Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Ananela “Limpho Tseo e Leng Banna”
    Molula-Qhooa—1999 | June 1
    • ‘Le ba Nahanele ho Feta Kamoo ho Tloaelehileng’

      14, 15. (a) Ho latela 1 Bathesalonika 5:12, 13, ke hobane’ng ha re lokela ho nahanela baholo? (b) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore baholo ba ‘sebetsa ka thata har’a rōna’?

      14 Hape re ka bontša hore re ananela “limpho tseo e leng banna” ka ho li nahanela. Ha Pauluse a ngolla phutheho ea Thesalonika, o ile a eletsa litho tsa eona: “Le be le tlhompho ho ba sebetsang ka thata har’a lōna le ba le okametseng Moreneng le ba le eletsang; le ho ba nahanela ka lerato ho feta kamoo ho tloaelehileng ka lebaka la mosebetsi oa bona.” (1 Bathesalonika 5:12, 13) ‘Ho sebetsa ka thata’—na ha ho hlalose se etsoang ke baholo ba inehetseng bao ntle ho boithati ba itellang rōna? Ka nakoana nahana ka moroalo o boima oo bara bana babo rōna ba ratehang ba o jereng.

  • Ho Ananela “Limpho Tseo e Leng Banna”
    Molula-Qhooa—1999 | June 1
    • 16. Hlalosa litsela tseo ka tsona re ka bontšang hore re nahanela baholo.

      16 Re ka bontša joang hore rea ba nahanela? Maele a Bibele a re: “Lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le molemo hakaakang!” (Liproverbia 15:23; 25:11, NW) Ka hona, mantsoe a kananelo ea sebele le khothatso a ka ba bontša hore ha re nke mosebetsi oa bona o boima habobebe. Hape, re lokela ho ba le kahlolo e molemo ho seo re se lebellang ho bona. Ka lehlakoreng le leng, re lokela ho ikutloa re lokolohile ho ba atamela bakeng sa thuso. Ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona ‘lipelo tsa rōna li utloang bohloko’ ’me re hloka khothatso ea Mangolo, tataiso kapa keletso e tsoang ho ba “tšoanelehelang ho ruta” Lentsoe la Molimo. (Pesaleme ea 55:4, NW; 1 Timothea 3:2) Ka nako eona eo, ho hlokahala hore re hopole hore ho na le nako e itseng feela eo moholo a ka re fang eona, hobane a ke ke a hlokomoloha litlhoko tsa lelapa la hae kapa tsa ba bang ka phuthehong. Bara bana babo rōna ba sebetsang ka thata ha re ba ‘utloela bohloko,’ re ke ke ra ba batla se ka holimo ho matla a bona. (1 Petrose 3:8) Ho e-na le hoo, a re ananeleng nako efe kapa efe le tlhokomelo tseo ba ka re fang tsona ka tsela e bontšang kahlolo e molemo.—Bafilippi 4:5.

      17, 18. Basali ba bangata bao banna ba bona e leng baholo ba itela ka litsela life, ’me re ka bontša joang hore ha re nke barali baa babo rōna ba tšepahalang habobebe?

      17 Ho thoe’ng ka basali ba baholo? Na le bona ha ho hlokahale hore re ba nahanele? Etsoe, ba arolelana banna ba bona le phutheho. Hangata sena se hloka hore ba itele. Ka linako tse ling, nako ea mantsiboea eo baholo ba neng ba lokela hore ebe ba na le malapa a bona ka eona, ke eo ba hlokomelang litaba tsa phutheho ka eona. Liphuthehong tse ngata basali ba Bakreste ba tšepahalang ba ikemisetsa ho itela ka tsela eo e le hore banna ba bona ba ka hlokomela linku tsa Jehova.—Bapisa le 2 Bakorinthe 12:15.

      18 Re ka bontša joang hore ha re nke barali baa babo rōna ba tšepahalang ba Bakreste habobebe? Ka sebele, ke ka hore re se ke ra batla se phahametseng matla a banna ba bona. Empa le rōna a re se keng ra lebala matla a mantsoe a bonolo a kananelo. Liproverbia 16:24 e re: “Puo tse ntle ke lekheha la linotši, li monate moeeng oa motho, li matlafatsa masapo a hae.” Nahana ka phihlelo ena. Ka mor’a seboka sa Bokreste, banyalani ba bang ba ile ba atamela moholo ’me ba kōpa ho bua le eena ka mora oa bona e mocha lilemong. Ha moholo a ntse a bua le banyalani bana, mosali oa hae o ne a letile ka mamello. Ka mor’a moo, ’mè oa mocha enoa o ile a atamela mosali oa moholo ’me a re: “Ke rata ho u leboha ka nako eo monna oa hao a e nkileng a thusa lelapa la ka.” Mantsoe ao a bonolo, a monate a kananelo ka sebele a ile a ama pelo ea mosali eo oa moholo.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela