Khaolo 3
Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste Lekholong la Pele la Lilemo
“LE TLA ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle ka ho fetisisa ea lefatše.” (Lik. 1:8, NW) Ka mantsoe ao a karohano, Jesu o ile a fa barutuoa ba hae thōmo ea ho ba lipaki. Empa e ne e tla ba lipaki tsa mang? Jesu o ile a re: “Le tla ba lipaki tsa ka.” Na mantsoe aa a bolela hore e ne e sa lokela ho ba lipaki tsa Jehova? Le hanyenyane!
Ha e le hantle, barutuoa ba Jesu ba ile ba fuoa tokelo eo ho neng ho e-s’o ka ho e-ba le e tšoanang le eona pele—ea ho ba lipaki tsa Jehova esita le tsa Jesu. Joaloka Bajode ba tšepahalang, barutuoa ba Jesu ba pele e ne e se e ntse e le lipaki tsa Jehova. (Esa. 43:10-12) Empa joale ba ne ba boetse ba lokela ho paka ka karolo ea bohlokoa eo Jesu a e phethang ho halaletseng lebitso la Jehova ka ’Muso oa Hae oa Bomessia. Ka hona, ho pakela ha bona Jesu ho ne ho etsoa ka morero oa ho tlotlisa Jehova. (Ba-Roma 16:25-27; Ba-Fil. 2:9-11) Ba ile ba paka hore Jehova o ne a sa ka a bua leshano, hore qetellong ka mor’a lilemo tse fetang 4 000 o ne a hlahisitse Messia, kapa Kreste, eo e neng e le khale a tšepisitsoe!
Lekholong la pele la lilemo lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li ile tsa boela tsa fuoa boikarabelo bo ikhethang—bo sa ntsaneng bo le holim’a Bakreste ba ’nete ho fihlela kajeno.
‘E-eang . . . le Etse Barutuoa’
Hoba Jesu a tsosoe bafung, o ile a itlhahisa ho barutuoa ba hae ba neng ba phuthehile thabeng ea Galilea. Moo, Jesu o ile a bolela boikarabelo ba bona ka ho hlaka: “Ka baka leo e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela bofelong ba tsamaiso ea lintho.” (Matt. 28:19, 20, NW) Nahana hore na thōmo ena e boima e ne e akarelletsa’ng.
Jesu o ile a re: “E-eang.” Empa o ne a re ba ee ho bo-mang? Ho “batho ba lichaba tsohle.” Ena e ne e le taelo e ncha, eo e neng e le phephetso haholo-holo ho balumeli ba Bajode. (Bapisa le Liketso 10:9-16, 28.) Pele ho mehla ea Jesu, Balichaba ba ne ba amoheloa ha ba e-tla Iseraele ka baka la ho thahasella borapeli ba ’nete. (1 Mar. 8:41-43) Pejana tšebeletsong ea hae, Jesu o ne a ile a laela baapostola hore ba ‘e’o bolela,’ empa ba ee ‘linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele’ feela. (Matt. 10:1, 6, 7) Joale ba ile ba laeloa hore ba ee ho batho ba lichaba tsohle. Ka morero ofe?
Jesu o ile a ba laela: ‘Le etse barutuoa.’ E, barutuoa ba hae ba ile ba laeloa hore ba etse batho ba bang barutuoa. See se akarelletsa eng? Morutuoa ke seithuti, motho ea rutoang—leha ho le joalo, hase motho ea rupeloang feela, empa ke molateli. Morutuoa ha a amohele matla a Jesu a bolaoli ka pelong feela ka ho lumela ho eena empa o a amohela phatlalatsa ka ho mo utloa. Ho latela Theological Dictionary of the New Testament, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “morutuoa” (ma·the·tesʹ) “le fana ka maikutlo a hore ho na le tlamahano ea botho e fetolang bophelo bohle ba motho ea hlalosoang e le [morutuoa].”
Jesu o ile a phaella: “Le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Hore motho a be le tlamahano ea botho le Jesu, o tlameha ho rutoa ho “boloka lintho tsohle” tseo Kreste a li laetseng, ho akarelletsa taelo ea hae mabapi le ho bolela “litaba tse molemo tsa ’muso.” (Matt. 24:14, NW) Ke ka tsela ena feela e ka bang morutuoa ka kutloisiso e felletseng ea lentsoe leo. ’Me ke ba amohelang thuto eo le ba fetohang barutuoa ba sebele feela ba kolobetsoang.
Jesu o ile a ba tiisetsa hore: “Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela bofelong ba tsamaiso ea lintho.” Ka mehla thuto ea Jesu ea sebetsa maemong a batho, ha ho mohla e siuoang ke nako. Motheong oo, Bakreste ba sa ntsane ba le tlas’a tlamo ea ho etsa batho ba bang barutuoa ho tla fihlela kajeno.
Ka hona, balateli ba Kreste ba ile ba fuoa thōmo e tsamaeang le boikarabelo, e leng thōmo ea ho etsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa har’a lichaba tsohle. Leha ho le joalo, e le hore ba tle ba etse batho barutuoa ba Kreste, ba ne ba lokela ho paka ka lebitso la Jehova le ’Muso oa hae, hobane seo ke sona seo Ea ba Behetseng Mohlala, Jesu, a ileng a se etsa. (Luka 4:43; Joh. 17:26) Ka hona, ba ileng ba amohela thuto ea Kreste ’me ba fetoha barutuoa ba ile ba fetoha lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. Ho ba paki ea Jehova e ne e se e se taba ea tsoalo—ho tsoalloa sechabeng sa Bajode—empa e ne e se e le taba ea ho iketsetsa khetho. Ba ileng ba fetoha lipaki ba ile ba etsa seo kahobane ba ne ba rata Jehova ’me ba batla ho ikokobeletsa bobusi ba hae ka tieo.—1 Joh. 5:3.
Empa na lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tsa lekholong la pele la lilemo li ile tsa phethahatsa thōmo ea tsona ea ho sebeletsa e le lipaki tsa Molimo le Kreste le ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa’?
“Ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše”
Nakoana ka mor’a hore a fe barutuoa ba hae thōmo ea bona, Jesu o ile a khutlela lehaeng la Ntat’ae leholimong. (Lik. 1:9-11) Matsatsi a leshome hamorao, ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., mosebetsi o pharalletseng oa ho etsa barutuoa o ile oa qaleha. Jesu o ile a tšollela moea o halalelang holim’a barutuoa ba hae ba neng ba ntse ba o letetse. (Lik. 2:1-4; bapisa Luka 24:49 le Liketso 1:4, 5.) Sena se ile sa ba tlatsa cheseho ea ho bolela ka Kreste ea tsositsoeng le ho khutla ha hae ka matla a ’Muso nakong e tlang.
Ho phethahatsa litaelo tsa Jesu, barutuoa bao ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba qala ho paka ha bona ka Molimo le Kreste hona moo Jerusalema. (Lik. 1:8) E le eena ea etelletseng pele, Moketeng oa Pentekonta, moapostola Petrose o ile a “beha bopaki bo phethahetseng” ho Bajode ba likete-kete ba tsoang lichabeng tse ngata. (Lik. 2:5-11, 40, NW) Ka potlako lenane la banna feela ba lumetseng le ile la nyolohela ho ba ka bang 5 000. (Lik. 4:4; 6:7) Hamorao, Filippi o ile a bolella Basamaria “litaba tsa ’muso oa Molimo le lebitso la Jesu Kreste.”—Lik. 8:12.
Empa ho ne ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Ho tloha ka 36 C.E., ha Molichaba ea sa bollang, Kornele, a sokoloha, litaba tse molemo li ile tsa qala ho hasana ho ea ho batho ba lichaba tsohle bao e neng e se Bajode. (Lik., khao. 10) Ha e le hantle, li ile tsa hasana ka potlako hoo ka bo-60 C.E., moapostola Pauluse a neng a ka re litaba tse molemo “li ne li [boletsoe] pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Ba-Kol. 1:23, NW) Ka hona, hoo e ka bang qetellong ea lekholo la pele la lilemo, balateli ba Jesu ba tšepahalang ba ne ba se ba entse barutuoa ho pholletsa le ’Muso oa Roma—Asia, Europe, le Afrika!
Kaha lekholong la pele la lilemo lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li ile tsa finyella ho hongata hakaalo ka nako e khutšoanyane joalo, potso ea hlaha: Na li ne li hlophisitsoe? Haeba ho joalo, li ne li hlophisitsoe joang?
Ho Hlophisoa ha Phutheho ea Bokreste
Ho tloha nakong ea Moshe ho ea pele, sechaba sa Bajode se ile sa ba boemong bo ikhethang—se ile sa sebeletsa e le phutheho ea Molimo. Molimo o ne o hlophisitse phutheho eo ka tlhophiso e phahameng tlas’a banna ba hōlileng, lihlooho, baahloli, le liofisiri. (Josh. 23:1, 2) Empa sechaba sa Bajode se ile sa lahleheloa ke boemo ba sona boo e neng e le tokelo e khethehileng ka baka la hore se ile sa furalla Mora oa Jehova. (Matt. 21:42, 43; 23:37, 38; Lik. 4:24-28) Ka Pentekonta ea 33 C.E., phutheho ea Molimo ea Bokreste e ile ea nkela phutheho ea Iseraele sebaka.a Phutheho ee ea Bokreste e ne e hlophisitsoe joang?
Hona letsatsing la Pentekonta, barutuoa ba ile “ba tiisetsa thutong ea baapostola,” e leng ho bontšang hore ba qalile bonngoeng bo thehiloeng thutong. Ho tloha letsatsing leo la pele, ba ile ba qala ho bokana hammoho “ba le pelo e le ’ngoe.” (Lik. 2:42, 46) Ha mosebetsi oa ho etsa barutuoa o ntse o pharalla, liphutheho tsa balumeli li ile tsa qala ho hlongoa, ea pele ea hlongoa Jerusalema ’me tse ling tsa hlongoa ka ntle ho Jerusalema. (Lik. 8:1, NW; 9:31, NW; 11:19-21; 14:21-23) Ba ne ba e-na le tloaelo ea ho phutheha hammoho libakeng tsa sechaba haesita le malapeng a batho ka bomong.—Lik. 19:8, 9; Ba-Roma 16:3, 5; Ba-Kol. 4:15.
Ke eng e ileng ea etsa hore phutheho ea Bokreste e ntseng e hōla e se ke ea ba mokhatlo o hlokang bonngoe oa liphutheho tsa sebaka ka seng tse itsamaisang? Liphutheho li ne li kopane tlas’a Moeta-pele a le mong. Ho tloha qalong, Jesu Kreste e ile ea ba eena Morena le Hlooho e khethiloeng ea phutheho, ’me liphutheho tsohle li ne li mo talima joalo. (Lik. 2:34-36; Ba-Ef. 1:22) A le maholimong, ka mafolo-folo Kreste o ne a tsamaisa litaba tsa phutheho ea hae e lefatšeng. Joang? Ka moea o halalelang le ka mangeloi, ao Jehova a a behileng tlas’a taolo ea hae.—Lik. 2:33, BPN; bapisa le Liketso 5:19, 20; 8:26; 1 Petrose 3:22.
Kreste o ne a e-na le ho hong hape tlas’a taolo ea hae hoo a neng a ho sebelisa ho boloka bonngoe ba phutheho ea Bokreste—sehlopha se busang se bonahalang. Qalong, sehlopha se busang se ne se entsoe ka baapostola ba Jesu ba tšepahalang. Hamorao, se ile sa akarelletsa banna ba bang ba hōlileng ba phutheho ea Jerusalema haesita le moapostola Pauluse, le hoja a ne a sa lule Jerusalema. Phutheho ka ’ngoe e ne e ela hloko bolaoli ba sehlopha sena sa banna ba hōlileng se setsing ’me e ne e talima ho sona bakeng sa tataiso ha ho hlaha litseko mabapi le tlhophiso kapa thuto. (Lik. 2:42; 6:1-6; 8:14-17; 11:22; 15:1-31) Ka phello efe? “Ka baka leo, ka sebele liphutheho li ile tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.”—Lik. 16:4, 5, NW.
Tlas’a tataiso ea moea o halalelang, sehlopha se busang se ne se laola ho khethoa ha balebeli le batlatsi, bahlanka ba sebeletsang, bakeng sa ho hlokomela phutheho ka ’ngoe. Bana e ne e le banna ba neng ba finyella litšoaneleho tsa moea tse neng li sebetsa liphuthehong tsohle, eseng litekanyetso tse iketselitsoeng sebakeng ka seng feela. (1 Tim. 3:1-13; Tite 1:5-9; 1 Pet. 5:1-3) Balebeli ba ne ba phehelloa hore ba latele Mangolo ’me ba ikokobeletse tataiso ea moea o halalelang. (Lik. 20:28, NW; Tite 1:9) Bohle ka phuthehong ba ne ba khothalletsoa ho ‘utloa ba etelletseng pele.’ (Ba-Heb. 13:17, NW) Ka tsela ena ha hoa ka ha bolokoa bonngoe ka har’a phutheho ka ’ngoe feela empa hape ho ile ha bolokoa bonngoe ka har’a phutheho ea Bokreste ka kakaretso.
Le hoja banna ba bang ba ne ba le libakeng tsa boikarabelo, ho ne ho se khethollo pakeng tsa baruti le batho feela ba tloaelehileng ka har’a lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tsa lekholong la pele la lilemo. Kaofela ha tsona e ne e le baena; ho ne ho e-na le Moeta-pele a le mong feela, Kreste.—Matt. 23:8, 10, NW.
Ho Khetholloa ka Boitšoaro bo Halalelang le ka Lerato
Bopaki boo lipaki tsa Jehova tsa lekholong la pele la lilemo li neng li bo beha e ne e se ‘tholoana ea melomo’ feela. (Ba-Heb. 13:15) Ho ba morutuoa ho ne ho fetola bophelo bohle ba paki ea Mokreste. Kahoo, Bakreste bao ba ne ba sa bolele ka litumelo tsa bona feela empa litumelo tsa bona li ne li fetola bophelo ba bona. Ba ile ba hlobola botho ba khale hammoho le mekhoa ea bona ea boetsalibe ’me ba loanela ho ikapesa botho bo bocha bo bōpiloeng ho latela thato ea Molimo. (Ba-Kol. 3:5-10, NW) E ne e le batho ba buang ’nete le ba tšepahalang, haesita le ba sebetsang ka thata le ba ka tšeptjoang. (Ba-Ef. 4:25, 28) Ba ne ba hloekile boitšoarong—boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo ne bo thibetsoe ka litsela tsohle. Botahoa le borapeli ba melimo ea litšoantšo le tsona li ne li thibetsoe ka ho tšoanang. (Ba-Gal. 5:19-21) Ka hona, ka lebaka le letle Bokreste bo ile ba tsejoa e le “Tsela,” tsela kapa mokhoa oa bophelo o neng o itšetlehile ka tumelo ho Jesu, ho latela mehlala ea hae haufi-ufi.—Lik. 9:1, 2; 1 Pet. 2:21, 22.
Leha ho le joalo, ho na le tšoaneleho e ’ngoe e hlahellang ka holim’a tse ling kaofela—lerato. Bakreste ba pele ba ne ba bontša kameho e lerato ka litlhoko tsa balumeli-’moho le bona. (Ba-Roma 15:26; Ba-Gal. 2:10) Ba ne ba sa ratane joalokaha ba ithata empa ba ne ba ratana ho feta kamoo ba neng ba ithata ka teng. (Bapisa le Ba-Filippi 2:25-30.) Ba ne ba bile ba ikemiselitse ho shoelana. Empa sena ha se makatse. Na Jesu o ne a sa ikemisetsa ho ba shoela? (Joh. 15:13; bapisa le Luka 6:40.) O ne a ka bolella barutuoa ba hae: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Joh. 13:34, 35) Kreste o ile a laela balateli ba hae hore ba bontše lerato le joalo la boitelo; ’me barutuoa ba hae ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba boloka taelo ena ka hloko.—Matt. 28:20.
“Hase Karolo ea Lefatše”
E le hore ba tle ba khone ho phethahatsa boikarabelo ba bona ba ho etsa barutuoa le ho ba lipaki tsa Molimo le tsa Kreste, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ke ke ba itumella hore ba faposoe ke litaba tsa lefatše; ba ne ba lokela ho ela thōmo ea bona hloko ka ho khethehileng. Ka sebele Jesu o ile a etsa sona seo. O ile a re ho Pilato: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše.” (Joh. 18:36, NW) ’Me o ile a bolella barutuoa ba hae ka ho hlaka: Ha le karolo ea lefatše.” (Joh. 15:19, NW) Ka hona, joaloka Jesu, Bakreste ba pele ba ile ba ipoloka ba arohile lefatšeng; ha baa ka ba kenella lipolotiking kapa lintoeng. (Bapisa le Johanne 6:15.) Hape, ha baa ka ba tšoasoa ke litsela tsa lefatše—ho lelekisa ha lona ka cheseho lintho tse bonahalang le ho kenella ha lona ka ho fetelletseng menyakeng.—Luka 12:29-31; Ba-Roma 12:2; 1 Pet. 4:3, 4.
Lipaki tsa Bakreste tsa lekholong la pele la lilemo e ile ea ba batho ba arohileng ka baka la hore li ile tsa lula li ikarotse lefatšeng. Bukeng ea hae Christianity and the Roman Government, rahistori E. G. Hardy o re: “Bakreste e ne e le basele le baeti lefatšeng le ba potolohileng; e ne e le baahi ba leholimo; ’muso oo ba neng ba talimile ho oona e ne e se oa lefatše lena. Ka hona, ho tloha qalong ho hloka thahasello litabeng tsa sechaba ho ileng ha hlahisoa ke seo e ile ea e-ba tšobotsi e hlokomelehang Bokresteng.”
Ho Hlorisetsoa ho Loka
Jesu o ile a lemosa: “Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna.” (Joh. 15:20) Jesu o ile a feta mahlorisong a bohloko pele ho lefu la hae thupeng ea tlhokofatso. (Matt. 26:67; 27:26-31, 38-44) ’Me joalokaha a ne a lemositse, ka potlako barutuoa ba hae ba ile ba feta tšoarong e joalo. (Matt. 10:22, 23) Empa lebaka e ne e le lefe?
Ha hoa ka ha nka nako e telele hore Bakreste ba pele ba hlokomeloe ke ba bang. E ne e le batho ba phelang ka melao-motheo e phahameng ea boitšoaro le botšepehi. Ba ne ba phethahatsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa ka sebete le ka cheseho; ka baka leo, ha e le hantle batho ba likete-kete ba ile ba furalla litsamaiso tsa bolumeli ba bohata ’me ba fetoha Bakreste. Batho bana ba ile ba hana ho kenella litabeng tsa lefatše. Ba ne ba hana ho kenella borapeling ba moemphera. Ka hona, ha ho makatse hore e be kapele-pele ba ile ba hlaseloa ke mahloriso a sehlōhō a hlohlelletsoang ke baeta-pele ba bolumeli ba bohata le bo-ralipolotiki ba fuoeng boitsebiso bo fosahetseng. (Lik. 12:1-5; 13:45, 50; 14:1-7; 16:19-24) Leha ho le joalo, baeta-pele bana ba bolumeli le babusi ba lipolotiki e ne e mpa e le mahlahana a batho a mohlorisi oa sebele—“noha ea khale,” e leng Satane. (Tšen. 12:9; bapisa le Tšenolo 12:12, 17.) Sepheo sa hae e ne e le sefe? E ne e le ho hatella Bokreste hammoho le bopaki ba bona bo sebete.
Empa ha ho mahloriso leha e le afe a neng a ka khutsisa lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tsa lekholong la pele la lilemo! Li ne li amohetse thōmo ea tsona ea ho bolela ho Molimo ka Kreste, ’me li ne li ikemiselitse ho utloa Molimo ho e-na le batho. (Lik. 4:19, 20, 29; 5:27-32) Li ne li itšetlehile ka matla a Jehova, li kholisehile hore o ne a tla putsa lipaki tsa hae tse tšepahalang bakeng sa mamello ea tsona.—Matt. 5:10; Ba-Roma 8:35-39; 15:5.
Histori e tiisa hore mahloriso a balaoli ba ’Muso oa Roma a ile a hlōleha ho felisa lipaki tsa Jehova tsa pele tsa Bakreste. Rahistori oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo C.E., Josephus, o re: “’Me sehlopha sa Bakreste, ba rehelletsoeng ka [Jesu], se ntse se e-s’o nyamele ho tla fihlela kajeno [hoo e ka bang ka 93 C.E.].”—Jewish Antiquities, XVIII, 64 (iii, 3).
Ka hona tlaleho ea bopaki ea lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tsa lekholong la pele la lilemo e senola litšobotsi tse ’maloa tse ka khetholloang ka ho hlaka: Li ne li phethahatsa thōmo ea tsona ea ho paka ka Molimo le Kreste le ho etsa mosebetsi oa ho etsa barutuoa ka sebete le ka cheseho; li ne li e-na le kaheho ea mokhatlo o hlophisitsoeng eo ho eona bohle e neng e le baena, ho se khethollo pakeng tsa baruti le batho feela ba tloaelehileng; li ne li lula li khomaretse melao-motheo e phahameng ea boitšoaro li bile li ratana; li ne li lula li ikarotse litseleng tsa lefatše le litabeng tsa lona; ’me li ne li hlorisetsoa ho loka.
Leha ho le joalo, hoo e ka bang qetellong ea lekholo la pele la lilemo, phutheho e le ’ngoe ea Bokreste e kopaneng e ile ea sokeloa ke kotsi e tebileng le e khukhunelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ka linako tse ling “phutheho” e sebelisoa ka kutloisiso e akaretsang, ha ho suptjoa phutheho ea Bokreste ka kakaretso (1 Ba-Kor. 12:28, NW); e ka boela ea supa sehlopha sa batho se motseng o itseng kapa lehaeng la motho.—Lik. 8:1, NW; Ba-Roma 16:5, NW.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
Barutuoa ba bacha e ne e sa lokela ho ba balumeli feela ba lumelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, empa e be balateli ba utloang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Ho ba paki ea Jehova e ne e se e se taba ea tsoalo empa e ne e se e le taba ea ho iketsetsa khetho
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
Hoo e ka bang qetellong ea lekholo la pele la lilemo, lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li ne li se li entse barutuoa Asia, Europe, le Afrika!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
Ho ne ho se khethollo ea baruti le batho feela ba tloaelehileng har’a Bakreste ba lekholong la pele la lilemo
[Lebokose le leqepheng la 27]
Bokreste bo Ile ba Hasana ka Boboleli bo Chesehang
Li susumetsoa ke cheseho e ke keng ea tingoa, lipaki tsa Jehova tsa pele tsa Bakreste li ile tsa ikakhela ka setotsoana ho boleleng litaba tse molemo ka mokhoa o pharalletseng ka hohle kamoo ho ka khonehang. Bukeng “The Decline and Fall of the Roman Empire,” Edward Gibbon o bolela hore “cheseho ea Bakreste . . . e ile ea ba hasanya ho pholletsa le profinse e ’ngoe le e ’ngoe le hoo e batlang e le motse o mong le o mong oa ’muso [oa Roma].” Bukeng “History of the Middle Ages,” Moprofesa J. W. Thompson o re: “Bokreste bo ile ba hasana ka potlako ka mokhoa o tsotehang lefatšeng la Roma. Hoo e ka bang selemong sa 100 mohlomong profinse e ’ngoe le e ’ngoe e meeling ea Mediterranean e ne e se e e-na le sehlopha sa Bakreste.”
[Lebokose le leqepheng la 30]
‘Litlhōlo tsa Bokreste’
Mehloli eo e seng ea Bibele e tiisa taba ea boitšoaro bo botle le lerato tse neng li khetholla Bakreste ba pele. Rahistori John Lord o itse: “Litlhōlo tsa ’nete tsa Bokreste li ile tsa bonahala ho fetoleng batho ba neng ba bolela hore ba lumela lithuto tsa bona batho ba molemo. . . . Re na le bopaki ba bophelo ba bona bo se nang sekoli, ba boitšoaro ba bona bo ke keng ba nyatsoa ka letho, ba hore e ne e le baahi ba molemo, le ba liketso tsa bona tse mosa tsa Bokreste.”—“The Old Roman World.”
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Sehlopha se busang se setsing se ile sa thusa ho fana ka tataiso bakeng sa liphutheho, empa kaofela ha tsona li ne li talimile ho Kreste joaloka Moeta-pele a le mong oa tsona
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Bakreste ba pele ba ile ba hlaseloa ke mahloriso a sehlōhō