Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Khetha Metsoalle Hantle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 1. Metsoalle eo u e khethang e ka u ama joang?

      Hangata re qetella re e-na le mekhoa e tšoanang le ea batho bao re qetang nako le bona, ebang ke mekhoa e metle kapa e mebe. Ntho ena e ka etsahala le haeba re qeta nako e ngata re bua le bona inthaneteng. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello [e leng ba sa rateng Jehova] lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Haeba metsoalle ea hao e rata Jehova ebile e mo sebeletsa, e ka u thusa hore u lule u mo rata u be u etse liqeto tse nepahetseng. Haeba metsoalle ea hao e sa rate Jehova, e tla etsa hore le uena u se ke oa mo rata. Ha se feela Bibele e re khothaletsang ho khetha metsoalle hantle. Haeba metsoalle ea rona e le batho ba ratang Molimo, e ka re tsoela molemo ’me le rona re ka e thusa. Re tla khona ho ‘tšelisana le ho hahana.’—1 Bathesalonika 5:11.

  • Bua le Batho ba Bang ka Tsela e Tla Thabisa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Jehova o re bopelletse le mpho ea bohlokoa e leng bokhoni ba ho bua. Na oa tsotella hore na re sebelisa mpho eo joang? Ho joalo. (Bala Jakobo 1:26.) Kahoo, ke joang lintho tseo re li buang li ka thabisang Jehova?

      1. Re lokela ho sebelisa mpho ea ho bua joang?

      Bibele e re ‘re ’ne re tšelisane le ho hahana.’ (1 Bathesalonika 5:11) Na ho na le motho eo u mo tsebang ea hlokang ho khothatsoa? U ka etsa’ng ho mo khothatsa? Mo tiisetse hore oa mo khathalla. U ka mo bolella hore na ke’ng ntho eo u e ratang ka eena. Ke lengolo lefe leo u ka khothatsang motho e mong eo u mo tsebang ka lona? Ho na le mangolo a mangata ao u ka khethang ho ’ona. Hape hopola hore tsela eo u buang ka eona le eona e ka khothatsa batho ba bang haholo. Kahoo, ka linako tsohle leka ho bua le ba bang ka tsela e mosa le e bonolo.—Liproverbia 15:1.

      2. Re lokela ho qoba lipuo tsa mofuta ofe?

      Bibele e re: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lona.” (Bala Baefese 4:29.) Sena se bolela hore ha re rohakane kapa ho buisa batho ba bang hampe le ka tsela e tla ba utloisa bohloko. Re boetse re lokela ho qoba ho seba le ho senya batho ba bang lebitso.—Bala Liproverbia 16:28.

      3. Ke’ng e tla re thusa ho bua le batho ba bang ka tsela e khothatsang?

      Hangata lintho tseo re li buang li bontša hantle se ka pelong kapa lintho tseo re li nahanang. (Luka 6:45) Kahoo re lokela ho itloaetsa ho nahana ka lintho tse ntle e leng lintho tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang le tse lokeloang ke thoriso. (Bafilipi 4:8) E le hore re khone ho etsa sena, re lokela ho khetha ka hloko metsoalle le lintho tseo re li mamelang le ho li shebella. (Liproverbia 13:20) Ntho e ’ngoe e ka re thusang ke ho nahana pele re bua. Nahana ka hore na mantsoe a hao a tla ama batho ba bang joang. Bibele e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.”—Liproverbia 12:18.

      ITHUTE LINTLHA TSE LING

      Ithute ho bua ka tsela e tla thabisa Jehova le e tla khothatsa batho ba bang.

      4. Laola tsela eo u buang ka eona

      Ka linako tse ling re bua lintho ebe hamorao re ikoahlaela tsona. (Jakobo 3:2) Bala Bagalata 5:22, 23 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Makhabaneng aa u ka rata ho rapella afe a tla u thusa hore u laole lintho tseo u li buang? Makhabane ao a tla u thusa joang?

      Bala 1 Bakorinthe 15:33 ebe le buisana ka potso ena:

      • Metsoalle ea hao le lintho tseo u li mamelang le ho li shebella li ka ama tsela eo u buang ka eona joang?

      Litšoantšo: Lintho tse etsang hore monna a buise mosali oa hae hampe. 1. O mamela ’mino o khothaletsang ntoa. 2. O thabetse ho shebella papali ea litebele thelevisheneng le motsoalle oa hae. Litšoantšo: Lintho tse etsang hore monna eo a buise mosali oa hae hantle. 1. O bala Bibele. 2. Eena le mosali oa hae ba qoqa le motsoalle oa bona Holong ea ’Muso.

      Ke’ng e ka amang tsela eo u buang ka eona?

      Bala Moeklesia 3:1, 7 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ke neng ho ka bang bohlale hore u thole kapa u emele nako e nepahetseng e le hore u bue ntho e itseng?

      5. Bua lintho tse ntle ka batho ba bang

      Ke joang re ka qobang ho bua ka tsela e seng mosa kapa ho hlaba batho ba bang ka mantsoe? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

      VIDEO: Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha” ba Bang (4:07)

      • Videong ee, ke hobane’ng ha ntate eo a ne a batla ho fetola tsela eo a buang le batho ba bang ka eona?

      • O ile a e fetola joang?

      Bala Moeklesia 7:16 ebe le buisana ka potso ena:

      • Re lokela ho hopola’ng ha re tleloa ke monahano oa ho bua motho e mong hampe?

      Bala Moeklesia 7:21, 22 ebe le buisana ka potso ena:

      • Litemana tsee li ka u thusa joang hore u se ke oa utloa bohloko ha batho ba bang ba u bua hampe?

      6. E-ba mosa ha u bua le ba lelapa

      Jehova o batla hore re buisane le litho tsa lelapa ka tsela e mosa le e lerato. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

      VIDEO: Ho Ratana le ho Hlomphana ho Momahanya Malapa (3:08)

      • Ke’ng e tla u thusa hore u bue ka mosa le litho tsa lelapa?

      Bala Baefese 4:31, 32 ebe le buisana ka potso ena:

      • Re lokela ho bua joang le litho tsa lelapa e le hore li ikutloe li ratoa ebile li ananeloa?

      Jehova o ile a hlalosa hore na o ikutloa joang ka Mora oa hae Jesu. Bala Matheu 17:5 ebe le buisana ka potso ena:

      • U ka etsisa Jehova joang ha u buisana le litho tsa lelapa?

      ’Mè o babatsa morali oa hae e monyenyane ea qetang ho toroea litšoantšo.

      Batla litsela tsa ho babatsa batho ba bang

      BATHO BA BANG BA RE: “Ke bua ntho eo ke e batlang. Ha se taba ea ka ha batho ba bang ba sa e rate.”

      • Na u lumellana le batho bao? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      KAKARETSO

      Mantsoe a na le matla a ho thusa batho kapa a ho ba utloisa bohloko. Re lokela ho nahana ka hloko hore na re bua eng, re e bua neng le hore na re e bua joang.

      Re Ithutile’ng?

      • Ke joang re ka buang le batho ka tsela e tla ba thusa?

      • U lokela ho qoba ho bua lintho tse joang?

      • Ke’ng e ka re thusang hore re lule re bua ka tsela e mosa le e khothatsang batho ba bang?

      Seo U ka se Etsang

      BATLA

      Ke’ng e ka re thusang ho bua ka tsela e khothatsang batho ba bang?

      Bua Lipuo Tsa ba Bohlale (8:04)

      Ithute hore na u ka thusoa ke’ng ho qoba ho rohakana.

      “Na Ehlile ho Rohakana ke Phoso?” (Sehlooho se websaeteng)

      Hlokomela hore na u ka etsa’ng e le hore u qobe ho bua batho ba bang hampe.

      Nka Tlohela ho Seba Batho ba Bang Joang? (2:36)

      Hlokomela hore na Jehova o thusitse ntate e mong joang hore a tlohele ho rohakana.

      “Ke Ile ka Qala ho Nahana ka Botebo Hore na ke Phelela’ng” (Molula-Qhooa, August 1, 2013)

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela