Gileade e Romela Baromuoa “Karolong e Hōle-hōle ea Lefatše”
KA NAKO e fetang lilemo tse mashome a mahlano, Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se ’nile sa romela baromuoa linaheng tse ling. Ka la 11 September, 1999, sehlopha sa bo107 sa Gileade se ne se abeloa mangolo. Liithuti tse neng li le ho sona li ne li le 48 li e-tsoa linaheng tse 11, ’me li ile tsa abeloa ho ea sebeletsa linaheng tse 24 tse sa tšoaneng. Li tla sebetsa hammoho le baromuoa ba bang ba likete, ba entseng mosebetsi oa bohlokoa ha ba phethahatsa mantsoe a ho qetela a Jesu pele a nyolohela leholimong. O boletse esale pele hore barutuoa ba hae e ne e tla “ba lipaki tsa [hae] . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Liketso 1:8.
Lenaneo la kabo ea mangolo, le neng le tšoaretsoe Setsing sa Thuto sa Watchtower se Patterson, New York, e ile ea e-ba ketsahalo e hlollang tikolohong e ntle. Liithuti tse neng li abeloa mangolo li ne li thabile haholo ha beng ka tsona, metsoalle e haufi le baeti, ba le teng. Ha ho akarelletsoa le ba neng ba mametse ba bile ba shebeletse ka ho hokelloa ka mohala le ka video ba le mehahong e Brooklyn le Wallkill, bohle ba neng ba le teng ba ne ba le 4 992.
Sebeletsa Jehova le Moahisani ka Botšepehi
“Ke Mang ea ka Lehlakoreng la Jehova?” Sena e bile sehlooho sa litlhaloso tse bulang tsa Carey Barber, setho sa Sehlopha se Busang le molula-setulo oa lenaneo la kabo ea mangolo. O ile a hlalosa hore ena ke tseko eo Baiseraele ba neng ba talimane le eona mehleng ea Moshe. Liithuti tse abeloang mangolo le ba neng ba le teng ba ile ba hopotsoa hore Baiseraele ba bangata ba ile ba shoela lefeelleng hobane ba sa ka ba lula ka lehlakoreng la Jehova ka botšepehi. Ka mor’a ho ba liphofu tsa borapeli ba litšoantšo, ba ile ba ‘lula fatše ho ja le ho noa. Joale ba ema hore ba ithabise.’ (Exoda 32:1-29, NW) Jesu o ile a lemosa Bakreste ka kotsi e tšoanang: “Ikeleng hloko hore lipelo tsa lōna le ka mohla e se ke ea e-ba tse imeloang ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang.”—Luka 21:34-36.
Sebui se latelang, e leng Gene Smalley, oa Lefapha la Bongoli, o ile a botsa liithuti tse abeloang mangolo: “Na le Tla Bontša Hore le Paregoric?” O ile a hlalosa hore lentsoe la Segerike pa·re·go·riʹa le ile la sebelisoa Senyesemaneng e le lebitso la motsoako oa moriana o fokotsang mesarelo. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a sebelisa lentsoe lena la Segerike le hlalosang ho Bakolose 4:11 bakeng sa ho hlalosa basebetsi-’moho le eena. Ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste, lentsoe lena le fetoletsoe e le “thuso e matlafatsang.”
Ha ba le libakeng tseo ba abetsoeng ho tsona, baromuoa ba abeloang mangolo e ka ba li-paregoric tsa kajeno ka tsela eo e hlileng e leng ea sebele ka hore ka boikokobetso e be thuso e matlafatsang ho bara le barali babo rōna le ka ho ba le moea oa boithaopo le oa lerato ha ba sebelisana le baromuoa-’moho le bona.
Daniel Sydlik, setho sa Sehlopha se Busang, e bile eena ea latelang ’me a bua ka sehlooho se reng “Molao oa Khauta oo ho ka Pheloang ka Oona.” O ile a hlalosa hore molao-motheo o phahameng oo Jesu a ileng a bua ka oona ho Matheu 7:12 o reng, “lintho tsohle, tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona,” o akarelletsa ho etsetsa ba bang lintho tse molemo, eseng feela ho qoba ho ba ntša kotsi.
Ho etsa sena ka katleho, ho hlokahala lintho tse tharo: leihlo le bonang, pelo e nang le kutloelo-bohloko, le ho thusa. Ha a akaretsa taba ea hae, o ile a re: “Haeba re lakatsa ho thusa, re lokela ho thusa hang-hang. Re lokela ho etsa boiteko bo eketsehileng ba ho etsetsa ba bang seo re ka ratang hore ba re etsetse sona.” Baromuoa ba eang linaheng tse ling ho ea thusa batho ho ba Bakreste ba ’nete ke bona bao ka ho khethehileng ba ka etsang sena.
Barupeli ba Fana ka Likhopotso Tse Mofuthu
Morupeli oa Gileade Karl Adams o ile a khothatsa baromuoa ba abeloang mangolo a re: “Le Tsoele Pele ho Hōla.” Lintlheng life? Ea pele, tsebong le matleng a ho e sebelisa hantle. Gileade, liithuti li ithutile mokhoa oa ho etsa lipatlisiso bakeng sa ho fumana lintlha tse tšehetsang litlaleho tsa Bibele le maemo ao li neng li etsahala tlas’a ’ona. Li khothalelitsoe ho hlokomela hore na tlaleho ka ’ngoe e lokela ho ama bophelo ba tsona joang. Li ile tsa phehelloa hore li tsoele pele ho etsa joalo.
Mor’abo Rōna Adams a re: “Ea bobeli, tsoelang pele ho hōla leratong. Lerato ke ntho e ’ngoe eo, ha e hlaoleloa, e hōlang. Ha e hlokomolohuoa, e ka shoa.” (Bafilippi 1:9) Joale, joaloka baromuoa, ho ne ho tla hlokahala hore ba hōle leratong tlas’a maemo a sa tšoaneng. ’Me ea boraro: “Le tsoele pele ho hōla moseng o sa tšoanelang le tsebong ea Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.” (2 Petrose 3:18) Sebui se ile sa re: “Ona ke mosa o hlollang oo Jehova a o bontšitseng ka Mora oa hae. Ha re ntse re hōla kananelong ea mosa oo o sa tšoanelang, thabo ea rōna ea hōla ho etseng thato ea Molimo le ho etseng seo a re laetseng hore re se etse.”
Morupeli e mong oa Gileade, Mark Noumair o ile a fana ka puo eo sehlooho sa eona se reng: “A Amoheleng ka Lerato, ’me le ka a Mamella.” O ile a eletsa: “Ithuteng ho amohela ka lerato maemo a phephetsang bophelong ba boromuoa, ’me le tla khona ho a mamella. Jehova o laea bao a ba ratang feela. Esita le haeba u ikutloa hore keletso e itseng ha ea nahaneloa hantle, ea halefisa, kapa e leeme, ho rata Jehova le kamano ea hao le eena ho tla u thusa ho e mamella.”
Mor’abo rōna Noumair o ile a bontša hore tšebeletso ea boromuoa e akarelletsa mesebetsi e mengata. “Empa mesebetsi e sa etsoeng ka lerato e tla etsa hore u se ke ua khotsofala. Ha ho se na lerato, mesebetsi ea hao ea lapeng—e kang ho pheha, ho reka, ho hlatsoa litholoana, ho belisa metsi—e ka fetoha e tepeletsang haholo. U tlameha ho ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ke etsa lintho tsee?’ Ha e le hantle, haeba u ipolella, ‘Mesebetsi ea ka e tlatsetsa bophelong bo botle le thabong ea baromuoa-’moho le ’na,’ joale ho ke ke ha e-ba thata ho e mamella.” Ha a akaretsa taba, o ile a khothatsa: “Ebang ke ho amoheleng taeo, ho phetheng mesebetsi ea hao ea boromuoa, kapa ho sebetsaneng le ho se utloane, ho mamella ka lerato ho tla u nolofalletsa ho tiisetsa kabelong ea hao. ‘Lerato ha le fele le ka mohla.’”—1 Bakorinthe 13:8.
Wallace Liverance, e leng morupeli oa Gileade, o ile a latela ’me a etella pele sehlopha se neng se pheta liphihlelo tse ’maloa tse thabisang tseo liithuti li ileng tsa ba le tsona ha li ntse li sebetsa le liphutheho tsa moo. Ntle le ho ea ka ntlo le ntlo, li ile tsa sebelisa koetliso ea tsona ea boromuoa ho batleng batho moo literaka li emisang teng, moo batho ba hlatsoetsang liaparo tsa bona teng, liteisheneng tsa terene le libakeng tse ling.
Baromuoa ba Nang le Phihlelo ba Tlosa Khoao
Ha baromuoa ba bacha ba e-ea naheng e ’ngoe, na ho hlokahala hore ba tšoenyehe? Na ba ka thulana le liphephetso likabelong tsa bona tsa linaha tse ling? Liofisi tsa makala li etsa eng ho thusa baa ba fihlang hore ba atlehe? Ho araba lipotso tsena le tse ling, Steven Lett, oa Lefapha la Tšebeletso le David Splane, oa Lefapha la Bongoli, ba ile ba buisana ka lipotso le barab’abo rōna bao ka nako eo ba neng ba le sekolong sa makala Setsing sa Thuto sa Watchtower. Bara bana babo rōna bao ho ileng ha buisanoa le bona ka lipotso ba sebeletsa likomiting tsa makala Spain, Hong Kong, Liberia, Benin, Madagascar, Brazil le Japane.
Bahlanka bana ba Jehova ba nang le phihlelo, bao bongata ba bona ba sebelelitseng e le baromuoa ka lilemo tse mashome, ba ile ba tlosa khoao ho liithuti tse neng li abeloa mangolo hammoho le batsoali ba tsona le beng ka tsona ba leng teng. Motheong oa phihlelo ea bona le ea baromuoa-’moho le bona, ba ile ba bontša hore li ka sebetsa mathata le seo li amehileng ka sona ka katleho. E ka ’na eaba bothata boo li talimaneng le bona bo boholo, “empa bo ka rarolloa, ’me Mokhatlo oa re thusa,” ke seo Raimo Kuokkanen, moromuoa oa Madagascar a ileng a se bolela. “Ha rea ka ra khetha kabelo ena, re ile ra e fuoa,” ho rialo Östen Gustavsson, eo hona joale a sebeletsang Brazil. “Ka hona re ile ra etsa qeto ea ho etsa sohle seo re ka se khonang ho lula ho eona.” James Linton, ea sebeletsang Japane, o ile a bolela hore o thusitsoe ke “boteng ba barab’abo rōna ba neng ba se ba ntse ba sebeletsa kabelong ea boromuoa.” Tšebeletso ea boromuoa ke tsela e thabisang le e khotsofatsang ea ho sebeletsa Jehova le ho hlokomela linku tsa hae.
Ho Qoba Seoa se Bolaeang Moeeng
Theodore Jaracz, setho sa Sehlopha se Busang, ea ileng a abeloa lengolo sehlopheng sa bosupa sa Gileade ka 1946, o ile a fana ka puo e koalang, sehloohong se reng “Phephetso ea ho Lula le Phela Moeeng.” O ile a qala ka ho pheta masetla-libete a ntseng a tsoela pele likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše, ’me a bontša hore ha e le hantle, moloko oa batho o hlaheloa ke litlokotsi tse bohloko ho feta tseo.
Ha a bua ka Pesaleme ea 91, Mor’abo rōna Jaracz o ile a qoolla “lefu la seoa” le “timetso” tse entseng hore ba limilione ho pota lefatše ba kule moeeng ba be ba shoe. E le hore a ka fokolisa batho le ho ba bolaea moeeng, Diabolose le tsamaiso ea hae e khopo o sebelisitse likhopolo tse kotsi tse kang lefu la seoa, tse thehiloeng ho phehelleng bohlale le leratong la lintho tse bonahalang, empa Jehova oa re kholisa hore seoa sena se ke ke sa atamela haufi le “mang kapa mang ea lulang sebakeng se sephiring sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa.”—Pesaleme ea 91:1-7, NW.
Mor’abo rōna Jaracz o itse: “Phephetso ke ho lula u phela hantle tumelong, ho lula sebakeng se sireletsehileng. Re ke ke ra tšoana le basomi ‘bao e seng batho ba moea.’ Joale, bona ke bothata boo e mong le e mong ho rōna ba ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng a talimaneng le bona kajeno. Le uena u ka talimana le bona kabelong ea hao ea boromuoa.” (Jude 18, 19) Empa baromuoa ba abeloang mangolo ba ile ba bolelloa hore ba ka atleha ho lula e le batho ba moea likabelong tsa bona. Ka mohlala, ba ile ba phehelloa hore ba nahane ka kamoo barab’abo rōna ba mamellang kateng Russia, Asia le linaheng tsa Afrika—ho sa tsotellehe lithibelo, khanyetso e matla, ho songoa, likhopolo tse kotsi tsa ba latolang boteng ba Molimo le liqoso tsa bohata. ’Me, maemong a mangata, ho boetse ho na le mathata a sebele, a tlisoang ke lintoa tsa merabe le khaello ea lintho tse hlokahalang.
Ha motho a fokola moeeng, “ho hlokahala hore a lebise tlhokomelo sesoseng sa bothata ebe o sebetsana le sona, a sebelisa keletso ea Lentsoe la Molimo.” Ho ile ha fanoa ka mehlala ea Bibele. Joshua o ile a khothalletsoa ho bala Molao ka lentsoe le tlaase letsatsi le leng le le leng. (Joshua 1:8, NW) Ha buka ea Molao e ne e fumanoa mehleng ea Josiase, Jehova o ile a hlohonolofatsa ba neng ba sebelisa litaelo tsa eona ka botšepehi. (2 Marena 23:2, 3) Timothea o ne a tseba mangolo a halalelang ho tloha boseeng. (2 Timothea 3:14, 15) Batho ba Berea e ne e le bamameli ba molemo haholo; ho ne ho nkoa hore ‘ba na le likelello tse bulehileng’ hobane ba ne ba hlahloba Mangolo kamehla. (Liketso 17:10, 11) ’Me Jesu Kreste ke mohlala o hlaheletseng oa ea neng a tseba Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa.—Matheu 4:1-11.
Ha a lihela likhala, Mor’abo rōna Jaracz o ile a eletsa baromuoa bana ba bacha ka mofuthu a re: “Joale le itokiselitse ho phetha kabelo ea lōna ea boromuoa. ’Me le tla ea linaheng tse ling, ka tsela eo e hlileng e leng ea sebele, le tla ea likarolong tse ngata tsa lefatše tse sa tšoaneng. Haeba re tobana le phephetso ea ho lula re phela moeeng, joale re ke ke ra lumella ntho efe kapa efe ho re sitisa ho etsa seo re ikemiselitseng ho se etsa. Kaha le il’o bolela ka cheseho, le susumelletse ba bang ho etsisa tumelo ea lōna, ’me re tla le rapelisa hore bao le ba rutang, Jehova a ba phelise joalokaha a re phelisitse. ’Me ka tsela eo ba bangata ba sa ntse ba tla pholoha tlokotsi ea moea eo hona joale e hlokofatsang lefatše lohle. Ba tla kopanela le rōna mosebetsing oa ho eketsa palo ea ba etsang thato ea Jehova. ’Me e se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa hore le finyelle seo.”
Ka mor’a hore molula-setulo a bale litumeliso tse tsoang linaheng tse sa tšoaneng ho pota lefatše, ho ile ha fihla nako ea ho abela liithuti mangolo a tsona. ’Me ka mor’a moo ha baloa lengolo la kananelo e mofuthu le ngotsoeng ke liithuti. Li ne li leboha Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng hakaakang ka koetliso e khethehileng eo li e fumaneng le ka likabelo tse fapaneng tsa ho ba baromuoa ba eang “karolong e hōle-hōle ea lefatše”!—Liketso 1:8.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Lipalo-palo Tsa Sehlopha
Palo ea linaha tse emetsoeng: 11
Palo ea linaha tse abetsoeng: 24
Palo ea liithuti: 48
Palo ea malapa: 24
Karolelano ea lilemo: 34
Karolelano ea lilemo ’neteng: 17
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 12
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sehlopha sa Bo107 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng ka mong.
1. Peralta, C.; Hollenbeck, B.; Shaw, R.; Hassan, N.; Martin, D.; Hutchinson, A. 2. Edwards, L.; Vezer, T.; Ceruti, Q.; Entzminger, G.; D’Aloise, L.; Baglieri, L. 3. Knight, P.; Krause, A.; Kasuske, D.; Rose, M.; Friedl, K.; Nieto, R. 4. Rose, E.; Backus, T.; Talley, S.; Humbert, D.; Bernhardt, A.; Peralta, M. 5. D’Aloise, A.; Humbert, D.; Dunn, H.; Gatling, G.; Shaw, J.; Ceruti, M. 6. Baglieri, S.; Krause, J.; Hollenbeck, T.; Martin, M.; Bernhardt, J.; Hutchinson, M. 7. Backus, A.; Dunn, O.; Gatling, T.; Vezer, R.; Knight, P.; Hassan, O. 8. Nieto, C.; Talley, M.; Friedl, D.; Kasuske, A.; Edwards, J.; Entzminger, M.