoa
Petrose, oa nakong ea Pauluse, o re tiisetsa hore Satane le bademona ba hae ba ke ke ba e-ba teng ka ho sa feleng ho hlasela moloko oa batho. O re: “Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:13) Ka sebele, haufinyane bobe le mekhoa eohle eo bo iponahatsang ka eona e ke ke ea hlola e e-ba karolo ea boemo ba batho. Satane le bademona ba hae ba tla be ba felisitsoe. (Ba-Roma 16:20; Tšenolo 20:1-3) Joale ka sebele, sebōpeho sa batho se tla bonahatsa “khanya ea Molimo,” ’me bophelo bo sa feleng ke eona tebello e tiileng bakeng sa lelapa la motho.—Ba-Roma 3:23.
Mopresidente oa Amerika Thomas Jefferson o ile a tiisa: “Ka mehla ke ’nile ka bolela ebile ke tla ’ne ke bolele hore ho ithuta Moqolo o Halalelang ka hloko ho tla hlahisa baahi ba molemonyana . . . Bibele e hlahisa batho ba molemo ka ho fetisisa lefatšeng.” Joalokaha re se re bone, sebōpeho sa rōna se ka fetoha haeba re fa molaetsa o matla oa Bibele monyetla oa ho susumetsa bophelo ba rōna. (Ba-Roma 12:2) Re ka khetha ho hahamalla ho amohela se molemo le se nang le bomolimo. ’Me ho imatlafatsa boitekong ba rōna ba ho ntlafatsa, re ka khetha ho kopanela le bao ka tieo ba batlang ho etsa se tšoanang. (Ba-Heberu 10:24, 25) Lipaki tsa Jehova li thabela ho u thusa ka tsela efe le efe e ka khonehang. Ke hobane’ng ha u sa ikopanye le tsona hona joale!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa: New World Translation of the Holy Scriptures; The Holy Bible, ea Robert Young; The Emphasised Bible, ea Joseph B. Rotherham; The Holy Bible in Modern English, ea Ferrar Fenton; The Modern Reader’s Bible, ea Richard G. Moulton.
b Polelo ea molao ea tumelo ea Christadelphianism, mokha o mong oa Bokreste-’mōtoana.
[Lebokose le leqepheng la 6]
‘MEHLA EA QETELLO’ Tlhaloso ea Bibele
“Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba joalo u ba furalle.”—2 Timothea 3:1-5.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Haufinyane, sebōpeho sa batho se tla bonahatsa khanya ea Molimo ka ho felletseng